Ho Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha—Joalokaha ho Boletsoe Esale Pele
‘Ea lutseng teroneng a re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” Hape, a re: . . . ”Mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.”’—TŠENOLO 21:5.
1, 2. Ke hobane’ng ha ka nepo batho ba bangata ba qeaqea ho hlahloba seo bokamoso bo se fupereng?
NA U kile ua bua mantsoe aa kapa ua nahana ka ’ona, ‘Ho tseba mang hore na bokamoso bo tla tla le eng?’ U ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba qeaqea ho noha seo bokamoso bo tla tla le sona kapa ho tšepa bao ka lepotlapotla ba reng ba bolela esale pele se larileng ka pele. Ho hlakile hore batho ha ba na matla a ho bolela ka nepo se tla etsahala likhoeling kapa lilemong tse tlang.
2 Makasine ea Forbes ASAP e ile ea hatisa tokollo e buang ka ho toba ka nako. Ho eona Robert Cringely ea hasang mananeo a TV o ile a ngola: “Qetellong, kaofela nako e re bakela masoabi, empa ha nako e ntse e feta, ha ho ea soabang ho feta linohe. Ho leka ho noha bokamoso ke papali eo re batlang re hlōleha kamehla ho eona. . . . Ho ntse ho le joalo, bao ho thoeng ke litsebi ba tsoela pele ho noha.”
3, 4. (a) Ba bang ba na le tšepo efe ka sekete sa lilemo se secha? (b) Ba bang ba na le tebello efe ea sebele mabapi le bokamoso?
3 E ka ’na eaba u bone hore ka lebaka la tlhokomelo e ngata hakana e lebisoang seketeng sena se secha sa lilemo, ho ka ’na ha bonahala eka batho ba eketsehileng ba nahana ka bokamoso. Mathoasong a selemo se fetileng, makasine ea Maclean’s e ile ea re: “Ho Macanada a mangata selemo sa 2000 e ka ’na ea e-ba selemo se tšoanang le lilemo tse ling almanakeng, empa ho ka etsahala hore se fihle le liphetoho.” Moprofesa Chris Dewdney oa Univesithi ea York o fane ka lebaka lena la tšepo: “Sekete sena sa lilemo se bolela hore re ka hlapa mali matsohong tabeng ea lekholo la lilemo le neng le hlile le le lebe.”
4 Na seo se utloahala eka ke ho lumela khopolo-taba? Canada ke karolo ea 22 lekholong feela ea ba arabetseng phuputsong e ’ngoe “ba lumelang hore 2000 e tla tlisetsa lefatše lena lintho tse ncha.” Ha e le hantle, hoo e ka bang halofo ea bona “e lebeletse khohlano e ’ngoe ea lefatše”—ntoa ea lefatše—pele ho feta lilemo tse 50. Ho hlakile hore ba bangata ba na le maikutlo a hore sekete se secha sa lilemo se ke ke sa felisa mathata a rōna, ho etsa hore lintho tsohle li be ncha. Monghali Michael Atiyah, eo e neng e le mopresidente oa Royal Society ea Brithani, o ile a ngola: “Phetoho e etsahalang ka potlako . . . e bolela hore lekholo la bomashome a mabeli a motso o mong la lilemo le tla tlisa liphephetso tsa bohlokoa tsoelo-peleng eohle ea rōna. Re se re ntse re e-na le mathata a sepenya sa baahi, ho fokola ha matlotlo, tšilafalo ea tikoloho le bofutsana bo jeleng setsi, ’me a lokela ho rarolloa ka potlako.”
5. Re ka fumana boitsebiso bo ka tšeptjoang hokae ka se larileng ka pele?
5 U ka ’na ua ipotsa, ‘Kaha batho ha ba khone ho bolela esale pele hore na bokamoso ba rōna bo tla le eng, na ha rea lokela hore re mpe re bo hlokomolohe?’ Karabo ke che! Ke ’nete hore batho ha ba khone ho bolela esale pele ka nepo se larileng ka pele, empa ha rea lokela ho nahana hore ha ho motho ea ka ho etsang. Ha e le hantle, ke mang ea ka khonang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho ba le tšepo ka bokamoso? U ka fumana likarabo tse khotsofatsang boprofeteng bona bo tobileng bo nang le likarolo tse ’nè. Li tlalehiloe bukeng eo batho ba bangata ka ho fetisisa ba nang le eona ba bileng ba e balang, eo hape e sa utloisisoeng le e bileng e hlokomolohuoang ke ba bangata—Bibele. Ho sa tsotellehe seo u se nahanang ka Bibele le hore na u e tseba hakae, ho molemong oa hao hore u hlahlobe litemana tsena tse ’nè tsa motheo. Ka sebele li bolela esale pele ka bokamoso bo khanyang haholo. Ho feta moo, boprofeta bona bo ka sehloohong bo nang le likarolo tse ’nè bo bontša hore na bokamoso ba hao le ba baratuoa ba hao e ka ba bofe.
6, 7. Esaia o ile a profeta neng, ’me lintho tseo a li boletseng esale pele li phethahetse joang ka ho hlollang?
6 Ba pele bo fumanoa ho Esaia khaolo ea 65. Pele u e bala, nahana ka maemo a neng a le teng—hore na boitsebiso bona bo ngotsoe neng le hore na ho sebetsanoa le boemo bofe. Moprofeta oa Molimo, Esaia, ea ngotseng mantsoe ana, o phetse lilemo tse fetang lekholo pele ’muso oa Juda o oa. Bofelo bo ile ba tla ha Jehova a ne a lesa ho sireletsa Bajuda ba sa tšepahaleng, a lumella Bababylona ho ripitla Jerusalema le ho isa batho ba eona botlamuoeng. Seo se etsahetse lilemo tse fetang lekholo ka mor’a hore Esaia a se bolele esale pele.—2 Likronike 36:15-21.
7 Mabapi le lintlha tsa histori tse tšehetsang phethahatso ea taba ena, hopola hore ka tataiso ea Molimo Esaia o ile a bolela esale pele lebitso la Cyruse oa Mopersia ea neng a e-s’o tsoaloe, ea ileng a qetella a hlōtse Babylona. (Esaia 45:1) Cyruse o ile a rala motheo oa ho khutlela ha Bajuda naheng ea habo bona ka 537 B.C.E. Ho makatsang ke hore Esaia o ile a bolela tsosoloso eo esale pele, joalokaha re bala ka eona khaolong ea 65. O ile a lebisa tlhokomelo boemong boo ho bona Baiseraele ba neng ba ka bo thabela ha ba khutletse naheng ea habo bona.
8. Ke bokamoso bofe bo thabisang boo Esaia a bo boletseng esale pele, ’me ke polelo efe e thahasellisang ka ho khethehileng?
8 Ho Esaia 65:17-19 rea bala: “Ke ea bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong. Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke eang ho se bōpa, hobane bonang, ke ea bōpa Jerusalema e be motse oa thabo, le sechaba sa oona e be sechaba se khotšeng thabo. Ke tla etsa Jerusalema thabo ea ka, sechaba sa ka ke se etse lehlohonolo la ka; lentsoe la lillo ha le sa tla hlola le utloahala teng, leha e le lentsoe la pokollo.” Ka sebele, Esaia o ile a hlalosa maemo a neng a le molemo hōle ho feta ao Bajuda ba neng ba kile ba phela tlas’a ’ona Babylona. O ile a bolela thabo le nyakallo esale pele. Joale bona polelo “maholimo a macha le lefatše le lecha.” Lena ke lekhetlo la pele ho a mane ao polelo eo e hlahang ka ’ona ka Bibeleng, ’me litemana tsena tse ’nè li ka ba le kamano e tobileng le bokamoso ba rōna, li ka ba tsa bo bolela esale pele.
9. Bajuda ba boholo-holo ba ile ba ameha joang phethahatsong ea Esaia 65:17-19?
9 Phethahatso e qalang ea Esaia 65:17-19 e ne e ama Bajuda ba boholo-holo bao, joalokaha Esaia e boletse ka nepo esale pele, ba ileng ba khutlela ha habo bona, moo ba ileng ba tsosolosa borapeli bo hloekileng. (Esdrase 1:1-4; 3:1-4) Ka sebele, ua elelloa hore ba ile ba khutlela ha habo bona polaneteng eona ena, eseng kae-kae bokahohleng. Ho elelloa seo ho ka re thusa ho bona seo Esaia a neng a se bolela ka maholimo a macha le lefatše le lecha. Ha ho hlokahale hore re phopholetse, joalokaha ba bang ba etsa, ka boprofeta bo sa utloahaleng ba Nostradamus kapa linohe tse ling. Bibele ka boeona e hlakisa seo Esaia a neng a se bolela.
10. Re lokela ho utloisisa “lefatše” le lecha leo Esaia a le boletseng esale pele joang?
10 Ka Bibeleng, hase kamehla “lefatše” le bolelang qitikoe ea rōna. Ka mohlala, Pesaleme ea 96:1 (NW) ka ho toba e re: ‘Lefatše lohle a le binele Jehova.’ Rea tseba hore polanete ea rōna—mobu o omileng le maoatle a maholohali—e ke ke ea bina. Ke batho ba binang. E, Pesaleme ea 96:1 (NW) e bua ka batho ba leng lefatšeng.a Empa Esaia 65:17 e boetse e bua ka “maholimo a macha.” Haeba “lefatše” le emela mokhatlo o mocha oa batho naheng ea Bajuda, “maholimo a macha” ke eng?
11. Poleloana “maholimo a macha” e ne e bolela eng?
11 Cyclopædia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature ea M’Clintock le Strong, e re: “Hohle moo ho buuoang ka lona ponong ea boprofeta, leholimo le bolela . . . sehlopha sohle sa mebuso e busang . . . e okametseng bafo ba eona le ho ba busa, joalokaha leholimo la sebele le okametse lefatše le bile le le busa.” Tabeng ea poleloana “leholimo le lefatše,” e bōpiloeng ka mantsoe a mabeli, Cyclopædia ena e hlalosa hore ‘ka puo ea boprofeta poleloana ena e bolela boemo ba lipolotiki ba batho ba maemo a sa tšoaneng. Leholimo ke puso; lefatše ke batho ba busoang ke ba ba phahametseng.’
12. Bajuda ba boholo-holo ba ile ba latsoa “maholimo a macha le lefatše le lecha” joang?
12 Ha Bajuda ba ne ba khutlela ha habo bona, ba ile ba fumana seo ho ka ’nang ha thoe ke tsamaiso e ncha ea lintho. Ho ne ho e-na le sehlopha se secha se busang. Zorobabele, setloholo sa Morena Davida, e ne e le ’musisi, ’me Joshua e le moprista ea phahameng. (Haggai 1:1, 12; 2:21; Zakaria 6:11) Ba ne ba sebeletsa e le “maholimo a macha.” A okametseng eng? “Maholimo a macha” a ne a okametse “lefatše le lecha,” mokhatlo oa batho o hloekisitsoeng o neng o khutletse naheng ea habo oona e le hore o ka haha Jerusalema le tempele ea eona bocha bakeng sa ho rapela Jehova. Kahoo, ka kutloisiso ena ea sebele, ho ne ho e-na le maholimo a macha le lefatše le lecha phethahatsong e neng e ama Bajuda ka nako eo.
13, 14. (a) Re lokela ho hlahloba lekhetlo lefe hape leo polelo “maholimo a macha le lefatše le lecha” e hlahang ka lona? (b) Ke hobane’ng ha boprofeta ba Petrose bo thahasellisa ka ho khethehileng nakong ee?
13 Hlokomela hore u se ke ua sitoa ho utloisisa ntlha ena. Sena hase boiteko ba ho hlalosa Bibele ka morero oa ho e ntlafatsa leha e le hona hore ke ho habanya histori ea boholo-holo feela. U ka bona sena ka ho fetela moo polelo “maholimo a macha le lefatše le lecha” e hlahang teng ka lekhetlo le leng. Ho 2 Petrose khaolo ea 3, u tla fumana polelo ena ’me u bone hore bokamoso ba rōna boa ameha.
14 Moapostola Petrose o ile a ngola lengolo la hae ka mor’a lilemo tse fetang 500 Bajuda ba khutletse ha habo bona. E le e mong oa baapostola ba Jesu, Petrose o ne a ngolla balateli ba Kreste, “Morena” eo ho builoeng ka eena ho 2 Petrose 3:2. Temaneng ea 4, Petrose o bua ka ‘ho ba teng ha Jesu ho tšepisitsoeng,’ ho etsang hore boprofeta bona e be bo loketseng haholo kajeno. Bopaki bo bongata bo bontša hore ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše, haesale Jesu a le teng ka kutloisiso ea hore o na le matla a ho laela e le ’Musi ’Musong oa Molimo oa leholimo. (Tšenolo 6:1-8; 11:15, 18) Sena se na le moelelo o khethehileng ha ho talingoa ntho e ’ngoe hape eo Petrose a ileng a e bolela esale pele khaolong ena.
15. Boprofeta ba Petrose mabapi le “maholimo a macha” bo phethahala joang?
15 Ho 2 Petrose 3:13 rea bala: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho tsena ho loka ho tla aha.” E ka ’na eaba u se u hlokometse hore Jesu ea leholimong ke eena ’Musi ea ka sehloohong ‘maholimong a macha.’ (Luka 1:32, 33) Empa, litemana tse ling tsa Bibele li bontša hore ha a buse a le mong. Jesu o ile a tšepisa hore baapostola le ba bang ba kang bona ba ne ba tla ba le sebaka leholimong. Bukeng ea Baheberu, moapostola Pauluse o ile a hlalosa ba joalo e le “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo.” ’Me Jesu o ile a re litho tsa sehlopha sena li ne li tla lula le eena literoneng leholimong. (Baheberu 3:1; Matheu 19:28; Luka 22:28-30; Johanne 14:2, 3) Taba ke hore ba bang ba busa le Jesu e le karolo ea maholimo a macha. Joale Petrose o ne a bolela’ng ka poleloana “lefatše le lecha”?
16. Ke ‘lefatše lefe le lecha’ le seng le ntse le le teng?
16 Joaloka phethahatsong ea pele—ho khutlela ha Bajuda ha habo bona—phethahatso ea hona joale ea 2 Petrose 3:13 e akarelletsa batho ba ikokobelletsang bobusi ba maholimo a macha. Kajeno u ka fumana ba limilione bao ka thabo ba ikokobelletsang bobusi bo joalo. Ba rua molemo lenaneong la bona la thuto ba bile ba leka ka matla ho latela melao ea bona e fumanoang ka Bibeleng. (Esaia 54:13) Ke bona motheo oa “lefatše le lecha” ka kutloisiso ea hore ke karolo ea mokhatlo oa lefatše lohle oa lichaba tsohle, lipuo tsohle le merabe eohle, ’me ba sebetsa hammoho ba ikokobelelitse Morena ea busang, Jesu Kreste. Taba ea bohlokoa ke hore u ka ba karolo ea sena!—Mikea 4:1-4.
17, 18. Ke hobane’ng ha mantsoe a ho 2 Petrose 3:13 a re fa lebaka la ho lebella bokamoso?
17 U se ke ua ba le boikutlo ba hore litaba li fella mona, hore ha re na temohisiso efe kapa efe e qaqileng mabapi le bokamoso. Ha e le hantle, ha u ntse u hlahloba taba e potolohileng 2 Petrose khaolo ea 3, u tla fumana lipontšo tsa phetoho e khōlō e larileng ka pele. Temaneng ea 5 le 6, Petrose o ngola ka Moroallo oa mehleng ea Noe, Moroallo o ileng oa felisa lefatše le khopo ka nako eo. Temaneng ea 7, Petrose o bolela hore “maholimo le lefatše tse teng hona joale,” mebuso hammoho le matšoele a batho, li boloketsoe ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.’ Sena se tiisa hore polelo “maholimo le lefatše tse teng hona joale” e bolela batho le mebuso ea bona eseng bokahohle ba sebele.
18 Ka mor’a moo, Petrose o hlalosa hore letsatsi la Jehova le tlang le tla tlisa tlhoekiso e khōlō, ho hleka tsela bakeng sa maholimo a macha le lefatše le lecha tse boletsoeng temaneng ea 13. Hlokomela qetello ea temana eo—“ho tsena ho loka ho tla aha.” Na seo ha se bontše hore ho lokela hore ho etsahale liphetoho tse khōlō? Na ha se tsose tebello ea lintho tseo ka sebele li leng ncha, nako ea ha batho ba tla thabela bophelo ho feta kamoo ba bo thabelang kateng kajeno? Haeba u ka bona seo ka kelello, joale u na le temohisiso ea seo Bibele e se bolelang esale pele, temohisiso eo ha ho bapisoa e leng ba seng bakae ba nang le eona.
19. Ke maemo afe a potolohileng taba ao ho ’ona buka ea Tšenolo e buang ka “maholimo a macha le lefatše le lecha” tse sa ntseng li tla tla?
19 Empa a re tsoeleng pele. Re hlahlobile lekhetlo leo polelo “maholimo a macha le lefatše le lecha” e hlahang ka lona ho Esaia khaolo ea 65 le leo e hlahang ka lona ho 2 Petrose khaolo ea 3. Joale phetla Tšenolo khaolo ea 21, moo polelo ena e hlahang ka lekhetlo le leng hape ka Bibeleng. Le hona mona, re tla thusoa ke ho utloisisa maemo a potolohileng taba ena. Likhaolong tse peli tse tlang pele ho ena, ho Tšenolo khaolo ea 19, re fumana ho hlalositsoe ntoa ka litšoantšo tse hlakileng—empa eseng ntoa e lipakeng tsa lichaba tse tletseng bora. Ka lehlakoreng le leng ke “Lentsoe la Molimo.” Mohlomong ua hlokomela hore ena ke tlotla ea Jesu Kreste. (Johanne 1:1, 14) O leholimong, ’me pono ena e mo bontša a e-na le mabotho a hae a ntoa a leholimo. O loana le mang? Khaolo ena e bua ka “marena,” “balaoli ba sesole,” le batho ba maemo a sa tšoaneng, “ba banyenyane le ba baholo.” Ntoa ena e akarelletsa letsatsi la Jehova le tlang le ho felisoa ha bokhopo. (2 Bathesalonika 1:6-10) Ha re tsoela pele, Tšenolo khaolo ea 20 e qala ka ho hlalosa ho tlosoa ha “noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane.” Sena se rala motheo oa ho hlahloba Tšenolo khaolo ea 21.
20. Tšenolo 21:1 e bontša hore ke liphetoho life tse khōlō tse larileng ka pele?
20 Moapostola Johanne o qala ka mantsoe ana a thabisang: “Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; etsoe leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, ’me leoatle ha le sa le eo.” Re itšetlehile ka seo re se boneng ho Esaia khaolo ea 65 le ho 2 Petrose khaolo ea 3, re ka kholiseha hore sena ha se bolele hore ho na le ho hong ho tla nka sebaka sa maholimo a sebele le polanete ea rōna, haesita le boliba ba eona ba metsi. Joalokaha likhaolo tse etellang ena pele li bontšitse, batho ba khopo le mebuso ea bona, ho akarelletsa le ’musi ea sa bonahaleng Satane, ba tla felisoa. E, mona ho tšepisoa tsamaiso e ncha e amang batho lefatšeng.
21, 22. Johanne o re tiisetsa litlhohonolofatso life, ’me ho hlakoloa ha meokho ea rōna ho bolela’ng?
21 Re kholisehile ka sena ha re ntse re kenella boprofeteng bona bo babatsehang. Qetellong ea temana ea 3 ho buuoa ka nako ea ha Molimo a tla ba le moloko oa batho, a sebetsana ka mosa le batho ba etsang thato ea hae. (Ezekiele 43:7) Johanne o tsoela pele temaneng ea 4 le ea 5: “[Jehova] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile. Eaba Ea lutseng teroneng o re: ‘Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’ Hape, o re: ‘Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.’” Ke boprofeta bo hlasimollang hakaakang!
22 A k’u re khefu! ’me u thabele seo Bibele e se bolelang esale pele. ‘Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.’ Seo se ke ke sa bolela meokho e tloaelehileng e hlatsoang mahlo a rōna a boi, leha e le hona hore se ka bolela meokho ea thabo. Che, meokho eo Molimo a tla e hlakola ke meokho e bakoang ke mahlomola, mesarelo, ho soetseha, ho lemala le ho utloa bohloko bo otlang pelo. Re ka kholiseha joang? Ha e le hantle, tšepiso ena ea Molimo e babatsehang e amahanya ho hlakoloa ha meokho le ‘lefu, ho siama, ho bokolla le bohloko tse ke keng tsa hlola li e-ba teng.’—Johanne 11:35.
23. Boprofeta ba Johanne bo fana ka tiiso ea hore ke maemo afe a tla fela?
23 Na see ha se bolele hore kankere, stroke, tlhaselo ea lefu la pelo esita le lefu li tla be li felile? Ho rōna, ke mang ea sa lahleheloang ke moratuoa ka lebaka la boloetse bo itseng, kotsi kapa koluoa? Mona Molimo o tšepisa hore lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, e leng se bontšang hore bana ba ka ’nang ba hlaha ka nako eo ba ke ke ba tlameha ho lebella ho hōla ebe baa tsofala—ba qetelle ba shoele. Boprofeta bona bo boetse bo bolela hore ha ho sa tla ba le maloetse a Alzheimer, ho fokola ha masapo, lihlahala tsa pōpelo, glaucoma, kapa esita le ho ba lerootho ha lera la mahlo—a tloaelehileng hakana botsofaling.
24. “Leholimo le lecha le lefatše le lecha” e tla ba tlhohonolofatso joang, ’me re sa ntse re tla hlahloba eng?
24 Ha ho pelaelo hore u ne u tla lumela hore ho siama le ho bokolla li ne li tla fokotseha ha ho felisoa lefu, botsofali le boloetse. Empa, ho thoe’ng ka bofutsana bo tubang, tlhekefetso ea bana le khethollo e hatellang e thehiloeng semelong sa motho kapa ’maleng oa hae oa letlalo? Haeba lintho tse joalo—tse atileng kajeno—li ka tsoela pele, re ne re ke ke ra lokoloha ho siameng le ho bokolleng. Kahoo, bophelo tlas’a “leholimo le lecha le lefatše le lecha” bo ke ke ba senngoa ke lisosa tsena tsa masoabi tsa hona joale. Ke phetoho e kaakang! Leha ho le joalo, ho fihlela mona re se re hlahlobile makhetlo a mararo ho a mane ao polelo “maholimo a macha le lefatše le lecha” e hlahang ka ’ona ka Bibeleng. Ho na le le leng hape le amanang le seo re se hlahlobileng le le hatisang lebaka la ho lebella nako eo ka eona Molimo a tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho “etsa hore lintho tsohle li be ncha” le kamoo a tla e phethahatsa kateng. Sehlooho se latelang se tšohla boprofeta boo le seo bo ka se bolelang bakeng sa thabo ea rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The New English Bible e fetolela Pesaleme ea 96:1 tjena: “Binelang MORENA, batho bohle ba lefatše.” The Contemporary English Version e baleha tjena: “E mong le e mong lefatšeng lena, a binele MORENA lipina tsa thoriso.” Sena se lumellana le kutloisiso ea hore ha Esaia a bua ka “lefatše le lecha” o ne a bua ka batho ba Molimo naheng ea habo bona.
Ke’ng Seo U se Hopolang?
• Ke makhetlo afe a mararo ao ka ’ona Bibele e bolelang esale pele ka “maholimo a macha le lefatše le lecha”?
• Bajuda ba boholo-holo ba ile ba akarelletsoa joang phethahatsong ea “maholimo a macha le lefatše le lecha”?
• Ho utloisisoa hore ke lintho life tseo e leng phethahatso ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” a boletsoeng ke Petrose?
• Tšenolo khaolo ea 21 e re lebisa bokamosong bo khanyang joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Hantle feela joalokaha Jehova a ne a boletse esale pele, Cyruse o ile a rala motheo oa ho khutlela ha Bajuda naheng ea habo bona ka 537 B.C.E.