E-ba le Tumelo Lentsoeng la Molimo la Boprofeta!
“Re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane.”—2 PETROSE 1:19.
1, 2. Boprofeta ba pele bo kileng ba tlalehoa ke bofe, ’me e ’ngoe ea lipotso tse ileng tsa phahamisoa ka lebaka la bona ke efe?
JEHOVA ke eena Mohloli oa boprofeta ba pele bo kileng ba tlalehoa. Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, Molimo o ile a bolella noha: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e loma serethe.” (Genese 3:1-7, 14, 15) Ho ne ho tla feta lilemo tse makholo pele mantsoe ao a boprofeta a utloisisoa ka ho feletseng.
2 Boprofeta bono ba pele bo ne bo fana ka tšepo ea sebele bakeng sa batho ba baetsalibe. Hamorao Mangolo a ile a bontša hore Satane Diabolose ke “noha ea pele.” (Tšenolo 12:9) Empa Peō ea Molimo e tšepisitsoeng e ne e tla ba mang?
Ho Batla Peō
3. Abele o ile a sebelisa tumelo joang boprofeteng ba pele?
3 Ho fapana le ntat’ae, Abele ea tšabang Molimo o ile a sebelisa tumelo boprofeteng ba pele. Ka sebele Abele o ile a hlokomela hore ho tšolloa ha mali ho ne ho tla hlokahala bakeng sa ho koahela sebe. Ka lebaka leo, tumelo e ile ea mo susumelletsa ho nyehela sehlabelo sa liphoofolo se neng se amoheleha ho Molimo. (Genese 4:2-4) Empa, hore na Peō e tšepisitsoeng ke mang ho ile ha lula e le sephiri.
4. Molimo o ile a etsetsa Abrahama tšepiso efe, ’me e ne e bontša eng mabapi le Peō e tšepisitsoeng?
4 Lilemo tse ka bang 2 000 ka mor’a mehla ea Abele, Jehova o ile a etsetsa mopatriareka Abrahama tšepiso ena ea boprofeta: “Ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo . . . Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao.” (Genese 22:17, 18, NW) Mantsoe ano a ile a amahanya Abrahama le ho phethahatsoa ha boprofeta ba pele. A ile a bontša hore Peō eo ka eona mesebetsi ea Satane e neng e ka etsoa lefeela e ne e tla hlaha lelokong la Abrahama. (1 Johanne 3:8) “Ka lebaka la tšepiso ea Molimo [Abrahama] ha aa ka a thekesela ka ho hloka tumelo” haesita le lipaki tse ling tsa Jehova tsa pele ho Bokreste ‘tse sa kang tsa fumana phethahatso ea tšepiso’ ha lia ka tsa etsa joalo. (Baroma 4:20, 21; Baheberu 11:39) Ho e-na le hoo, li ile tsa lula li e-na le tumelo lentsoeng la Molimo la boprofeta.
5. Tšepiso ea Molimo ea Peō e ile ea phethahatsoa ho mang, hona ke hobane’ng ha u arabela joalo?
5 Moapostola Pauluse o ile a tsebahatsa Peō ea Molimo e tšepisitsoeng ha a ne a ngola: “Litšepiso li ile tsa buuoa ho Abrahama le ho peō ea hae. Le re, eseng: ‘Le ho lipeō,’ joaloka tabeng ea tse ngata tse joalo, empa joaloka tabeng ea e le ’ngoe: ‘Le ho peō ea hao,’ e leng Kreste.” (Bagalata 3:16) Peō eo ka eona lichaba li neng li tla itlhohonolofatsa e ne e sa akarelletse bana bohle ba Abrahama. Bana ba mora oa hae Ishmaele le bara ba hae ka Ketura ha baa ka ba sebelisetsoa ho hlohonolofatsa moloko oa batho. Peō ea tlhohonolofatso e ile ea tla ka mora oa hae Isaka le setloholo sa hae Jakobo. (Genese 21:12; 25:23, 31-34; 27:18-29, 37; 28:14) Jakobo o ile a bontša hore “lichaba” li ne li tla mamela Shilo oa leloko la Juda, empa Peō eo hamorao e ile ea lekanyetsoa lelokong la Davida. (Genese 49:10; 2 Samuele 7:12-16) Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lebeletse motho a le mong hore a tle e le Mesia, kapa Kreste. (Johanne 7:41, 42) Boprofeta ba Molimo ba Peō bo ile ba phethahala ho Mora oa hae, Jesu Kreste.
Mesia oa Hlaha!
6. (a) Re lokela ho utloisisa boprofeta ba libeke tse 70 joang? (b) Jesu o ile a ‘felisa sebe’ neng, hona joang?
6 Moprofeta Daniele o ile a ngola boprofeta ba bohlokoahali bo mabapi le Mesia. Selemong sa pele sa Dariuse Momede, o ile a hlokomela hore lilemo tse 70 tsa ho etsoa lesupi ha Jerusalema li se li tla fela. (Jeremia 29:10; Daniele 9:1-4) Ha Daniele a ntse a rapela, lengeloi Gabriele le ile la tla ’me la senola hore ‘libeke tse mashome a supileng li etselitsoe qeto e le hore ho felisoe sebe.’ Mesia o ne a tla tlosoa bohareng ba beke ea bo70. ‘Libeke tsa lilemo, tse mashome a supileng’ li qalile ka 455 B.C.E. ha Morena oa Mopersia Artaxerxese I a ‘ne a ntša lentsoe la hore Jerusalema e hahuoe hape.’ (Daniele 9:20-27; Moffatt; Nehemia 2:1-8) Mesia o ne a tla tla ka mor’a libeke tse 7 tse kopanngoang le tse 62. Lilemo tsena tse 483 li ile tsa qala ka 455 B.C.E. ho ea ho 29 C.E., ha Jesu a ne a kolobetsoa ’me Molimo a mo tlotsa e le Mesia, kapa Kreste. (Luka 3:21, 22) Jesu o ‘felisitse sebe’ ka ho fana ka bophelo ba hae e le thekollo ka 33 C.E. (Mareka 10:45) Ke mabaka a utloahalang hakaakang a ho ba le tumelo lentsoeng la Molimo la boprofeta!a
7. U sebelisa Mangolo, bontša kamoo Jesu a phethahalitseng boprofeta bo mabapi le Mesia.
7 Tumelo lentsoeng la Molimo la boprofeta e re nolofalletsa ho khetholla Mesia. Har’a boprofeta bo bongata bo buang ka Mesia bo ka Mangolong a Seheberu, bo bongata bo ne bo sebelisitsoe ho Jesu ka ho toba ke bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste. Ka mohlala: Jesu o ile a tsoaloa ke moroetsana Bethlehema. (Esaia 7:14; Mikea 5:2; Matheu 1:18-23; Luka 2:4-11) O ile a bitsoa Egepeta, ’me masea a ile a bolaoa ka mor’a tsoalo ea hae. (Jeremia 31:15; Hosea 11:1; Matheu 2:13-18) Jesu o ile a jara maloetse a rōna. (Esaia 53:4; Matheu 8:16, 17) Joalokaha ho boletsoe esale pele, o ile a kena Jerusalema a kaletse petsana ea esele. (Zakaria 9:9; Johanne 12:12-15) Mantsoe a mopesaleme a ile a phethahala ka mor’a hore Jesu a khokhotheloe thupeng ha masole a ne a arolelana liaparo tsa hae ’me a lahla lotho bakeng sa seaparo sa hae sa ka hare. (Pesaleme ea 22:18; Johanne 19:23, 24) Taba ea hore masapo a Jesu ha aa ka a rojoa le hore o ile a hlajoa le eona e ile ea phethahatsa boprofeta. (Pesaleme ea 34:20; Zakaria 12:10; Johanne 19:33-37) Ena ke mehlala e seng mekae feela ea boprofeta bo mabapi le Mesia boo bangoli ba Bibele ba bululetsoeng ba ileng ba bo sebelisa ho Jesu.b
Tlotlisang Morena oa Bomesia!
8. Moholo-holo oa Matsatsi ke mang, ’me boprofeta bo ho Daniele 7:9-14 bo ile ba phethahala joang?
8 Selemong sa pele sa Belshatsare Morena oa Babylona, Jehova o ile a tlisetsa moprofeta oa hae Daniele toro le lipono tse makatsang. Qalong moprofeta enoa o ile a bona libata tse ’nè tsa litonanahali. Lengeloi la Molimo le ile la re ke “marena a mane,” kahoo le bontša hore li emela mebuso ea lefatše e latellanang. (Daniele 7:1-8, 17) Ka mor’a moo Daniele o ile a bona Jehova “Moholo-holo oa Matsatsi,” a lutse teroneng e khanyang. Ha a ahlola libata tsena habohloko, o ile a li amoha bobusi ’me a timetsa sebata sa bone. Bobusi bo sa feleng ho “batho, lichaba le lipuo” joale bo ile ba fuoa “e mong ea joaloka mor’a motho.” (Daniele 7:9-14, NW) Bona ke boprofeta bo tsotehang hakaakang bo amanang le ho behoa teroneng ha “Mor’a motho” Jesu Kreste, maholimong ka selemo sa 1914!—Matheu 16:13.
9, 10. (a) Likarolo tse sa tšoaneng tsa setšoantšo sa toro li ne li bolela eng? (b) U ka hlalosa phethahatso ea Daniele 2:44 joang?
9 Daniele o ne a tseba hore Molimo o “tlosa marena le ho emisa marena.” (Daniele 2:21, NW) Ka tumelo ho Jehova, “Mosenoli oa liphiri,” moprofeta enoa o ile a hlalosa se boleloang ke toro ea Nebukadnezare, Morena oa Babylona, ea setšoantšo se seholohali. Likarolo tsa sona tse sa tšoaneng li ne li bontša ho phahama le ho oa ha mebuso ea lefatše e kang Babylona, Medo-Persia, Greece le Roma. Molimo o ile a boela a sebelisa Daniele ho lokolisa liketsahalo tsa lefatše ho tla fihlela nakong ea rōna le ho fetela ka nģ’ane.—Daniele 2:24-30, NW.
10 Boprofeta bona bo itse, “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Ha “linako tse behiloeng tsa lichaba” li fela ka 1914, Molimo o ile a theha ’Muso oa leholimo tlas’a Kreste. (Luka 21:24; Tšenolo 12:1-5) Ka matla a Molimo “lejoe” la ’Muso oa Bomesia le ile la khephoha “thabeng” ea bobusi ba Molimo ba bokahohle. Ka Armagedone lejoe leo le tla otla setšoantšo ’me le se silakanye ho fihlela e e-ba phoofo. E le thaba ea puso e amang “lefatše lohle,” ’Muso oa Bomesia o tla ema ka ho sa feleng.—Daniele 2:35, 45; Tšenolo 16:14, 16.c
11. Ho fetoha sebōpeho ha Jesu e ne e le ponelo-pele ea eng, ’me pono eo e ile ea e-ba le phello efe ho Petrose?
11 A nahanne ka puso ea hae ea ’Muso, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Kannete ke re ho lōna ho na le ba bang ba ba emeng mona bao ho hang ba se nang ho latsoa lefu ho fihlela pele ba bona Mora oa motho a tla ka ’muso oa hae.” (Matheu 16:28) Ka mor’a matsatsi a tšeletseng, Jesu o ile a nka Petrose, Jakobo le Johanne a ba isa thabeng e phahameng moo a ileng a fetoha sebōpeho ka pel’a bona. Ha leru le khanyang le koahela baapostola, Molimo o ile a phatlalatsa: “Enoa ke Mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.” (Matheu 17:1-9; Mareka 9:1-9) Ke ponelo-pele e hlollang hakaakang ea khanya ea Kreste ea ’Muso! Ha ho makatse hore ebe Petrose o ile a bua ka pono eo e hlollang ’me a re: “Ka lebaka leo re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane.”—2 Petrose 1:16-19.d
12. Ke hobane’ng ha ka ho khetheha ena e le nako ea ho bontša hore re na le tumelo lentsoeng la Molimo la boprofeta?
12 Ho bonahala hore “lentsoe la boprofeta” ha le akarelletse feela boprofeta ba Mangolo a Seheberu bo mabapi le Mesia empa le boetse le akarelletsa polelo ea Jesu ea hore o ne a tla tla “ka matla le khanya e khōlō.” (Matheu 24:30) Ho fetoha sebōpeho ha Jesu ho ile ha netefatsa lentsoe la boprofeta mabapi le ho tla ha Kreste ho khanyang ka matla a ’Muso. Haufinyane haholo, ho senoleha ha hae ka khanya ho tla bolela timetso ea ba se nang tumelo le litlhohonolofatso bakeng sa ba nang le tumelo. (2 Bathesalonika 1:6-10) Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore ana ke ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Timothea 3:1-5, 16, 17; Matheu 24:3-14) E le Mophethahatsi ea ka Sehloohong oa Kahlolo oa Jehova, Mikaele, e leng Jesu Kreste, o lutse a itokiselitse ho felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho nakong ea “matšoenyeho a maholo.” (Matheu 24:21; Daniele 12:1) Joale, ha e le hantle, ena ke nako ea ho bontša hore re na le tumelo lentsoeng la Molimo la boprofeta.
E-ba le Tumelo Lentsoeng la Molimo la Boprofeta
13. Re ka thusoa ke eng ho tsoela pele re rata Molimo, re bolokile tumelo ea rōna e phela lentsoeng la hae?
13 Ka sebele re ne re nyakaletse ha ka lekhetlo la pele re ithuta ka ho phethahala ha lentsoe la Molimo la boprofeta. Empa na ho tloha ka nako eo tumelo ea rōna e ile ea fokola le lerato la rōna la tapa? E se eka le ka mohla re ke ke ra tšoana le Bakreste ba Efese ba ileng ba ‘tlohela lerato leo ba neng ba e-na le lona pele.’ (Tšenolo 2:1-4) Ho sa tsotellehe hore na re sebelelitse Jehova ka nako e kae, re ka lahleheloa ka ho tšoanang ha re sa ‘tsoele pele ho batla ’muso oa Molimo pele le ho loka ha hae’ e le hore re bokelle matlotlo leholimong. (Matheu 6:19-21, 31-33) Ho ithuta Bibele ka mafolofolo, ho nka karolo libokeng tsa Bokreste le ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ka cheseho li tla re thusa ho tsoela pele re rata Jehova, Mora oa hae le Mangolo. (Pesaleme ea 119:105; Mareka 13:10; Baheberu 10:24, 25) Ka lehlakoreng le leng, sena se tla boloka tumelo ea rōna lentsoeng la Molimo e phela.—Pesaleme ea 106:12.
14. Bakreste ba tlotsitsoeng ba putsoa joang bakeng sa tumelo ea bona lentsoeng la Jehova la boprofeta?
14 Hantle feela joalokaha lentsoe la Molimo la boprofeta le ile la phethahala nakong e fetileng, re ka ba le tumelo ho seo le se bolelang esale pele ka nako e tlang. Ka mohlala, ho ba teng ha Kreste ka khanya ea ’Muso hona joale ke taba ea sebele, ’me Bakreste ba tlotsitsoeng ba ileng ba tšepahala ho isa lefung ba latsoitse ho phethahala ha tšepiso ea boprofeta: “Ea hlōlang ka sebele ke tla mo neha ho ja sefate sa bophelo, se leng paradeiseng ea Molimo.” (Tšenolo 2:7, 10; 1 Bathesalonika 4:14-17) Jesu o fa bana ba hlōlang tokelo ea “ho ja sefate sa bophelo” “paradeiseng ea Molimo” ea leholimo. Tsohong ea bona, ’me e le ka lebaka la Jesu Kreste, ba kopanela ho se shoeng le ho se boleng hoo Jehova a fanang ka hona, “Morena oa bosafeleng, ea ke keng a bola, ea sa bonahaleng, eo e leng eena feela Molimo.” (1 Timothea 1:17; 1 Bakorinthe 15:50-54; 2 Timothea 1:10) Ke moputso o moholo hakaakang oa lerato la bona le sa feleng ho Molimo le tumelo ea bona e sa sisinyeheng lentsoeng la hae la boprofeta!
15. Motheo oa “lefatše le lecha” o ile oa raloa ka bo-mang, hona metsoalle ea bona ke bo-mang?
15 Kapele ka mor’a hore batlotsuoa ba tšepahalang ba shoeleng ba tsohele leholimong “paradeiseng ea Molimo,” masala a Iseraele ea moea a lefatšeng a ile a lokolloa ho “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 14:8; Bagalata 6:16) Ho ile ha raloa motheo oa “lefatše le lecha” ka bona. (Tšenolo 21:1) Ka tsela eo “naha” e ile ea tsoaloa, ’me e ile ea ahoa ea etsoa paradeise ea moea e hōlang lefatšeng ka bophara kajeno. (Esaia 66:8) Matšoele a ba kang linku a metsoalle ea Iseraele ea moea a phallela ho eona hona joale, “karolong e qetellang ea matsatsi.”—Esaia 2:2-4, NW; Zakaria 8:23; Johanne 10:16; Tšenolo 7:9.
Bokamoso ba Moloko oa Batho bo Boletsoe Esale Pele Lentsoeng la Molimo la Boprofeta
16. Ke’ng seo batšehetsi ba tšepahalang ba batlotsuoa ba se lebeletseng?
16 Batšehetsi ba tšepahalang ba batlotsuoa ba lebeletse eng? Le bona ba na le tumelo lentsoeng la Molimo la boprofeta, ’me tšepo ea bona ke ho kena Paradeiseng ea lefatšeng. (Luka 23:39-43) Ha ba le moo ba tla noa ‘nōkeng e phelisang ea metsi a bophelo’ ’me ba tla phekoloa ka “makhasi a lifate” tse lenngoeng mabōpong a eona. (Tšenolo 22:1, 2) Haeba u na le tšepo e tsotehang joalo, e se eka u ka tsoela pele ho rata Jehova ka ho teba le ho ba le tumelo lentsoeng la hae la boprofeta. E se eka u ka ba har’a ba latsoang thabo e ke keng ea lekanngoa ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise.
17. Bophelo Paradeiseng ea lefatšeng bo tla akarelletsa litlhohonolofatso life?
17 Batho ba sa phethahalang ha ba khone ho hlalosa bophelo lefatšeng la Paradeise le tlang, empa lentsoe la Molimo la boprofeta le re lemosa ka litlhohonolofatso tse tlelang batho ba mamelang. Ha ’Muso oa Molimo o busa o sa hanyetsoe ’me thato ea hae e etsoa lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong, ha ho batho ba sehlōhō—che, esita le liphoofolo—ba tla “baka tšenyo leha e le efe.” (Esaia 11:9, NW; Matheu 6:9, 10) Ba bonolo ba tla aha lefatšeng, ’me “ba iketle khotsong e khōlō.” (Pesaleme ea 37:11) Matšoele a lapang a ke ke a e-ba teng, hobane “ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.” (Pesaleme ea 72:16, NW) Ha ho sa tla ba le ea llisoang ke masoabi. Ho kula ho tla be ho felile, esita le lefu le ke ke la hlola le e-ba teng. (Esaia 33:24; Tšenolo 21:4) Nahana feela—ho se ho se na lingaka, meriana, lipetlele kapa litsi tsa batho ba kulang kelellong, ho se ho se na mapato. Ho lebeletsoe lintho tse babatsehang hakaakang!
18. (a) Daniele o ile a kholisoa ka eng? (b) “Kabelo” ea Daniele e tla ba efe?
18 Esita le lebitla le tloaelehileng la batho le tla horuloa ha lefu le nkeloa sebaka ke tsoho. Jobo, monna ea lokileng o ne a e-na le tšepo e joalo. (Jobo 14:14, 15) Le moprofeta Daniele o ne a e-na le eona, hobane lengeloi la Jehova le ile la mo kholisa ka tsela e tšelisang: “Empa uena, u ikele bofelong ba hao, hobane u tla phomola, ’me u tla tsohela lefa [“kabelo,” NW] la hao qetellong ea matsatsi.” (Daniele 12:13) Daniele o ile a sebeletsa Molimo ka botšepehi ho fihlela a e-shoa. Hona joale o phomotse lefung, empa o tla ‘tsoha’ “tsohong ea ba lokileng” nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. (Luka 14:14) “Kabelo” ea Daniele e tla ba efe? Ha e le hantle, ha boprofeta ba Ezekiele bo phethahala Paradeiseng, bo bontša hore batho bohle ba Jehova ba tla ba le litša, esita le naha e tla aroloa ka tsela e se nang leeme le e hlophisehileng. (Ezekiele 47:13–48:35) Ka hona, Daniele o tla ba le setša Paradeiseng, empa kabelo ea hae moo, e tla akarelletsa se fetang naha. E tla akarelletsa karolo ea hae morerong oa Jehova.
19. Ho hlokahala eng hore motho a phele Paradeiseng ea lefatšeng?
19 Ho thoe’ng ka uena le kabelo ea hao? Haeba u na le tumelo Lentsoeng la Molimo Bibele, ho ka etsahala hore ebe u labalabela bophelo Paradeiseng ea lefatšeng. U ka ba ua inahana u se u le moo, u thabela litlhohonolofatso tsa eona tse ngata, u hlokomela lefatše u bile u amohela ba tsohang bafung ka thabo. Ha e le hantle, Paradeise ke lehae la moloko oa batho. Molimo o bōpetse banyalani ba pele ho lula sebakeng se joalo. (Genese 2:7-9) Ka hona, o batla hore batho ba mamelang ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng. Na u tla phela tumellanong le Mangolo e le hore u ka ba har’a ba libilione ba tla qetella ba phela lefatšeng la Paradeise? U ka ba moo haeba kannete u rata Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, ’me u e-na le tumelo e tšoarellang lentsoeng la Molimo la boprofeta.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona khaolo ea 11 ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! le “Seventy Weeks” ho Insight on the Scriptures, tse hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bona “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” leqepheng la 343-4, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
c Bona khaolo ea 4 le ea 9 ea buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
d Bona sehlooho se reng “Ela Hloko Lentsoe la Molimo la Boprofeta,” se hlahang ho Molula-Qhooa oa April 1, 2000.
U ne U Tla Araba Joang?
• Boprofeta ba pele ke bofe, ’me Peō e tšepisitsoeng ke mang?
• Boprofeta bo bong ba Bomesia bo phethahetseng ho Jesu ke bofe?
• Daniele 2:44, 45 e tla phethahala joang?
• Lentsoe la Molimo la boprofeta le lebisa tlhokomelo bokamosong bofe ba batho ba mamelang?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Na u na le tšepo ea ho phela Paradeiseng ea lefatšeng?