Kamoo re ka Hlaolelang Bokhabane Kateng
LIBUKA tsa kajeno tse hlalosang mantsoe li hlalosa “bokhabane” e le “boitšoaro bo botle; molemo.” Ke “ketso e nepahetseng le monahano o nepahetseng; botho bo molemo.” Mongoli oa libuka tse hlalosang mantsoe Marvin R. Vincent o bolela hore moelelo oa khale oa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bokhabane” ke “botle ba mofuta ofe kapa ofe.” Kahoo, ha ho makatse hore ebe litšoaneleho tse kang masene, sebete, ho ikhalemela, ho hloka leeme, qenehelo, tiisetso, botšepehi, boikokobetso le ho tiea botšepehing ho na le linako tseo ka tsona li ’nileng tsa thoholetsoa ka hore ke bokhabane. Bokhabane bo ’nile ba hlalosoa hape e le “ho lumellana le molao oa se nepahetseng.”
Re lokela ho lumellana le molao oa mang tabeng ea se setle, se molemo le se nepahetseng? Makasine ea Newsweek e ile ea re: “Ho ea ka sehlopha se laolang sa filosofi ea boitšoaro, lipelaelo tse hlohlellelitsoeng ke Mokhatlo oa Tlhahiso Leseling li fetotse likhopolo tsohle tsa se nepahetseng le se fosahetseng litaba tsa boithatelo, boikhethelo kapa setso.” Empa na boithatelo kapa boikhethelo ke tsela e khotsofatsang ea ho etsa qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng? Che. E le hore re hlaolele bokhabane, re hloka molao o tšepahalang oa se setle le se sebe—e leng molao oo ka oona ketso e itseng, boikutlo, kapa tšoaneleho e ka ahloloang hore e nepahetse kapa e fosahetse.
Mohloli o le Mong Feela oa ’Nete oa Melao ea Boitšoaro
Mohloli o le mong feela oa ’nete oa melao ea boitšoaro ke ’Mōpi oa moloko oa batho, Jehova Molimo. Kapele ka mor’a hore a bōpe motho oa pele, e leng Adama, Jehova Molimo o ile a fa motho taelo ena: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Jehova Molimo o ile a fa sefate seo lebitso leo le khethehileng ho bontša tokelo ea hae e feletseng ea ho etsetsa libōpuoa tsa hae qeto ea hore na se setle le se sebe ke sefe. Kahoo, melao ea Molimo ea botle le bobe e ile ea fetoha motheo oa kahlolo, kapa sekala sa liketso, lipono le mekhoa ea motho. Ntle ho melao e joalo re ne re ke ke ra khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.
Taelo e mabapi le sefate sa ho tseba botle le bobe e ile ea neha Adama le Eva khetho ea ho mamela kapa ho se mamele. Ba ne ba tla ba khabane haeba ba mamela taelo eo. Ka nako ea teng, Jehova o ile a tsoela pele ho ba senolela hore na o thabisoa ke eng le hore na ha a thabisoe ke eng, ’me sena o re tlalehetse sona ka Bibeleng. Ho hlaolela bokhabane ho akarelletsa ho lumellana le melao e lokileng ea Jehova e ka Mangolong.
Tseba Melao ea Molimo ka ho Feletseng
Kaha Jehova Molimo o behile melao ea botle le bobe ’me o e senotse ka Bibeleng, na ha rea lokela ho e tseba ka ho feletseng? Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.
Ka mohlala, nahana ka ho hloka kutloisiso hoo Kunihito, ea boletsoeng sehloohong se etellang sena pele, a ileng a thulana le hona ha a ne a bontša boinyenyefatso kamoo setso sa habo se neng se bo talima kateng. Hamorao ha a hlahlobisisa melao ea Mangolo, o ile a thuseha hore a etse lintho ka tsela e leka-lekaneng haholoanyane. Bibele e hlile e khothalletsa boinyenyefatso, ’me e hanela ho itšepa ho tlōla le ho iketelletsa pele. (Liproverbia 11:2; Mikea 6:8) Leha ho le joalo, ha moapostola Pauluse a ne a thathamisa litšoaneleho tsa “boemo ba molebeli,” o ile a bua ka ‘ho hahamalla’ tokelo eo. (1 Timothea 3:1) Motho a ka “hahamalla” boemo bona ntle ho boithoriso kapa ho iketelletsa pele hape a ka ho etsa a sa itheole boemong.
Bibele e re’ng ka boitšoaro bo botle ho tsa khoebo? Ho sebelisa bomenemene kapa mekhoa ea ho tsoa tlaase melao ea mebuso le ea lekhetho ho tloaelehile lefatšeng la kajeno la khoebo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ba bang ba etsa’ng, molao oa Bibele ke hore re ‘itšoare ka botšepehi linthong tsohle.’ (Baheberu 13:18) Kahoo, re hlaolela bokhabane ka ho tšepahala le ka ho se be leeme ho bahiri, bahiruoa, bareki le mebuso ea lefatše. (Deuteronoma 25:13-16; Baroma 13:1; Tite 2:9, 10) Ha ho pelaelo hore botšepehi bo khothalletsa motho ho ba ea ka tšeptjoang le ea khahlehang. Ho ngola litumellano ho atisa ho thibela ho se utloisisane le mathata a ka ’nang a hlaha ka lebaka la “ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11; Jakobo 4:13, 14.
Taba ea moaparo le boitlhopho ke e ’ngoe eo ho hlokahalang hore re hlaolele bokhabane ho eona. Khetho ea moaparo e fapana ka litso, ’me khatello ea hore motho a kheme le litaele le lifeshene tsa morao-rao e ka ’na ea e-ba matla. Empa ke hobane’ng ha re ka latela setaele kapa feshene e ’ngoe le e ’ngoe e hlahang? Bibele e re eletsa hore re “khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.” (Baroma 12:2) Ho e-na le hore moapostola Pauluse a behe melao, o ile a ngola ka pululelo, a re: “Ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo, empa ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli.” (1 Timothea 2:9, 10) Molao ona oa motheo o sebetsa ka ho tšoana ho banna le basali. Ha e le hantle, ho na le litaele tse ntle tse sa tšoaneng tse hlahileng ka lebaka la boikhethelo ba setso kapa ba motho ka mong.
Bibele e boetse e khetholla mekhoa ea boitšoaro bo bobe eo Molimo a e nyatsang ka ho toba. Ho 1 Bakorinthe 6:9, 10, re bala temoso ena: “Khele! Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” Lengolo lena le ile la thusa Maria, ea boletsoeng pejana, ho bona hore ho latela molao oa boitšoaro bo botle o behiloeng ke ’Mōpi, e ne e le phoso hore ebe o ratana le Juan le hore o lokela ho mo hlala e le hore a amohelehe ho Molimo. Ho hlakile hore e le hore re hlaolele bokhabane, ho hlokahala hore re tsebe melao ea Jehova ka ho feletseng.
Ithute ka Pelo
Bokhabane hase feela ho qoba se sebe. Bo na le matla a boitšoaro. Motho ea khabane o molemo. Moprofesa e mong o re “bokhabane bo lokela ho ithutoa ka pelo le ka kelello.” Kahoo, ho hlaolela bokhabane ho akarelletsa ho fetang tsebo e feletseng ea Lentsoe la Molimo. Ho hloka ho nahanisisa ka se ngotsoeng ho lona e le hore lipelo tsa rōna li tlale ho leboha Jehova ’me re susumelletsehe ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo bophelong ba rōna.
Mopesaleme o ile a bua ka thabo, a re: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Morena Davida eena o ile a ngola, a re: “Ke hopotse matsatsi a khale; ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao [Molimo]; ka ho rata ke ’nile ka nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a hao.” (Pesaleme ea 143:5) Ho thuisa ka tieo e lokela ho ba karolo e ka sehloohong ea ho ithuta ha rōna Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.
Ke ’nete hore ho bula monyetla oa ho khothalla ho ithuta le ho nahanisisa e ka ba phephetso. Empa ho phehella bokhabane ho hloka hore re reke nako mesebetsing e meng. (Baefese 5:15, 16) Aaron, ea lilemo li 24, o reka nako e joalo letsatsi le leng le le leng ka ho tsoha metsotso e 30 pejana ho nako eo a neng a tsoha ka eona pele. O re: “Qalong, ke ne ke bala Bibele feela ka halofo eo ea hora. Hase khale ha ke hlokomela hore ho nahanisisa ke ntho ea bohlokoa. Kahoo, hona joale ke sebelisa hoo e ka bang halofo ea nako eo ke thuisa ka seo ke qetang ho se bala. Sena se ntsoetse molemo e le kannete.” Ho nahanisisa ho ka etsoa ka linako tse ling. Davida o ile a bina pineng eo a neng a e binela Jehova, a re: “Ke thuisa ka uena nakong ea litebelo tsa bosiu.” (Pesaleme ea 63:6) Bibele e re: “Isaka o ne a ntse a itsamaela e le hore a thuise tšimong ha e tla tloha e e-ba mantsiboea.”—Genese 24:63.
Ho thuisa ke ntho ea bohlokoa ha ho hlaoleloa bokhabane hobane ho re thusa ho ikutloa ka tsela eo Jehova a ikutloang ka eona le ho bona lintho kamoo a li bonang kateng. Ka mohlala, Maria o ne a tseba hore Molimo o hanela bohlola. Empa e le hore a ‘nyonye se khopo, le ho khomarela se molemo,’ ho ne ho hlokahala hore a thuise ka litemana tsa sehlooho tsa Bibele. (Baroma 12:9) Ka mor’a ho bala Bakolose 3:5, e re phehellang ho ‘bolaea litho tsa ’mele ea rōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono,’ o ile a thuseha ho bona hore ho hlokahala hore a fetole mekhoa ea hae. Maria o ile a tlameha ho ipotsa: ‘Ke takatso efe ea botšehali eo ke lokelang ho e bolaea? Ke eng eo nka e qobang e ka ’nang ea tsosa litakatso tse sa hloekang? Na ho hlokahala hore ke etse liphetoho tse itseng tseleng eo ke sebetsanang le ba batona ka eona?’
Ho nahanisisa ho akarelletsa ho nahana ka liphello tsa ketso. Pauluse o phehella Bakreste hore ba ile bohlola le hore ba be le boitšoaro e le hore “ho se ke ha e-ba le ea mong ea eang ntlheng ea ho ntša kotsi le ho nyonyobela litokelo tsa mor’abo.” (1 Bathesalonika 4:3-7) Lipotso tse ntle tseo ho ka nahanisisoang ka tsona ke tsena: ‘Ha ke etsa ketso ee, ke tla itšiteloa, ke siteloe lelapa la ka, kapa ba bang joang? Ke tla ameha joang moeeng, maikutlong le nameng? Ba ileng ba tlōla molao oa Molimo linakong tse fetileng ba ile ba hlaheloa ke eng?’ Ho nahanisisa joalo ho ile ha matlafatsa pelo ea Maria, ’me ho ka re matlafatsa le rōna.
Ithute ka Mehlala
Na bokhabane bo ka rutoa ka phaposing ea ho ithuta? Potso ena e tsielitse bahlalefi ka lilemo tse likete. Rafilosofi oa Mogerike Plato o ne a nahana hore ho ka etsoa. Ka lehlakoreng le leng, Aristotle eena o ne a beha lebaka la hore bokhabane bo fumanoa ka liketso. Mongoli e mong oa likoranta o ile a akaretsa phehisano ena ka tsela ena: “Ka bokhutšoanyane, molao-motheo oa bokhabane o ke ke oa ithutoa e le oona feela. Ebile o ke ke oa rutoa ka libuka. Botho bo botle bo hlahisoa ke ho phela har’a batho ba bang . . . moo bokhabane bo khothalletsoang le ho putsoa.” Empa ke hokae moo re ka fumanang batho ba khabane e le kannete? Le hoja litso tse ngata li e-na le mehlala e itseng ea bokhabane, eo bonyane e leng ea bahale ba tsona ba tšōmong, Bibele e na le mehlala ea ’nete e mengata.
Mohlala o totobetseng ka ho fetisisa oa bokhabane ke Jehova. Kamehla o etsa lintho ka tsela e khabane ’me o etsa se lokileng le se setle. Re ka hlaolela bokhabane ka ho ba “baetsisi ba Molimo.” (Baefese 5:1) Mora oa Molimo, Jesu Kreste, ‘o re sietse mohlala hore re latele mehato ea hae haufi-ufi.’ (1 Petrose 2:21) Ho feta moo, Bibele e na le litlaleho tsa batho ba bangata ba tšepahalang, ba kang Abrahama, Sara, Josefa, Ruthe, Jobo le Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu. Hoo re ke keng ra ho hlokomoloha ke mehlala ea bokhabane e teng har’a bahlanka ba Jehova ba kajeno.
Re ka Atleha
Na re ka atleha e le kannete ho etsa se khabane mahlong a Molimo? Kaha re futsitse ho se phethahale, ka linako tse ling ho ka kupa ntoa e matla pakeng tsa kelello le nama—pakeng tsa ho batla ho etsa se khabane le ho latela litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe. (Baroma 5:12; 7:13-23) Empa ntoa ena e ka hlōloa ka thuso ea Molimo. (Baroma 7:24, 25) Jehova o lokiselitse Lentsoe la hae le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ka ho khothalla ho ithuta Mangolo le ka ho a nahanisisa ka tieo, re ka ba ba hloekileng lipelong. Lipelong tse hloekileng joalo ho ka hlaha menahano, mantsoe le liketso tse khabane. (Luka 6:45) Ho itšetlehiloe ka mehlala ea Jehova Molimo le Jesu Kreste, re ka sebeletsa ho ba le botho ba bomolimo. Ka sebele re ka ithuta ho hongata ho batho ba sebeletsang Molimo ka botšepehi kajeno.
Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa babali ba hae hore ba “tsoele pele ho nahana” ka bokhabane le ka lintho tse ling tse lokeloang ke thoriso. Ho etsa sena, kannete ho tla fella ka tlhohonolofatso ea Molimo. (Bafilipi 4:8, 9) Ka thuso ea Jehova, re ka atleha ho hlaolela bokhabane.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Etsa hore ho nahanisisa e be karolo ea thuto ea hao ea Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Sebeletsa ho ba le botho ba bomolimo ka ho etsisa Kreste Jesu