Na U ka “Khetholla se Nepahetseng le se Fosahetseng”?
“Le ’ne le nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.”—BAEFESE 5:10.
1. Kajeno bophelo bo ka tsietsa ka tsela efe, hona hobane’ng?
KE TSEBA hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Ntlha ena ea bohlokoa e hlokometsoeng ke Jeremia e sebetsa haholo ho rōna kajeno. Hobane’ng? Hobane joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele, re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Letsatsi le leng le le leng, re talimana le maemo a tsietsang a hlokang hore re etse liqeto. Ebang liqeto tsena li khōlō kapa li nyenyane, li ka ba le phello e tebileng katlehong ea rōna—’meleng, maikutlong le moeeng.
2. Ke khetho eo re e etsang linthong life e ka ’nang ea nkoa e se ea bohlokoa, leha ho le joalo, Bakreste ba inehetseng ba e talima joang?
2 Khetho eo re e etsang linthong tse ngata bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi e ka ’na ea nkoa e tloaelehile kapa e se ea bohlokoa. Ka mohlala, letsatsi le letsatsi re tlameha ho khetha hore na re apara’ng, re ja’ng, re bona batho bafe, joalo-joalo. Khetho eo re e etsang linthong tsena e itlela feela, re sa nahane ka eona hakaalo. Empa na ka sebele lintho tse joalo hase tsa bohlokoa? Joaloka Bakreste ba inehetseng, re amehile ka botebo ka hore khetho eo re e etsang liaparong tsa rōna le ponahalong ea rōna, lijong tsa rōna le linong tsa rōna, puong ea rōna le boitšoarong ba rōna, kamehla e bontše hore re bahlanka ba ea Holimo-limo, Jehova Molimo. Re hopotsoa mantsoe a moapostola Pauluse: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 Bakorinthe 10:31; Bakolose 4:6; 1 Timothea 2:9, 10.
3. Ke khetho e etsoang linthong life, e tebileng?
3 Hape ho na le khetho e tebileng ka ho fetisisa eo re e etsang. Ka mohlala, qeto ea hore motho a kene lenyalong kapa a lule e le lesoha e na le phello e tebileng le ea nako e telele bophelong ba hae. Ntle ho pelaelo, ho khetha motho ea loketseng eo u ka nyalanang le eena, eo e tla ba molekane oa bophelo bohle, hase papali.a (Liproverbia 18:22) Ho phaella moo, khetho ea rōna ea metsoalle, thuto, mosebetsi, boithabiso le boikhathollo, e phetha karolo e khōlō esita le ea bohlokoa bomoeeng ba rōna—kahoo, e phetha karolo e khōlō katlehong ea rōna ea ka ho sa feleng.—Baroma 13:13, 14; Baefese 5:3, 4.
4. (a) Ke bokhoni bofe bo lakatsehang haholo? (b) Ho hlokahala hore re nahane ka lipotso life?
4 Kaha re tobane le ho khetha linthong tsena tsohle, ka sebele ho molemo hore re be le bokhoni ba ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng kapa pakeng tsa se bonahalang se nepahetse le se hlileng se nepahetseng. Bibele ea lemosa: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.” (Liproverbia 14:12) Kahoo, re ka ’na ra botsa: ‘Re ka hlaolela bokhoni ba ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng joang? Ke hokae moo re ka fumanang tataiso e hlokahalang ha re etsa liqeto? Batho ba nakong e fetileng le ba hona joale ba entse’ng tabeng ee, hona phello e bile efe?’
“Filosofi le Thetso ea Lefeela” ea Lefatše
5. Bakreste ba pele ba ne ba phela har’a batho ba mofuta ofe?
5 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba phela har’a batho ba laoloang ke litekanyetso le likhopolo tsa Bagerike le Baroma. Ka lehlakoreng le leng, ho ne ho e-na le menono le mabothobotho a bophelo ba Seroma, ao ba bangata ba neng ba a khalla. Ka lehlakoreng le leng, barutehi ba mehleng eo ba ne ba khahliloe ke likhopolo tsa filosofi tsa Plato le Aristotle le ke lihlopha tse ncha tse kang tsa Baepikure le Bastoike. Ha moapostola Pauluse a fihla Athene leetong la hae la bobeli la boromuoa, o ile a hanyetsoa ke bo-rafilosofi ba Baepikure le ba Bastoike ba neng ba nka hore ba phahametse “mobeberi” enoa ea bitsoang Pauluse.—Liketso 17:18.
6. (a) Bakreste ba bang ba pele ba ile ba lekoa hore ba etse’ng? (b) Pauluse o ile a fana ka temoso efe?
6 Ka lebaka leo, ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba pele ba ile ba hoheloa ke litsela tsa boikaketsi le mekhoa ea bophelo ea batho ba ba potolohileng. (2 Timothea 4:10) Ba neng ba le ka sehloohong tsamaisong eo ho ne ho bonahala ba fumana melemo le litokelo tse ngata, ’me ho ne ho bonahala eka ba entse khetho e nepahetseng. Ho ne ho bonahala eka lefatše le na le se bohlokoa ho feta tsela ea bophelo ea Bokreste. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a lemosa: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” (Bakolose 2:8) Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a rialo?
7. Ha e le hantle bohlale ba lefatše bo na le molemo ofe?
7 Pauluse o ile a fana ka temoso ena hobane a ne a lemoha kotsi e khōlō e nanarelang monahano oa ba hoheloang ke lefatše. Ho sebelisa ha hae mantsoe a reng “filosofi le thetso ea lefeela” ho bohlokoa ka ho khethehileng. Lentsoe “filosofi” ka ho toba le bolela “ho rata bohlale le ho bo phehella.” Ho etsa sena ho ka ba molemo. Ha e le hantle, Bibele, haholo-holo buka ea Liproverbia, e khothalletsa hore ho phehelloe tsebo ea mofuta o nepahetseng le bohlale. (Liproverbia 1:1-7; 3:13-18) Leha ho le joalo, Pauluse o ile a matahanya “filosofi” le “thetso ea lefeela.” Ka mantsoe a mang, Pauluse o ne a nka bohlale ba lefatše e le lefeela ebile e le thetso. Joaloka balune e tlatsitsoeng moea, bo ne bo bonahala eka bo tiile, empa bo ne bo fokola. Ka sebele e ne e tla ba halefeela, esita le ho kotsi, hore motho a khethe se nepahetseng le se fosahetseng motheong oa ntho e fokolang joaloka “filosofi le thetso ea lefeela” ea lefatše.
Ba Reng “Botle ke Bobe le Bobe ke Botle”
8. (a) Batho ba ea ho bo-mang ha ba batla keletso? (b) Ho fanoa ka keletso ea mofuta ofe?
8 Lintho ha lia fetoha hakaalo kajeno. Hoo e batlang e le linthong tsohle tseo motho a li etsang, ho na le litsebi tse ngata. Baeletsi ba manyalo le malapa, bangoli ba likoranta, batho ba ipitsang litsebi, linohe tsa linaleli, ba buisanang le meea le ba bang, ke malala-a-laotsoe bakeng sa ho fana ka keletso, empa e le e lefelloang. Empa ba fana ka keletso ea mofuta ofe? Hangata litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro li behelloa ka thōko ’me li nkeloa sebaka ke se bitsoang boitšoaro bo bocha. Ka mohlala, mohlophisi koranteng e khōlō ea Canada e bitsoang The Globe and Mail o ile a bua ka ho hana ha ’muso ho ngolisa “manyalo a batho ba bong bo tšoanang,” a re: “Selemong sena sa 2000, hoa makatsa hore ebe batho ba babeli ba ratanang le ba itetseng ba haneloa ka takatso ea bona eo ba e ratang hobane e le ba bong bo tšoanang.” Ntho e tloaelehileng haholo kajeno ke ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba bang ba e etsang, eseng ho ba tšoaea liphoso. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha ea phethahala; ha ho sa le ntho e nepahetseng ka ho feletseng le e fosahetseng ka ho feletseng.—Pesaleme ea 10:3, 4.
9. Hangata batho ba nkoang ba hlompheha sechabeng ba etsa’ng?
9 Ba bang ba nka batho ba atlehileng sechabeng le licheleteng, ba ruileng le ba tummeng, e le bona ba ba behelang mohlala ha ba etsa liqeto. Le hoja kajeno batho ba ruileng le ba tummeng ba nkoa ba hlompheha, hangata ba bua ka melomo feela ka lintho tsa bohlokoa tse kang botšepehi le ho ba ea ka tšeptjoang. Batho ba bangata ha ba lelekisa matla le leruo, ha ba bone phoso ea ho hlokomoloha melao le ho hatakela melao-motheo ea boitšoaro. E le hore ba tume le ho ratoa, ba bang ka ho se tsotelle ba lahla litekanyetso tse teng, ba khetha boitšoaro bo sa tloaelehang le bo tšosang. Sena se fella ka ho hlahisa mokhatlo oa batho ba susumetsoang ke leruo, ba amohelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe bao lepetjo la bona e leng, “Sohle se lokile.” Na hoa makatsa hore ebe batho ba ferekane mabapi le hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe?—Luka 6:39.
10. Mantsoe a Esaia mabapi le botle le bobe a phethahetse joang?
10 Re potolohiloe ke liphello tse bohloko tsa liqeto tse booatla tse entsoeng ka lebaka la tataiso e fosahetseng—manyalo le malapa a qhalaneng, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tahi, likenke tsa bacha tse tletseng pefo, boitšoaro bo bobe, mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ha re bua ka mehlala e seng mekae feela. Ha e le hantle, re ka lebella liphello tse fapaneng joang ha batho ba lahla litekanyetso tsohle kapa tataiso ea se nepahetseng le se fosahetseng? (Baroma 1:28-32) Ke feela joalokaha moprofeta Esaia a itse: “Ho malimabe ba reng botle ke bobe le bobe ke botle, ba behang lefifi sebakeng sa khanya le khanya sebakeng sa lefifi, ba behang ho baba sebakeng sa monate le monate sebakeng sa ho baba! Ho malimabe ba iponang bohlale le ba inkang ba le masene!”—Esaia 5:20, 21.
11. Ke hobane’ng ha e se khopolo e bohlale ho itšetleha ka uena ka bouena ha u khetholla se nepahetseng le se fosahetseng?
11 Hore ebe Molimo o ile a nka Bajuda bao ba boholo-holo ba neng ba ‘ipona ba le bohlale mahlong a bona’ ba ikarabella, ho etsa hore ho be bohlokoa ka ho fetisisa ho rōna hore re qobe ho itšetleha ka rōna ka borōna ha re khetholla se nepahetseng le se fosahetseng. Batho ba bangata kajeno ba lumellana le khopolo ea hore “mamela pelo ea hao,” kapa “etsa seo u nahanang hore se nepahetse.” Na boikutlo bo joalo bo bontša kahlolo e molemo? Eseng ho latela Bibele, eo ka ho hlaka e reng: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang?” (Jeremia 17:9) Na ha u etsa qeto u ka batla tataiso ho motho ea mano le ea tsitlellang seo a se batlang? U ke ke. Ho e-na le hoo, mohlomong u ne u tla etsa se fapaneng le seo motho eo a u bolellang sona. Ke ka lebaka leo Bibele e re hopotsang hore: “Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello, empa ea tsamaeang ka bohlale ke eena ea tla phonyoha.”—Liproverbia 3:5-7; 28:26.
Ho Ithuta se Amohelehang ho Molimo
12. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ipakele e le rōna “thato ea Molimo”?
12 Kaha ha rea lokela ho itšetleha ka bohlale ba lefatše kapa ka rōna ka borōna tabeng ea se nepahetseng le se fosahetseng, re lokela ho etsa’ng? Hlokomela keletso ena e hlakileng le e utloahalang ea moapostola Pauluse: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho nchafatsa likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ipakele e le rōna thato ea Molimo? Ka Bibeleng, Jehova o fana ka lebaka le tobileng empa e le le matla, o re: “Joalokaha maholimo a phahametse lefatše, le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna, le menahano ea ka e phahametse menahano ea lōna.” (Esaia 55:9) Kahoo, ho e-na le ho itšetleha ka se bitsoang ho sebelisa kelello kapa maikutlo a re thabisang, rea lemosoa: “Le ’ne le nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.”—Baefese 5:10.
13. Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 17:3 a hatisa joang hore hoa hlokahala ho tseba se amohelehang ho Molimo?
13 Jesu Kreste o ile a hatisa hore sena sea hlokahala ha a ne a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Polelo e reng “ho rua tsebo” e na le moelelo o tebileng ho feta feela ho “tseba.” Ho latela Vine’s Expository Dictionary, e “bolela kamano pakeng tsa motho ea tsebang le ntho e tsejoang; tabeng ena, ntho e tsejoang e molemo kapa ke ea bohlokoa ho ea tsebang, ’me ho joalo le ka kamano ea bona.” Ho ba le kamano le motho e mong ho feta ho tseba feela hore na motho eo ke mang kapa ho tseba lebitso la hae. Ho boetse ho akarelletsa ho tseba seo motho eo a se ratang le seo a sa se rateng, ho tseba lintho tseo a li nkang e le tsa bohlokoa, ho tseba litekanyetso tsa hae le ho li hlompha.—1 Johanne 2:3; 4:8.
Ho Koetlisa Matla a Rōna a ho Lemoha
14. Pauluse o itse phapang e khōlō pakeng tsa batho bao e leng masea moeeng le batho ba hōlileng ka ho feletseng moeeng ke efe?
14 Joale, re ka ba le bokhoni ba ho khetholla pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng joang? Mantsoe a Pauluse ho Bakreste ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo a fana ka karabo. O ile a ngola: “E mong le e mong ea noang lebese ha aa tloaelana le lentsoe la ho loka, kaha ke ngoana. Empa lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng, tsa bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” Mona Pauluse o ne a bontša phapang pakeng tsa “lebese,” leo a ileng a le hlalosa temaneng e ka pele hore ke “lintho tsa motheo tsa liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo,” le “lijo tse tiileng,” tsa “batho ba hōlileng ka ho feletseng,” bao “matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheberu 5:12-14.
15. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore motho a sebetse ka thata hore a rue tsebo e nepahetseng ka Molimo?
15 Sena se bolela hore pele ho tsohle, re lokela ho sebetsa ka thata ho fumana tsebo e nepahetseng ea litekanyetso tsa Molimo joalokaha li fumanoa ka Lentsoeng la hae, Bibele. Ha re batle letoto la melao le re bolellang seo re ka se etsang le seo re ke keng ra se etsa. Bibele hase buka e joalo. Ho e-na le hoo, Pauluse o ile a hlalosa: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Hore re rue molemo thutong, khalemelong le taeong ena, re lokela ho sebelisa likelello tsa rōna le matla a rōna a ho nahana. Sena se hloka boiteko, empa phello hase ea lefeela hobane motho e ba ‘ea tšoanelehang ka botlalo, ea hlomeletsoeng ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’—Liproverbia 2:3-6.
16. Hore matla a motho a ho lemoha a koetlisitsoe ho bolela’ng?
16 Joale, joalokaha Pauluse a bontšitse, batho ba hōlileng ka ho feletseng ke bao “matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” Mona re fihla khubung ea taba. Polelo e reng ‘matla a bona a ho lemoha a koetlisitsoe,’ ka ho toba e bolela hore “litho tsa kutlo li koetlisitsoe (joaloka sebapali sa boikoetliso ba ’mele).” (Kingdom Interlinear Translation) Sebapali se hloahloa sa boikoetliso ba ’mele joaloka se bapalang ka mabili kapa se tsamaeang holim’a thupa, ka ho panya ha leihlo se ka etsa lintho tse bonahalang e se tsa tlhaho. Ka linako tsohle se laola ’mele oa sona ka botlalo, ’me hoo e ka bang ka tlhaho se lemoha hore na se lokela ho etsa’ng e le hore se ka phetha papali ea sona ka katleho. Sena sohle ke phello ea boikoetliso bo matla le ho se khaotse ho itlhakisa.
17. Re lokela ho tšoana le libapali tsa boikoetliso ba ’mele ka kutloisiso efe?
17 Le linthong tsa moea re lokela ho ba ba koetlisitsoeng joaloka sebapali sa boikoetliso ba ’mele haeba re batla ho tiisa hore liqeto tseo re li etsang le khetho eo re e etsang e lula e nepahetse. Ka linako tsohle re lokela ho laola litho tsa rōna tsa kutlo le litho tsa rōna tsa ’mele ka botlalo. (Matheu 5:29, 30; Bakolose 3:5-10) Ka mohlala, na u laea mahlo a hao hore a se ke a sheba boitsebiso ba boitšoaro bo bobe kapa litsebe tsa hao hore li se ke tsa mamela ’mino o litšila kapa puo e litšila? Ke ’nete hore re pota-potiloe ke boitsebiso bo joalo bo sa haheng. Leha ho le joalo, ho tsoa ho rōna hore na re tla bo lumella hore bo tebe lipelong le likelellong tsa rōna kapa che. Re ka etsisa mopesaleme ea itseng: “Nke ke ka beha letho le se nang molemo ka pel’a mahlo a ka. Ke hloile liketso tsa ba khelohang; ha li nkhomarele. . . . Ha e le mang kapa mang ea buang mashano, a ke ke a tiisoa ka thata ka pel’a mahlo a ka.”—Pesaleme ea 101:3, 7.
Ka Tšebeliso, Koetlisa Matla a Hao a ho Lemoha
18. Polelo e reng “ka tšebeliso” tlhalosong ea Pauluse bakeng sa ha motho a koetlisa matla a hae a ho lemoha, e bontša eng?
18 Hopola hore ke “ka tšebeliso” matla a rōna a ho lemoha a ka koetlisetsoang ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng. Ka mantsoe a mang, nako le nako ha re tlameha ho etsa qeto, re lokela ho ithuta ho sebelisa matla a rōna a kelello bakeng sa ho lemoha hore na ho ameha melao-motheo efe ea Bibele le kamoo re ka e sebelisang kateng. Hlaolela mokhoa oa ho etsa lipatlisiso ho lingoliloeng tsa Bibele tse fanoang ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Re ka batla le thuso ea Bakreste ba hōlileng tsebong. Leha ho le joalo, boiteko boo re bo etsang ho ithuta Lentsoe la Molimo, hammoho le ho rapela Jehova bakeng sa tataiso ea hae le moea oa hae, bo tla re tsoela molemo o moholo qetellong.—Baefese 3:14-19.
19. Re ka fumana litlhohonolofatso life haeba re tsoela pele ho koetlisa matla a rōna a ho lemoha?
19 Sepheo sa hore re tsoele pele re koetlisa matla a rōna a ho lemoha ke hore “re se ke ra hlola re e-ba bana, ba akhotsoang joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto ka ho qhekella ha batho, ka mano a ho qapa phoso.” (Baefese 4:14) Ho e-na le hoo, motheong oa tsebo ea rōna le kutloisiso ea se amohelehang ho Molimo, re ka etsa liqeto tse nepahetseng, ebang li khōlō kapa li nyenyane, tse molemong oa rōna, tse hahang barapeli-’moho le rōna, ’me ka holim’a tsohle, tse thabisang Ntate oa rōna oa leholimo. (Liproverbia 27:11) Ee ke tlhohonolofatso e kaakang le tšireletso linakong tsee tse mahlonoko!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Letotong le hlophisitsoeng ke Dr. Thomas Holmes le Dr. Richard Rahe la lintho tse fetang 40 tse boima haholo bophelong ba batho, tse ka holimo-limo tse tharo ke ho shoeloa ke molekane, tlhalo le karohano. Ho kena lenyalong ke ha bosupa letotong lena.
Na U ka Hlalosa?
•Ho hlokahala bokhoni bofe hore motho a etse liqeto tse nepahetseng?
•Ke hobane’ng ha ho se bohlale ho itšetleha ka batho ba tummeng kapa ho itšetleha ka maikutlo a rōna ha re etsa qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng?
•Ke hobane’ng ha re lokela ho kholiseha ka se amohelehang ho Molimo ha re etsa liqeto, hona re ka etsa see joang?
•Hore ‘matla a rōna a ho lemoha a koetlisitsoe’ ho bolela’ng?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ke halefeela ho batla tataiso ho batho ba ruileng le ba tummeng
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Joaloka sebapali sa boikoetliso ba ’mele, re lokela ho laola litho tsa rōna tsa kutlo le litho tsa rōna tsa ’mele ka ho feletseng