‘U Batle Khotso ’me U e Phehelle’
“Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—BAROMA 12:18.
1, 2. A mang a mabaka ao ka ’ona khotso e entsoeng ke motho e ke keng ea tšoarella ke afe?
NAHANA ka ntlo e nang le motheo o sa tieang, maballo a bolileng le marulelo a petlelletseng. Na u ka thabela ho fallela ho eona ’me ua e etsa lehae la hao? Ha ho pelaelo hore u ke ke. Esita leha e ka pentoa bocha, sena se ke ke sa fetola hore ntlo eo ke serutha. E ka ’na ea putlama neng kapa neng.
2 Khotso leha e le efe e simolohang lefatšeng lena e tšoana le ntlo eo. E hahiloe holim’a motheo o sa tieang—e leng litšepiso le merero ea motho, “eo ho seng poloko ho eena.” (Pesaleme ea 146:3) Histori e tletse letoto le lelelele la lintoa pakeng tsa lichaba, merabe le meloko. Ke ’nete hore ho bile le linako tse khutšoanyane tsa khotso, empa e ne e le khotso ea mofuta ofe? Haeba lichaba tse peli li loana, ebe ho phatlalatsoa khotso hobane sechaba se seng se hlōtsoe kapa hobane lichaba tseo ka bobeli li sa bone molemo oa ho tsoela pele li loana, ke khotso ea mofuta ofe eo? Lehloeo, lipelaelo le mōna tse bakileng ntoa eo li ntse li le teng. Khotso eo e mpang e le seipato, ‘moritaoke’ feela, hase khotso e tšoarellang.—Ezekiele 13:10.
3. Ke hobane’ng ha khotso ea batho ba Molimo e fapane le khotso leha e le efe e entsoeng ke motho?
3 Leha ho le joalo, ho na le khotso ea sebele lefatšeng lena le tsekolotsoeng ke ntoa. E hokae? E har’a ba latelang mohlala oa Jesu Kreste, e leng Bakreste ba ’nete ba bolokang mantsoe a Jesu ’me ba leka ka matla ho etsisa tsela ea hae ea bophelo. (1 Bakorinthe 11:1; 1 Petrose 2:21) Khotso pakeng tsa Bakreste ba ’nete ba merabe e sa tšoaneng, maemo a sa tšoaneng le lichaba tse sa tšoaneng, ke ea sebele hobane e thehiloe kamanong ea khotso eo ba nang le eona le Molimo, e thehiloeng tumelong ea bona sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste. Khotso ea bona ke mpho e tsoang ho Molimo, hase ntho e qapiloeng ke batho. (Baroma 15:33; Baefese 6:23, 24) Ke phello ea ho ikokobeletsa “Khosana ea Khotso,” Jesu Kreste, le ho rapela Jehova, “Molimo oa lerato le oa khotso.”—Esaia 9:6; 2 Bakorinthe 13:11.
4. Mokreste o ‘phehella’ khotso joang?
4 Khotso ha e itlele feela ho batho ba sa phethahalang. Kahoo, Petrose o ile a re Mokreste e mong le e mong o lokela ‘ho batla khotso ’me a e phehelle.’ (1 Petrose 3:11) Re ka etsa seo joang? Boprofeta ba boholo-holo bo fana ka karabo. Ha a bua ka Esaia, Jehova o ile a re: “Bara bohle ba hao e tla ba batho ba rutoang ke Jehova, ’me khotso ea bara ba hao e tla ba ngata.” (Esaia 54:13; Bafilipi 4:9) E, ba bolokang seo Jehova a se rutang ke bona ba fumanang khotso ea sebele. Ho feta moo, khotso, hammoho le “lerato, thabo, . . . tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro,” ke litholoana tsa moea o halalelang oa Molimo. (Bagalata 5:22, 23) E ke ke ea fumanoa ke motho ea se nang lerato, ea hlokang thabo, ea hlokang mamello, ea hlokang mosa, ea khopo, ea sa tšepahaleng, ea mabifi kapa ea hlokang boitšoaro.
“Le be le Khotso le Batho Bohle”
5, 6. (a) Ka Bibeleng, ho ba le khotso ho bolela eng? (b) Bakreste ba leka ka matla ho ba le khotso le bo-mang?
5 Khotso e ’nile ea hlalosoa e le “khutso, boiketlo.” Tlhaloso e joalo e ka akaretsa maemo a mangata ao ho ’ona ho se nang ntoa. Esita le motho ea shoeleng o khotsong! Leha ho le joalo, hore motho a fumane khotso ea ’nete, ho hlokahala hore a khothalletse khotso. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba nang le khotso, kaha ba tla bitsoa ‘bara ba Molimo.’” (Matheu 5:9) Jesu o ne a bua le batho bao hamorao ba neng ba tla ba le monyetla oa ho fetoha bara ba Molimo ba moea ’me ba fumane bophelo ba ho se shoe leholimong. (Johanne 1:12; Baroma 8:14-17) Qetellong, batho bohle ba tšepahalang ba se nang tšepo ea ho phela leholimong ba tla thabela “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Baroma 8:21) Ke batho ba nang le khotso feela ba ka bang le tšepo e joalo. Lentsoe la Segerike bakeng sa “ba nang le khotso” ha e le hantle le bolela “ba bōpang khotso.” Ka lebaka leo, ka Bibeleng, ho ba le khotso ho bolela ho khothalletsa khotso ka mafolofolo, ka linako tse ling ho bōpa khotso moo e neng e le sieo.
6 U nahanne ka sena, nahana ka keletso ea moapostola Pauluse ho Baroma: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:18) Pauluse o ne a sa bolelle Baroma hore ba be le khutso feela, le hoja seo se ne se ka thusa. O ne a ba khothalletsa hore ba bōpe khotso. Le mang? Le “batho bohle”—litho tsa lelapa, Bakreste-’moho, esita le ba neng ba sa lumele seo ba se lumelang. O ile a khothalletsa Baroma hore ba bōpe khotso le ba bang ‘ho fihlela moo ho itšetlehileng ka bona.’ Che, o ne a sa batle hore ba sekisetse seo ba se lumelang molemong oa khotso. Ho e-na le ho tsosa bora ho ba bang ho sa hlokahale, ba ne ba lokela ho ba atamela ka sepheo sa ho boloka khotso. Bakreste ba ne ba lokela ho etsa joalo ebang ba ne ba sebelisana le ba ka hare kapa ba ka ntle ho phutheho. (Bagalata 6:10) Tumellanong le sena, Pauluse o ile a ngola: “Kamehla e mong a phehelle se molemo ho e mong le ho ba bang kaofela.”—1 Bathesalonika 5:15.
7, 8. Ke joang Bakreste ba bang le khotso le ba sa lumeleng seo ba se lumelang, hona hobane’ng?
7 Re ka ba le khotso joang le ba sa lumeleng seo re se lumelang ’me mohlomong ba bile ba se hanyetsa? Tsela e ’ngoe ke ka hore re qobe ho iphahamisa. Ka mohlala, ho hang ho ke ke ha bontša ho ba le khotso ho bitsa batho ka mabitso a ba nyelisang. Jehova o senotse likahlolo tsa hae khahlanong le mekhatlo le lihlopha, empa ha re na tokelo ea ho bua ka motho leha e le ofe joalokaha eka o se a ahlotsoe. Ka sebele, ha re ahlole ba bang, esita le bahanyetsi ba rōna ha re ba ahlole. Ka mor’a ho bolella Tite hore a eletse Bakreste ba Kreta mabapi le litšebelisano tsa bona le balaoli ba batho, Pauluse o ile a re a ba hopotse hore ‘ho se be le eo ba mo buang hampe, ba se rate ntoa, ba be le kahlolo e molemo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle.’—Tite 3:1, 2.
8 Ho ba le khotso le ba sa lumeleng seo re se lumelang ho thusa hore re buelle ’nete ho bona. Ho hlakile hore ha re hlaolele setsoalle se ‘senyang mekhoa e metle.’ (1 Bakorinthe 15:33) Empa re ka bontša mekhoa e metle, ’me re lokela ho siela batho bohle seriti ’me re ba tšoare ka mosa. Petrose o ile a ngola: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li le buang hampe joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo letsatsing la ho hlahloba ha hae.”—1 Petrose 2:12.
Ho ba le Khotso Tšebeletsong
9, 10. Moapostola Pauluse o ile a fana ka mohlala ofe oa ho sebelisana ka khotso le batho ba sa lumelang?
9 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tsejoa ka sebete sa bona. Ha baa ka ba bebofatsa molaetsa oa bona, ’me ha ba tobane le khanyetso, ba ne ba ikemiselitse ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho. (Liketso 4:29; 5:29) Leha ho le joalo, ba ne ba khetholla pakeng tsa sebete le mekhoa e mebe. Nahana ka mokhoa oo Pauluse a ileng a o sebelisa ha a ne a sireletsa tumelo ea hae ka pel’a Morena Heroda Agripa II. Heroda Agripa o ne a ratana le khaitseli ea hae e nyenyane, Bernice. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a sa ikemisetsa ho khalemela Agripa litabeng tsa boitšoaro. Ho e-na le hoo, o ile a bua haholo ka lintlha tseo ba lumellanang ho tsona, a babatsa Agripa ka hore ke setsebi sa litloaelo tsa Bajuda le hore ke motho ea lumelang baprofeta.—Liketso 26:2, 3, 27.
10 Na ka boikaketsi Pauluse o ne a iqekisetsa ho motho ea neng a ka mo lokolla? Che. Pauluse o ile a latela keletso ea hae ’me a bua ’nete. Sohle seo a se boleletseng Heroda Agripa e ne e le ’nete. (Baefese 4:15) Empa Pauluse e ne e le motho ea bōpang khotso ’me o ne a tseba ho fetoha “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.” (1 Bakorinthe 9:22) Sepheo sa hae e ne e le ho sireletsa tokelo ea hae ea ho bolela ka Jesu. Joaloka tichere e atlehang, o ile a qala ka ho bolela ntho eo eena le Agripa ba ka lumellanang ka eona. Kahoo Pauluse o ile a thusa morena enoa ea itšoereng hampe hore a be le pono e ntle ka Bokreste.—Liketso 26:28-31.
11. Re ka ba batho ba bōpang khotso joang tšebeletsong ea rōna?
11 Re ka ba batho ba bōpang khotso joang tšebeletsong ea rōna? Joaloka Pauluse, re lokela ho qoba likhang. Ke ’nete hore ka linako tse ling ho hlokahala hore re ‘bolele lentsoe la Molimo re sa tšabe letho,’ re emele tumelo ea rōna ka sebete. (Bafilipi 1:14) Empa hangata sepheo sa rōna se seholo ke ho bolela litaba tse molemo. (Matheu 24:14) Haeba motho a bona ’nete ea merero ea Molimo, joale a ka qala ho lahla likhopolo tsa bolumeli ba bohata ’me a itlhoekisa mekhoeng e litšila. Kahoo, ka hohle kamoo ho ka khonehang, ho molemo ho hatisa lintho tse tla ipiletsa ho bamameli ba rōna, re qala ka lintho tseo re lumellanang le bona ho tsona. Re ke ke ra finyella sepheo sa rōna ha re ka halefisa motho eo haeba a ne a ile a atameloa ka masene, a ka beng a mametse molaetsa oa rōna.—2 Bakorinthe 6:3.
Batho ba Bōpang Khotso ka Lapeng
12. Re ka ba batho ba bōpang khotso ka lapeng ka litsela life?
12 Pauluse o ile a bolela hore ba kenang lenyalong “ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona.” (1 Bakorinthe 7:28) Ba tla tobana le mathata a sa tšoaneng. Har’a a mang, banyalani ba bang ba ke ke ba lumellana nako le nako. Ho se lumellane hoo ho lokela ho sebetsoa joang? Ka tsela e nang le khotso. Motho ea bōpang khotso o tla leka ho etsa hore ho se utloane ho se ke ha tsoela pele. Joang? O qala ka ho lebela leleme. Ha setho sena se senyenyane se tloaetse ho phoqa le ho rohakana, ruri se ka fetoha ‘ntho e sa laoleheng e kotsi, e tletseng chefo e bolaeang.’ (Jakobo 3:8) Motho ea bōpang khotso o sebelisa leleme la hae ho haha ho e-na le ho heletsa.—Liproverbia 12:18.
13, 14. Re ka boloka khotso joang haeba maleme a rōna a ile a thella kapa ha maikutlo a phahame?
13 Kaha ha rea phethahala, kaofela ha rōna ka linako tse ling re bua lintho tseo re ikoahlaelang tsona hamorao. Ha sena se etsahala, potlakela ho lokisa litaba—ho bōpa khotso. (Liproverbia 19:11; Bakolose 3:13) Qoba ho tšoaseha tabeng ea ho ‘pheha khang ka mantsoe’ le “liphehisano tse mabifi ka mafeela.” (1 Timothea 6:4, 5) Ho e-na le hoo, hlahlobisisa taba ’me u leke ho utloisisa maikutlo a molekane oa hao. Haeba u buisoa ka bohale, u se ke ua araba ka bohale. Hopola hore “karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.”—Liproverbia 15:1.
14 Ka linako tse ling, ho ka ’na ha hlokahala hore u nahane ka keletso e ho Liproverbia 17:14: “Pele qabang e qhoma, u itsamaele.” Lebala hanyenyane ka boemo bo halefisang. Hamorao, ha maikutlo a theohile, mohlomong u tla khona ho rarolla bothata ka khotso. Maemong a mang, ho ka ba bohlale ho batla thuso ea molebeli oa Mokreste ea hōlileng tsebong. Banna ba joalo ba nang le phihlelo le ba nang le kutloelo-bohloko e ka ba thuso e khathollang ha khotso ea lenyalo e sokeloa.—Esaia 32:1, 2.
Batho ba Bōpang Khotso ka Phuthehong
15. Ho latela Jakobo, Bakreste ba bang ba ne ba e-na le boikutlo bofe bo bobe, hona ke hobane’ng ha boikutlo boo e le “ba lefatše,” “ba bophoofolo” le “ba bodemona”?
15 Ka masoabi, Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba fana ka bopaki ba hore ba na le boikutlo ba poulelo le ho rata likhang—e leng lintho tse khahlanong le khotso. Jakobo o ile a re: “Bona hase bohlale bo theohang holimo, empa ke ba lefatše, ba bophoofolo, ba bodemona. Etsoe moo poulelo le ho rata likhang li leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe li leng teng.” (Jakobo 3:14-16) Ba bang ba lumela hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho rata likhang” le bolela ho rata botumo ka boithati, ho loanela boemo. Ke ka lebaka le utloahalang ha Jakobo a re ke ‘ha lefatše, ha bophoofolo, ha bodemona.’ Ho pholletsa le histori, baeta-pele ba lefatše ba ’nile ba etsa lintho ka khang, joaloka liphoofolo tse hlaha ha li loantšana. Ka sebele ho rata likhang ke ‘ha lefatše’ ebile ke ‘ha bophoofolo.’ Hape ke ‘ha bodemona.’ Tšobotsi ena e bolotsana e ile ea bonahatsoa ka lekhetlo la pele ke lengeloi le nyoretsoeng matla le ileng la hanyetsa Jehova Molimo eaba le fetoha Satane, ’musi oa bademona.
16. Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bonahatsa boikutlo bo kang ba Satane joang?
16 Jakobo o ile a phehella Bakreste hore ba hanele boikutlo ba ho rata likhang kaha bo khahlanong le khotso. O ile a ngola: “Lintoa li tsoa mohloling ofe ’me litsekisano li tsoa mohloling ofe har’a lōna? Na ha li tsoe mohloling ona, e leng, litakatsong tsa lōna tsa menyaka ea nama tse loantšanang lithong tsa lōna?” (Jakobo 4:1) Mona, ‘litakatso tsa menyaka ea nama’ li ka bolela takatso e meharo ea lintho tse bonahalang kapa ho lakatsa bophahamo, taolo kapa tšusumetso. Joaloka Satane, mohlomong ba bang ka liphuthehong ba ne ba batla ho hlahella ho e-na le ho ba ‘ba banyenyane,’ joalokaha Jesu a itse balateli ba hae ba ’nete e ne e tla ba ba banyenyane. (Luka 9:48) Boikutlo bo joalo bo ka hlokisa phutheho khotso.
17. Kajeno Bakreste e ka ba batho ba bōpang khotso joang ka phuthehong?
17 Kajeno, le rōna re lokela ho hanela tšekamelo ea ho rata lintho tse bonahalang, poulelo, kapa ho batla bophahamo ka boikhohomoso. Haeba re batho ba bōpang khotso e le kannete, re ke ke ra ikutloa eka re hlokomolohiloe haeba ba bang ka phuthehong ba e-na le bokhoni bo fetang ba rōna mesebetsing e itseng, hape re ke ke ra ba nyenyefatsa ka pel’a ba bang ka ho belaella sepheo sa bona. Haeba re e-na le bokhoni bo itseng bo hlaheletseng, re ke ke ra bo sebelisetsa hore re bonahale re le molemo ho feta ba bang, joalokaha eka re nahana hore phutheho e tla atleha feela ka lebaka la bokhoni ba rōna le tsebo ea rōna. Boikutlo bo joalo bo ka baka likarohano; bo ke ke ba tlisa khotso. Batho ba bōpang khotso ha ba ikhantše ka bokhoni ba bona, empa ka boikokobetso ba bo sebelisa ho sebeletsa barab’abo bona le ho tlotlisa Jehova. Baa hlokomela hore qetellong, Mokreste oa ’nete o khetholloa ke lerato—eseng bokhoni.—Johanne 13:35; 1 Bakorinthe 13:1-3.
“Khotso Hore e be Balebeli ba Hao”
18. Baholo ba khothalletsa khotso joang pakeng tsa bona?
18 Baholo ba phutheho ba etella pele ntlheng ea ho ba batho ba bōpang khotso. Jehova o ile a bolela esale pele ka batho ba hae: “Ke tla beha khotso hore e be balebeli ba hao le ho loka hore e be ba u abelang mosebetsi.” (Esaia 60:17) Tumellanong le mantsoe ana a boprofeta, ba sebeletsang e le balisa ba Bakreste ba sebetsa ka thata ho khothalletsa khotso pakeng tsa bona le har’a mohlape. Baholo ba ka boloka khotso pakeng tsa bona ka ho bonahatsa “bohlale bo tsoang holimo” bo nang le khotso le bo nang le kahlolo e molemo. (Jakobo 3:17) Ka limelo tsa bona tse sa tšoaneng le liphihlelo tsa bona bophelong, ka linako tse ling baholo ka phuthehong ba tla ba le maikutlo a sa tšoaneng. Na see se bolela hore ha ba na khotso? Eseng haeba boemo bo joalo bo sebetsoa ka tšoanelo. Batho ba bōpang khotso ba ntša maikutlo a bona ka boikokobetso ebe ba mamela a ba bang ka tlhompho. Ho e-na le ho tsitlella maikutlong a hae, motho ea bōpang khotso o tla nahana ka maikutlo a mor’abo ka thapelo. Haeba ho sa tlōloe molao-motheo oa Bibele, hangata ho na le monyetla oa hore ho be le maikutlo a sa tšoaneng. Ha ba bang ba sa lumellane le eena, motho ea bōpang khotso o tla inehela ’me a tšehetse qeto e entsoeng ke ba bangata. Kahoo o tla bontša hore o na le kahlolo e molemo. (1 Timothea 3:2, 3) Balebeli ba nang le phihlelo baa tseba hore ho boloka khotso ho bohlokoa ho feta hore ho etsoe lintho tseo motho a li batlang.
19. Baholo ba sebetsa joaloka batho ba bōpang khotso joang ka phuthehong?
19 Baholo ba khothalletsa khotso ho litho tsa mohlape ka ho li tšehetsa le ka hore ba se nyatsa-nyatse boiteko ba tsona ho sa hlokahale. Ke ’nete hore ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore tse ling li khutlisetsoe tseleng. (Bagalata 6:1) Empa mosebetsi oa molebeli oa Mokreste hase hakaalo ho fana ka khalemelo. Hangata mosebetsi oa hae ke ho babatsa. Baholo ba lerato ba phehella ho bona lintho tse ntle ho batho ba bang. Balebeli ba ananela mosebetsi o boima oa Bakreste-’moho le bona, ’me ba kholisehile hore balumeli-’moho le bona ba etsa sohle seo ba ka se khonang.—2 Bakorinthe 2:3, 4.
20. Phutheho e rua molemo ka tsela efe haeba bohle e le batho ba bōpang khotso?
20 Kahoo, ka lapeng, ka phuthehong le ha re sebelisana le ba sa lumeleng seo re se lumelang, re phehella ho ba le khotso, ho sebeletsa khotso. Haeba re le hlokolosi ho hlaolela khotso, re tla tlatsetsa khotsong ea phutheho. Ka nako e tšoanang, re tla sireletsoa le ho matlafatsoa ka litsela tse ngata, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.
Na U sa Hopola?
•Ho ba le khotso ho bolela eng?
•Re ka ba batho ba nang le khotso joang ha re sebelisana le batho bao e seng Lipaki?
•Tse ling tsa litsela tsa ho hlaolela khotso ka lapeng ke life?
•Baholo ba ka khothalletsa khotso joang ka phuthehong?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Batho ba bōpang khotso ba qoba ho iphahamisa
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Bakreste ke batho ba bōpang khotso tšebeletsong, lapeng le phuthehong