Khotso ea Kreste e ka Laola ka Lipelong Tsa Rōna Joang?
“Khotso ea Kreste e ke e laole ka lipelong tsa lōna, etsoe, ha e le hantle, le ile la bitsetsoa ho eona ’meleng o le mong.”—BAKOLOSE 3:15.
1, 2. “Khotso ea Kreste” e laola ka pelong ea Mokreste ka tsela efe?
TAOLO ke lentsoe leo ba bangata ba sa le rateng, kaha le etsa hore ba nahane ka khatello le boqhekelli. Ka lebaka leo, keletso ea Pauluse ho Bakreste-’moho le eena ba Kolose e reng, “Khotso ea Kreste e ke e laole ka lipelong tsa lōna,” e ka ’na ea e-ba e sa utloahaleng ho ba bang. (Bakolose 3:15) Na ha re na boikhethelo? Ke hobane’ng ha re ka lumella ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe hore a laole ka lipelong tsa rōna?
2 Pauluse o ne a sa bolelle Bakolose hore ba lahle boikhethelo boo ba nang le bona. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “laole” ho Bakolose 3:15 le amana le lentsoe le neng le sebelisoa ha ho buuoa ka moletsa-phala ea neng a fana ka moputso litlhōlisanong tsa lipapali tsa baatlelete tsa mehleng eo. Melao ea papali e ne e lumella libapali bolokolohi bo itseng, empa qetellong, moletsa-phala o ne a etsa qeto hore na ke sebapali sefe se latetseng litaelo ’me kahoo sa hlōla tlhōlisanong. Ka ho tšoanang, re lokolohile ho etsa liqeto tse ngata bophelong, empa ha re li etsa, kamehla khotso ea Kreste e lokela ho ba “moletsa-phala”—kapa, joalokaha mofetoleli Edgar J. Goodspeed a e fetolela, e lokela ho ba “molao-motheo o laolang” ka lipelong tsa rōna.
3. “Khotso ea Kreste” ke eng?
3 “Khotso ea Kreste” ke eng? Ke khutso, ho phola kelellong hoo re bang le hona ha re fetoha barutuoa ba Jesu ’me re ithuta hore Jehova Molimo le Mora oa hae baa re rata ebile baa re amohela. Ha Jesu a ne a le haufi le ho siea barutuoa ba hae, o ile a re ho bona: “Ke le fa khotso ea ka. . . . Le se ke la lumella lipelo tsa lōna hore li khathatsehe kapa la li lumella hore li ikhule ke tšabo.” (Johanne 14:27) Hoo e batlang e le ka lilemo tse 2 000, litho tse tšepahalang tse tlotsitsoeng tsa ’mele oa Kreste li ’nile tsa ba le khotso ena, ’me hona joale, metsoalle ea tsona, e leng “linku tse ling,” e na le eona. (Johanne 10:16) Khotso eo e lokela ho ba tšusumetso e laolang ka lipelong tsa rōna. Ha re le tlas’a teko e matla, e ka re thusa ho qoba ho imeloa ke tšabo kapa ho tšoenyeha ka ho feteletseng. A re ke re boneng kamoo sena se etsahalang kateng ha re tšoaroa ka tsela e leeme, ha re hlaseloa ke matšoenyeho le ha re ikutloa re sa tšoanelehe.
Ha re Tšoaroa ka Tsela e Leeme
4. (a) Jesu o ile a tseba leeme joang? (b) Bakreste ba arabetse joang ha ba tšoaroa ka tsela e leeme?
4 Morena Solomone o ile a re: ‘Motho o busa motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Jesu o ne a tseba bonnete ba mantsoe ana. Ha a ntse a le leholimong, o ile a bona kamoo batho ba neng ba tšoarana ka tsela e leeme ka ho tebileng kateng. Ha a le lefatšeng, o ile a tšoaroa ka tsela e leeme ka ho fetisisang ha eena, motho ea se nang sebe, a qosetsoa bonyefoli a ba a bolaoa joaloka motlōli oa molao. (Matheu 26:63-66; Mareka 15:27) Kajeno, leeme le ntse le atile, ’me Bakreste ba ’nete ba utloisitsoe bohloko haholo, kaha ba ‘hlouoe ke lichaba tsohle.’ (Matheu 24:9) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe liphihlelo tse tšabehang likampong tsa polao tsa Nazi le Likampong tsa Mosebetsi o Boima tsa Soviet Union, ho sa tsotellehe ho ba liphofu tsa pefo ea mahoohoo, liqoso tsa bohata, le litlhaselo tse etsoang ka mabaka a bohata, khotso ea Kreste e ba bolokile ba tiile. Ba etsisitse Jesu, eo re balang ka eena: “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.”—1 Petrose 2:23.
5. Ha re utloa ka se bonahalang e le leeme ka phuthehong, re lokela ho nahana eng pele?
5 Ka tekanyo e nyenyane haholo, re ka ’na ra lumela hore motho e mong o tšoeroe ka tsela e leeme ka har’a phutheho ea Bokreste. Boemong bo joalo, re ka ikutloa joaloka Pauluse, ea ileng a re: “Ke mang ea khoptjoang, ’me ’na ke sa tuke ke bohale?” (2 Bakorinthe 11:29) Re ka etsa eng? Re lokela ho ipotsa, ‘Na ka sebele ho sebelisitsoe leeme?’ Hangata ha re tsebe lintlha tsohle. Re ka ’na ra halefa ha re qeta ho qoqeloa taba ke motho ea bolelang hore oa tseba. Ka mabaka a utloahalang, Bibele e re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng.” (Liproverbia 14:15) Kahoo ho hlokahala hore re be seli.
6. Re ka itšoara joang haeba re nahana hore ho na le leeme ka phuthehong?
6 Leha ho le joalo, a re nke hore u tšoeroe ka tsela e leeme. Motho eo khotso ea Kreste e leng ka pelong ea hae o tla itšoara joang? U ka ’na ua bona ho hlokahala hore u bue le motho eo u nahanang hore o u foselitse. Ka mor’a moo, ho e-na le ho bua ka taba ena le mang kapa mang ea ka mamelang, ke hobane’ng ha u sa ise taba ee ho Jehova hore a phethahatse toka? (Pesaleme ea 9:10; Liproverbia 3:5) Mohlomong ka mor’a ho etsa joalo, u tla khotsofalla ho rarolla taba ka pelong ea hao ’me u “khutse.” (Pesaleme ea 4:4) Keletso ea Pauluse e tla sebetsa maemong a mangata: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.”—Bakolose 3:13.
7. Re lokela ho hopola eng kamehla litšebelisanong tsa rōna le barab’abo rōna?
7 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe seo re se etsang, ho hlokahala hore re hopole hore le hoja re ke ke ra laola se etsahetseng, re ka laola tsela eo re itšoarang ka eona. Haeba re itšoara ka tsela e sa bontšeng ho leka-lekana ka lebaka la ho nahana hore re tšoeroe ka tsela e leeme, sena se ka ’na sa senya khotso ea rōna ho feta leeme ka bolona. (Liproverbia 18:14) Re ka ba ra khoptjoa eaba re khaotsa ho kopanela le phutheho ho fihlela re nahana hore litaba li sebelitsoe ka toka. Mopesaleme o ile a ngola hore “ha ho khopiso” ho ba ratang molao oa Jehova. (Pesaleme ea 119:165) ’Nete ke hore e mong le e mong o tšoaroa ka tsela e leeme ka linako tse ling. Le ka mohla u se ke ua lumella liphihlelo tse mpe joalo hore li kenakenane le tšebeletso ea hao ho Jehova. Ho e-na le hoo, lumella khotso ea Kreste hore e laole ka pelong ea hao.
Ha re Khathatsoa ke Matšoenyeho
8. Tse ling tsa lintho tse bakang matšoenyeho ke life, hona matšoenyeho a ka fella ka eng?
8 ‘Matsatsing ana a ho qetela,’ matšoenyeho a mangata haholo bophelong. (2 Timothea 3:1) Ke ’nete hore Jesu o ile a re: “Le khaotse ho tšoenyeha ka meea ea lōna mabapi le hore na le tla ja’ng kapa ka ’mele ea lōna mabapi le hore na le tla apara’ng.” (Luka 12:22) Empa hase matšoenyeho ’ohle a bakoang ke ho ameha ka lintho tse bonahalang. Lota o ile a ba “mahlomoleng haholo” ka lebaka la ho oa boitšoarong ha Sodoma. (2 Petrose 2:7) Pauluse o ile a khathatsoa ke “ho tšoenyeha ka liphutheho tsohle.” (2 Bakorinthe 11:28) Bosiung ba pele ho lefu la hae, Jesu o ile a tšoenyeha hoo ‘mofufutso oa hae o ileng oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.’ (Luka 22:44) Ho hlakile hore hase matšoenyeho ’ohle ao e leng bopaki ba tumelo e fokolang. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na a bakoa ke eng, haeba matšoenyeho a le matla a bile a nka nako e telele, a ka re amoha khotso. Ba bang ba ile ba sithabetsoa ke matšoenyeho, a etsa hore ba ikutloe ba sitoa ho phetha boikarabelo bo amang ho sebeletsa Jehova. Bibele e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame.” (Liproverbia 12:25) Joale re ka etsa’ng haeba re hlokofatsoa ke matšoenyeho?
9. E meng ea mehato e sebetsang e ka nkoang ho bebofatsa matšoenyeho ke efe, empa ke lintho life tse bakang matšoenyeho tse ke keng tsa tlosoa?
9 Maemong a mang, re ka khona ho nka mehato e sebetsang. Haeba re tšoenyehile ka lebaka la bokuli, ho ka ba bohlale ho fumana phekolo, le hoja litaba tse joalo e le qeto ea botho.a (Matheu 9:12) Haeba re imetsoe ke boikarabelo bo bongata, ho ka ’na ha khoneha hore re abele ba bang boikarabelo bo bong. (Exoda 18:13-23) Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka bao—joaloka batsoali—ba nang le boikarabelo boo ba ke keng ba bo abela ba bang? Ho thoe’ng ka Mokreste ea phelang le molekane ea hanyetsang? Ho thoe’ng ka lelapa le mathateng a lichelete kapa le phelang moo ho nang le lintoa? Ho hlakile hore re ke ke ra felisa lintho tsohle tse bakang matšoenyeho tsamaisong ena ea lintho. Leha ho le joalo, re ka boloka khotso ea Kreste ka lipelong tsa rōna. Joang?
10. Litsela tse peli tseo ka tsona Mokreste a ka batlang ho bebofatsa matšoenyeho ke life?
10 Ho batla matšeliso Lentsoeng la Molimo ke tsela e ’ngoe. Morena Davida o ile a ngola: “Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.” (Pesaleme ea 94:19) “Matšeliso” a Jehova a ka fumanoa ka Bibeleng. Ho hlahloba kamehla Buka ena e bululetsoeng ho tla re thusa ho boloka khotso ea Kreste ka lipelong tsa rōna. Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.” (Pesaleme ea 55:22) Ka ho tšoanang, Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Thapelo e tiileng le ea kamehla e tla re thusa ho boloka khotso eo re nang le eona.
11. (a) Jesu e bile mohlala o motle joang tabeng ea thapelo? (b) Re lokela ho talima thapelo joang?
11 Jesu e ne e le mohlala o babatsehang tabeng ena. Ka linako tse ling, o ne a bua le Ntate oa hae oa leholimo ka thapelo ka lihora tse ngata. (Matheu 14:23; Luka 6:12) Thapelo e ile ea mo thusa hore a mamelle liteko tse thata ka ho fetisisa. Bosiung ba pele ho lefu la hae, matšoenyeho a hae a ile a e-ba matla. O ile a itšoara joang? O ile a rapela “ka tieo haholo.” (Luka 22:44) E, Mora ea phethahetseng oa Molimo e ne e le motho oa thapelo. Joale, balateli ba hae ba sa phethahalang ba lokela ho hlaolela tloaelo ea ho rapela hakaakang! Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore “ba rapele kamehla ’me ba se ke ba tela.” (Luka 18:1) Thapelo ke puisano ea sebele le ea bohlokoa e etsoang le Ea re tsebang hamolemo ho feta kamoo re itsebang kateng. (Pesaleme ea 103:14) E le hore re boloke khotso ea Kreste ka lipelong tsa rōna, re tla ‘rapela re sa phetse.’—1 Bathesalonika 5:17.
Ho Hlōla Mefokolo ea Rōna
12. Ba bang ba ka ’na ba ikutloa eka tšebeletso ea bona ha ea lekana ka mabaka afe?
12 Jehova o talima mohlanka e mong le e mong oa hae e le oa bohlokoa. (Hagai 2:7, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Leha ho le joalo, ba bangata ba fumana ho le thata ho amohela sena. Ba bang ba ka ’na ba nyahamisoa ke botsofali, boikarabelo bo ntseng bo eketseha ba lelapa, kapa bophelo bo fokolang. Ba bang ba ka ’na ba ikutloa eka ba tinngoe menyetla ka lebaka la ho hōla ka thata. Ba bang ba ka ’na ba tšoenngoa ke liphoso tsa nakong e fetileng, ba belaela hore Jehova a ka ba tšoarela le ka mohla. (Pesaleme ea 51:3) Ho ka etsoa eng ka maikutlo a joalo?
13. Ba ikutloang ba sa tšoanelehe ba fuoa matšeliso afe a Mangolo?
13 Khotso ea Kreste e tla re tiisetsa hore Jehova oa re rata. Re ka busetsa khotso ena ka lipelong tsa rōna ka ho thuisa ka ’nete ea hore ha ho mohla Jesu a itseng bohlokoa ba rōna bo lekanyetsoa ka ho bapisa seo re se etsang le seo ba bang ba se etsang. (Matheu 25:14, 15; Mareka 12:41-44) O ile a hatisa bohlokoa ba botšepehi. O ile a bolella barutuoa ba hae: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 24:13) Jesu o ile a “nyelisoa” ke batho, leha ho le joalo, o ne a se na pelaelo ea hore Ntate oa hae oa mo rata. (Esaia 53:3; Johanne 10:17) O ile a bolella barutuoa ba hae hore le bona baa ratoa. (Johanne 14:21) Ho hatisa sena, Jesu o ile a re: “Na lirobele tse peli ha li rekisoe ka chelete ea tšepe ea bohlokoa bo bonyenyane? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se tla oela fatše kantle le hore Ntat’a lōna a tsebe. Empa moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela. Ka hona le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” (Matheu 10:29-31) Ke tiisetso e mofuthu hakaakang ea lerato la Jehova!
14. Re na le tiisetso efe hore Jehova o nka e mong le e mong oa rōna e le oa bohlokoa?
14 Jesu o ile a boela a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) Kaha Jehova o re hutse hore re latele Jesu, e tlameha ebe O batla hore re pholohe. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Hase ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.” (Matheu 18:14) Ka lebaka leo, haeba u sebeletsa ka pelo e feletseng, u ka thabela mesebetsi ea hao e metle. (Bagalata 6:4) Haeba u tšoenngoa ke liphoso tse fetileng, kholiseha hore ho ba bontšitseng pako ka tieo, Jehova o tla tšoarela “ka tsela e khōlō.” (Esaia 43:25; 55:7) Haeba u nyahame ka lebaka leha e le lefe, hopola hore “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.
15. (a) Satane o leka ho re amoha khotso eo re nang le eona joang? (b) Re ka kholiseha ka eng ka Jehova?
15 Satane o labalabela hore a u amohe khotso eo u nang le eona. Ke eena mohlohlelletsi oa sebe se futsitsoeng seo kaofela re loantšanang le sona. (Baroma 7:21-24) Ka sebele o tla thabela ho etsa hore u ikutloe eka ho se phethahale ha hao ho etsa hore tšebeletso ea hao ho Molimo e be e sa amoheleheng. Le ka mohla u se ke ua lumella Diabolose hore a u qete matla! Ela hloko maqiti a hae, ’me u etse hore ho ela sena hloko ho u matlafatse hore u mamelle. (2 Bakorinthe 2:11; Baefese 6:11-13) Hopola, “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.” (1 Johanne 3:20) Jehova ha a bone mefokolo ea rōna feela. O boetse o bona le sepheo sa rōna le boikemisetso ba rōna. Kahoo, tšelisoa ke mantsoe a mopesaleme: “Jehova a ke ke a furalla batho ba hae, kapa a tlohela lefa la hae.”—Pesaleme ea 94:14.
Ho Kopana Khotsong ea Kreste
16. Ha re bang ka tsela efe ha re ntse re loanela ho mamella?
16 Pauluse o ngotse hore re lokela ho etsa hore khotso ea Kreste e laole ka lipelong tsa rōna hobane ‘re ile ra bitsetsoa ho eona ’meleng o le mong.’ Bakreste ba tlotsitsoeng bao Pauluse a neng a ba ngolla ba ne ba bitselitsoe ho ba karolo ea ’mele oa Kreste, joaloka masala a batlotsuoa kajeno. Metsoalle ea ’ona e leng “linku tse ling” e kopane le ’ona e le “mohlape o le mong” tlas’a ‘molisa a le mong,’ Jesu Kreste. (Johanne 10:16) Ha o kopane, “mohlape” oa lefatšeng ka bophara oa batho ba limilione o etsa hore khotso ea Kreste e laole ka lipelong tsa oona. Ho tseba hore ha re bang ho re thusa hore re mamelle. Petrose o ile a ngola: “Emang khahlanong le [Satane], le tiile tumelong, le tseba hore litlhokofatso tse tšoanang li ntse li etsahalla mokhatlo oohle oa barab’abo lōna lefatšeng.”—1 Petrose 5:9.
17. Ke eng e re susumetsang hore re lumelle khotso ea Kreste hore e laole ka lipelong tsa rōna?
17 E se eka bohle, re ka tsoela pele ho hlaolela khotso, e leng tholoana ea bohlokoa ea moea o halalelang oa Molimo. (Bagalata 5:22, 23) Bao Jehova a ba fumanang ba se na letheba, ba se na sekoli, ’me ba le khotsong qetellong ba tla hlohonolofatsoa ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, moo ho loka ho tla aha teng. (2 Petrose 3:13, 14) Re na le mabaka a utloahalang a ho lumella khotso ea Kreste hore e laole ka lipelong tsa rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Maemong a mang, matšoenyeho a ka bakoa kapa a totisoa ke bokuli, bo kang ho tepella maikutlo.
Na U sa Hopola?
•Khotso ea Kreste ke eng?
•Khotso ea Kreste e ka laola ka lipelong tsa rōna joang ha re tšoaroa ka tsela e leeme?
•Khotso ea Kreste e re thusa ho sebetsana le matšoenyeho joang?
•Khotso ea Kreste e re tšelisa joang ha re ikutloa re sa tšoanelehe?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ha a le ka pel’a banģosi ba hae, Jesu o ile a ipeha tlhokomelong ea Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Joaloka ho koptjoa ka mofuthu ke ntate ea lerato, matšeliso a Jehova a ka bebofatsa matšoenyeho a rōna
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Molimo o nka mamello e le ea bohlokoa haholo