‘Le Ikapese Tiisetso’
“Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo . . . le tiisetso.”—BAKOLOSE 3:12.
1. Pheta mohlala o motle oa tiisetso.
RÉGIS, ea lulang Fora ka boroa-bophirimela, e bile Paki ea Jehova e kolobelitsoeng ka 1952. Ka lilemo tse telele mosali oa hae o ile a etsa sohle ho sitisa boiteko ba hae ba ho sebeletsa Jehova. O ile a leka ho ntša moea mabiling a koloi ea hae e le hore a mo sitise ho ea libokeng, ’me ketsahalong e ’ngoe o bile a mo latela ha a ntse a bolela molaetsa oa Bibele ka ntlo le ntlo, a mo soma ha a ntse a bua le beng ba matlo ka litaba tse molemo tsa ’Muso. Ho sa tsotellehe khanyetso ena e tsoelang pele, Régis o ile a tiisetsa. Kahoo, Régis ke mohlala o motle bakeng sa Bakreste bohle, etsoe Jehova o batla hore bahlanka bohle ba hae ba tiisetse litšebelisanong tsa bona le ba bang.
2. Moelelo o tobileng oa lentsoe la Segerike bakeng sa “tiisetso” ke eng, ’me lentsoe lee le bolela’ng?
2 Lentsoe la Segerike le sebelisetsoang “tiisetso” ka ho tobileng le bolela “moea o molelele.” Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Sesotho e fetolela lentsoe lena ka makhetlo a leshome e le “tiisetso,” ka makhetlo a mane e le “ho se fele pelo.” Mantsoe a Seheberu le a Segerike a fetoletsoeng e le “tiisetso” a akarelletsa khopolo ea ho se fele pelo, ho mamella le ho lieha ho halefa.
3. Pono ea Bakreste ka tiisetso e ne e fapana joang le ea Bagerike ba lekholong la pele la lilemo?
3 Bagerike ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba nka hore tiisetso hase bokhabane. Bo-rafilosofi ba Bastoike ba ne ba sa sebelise lentsoe lena le ka mohla. Ka mantsoe a setsebi sa Bibele William Barclay, tiisetso ke “lehanyetsi la bokhabane ba Bagerike,” boo har’a tse ling bo neng bo khaba ka “ho se mamelle ho tlotlolloa kapa ho etsoa hampe.” O re: “Ho Mogerike monna oa sebele e ne e le monna ea neng a etsa sohle hore a iphetetse. Ho Mokreste monna oa sebele ke monna eo le haeba a ka batla ho iphetetsa, a hanang ho etsa joalo.” Bagerike ba ne ba ka ’na ba nahana hore tiisetso ke pontšo ea bofokoli, empa ntlheng ena, joaloka maemong a mang, “ntho e booatla ea Molimo e bohlale ho feta batho, ’me ntho e fokolang ea Molimo e matla ho feta batho.”—1 Bakorinthe 1:25.
Mohlala oa Kreste oa Tiisetso
4, 5. Jesu o ile a beha mohlala ofe o babatsehang oa tiisetso?
4 Kreste Jesu o ile a beha mohlala o motle oa tiisetso, ’me ke oona feela o latelang oa Jehova. Jesu o ile a ithiba ka mokhoa o makatsang ha a ne a le khatellong e matla. Ho ile ha profetoa sena ka eena: “O ile a ba tsietsing, ’me a itumella hore a hlorisoe; leha ho le joalo o ne a sa ahlamise molomo. O ne a tlisoa joaloka nku tlhabong; ’me joaloka nku e tšehali e fetohileng semumu ka pel’a bakuti ba eona, le eena o ne a sa ahlamise molomo.”—Esaia 53:7.
5 Jesu o ile a bontša tiisetso e makatsang hakaakang tšebeletsong eohle ea hae lefatšeng! O ile a mamella lipotso tse mano tsa lira tsa hae le mahlapa a bahanyetsi ba hae. (Matheu 22:15-46; 1 Petrose 2:23) O ne a sa felle barutuoa ba hae pelo, esita leha ba ne ba tsekisana nako le nako hore na e moholo ka ho fetisisa ke mang. (Mareka 9:33-37; 10:35-45; Luka 22:24-27) Jesu o ile a bontša ho ithiba ho hokaakang bosiung boo a ileng a ekoa ka bona ha Petrose le Johanne ba robala ka mor’a hore a ba bolelle hore ‘ba lule ba lebetse’!—Matheu 26:36-41.
6. Pauluse o ile a rua molemo joang tiisetsong ea Jesu, ’me re ithuta eng ho see?
6 Ka mor’a lefu la hae le tsoho ea hae, Jesu o ile a tsoela pele ho tiisetsa. Moapostola Pauluse ke eena ea ileng a falimehela sena ka ho khetheha kaha nakong e fetileng o ne a hlorisitse Bakreste. Pauluse o ile a ngola: “Polelo ena ea tšepahala hape e tšoanela ho amoheloa ka botlalo ea hore Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe. Ke ’na ea ka pele-pele ho bona. Leha ho le joalo, lebaka leo ka lona ke ileng ka bontšoa mohau e ne e le hore ka ’na ke le mohlala o ka pele-pele Kreste Jesu a ka bontša tiisetso eohle ea hae hore e be mohlala bakeng sa ba tlang ho beha tumelo ea bona ho eena bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (1 Timothea 1:15, 16) Ho sa tsotellehe bophelo ba rōna ba nakong e fetileng, ha re lumela ho Jesu, o tla re tiisetsa—empa a ntse a lebeletse hore re etse “mesebetsi e tšoanelang pako.” (Liketso 26:20; Baroma 2:4) Melaetsa eo Kreste a ileng a e romela ho liphutheho tse supileng tsa Asia Minor e bontša hore le hoja a tiisetsa, o lebeletse tsoelo-pele.—Tšenolo, khaolo 2 le ea 3.
Tholoana ea Moea
7. Kamano ke efe pakeng tsa tiisetso le moea o halalelang?
7 Khaolong ea bohlano ea lengolo la hae le eang ho Bagalata, Pauluse o bontša phapang pakeng tsa mesebetsi ea nama le litholoana tsa moea. (Bagalata 5:19-23) Kaha tiisetso ke e ’ngoe ea litšoaneleho tsa Jehova, tšoaneleho ena e simoloha ho eena ’me ke tholoana ea moea oa hae. (Exoda 34:6, 7) Ha e le hantle, tiisetso ke tholoana ea bone letotong leo ho lona Pauluse a hlalosang litholoana tsa moea, tse akarelletsang “lerato, thabo, khotso, . . . mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Bagalata 5:22, 23) Kahoo, ha bahlanka ba Molimo ba bontša ho se fele pelo, kapa tiisetso joaloka eena, ba etsa joalo ba susumetsoa ke moea o halalelang.
8. Ke eng e ka re atlehisang ha re hlaolela litholoana tsa moea, tse akarelletsang tiisetso?
8 Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Jehova o qobella batho moea oa hae o halalelang. Re lokela ho amohela tšusumetso ea oona ka boithatelo. (2 Bakorinthe 3:17; Baefese 4:30) Re lumella moea ona ho sebetsa bophelong ba rōna ka ho hlaolela litholoana tsa oona ho sohle seo re se etsang. Ka mor’a ho thathamisa mesebetsi ea nama le litholoana tsa moea, Pauluse o ile a phaella: “Haeba re phela ka moea, a re tsoeleng pele re tsamaea ka mokhoa o laolehileng le ka moea. Le se ke la thetsoa: Molimo a ke ke a songoa. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule; hobane ea jalang ka sepheo sa ho jalla nama ea hae o tla kotula ho bola nameng ea hae, empa ea jalang ka sepheo sa ho jalla moea o tla kotula bophelo bo sa feleng moeeng.” (Bagalata 5:25; 6:7, 8) Ntho e ka re atlehisang ha re hlaolela tiisetso ke hore re hlaolele le litholoana tse ling tseo moea o halalelang o li hlahisang ho Bakreste.
“Lerato Lea Tiisetsa”
9. Ebe mohlomong ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bolella Bakorinthe hore “lerato lea tiisetsa”?
9 Pauluse o ile a bontša hore ho na le kamano e khethehileng pakeng tsa lerato le tiisetso ha a ne a re: “Lerato lea tiisetsa.” (1 Bakorinthe 13:4) Albert Barnes, eo e leng setsebi sa Bibele, o fana ka maikutlo a hore Pauluse o ile a hatisa sena ka lebaka la lintoa le likhohlano tse neng li le teng ka phuthehong ea Bokreste ea Korinthe. (1 Bakorinthe 1:11, 12) Barnes o re: “Lentsoe le sebelisitsoeng mona [bakeng sa tiisetso] le hanyetsana le lepotlapotla: le hanyetsana le lipolelo le likhopolo tse etsoang ka bohale, hape le hanyetsana le ho khopeha. Le bontša kelello e ka MAMELLANG HALELELE ha e hateletsoe le ha e halefisitsoe.” Lerato le tiisetso li sa ntse li tlatsetsa haholo khotsong ea phutheho ea Bokreste.
10. (a) Lerato le re thusa ka tsela efe hore re tiisetse, ’me moapostola Pauluse o fana ka keletso efe ntlheng ee? (b) Setsebi se seng sa Bibele se ile sa fana ka tlhaloso efe ka tiisetso ea Molimo le mosa oa hae? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
10 “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato . . . ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe.” Kahoo, lerato le re thusa ka litsela tse ngata hore re tiisetse.a (1 Bakorinthe 13:4, 5) Lerato le re thusa hore re mamellane re sa fellane pelo ebile re ntse re hopola hore kaofela ha rea phethahala ’me re etsa liphoso hape re na le mefokolo. Le re thusa hore re nahanele ’me re tšoarele. Moapostola Pauluse o re khothalletsa ho tsamaea ‘ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong le ka bonolo, ka tiisetso, le ho mamellana ka lerato, le ho leka ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.’—Baefese 4:1-3.
11. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ka ho khethehileng hore Bakreste ba be le tiisetso moo e leng sehlopha?
11 Ho tiisetsa ha Bakreste moo e leng sehlopha ho tlatsetsa khotsong le thabong ea bona, ebang ke liphuthehong, mahaeng a Bethele, mahaeng a baromuoa, lihlopheng tsa kaho, kapa likolong tsa bona. Ka lebaka la ho se tšoane ka botho, boikhethelo, khōliso, mekhoa ea boitšoaro, esita le bohloeki ba ’mele, nako le nako ho ka ’na ha hlaha maemo a lekang. Maemo a lekang a ka ’na a hlaha le ka lapeng. Ho lieha ho halefa ke ntho ea bohlokoa. (Liproverbia 14:29; 15:18; 19:11) Hoa hlokahala hore bohle ba tiisetse—ba mamelle ba sa fele pelo—ka tšepo ea hore boemo bo tla ntlafala.—Baroma 15:1-6.
Tiisetso e re Thusa ho Mamella
12. Ke hobane’ng ha tiisetso e le ea bohlokoa maemong a lekang?
12 Tiisetso e re thusa ho mamella maemo a lekang ao ho bonahalang a sa fele kapa a ke keng a phekoloa kapele. Ho bile joalo ka Régis, eo re buileng ka eena qalong. Ka lilemo mosali oa hae o ile a hanyetsa boiteko ba hae ba ho sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng o ile a tla ho eena a lla ’me a re: “Kea tseba hore sena ke ’nete. Ke kōpa hore u nthuse. Ke batla ho ithuta Bibele.” Qetellong o ile a kolobetsoa e le Paki. Régis o re: “Hona ho ile ha paka hore Jehova o hlohonolofalitse lilemo tseo tsa ho phehella, ho se fele pelo le mamello.” Tiisetso ea hae e ile ea putsoa.
13. Ke eng se ileng sa thusa Pauluse hore a mamelle, ’me mohlala oa hae o ka re thusa joang hore re mamelle?
13 Khale koana lekholong la pele la lilemo C.E., moapostola Pauluse e ne e le mohlala o motle oa tiisetso. (2 Bakorinthe 6:3-10; 1 Timothea 1:16) Pelenyana ho lefu la hae, ha a ne a eletsa motsoalle oa hae e monyenyane Timothea, Pauluse o ile a mo lemosa hore Bakreste bohle ba ne ba tla thulana le liteko. Pauluse o ile a etsa mohlala ka eena ’me a buella litšoaneleho tsa motheo tsa Bokreste bakeng sa mamello. O ile a ngola a re: “U latetse haufi-ufi thuto ea ka, tsela ea ka ea bophelo, morero oa ka, tumelo ea ka, tiisetso ea ka, lerato la ka, mamello ea ka, mahloriso a ka, litlhokofatso tsa ka, mofuta oa lintho tse ileng tsa nketsahalla Antioke, Ikoniamo, Lystra, mofuta oa mahloriso ao ke a mameletseng; leha ho le joalo Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela. Ha e le hantle, bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:10-12; Liketso 13:49-51; 14:19-22) E le hore re mamelle, bohle re hloka tumelo, lerato le tiisetso.
Ba Apere Tiisetso
14. Pauluse o ile a tšoantša litšoaneleho tsa bomolimo tse kang tiisetso le eng, ’me o ile a fa Bakreste ba Kolose keletso efe?
14 Moapostola Pauluse o ile a tšoantša tiisetso le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo le liaparo tseo Mokreste a lokelang ho li apara ka mor’a hore a hlobole mekhoa e khethollang “botho ba khale.” (Bakolose 3:5-10) O ile a ngola: “Joaloka bakhethoa ba Molimo, ba halalelang le ba ratoang, le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:12-14.
15. Phello e ba efe ha Bakreste ba ‘ikapesa tiisetso’ le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo?
15 Ha litho tsa phutheho li ‘ikapesa’ qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, tiisetso le lerato, li khona ho rarolla mathata le ho tsoela pele li momahane tšebeletsong ea Jehova. Balebeli ba Bakreste ke bona bao ka ho khetheha ho hlokahalang hore ba be le tiisetso. Ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona ho hlokahalang hore ba khalemele Mokreste e mong, empa ho khalemela ho ka etsoa ka litsela tse sa tšoaneng. Pauluse o ile a hlalosa boikutlo bo molemo ka ho fetisisa ha a ngolla Timothea, a re: “U khalemele, u nyatse ka matla, u eletse, ka tiisetso eohle le tsebo ea ho ruta.” (2 Timothea 4:2) Ha ho pelaelo hore kamehla linku tsa Jehova li lokela ho tšoaroa ka tiisetso, seriti le bonolo.—Matheu 7:12; 11:28; Liketso 20:28, 29; Baroma 12:10.
“Le be le Tiisetso ho Bohle”
16. Phello e ka ba efe ha ‘re e-na le tiisetso ho bohle’?
16 Tiisetso ea Jehova ho moloko oa batho e re tlama hore re “be le tiisetso ho bohle.” (1 Bathesalonika 5:14) Sena se bolela hore re se ke ra fela pelo ho litho tsa lelapa tseo e seng Lipaki, ho baahelani, ho basebetsi-’moho le rōna le ho liithuti-’moho le rōna. Mohlomong Lipaki tse hlōtseng leeme le lengata ke tse mameletseng ka lilemo tse telele lipuo tse hlabang kapa khanyetso e tobileng e tsoang ho batho bao li neng li kopana le bona mosebetsing kapa sekolong. (Bakolose 4:5, 6) Moapostola Petrose o ile a ngola, a re: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li le buang hampe joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo letsatsing la ho hlahloba ha hae.”—1 Petrose 2:12.
17. Re ka etsisa lerato la Jehova le tiisetso ea hae joang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo?
17 Tiisetso ea Jehova e tla pholosa ba bangata haholo. (2 Petrose 3:9, 15) Haeba re etsisa lerato la Jehova le tiisetso ea hae, re ke ke ra fela pelo ho tsoela pele re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho ruta ba bang hore ba ikokobeletse puso ea ’Muso oa Kreste. (Matheu 28:18-20; Mareka 13:10) Ha re ka khaotsa ho bolela, ho tla tšoana leha re batla ho beha litekanyetso bakeng sa tiisetso ea Jehova le ho hlōleha ho lemoha morero oa eona, e leng ho etsa hore batho ba bake.—Baroma 2:4.
18. Pauluse o ile a rapella Bakolose ka tsela efe?
18 Lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Kolose, Asia Minor, Pauluse o ile a re: “Ke ka lebaka leo hape, ho tloha letsatsing leo ka lona re ileng ra utloa ka hona, re sa khaotsang ho le rapella le ho kōpa hore le ka tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea hae ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore le mo khahlise ka botlalo ha le ntse le tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo le ho hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo, le ntse le etsoa ba matla ka matla ’ohle ho isa tekanyong ea bonatla ba hae bo khanyang e le hore le mamelle ka botlalo ’me le tiisetse ka thabo.”—Bakolose 1:9-11.
19, 20. (a) Ke joang re ka qobang ho talima tiisetso e tsoelang pele ea Jehova e le teko? (b) Re tla tleloa ke melemo efe ka ho tiisetsa?
19 Tiisetso e tsoelang pele ea Jehova, kapa ho se fele pelo ha hae, e ke ke ea e-ba teko ho rōna haeba re ‘tletse tsebo e nepahetseng ea thato ea hae,’ e leng hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Re tla “tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo,” haholo-holo oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 24:14) Ha re tsoela pele ho etsa sena ka botšepehi, Jehova o tla re etsa ba “matla ka matla ’ohle,” a re nolofalletse hore re “mamelle ka botlalo ’me [re] tiisetse ka thabo.” Ka ho etsa joalo, re tla ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova,’ ’me re tla ba le khotso e tlisoang ke ho tseba hore re ‘mo khahlisa ka botlalo.’
20 E se eka re ka kholiseha ka ho feletseng ka bohlale ba tiisetso ea Jehova. Hoo ho tla etsa hore re pholohe hammoho le ba re mamelang ha re ba bolella le ho ba ruta. (1 Timothea 4:16) Ha re hlaolela litholoana tsa moea—e leng lerato, mosa, molemo, bonolo le boitšoaro—li tla re nolofalletsa ho tiisetsa ka thabo. Re tla khona ho phela hamolemo ka khotso le litho tsa malapa a rōna hammoho le bara le barali babo rōna ka phuthehong. Tiisetso e tla re thusa hape hore re se ke ra fella basebetsi-’moho le rōna le liithuti-’moho le rōna pelo. Hape tiisetso ea rōna e tla ba le morero, e leng ho pholosa bafosi le ho tlotlisa Jehova, Molimo ea nang le tiisetso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Gordon D. Fee, eo e leng setsebi sa Bibele, o ngola sena ha a hlalosa polelo ea Pauluse ea hore “lerato lea tiisetsa ’me le mosa,” o re: “Thutong ea liepistole tsa Pauluse [tiisetso le mosa] li emela mahlakore a mabeli a boikutlo ba Molimo ka batho (bapisa le Bar. 2:4). Ka lehlakoreng le leng, Molimo o bonahalitse mamello ea hae e lerato ka ho ithiba hore a se ke a halefela batho ha ba mo fetohela; ka nģa e ’ngoe, mosa oa hae o fumanoa lipontšong tse ngata haholo tsa mohau oa hae. Kahoo, ka litsela tsena tse peli, Pauluse o qala ho hlalosa Molimo ea iponahalitseng ka Kreste hore oa mamella ebile o mosa ho ba tšoanelang ho ahloloa ke Molimo.”
Na U ka Hlalosa?
•Ke ka litsela life Kreste e leng mohlala o babatsehang oa tiisetso?
•Ke eng e tla re thusa ho hlaolela tiisetso?
•Tiisetso e thusa malapa, Bakreste moo e leng sehlopha le baholo joang?
•Tiisetso e tla tlisetsa rōna le ba bang melemo joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Esita le tlas’a khatello e matla, Jesu o ne a sa felle barutuoa ba hae pelo
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Balebeli ba Bakreste ba phehelloa hore ba behe mohlala o motle oa tiisetso ha ba sebelisana le barab’abo bona
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ha re etsisa lerato la Jehova le tiisetso ea hae, re tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Pauluse o ile a rapella hore Bakreste ba ‘tiisetse ka thabo’