Mamellong ea Lōna le Eketse Boinehelo ba Bomolimo
“Tumelong ea lōna le eketse . . . mamello, mamellong ea lōna le eketse boinehelo ba bomolimo.”—2 PETROSE 1:5, 6.
1, 2. (a) Ho lebeletsoe khōlo ea mofuta ofe ho ngoana? (b) Khōlo ea moea ke ea bohlokoa hakae?
KE HABOHLOKOA hore ngoana a hōle, empa ha ho hlokahale hore a hōle ’meleng feela. Ho boetse ho lebeletsoe hore a hōle kelellong le maikutlong. Hamorao, ngoana o tla lahla mekhoa ea bongoana ’me a fetohe monna kapa mosali ea hōlileng ka ho feletseng. Moapostola Pauluse o ne a bua ka sena ha a ne a ngola, a re: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna, ke lahlile mekhoa ea bongoana.”—1 Bakorinthe 13:11.
2 Mantsoe a Pauluse a totobatsa ntlha ea bohlokoa ka khōlo ea moea. Ho hlokahala hore Bakreste ba hatele pele ho tloha ho beng bana ba moea ’me e be “ba hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso.” (1 Bakorinthe 14:20) Ba lokela ho ikitlaetsa ’me ba leke ho finyella “tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste.” Ha ba etsa sena e ke ke ea e-ba “bana, ba akhotsoang joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto.”—Baefese 4:13, 14.
3, 4. (a) Re lokela ho etsa’ng e le hore re hōle ka ho feletseng moeeng? (b) Re lokela ho bontša litšoaneleho life tsa bomolimo, hona ke tsa bohlokoa hakae?
3 Re ka hōla ka ho feletseng joang moeeng? Le hoja tlas’a maemo a tloaelehileng khōlo ea ’mele e iketsahalla ka tlhaho, khōlo ea moea e hloka boiteko bo etsoang ka boikemisetso. E qala ka hore re rue tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo ’me re etse lintho tse tumellanong le seo re ithutang sona. (Baheberu 5:14; 2 Petrose 1:3) Sena se re nolofalletsa ho bontša litšoaneleho tsa bomolimo. Ho hōla litšoanelehong tse sa tšoaneng tsa bomolimo hangata ho etsahala ka nako e le ’ngoe, joaloka khōlo ea ’mele le lintho tse amehang ho eona. Moapostola Petrose o ile a ngola, a re: “Ka ho tlatsetsa ha lōna ha le arabela ka boiteko bohle bo tiileng, tumelong ea lōna le eketse bokhabane, bokhabaneng ba lōna le eketse tsebo, tsebong ea lōna le eketse boitšoaro, boitšoarong ba lōna le eketse mamello, mamellong ea lōna le eketse boinehelo ba bomolimo, boinehelong ba lōna ba bomolimo le eketse boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, boikutlong ba lōna bo mofuthu ba bara ba motho le eketse lerato.”—2 Petrose 1:5-7.
4 Tšoaneleho e ’ngoe le e ’ngoe eo Petrose a e bolelang ke ea bohlokoa, ’me ha ho e ka siuoang. O phaella ka ho re: “Haeba lintho tsena li le teng ho lōna ’me li khaphatseha, li tla le thibela ho ba ba sa sebetseng kapa ba sa beheng mabapi le tsebo e nepahetseng ea Morena oa rōna Jesu Kreste.” (2 Petrose 1:8) A re ke re tšohleng taba ea hore ho hlokahala hore re eketse boinehelo ba bomolimo mamellong ea rōna.
Ho Hlokahala Mamello
5. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be le mamello?
5 Petrose le Pauluse ba amahanya boinehelo ba bomolimo le mamello. (1 Timothea 6:11) Ho ba le mamello hase feela ho peselletsa tlas’a mathata le ho lula u ikemiselitse. Ho ama ho se fele pelo, sebete le ho tiea, ho se felloe ke tšepo ha u tobana le liteko, litšitiso, ho ekoa kapa mahloriso. Kaha re phela ka “boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu,” re lebeletse ho hlorisoa. (2 Timothea 3:12) Re lokela ho mamella e le hore re tle re pake lerato la rōna ho Jehova ’me re be le litšoaneleho tse hlokahalang bakeng sa poloko. (Baroma 5:3-5; 2 Timothea 4:7, 8; Jakobo 1:3, 4, 12) Re ke ke ra fumana bophelo bo sa feleng haeba re se na mamello.—Baroma 2:6, 7; Baheberu 10:36.
6. Ho mamella ho isa bofelong ho bolela ho etsa’ng?
6 Ho sa tsotellehe hore na re qala hantle hakae, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re be le mamello. Jesu o ile a re: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 24:13) E, re lokela ho mamella ho isa bofelong, ebang ke ho isa bofelong ba bophelo ba rōna ba hona joale kapa ke ho isa bofelong ba tsamaiso ena e khopo ea lintho. Ho sa tsotellehe hore na ke ho isa bofelong ba eng, re lokela ho lula re tšepahala ho Molimo. Leha ho le joalo, re ke ke ra thabisa Jehova, ’me re ke ke ra fumana bophelo bo sa feleng haeba re sa eketse boinehelo ba bomolimo mamellong ea rōna. Empa boinehelo ba bomolimo ke eng?
Se Boleloang ke Boinehelo ba Bomolimo
7. Boinehelo ba bomolimo ke eng, hona bo re susumelletsa ho etsa’ng?
7 Boinehelo ba bomolimo ke tlhompho, borapeli le tšebeletso e etsetsoang Jehova Molimo ka lebaka la ho tšepahalla bobusi ba hae ba bokahohleng. E le hore re bontše Jehova boinehelo ba bomolimo, ho hlokahala hore re be le tsebo e nepahetseng ka eena le ka litsela tsa hae. Takatso ea rōna e lokela ho ba ho tseba Molimo hantle. Sena se tla re susumelletsa ho ba le kamano e tebileng le eena, e bontšoang ke liketso tsa rōna le tsela eo re phelang ka eona. Re lokela ho lakatsa ho tšoana le Jehova ka hohle kamoo ho khonehang—re etsise litsela tsa hae ’me re bontše litšoaneleho tsa hae le botho ba hae. (Baefese 5:1) Ka sebele boinehelo ba bomolimo bo re susumelletsa hore re batle ho thabisa Molimo ho sohle seo re se etsang.—1 Bakorinthe 10:31.
8. Boinehelo ba bomolimo le boinehelo bo feletseng li amana joang?
8 E le hore re bontše boinehelo ba ’nete ba bomolimo, re lokela ho rapela Jehova feela, re se lumelle letho ho mo nkela sebaka ka lipelong tsa rōna. Kaha ke ’Mōpi oa rōna, o na le tokelo ea hore re mo fe boinehelo bo feletseng. (Deuteronoma 4:24; Esaia 42:8) Leha ho le joalo, Jehova ha a re qobelle hore re mo rapele. O lakatsa hore re inehele ho eena ka boithatelo. Lerato la rōna ho Molimo, le thehiloeng ho mo tsebeng ka tsela e nepahetseng, le re susumelletsa hore re hloekise bophelo ba rōna ’me re inehele ho eena ka ho feletseng ebe re phelela boinehelo boo.
Haha Kamano le Molimo
9, 10. Re ka haha kamano e haufi le Molimo ra ba ra lula re e-na le eona joang?
9 Le ka mor’a ho tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Molimo ka kolobetso, ho ntse ho hlokahala hore re hahe kamano e haufi-ufi le eena. Kahoo, takatso ea rōna ea ho etsa sena le ho sebeletsa Jehova ka botšepehi e re susumelletsa ho tsoela pele re ithuta Lentsoe la hae le ho thuisa ka lona. Lerato la rōna ho Jehova lea teba ha re lumella moea oa Molimo hore o susumetse likelello le lipelo tsa rōna. Kamano ea rōna le eena e tsoela pele ho ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Re nka Jehova e le Motsoalle oa rōna e moholo ’me re batla ho mo thabisa ka linako tsohle. (1 Johanne 5:3) Thabo eo re nang le eona ka lebaka la kamano ea rōna e ntle le Molimo ea hōla, ’me re leboha hore ebe o re rupela ka lerato a be a re laee ha ho hlokahala.—Deuteronoma 8:5.
10 Ntle le hore re lule re nka mehato ea ho matlafatsa kamano ea rōna ea bohlokoa le Jehova, e ka fokola. Haeba sena se etsahala, e tla be e se molato oa Molimo, hobane ‘ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) Re motlotlo hakaakang hore ebe Jehova ha a etse hore ho be thata ho mo atamela! (1 Johanne 5:14, 15) Ho hlakile hore re lokela ho loanela ho lula re e-na le kamano e haufi le Jehova. Leha ho le joalo, o re thusa hore re atamele ho eena ka ho re fa thuso eo re e hlokang bakeng sa ho haha boinehelo ba bomolimo le ho lula re e-na le bona. (Jakobo 4:8) Re ka sebelisa litokisetso tsee tsohle tse lerato ka botlalo joang?
Lula U le Matla Moeeng
11. Tse ling tsa litsela tseo ka tsona re bontšang boinehelo ba rōna ba bomolimo ke life?
11 Lerato la rōna le tebileng ho Molimo le tla re susumelletsa ho bontša botebo ba boinehelo ba rōna ba bomolimo, tumellanong le keletso ea Pauluse, e reng: “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.” (2 Timothea 2:15) Hore re etse sena ho hlokahala hore re be le kemiso e ntle ea kamehla ea ho ithuta Bibele, ea ho ba teng libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Hape re ka lula re le haufi le Jehova ka ho ‘rapela re sa phetse.’ (1 Bathesalonika 5:17) Tsena ke litsela tsa bohlokoa tseo ka tsona re bontšang boinehelo ba rōna ba bomolimo. Ho hlokomoloha leha e le efe ea tsona ho ka baka bokuli ba moea ’me ha etsa hore re hlaseloe habonolo ke mano a Satane.—1 Petrose 5:8.
12. Ke joang re ka tobanang ka katleho le liteko?
12 Ho ipoloka re le matla moeeng re bile re le mahlahahlaha ho boetse ho re thusa hore re tobane le liteko tse ngata tse re hlahelang. Liteko li ka hlaha mehloling e ka re lekang ka ho fetisisa. Ho ka ba boima hore re mamelle ho iphapanya, khanyetso le mahloriso haeba li bakoa ke litho tse haufi tsa lelapa, beng ka rōna kapa baahelani. Likhatello tse bolotsana tsa hore re sekisetse melao-motheo ea rōna ea Bokreste li ka hlaha mosebetsing kapa sekolong. Ho nyahama, boloetse le ho tepella maikutlo li ka re fokolisa ’meleng ’me tsa re thatafalletsa ka ho eketsehileng ho sebetsana le liteko tsa tumelo. Empa re ka sebetsana ka katleho le liteko tsohle haeba re mamella ‘liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, re letile ’me re lutse re hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova.’ (2 Petrose 3:11, 12) Re ka lula re thabile ka ho etsa joalo, re kholisehile hore Molimo o tla re hlohonolofatsa.—Liproverbia 10:22.
13. Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re bontša boinehelo ba bomolimo?
13 Le hoja Satane a korola ba bontšang boinehelo ba bomolimo, ha ho hlokahale hore re tšabe. Hobane’ng? Hobane “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.” (2 Petrose 2:9) E le hore re mamelle liteko ’me re lopolloe, re lokela ‘ho hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše ’me re phele ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.’ (Tite 2:12) Kaha re Bakreste, re lokela ho itebela e le hore bofokoli leha e le bofe bo amang litakatso tsa nama le mesebetsi ea nama bo se ke ba nyonyobela boinehelo ba rōna ba bomolimo ’me ba bo senya. Joale, a re ke re hlahlobeng tse ling tsa litšokelo tsena.
Hlokomela Lintho Tse Sokelang Boinehelo ba Bomolimo
14. Re lokela ho hopola’ng haeba re hoheloa ke leraba la lerato la lintho tse bonahalang?
14 Lerato la lintho tse bonahalang ke leraba ho ba bangata. Re ka ba ra ithetsa, ‘ra nahana hore boinehelo ba bomolimo ke mokhoa oa ho rua’ lintho tse bonahalang. Kahoo, re ka betefala ho qhekella balumeli-’moho le rōna ba bontšang hore baa re tšepa. (1 Timothea 6:5) Ka phoso re ka ba ra etsa qeto ea hore ho lokile ho qobella Mokreste ea ruileng ho re alima chelete eo re ke keng ra khona ho e khutlisa. (Pesaleme ea 37:21) Empa boinehelo ba bomolimo, eseng ho bokella lintho tse bonahalang, ke bona bo nang le “tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8) Kaha ‘ha rea tlisa letho lefatšeng ebile re ke ke ra tloha le letho,’ a re ikemisetseng ka ho eketsehileng ho phehella ‘boinehelo ba bomolimo hammoho le ho khotsofala’ ’me re itumelle hore re ‘khotsofalle lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso.’—1 Timothea 6:6-11.
15. Re ka etsa’ng haeba ho lelekisa menyaka ho bonahala eka ho tla sitisa boinehelo ba rōna ba bomolimo?
15 Ho lelekisa menyaka ho ka sitisa boinehelo ba bomolimo. Na mohlomong ho hlokahala hore re etse liphetoho tse potlakileng tabeng ee? Ke ’nete hore ho koetlisa ’mele le boithabiso ho na le melemo e itseng. Leha ho le joalo, melemo e joalo ea fokola ha e bapisoa le bophelo bo sa feleng. (1 Johanne 2:25) Kajeno, ba bangata ke “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona,” ’me ho hlokahala hore re furalle batho ba joalo. (2 Timothea 3:4, 5) Ba nkang boinehelo ba bomolimo e le ba bohlokoa ba ‘ipolokela ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.’—1 Timothea 6:19.
16. Ke litakatso life tsa boetsalibe tse sitisang ba bang ho phelela lintho tse lokileng tseo Molimo a li hlokang, hona re ka hlōla litakatso tsee joang?
16 Tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi, boitšoaro bo bobe le litakatso tsa boetsalibe li ka senya boinehelo ba rōna ba bomolimo. Ho inehella lintho tsena ho ka re sitisa ho phelela lintho tse lokileng tseo Molimo a li hlokang. (1 Bakorinthe 6:9, 10; 2 Bakorinthe 7:1) Esita le Pauluse o ile a lokela ho mamella ho ’na a loana le nama ea boetsalibe. (Baroma 7:21-25) Ho hlokahala mehato e matla hore litakatso tse fosahetseng li ntšoe ka metso. Re lokela ho ikemisetsa ho lula re hloekile boitšoarong. Pauluse o re ho rōna: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.” (Bakolose 3:5) Ho bolaea litho tsa ’mele ea rōna mabapi le lintho tse joalo tsa boetsalibe ho hloka boikemisetso e le hore re li felise, re li ntše ka metso. Ho etsa thapelo e tiileng bakeng sa thuso ea Molimo ho tla re nolofalletsa ho hanela litakatso tse fosahetseng ’me re phehelle ho loka le boinehelo ba bomolimo tsamaisong ena e khopo ea lintho.
17. Re lokela ho nka taeo joang?
17 Ho nyahama ho ka fokolisa mamello ea rōna ’me ha e-ba le phello e kotsi boinehelong ba rōna ba bomolimo. Bahlanka ba Jehova ba bangata ba ’nile ba nyahama. (Numere 11:11-15; Esdrase 4:4; Jonase 4:3) Ho nyahama ho ka ba le phello e kotsi ho rōna haholo-holo haeba ho tsamaea le ho hlonama ka lebaka la hore re nka hore re khopisitsoe kapa haeba re ile ra khalemeloa ka matla kapa ra fuoa taeo e matla. Leha ho le joalo, khalemelo le taeo ke bopaki ba hore Molimo oa re thahasella ebile o amehile ka rōna ka lerato. (Baheberu 12:5-7, 10, 11) Taeo ha ea lokela ho nkoa e le kotlo feela empa e lokela ho nkoa e le mokhoa oa ho re koetlisa tseleng ea ho loka. Haeba re ikokobelitse, re tla ananela keletso re be re e amohele, re hlokomela hore “likhalemelo tsa taeo ke tsela ea bophelo.” (Liproverbia 6:23) Sena se ka re thusa ho etsa khatelo-pele e ntle ea moea ha re phehella boinehelo ba bomolimo.
18. Re na le boikarabelo bofe ha re khopisane?
18 Ho se utloisisane le ho khopisana e ka ba phephetso boinehelong ba rōna ba bomolimo. Li ka baka ho khathatseha kapa tsa susumetsa ba bang hore ba nke mohato o seng bohlale oa ho ikarola ho bara le barali babo bona ba moea. (Liproverbia 18:1) Empa re lokela ho hopola hore ho jara batho ka pelo kapa ho ba koetlela lehloeo ho ka senya kamano ea rōna le Jehova. (Levitike 19:18) Ha e le hantle, “ea sa rateng mor’abo, eo a mo boneng, a ke ke a rata Molimo, eo a e-s’o mo bone.” (1 Johanne 4:20) Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a hatisa hore ho hlokahala hore ho nkoe mehato kapele ho rarolla liqabang. O ile a re ho bamameli ba hae: “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.” (Matheu 5:23, 24) Ho kōpa tšoarelo ho ka folisa leqeba le bakiloeng ke mantsoe le liketso tse hlabang. Maqhama a senyehileng a ka lokisoa ’me ha boela ha e-ba le likamano tsa khotso haeba re kōpa tšoarelo ’me re lumela hore ha rea etsa lintho ka nepo. Jesu o ile a boela a fana ka keletso e ’ngoe tabeng ea ho rarolla mathata. (Matheu 18:15-17) Re thaba hakaakang ha boiteko ba ho rarolla mathata bo atleha!—Baroma 12:18; Baefese 4:26, 27.
Latela Mohlala oa Jesu
19. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale ho etsisa mohlala oa Jesu?
19 Ka sebele re tla hlaheloa ke liteko, empa ha ho hlokahale hore li re sitise peisong ea bophelo bo sa feleng. Hopola hore Jehova a ka re lopolla tekong. Ha re ntse re ‘hlobola boima bo bong le bo bong’ ’me re ‘matha ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna’ a re ‘talimeng ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu.’ (Baheberu 12:1-3) Ho hlahlobisisa mohlala oa Jesu le ho leka ho mo etsisa ka mantsoe le ka liketso ho tla re thusa hore re hlaolele boinehelo ba bomolimo le ho bo bontša ka ho eketsehileng.
20. Ho phehella mamello le boinehelo ba bomolimo ho na le meputso efe?
20 Mamello le boinehelo ba bomolimo lia tsamaisana ho tiiseng hore re tla bolokeha. Ha re bontša litšoaneleho tsena tsa bohlokoa, re ka tsoela pele ka botšepehi ka tšebeletso ea rōna e halalelang ho Molimo. Esita le tlas’a teko, re tla thaba ha re bona kameho ea Jehova e bonolo le tlhohonolofatso ea hae kahobane re mameletse ’me re bontša boinehelo ba bomolimo. (Jakobo 5:11) Ho feta moo, Jesu oa re tiisetsa, o re: “Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.”—Luka 21:19.
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha mamello e le ntho ea bohlokoa?
• Boinehelo ba bomolimo ke eng, hona bo bontšoa joang?
• Re ka haha ra ba ra boloka kamano e haufi le Molimo joang?
• Tse ling tsa lintho tse sokelang boinehelo ba rōna ba bomolimo ke life, hona re ka li qoba joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Boinehelo ba bomolimo bo bontšoa ka litsela tse ngata
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Hlokomela lintho tse sokelang boinehelo ba hao ba bomolimo