Sheba Litaba ka Leihlo la Molimo
LETSATSING la la 14 September, 2002, ho ne ho futhumetse e bile ho hlakile New York, U.S.A. Letsatsing leo ho ne ho khobokane letšoele la batho ba 6 521 Setsing sa Thupelo sa Patterson le mehahong e meng e ’meli ea Lipaki Tsa Jehova e haufi le moo. Letšoele lena le ne le bokanetse ho tla bona ha sehlopha sa bo113 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se abeloa mangolo. Liithuti li ne li tsoa linaheng tse 14 ’me li nkile likhoeli tse hlano li lokisetsa mosebetsi oa boromuoa oo li neng li tla o etsa linaheng tse 19 tseo li neng li tla romeloa ho tsona.
Carey Barber, ea lilemo li 98 e bile e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, e ne e le molula-setulo. O ile a bolela hore Sekolo sa Gileade se se se e-na le lilemo tse ka bang 60 ’me se hlomelletse batho ba likete mosebetsi oa boromuoa. Mor’abo rōna Barber o ile a re: “Hase ho feteletsa litaba ho bolela hore koetliso e eketsehileng eo ba e fumaneng e bile le litholoana tse molemo. Batho ba ikokobelitseng ba likete tse makholo lefatšeng lohle ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova ’me ba amohetse borapeli ba hae ba ’nete le tšebeletso e halalelang ka lebaka la thuso eo ba e filoeng ke baromuoa bana ba koetlisitsoeng.”
Pele li tla Gileade, liithuti tse ngata li ile tsa bontša hore li batla ho atolosa tšebeletso ea tsona. Banyalani ba bang ba ne ba qetile selemo ba ithuta Semandarine ka boiteko ba ho pakela Machaena a mangata a lulang ha habo bona Canada. Banyalani ba bang hape ba ile ba qala ho ithuta ka bobona Sealbania ’me qetellong ba fallela Albania ho ea thusa batho ba bangata ba ratang Bibele moo. Ba bang sehlopheng se tlileng Gileade ba ne ba tsoa Hungary, Guatemala le Dominican Republic, moo ba neng ba se ba ntse ba falletse teng ho ea sebeletsa moo ho hlokahalang mesuoe ea Lentsoe la Molimo.
Joale, pele liithuti tse abeloang mangolo li e-ea likabelong tsa tsona Afrika, Europe Bochabela, Amerika Bohareng le Boroa le Bochabela bo Hōle, kaofela li ile tsa khothalletsoa hore li nahane ka Molimo ho sohle seo li se etsang.
Sheba Litaba ka Leihlo la Molimo
Ka mor’a mantsoe a hae a selelekela, Mor’abo rōna Barber o ile a suthela Mor’abo rōna Maxwell Lloyd, e leng setho sa Komiti ea Lekala la United States. O ile a tšohla sehlooho se reng, “Sheba Litaba ka Leihlo la Molimo.” Mor’abo rōna Lloyd o ile a totobatsa mohlala oa Davida le oa Jesu, Mora oa Molimo. (1 Samuele 24:6; 26:11; Luka 22:42) Ka mor’a ho hopotsa liithuti hore thuto ea Bibele eo li e fumaneng ka likhoeli tse hlano e li koetliselitse hore li shebe lintho ka leihlo la Molimo, sebui se ile sa botsa: “Ha le khannela batho lithuto tsa Bibele likabelong tsa lōna tse ncha, na le tla ba thusa hore ba shebe litaba ka leihlo la Molimo?” ’Me tabeng ea ho eletsa ba bang, o ile a eletsa liithuti a re: “Le se ke la re, ‘’Na ke bona eka . . . ’ Ho e-na le hoo, le ba thuse ho sheba litaba ka leihlo la Molimo. Ha le etsa sena, le tla ba tlhohonolofatso ea sebele ho bao le kopanang le bona likabelong tsa lōna.”
Eena o ile a suthela Gerrit Lösch, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang. Ha a bua sehloohong se reng “Ke na le Uena,” o ile a ba hopotsa ka liketsahalo tse ngata tseo ho tsona Jehova a ileng a re, “Ke na le uena.” (Genese 26:23, 24; 28:15; Joshua 1:5; Jeremia 1:7, 8) Mehleng ea rōna, le rōna re ka kholiseha hore haeba re lula re tšepahala, Jehova o tla ba le rōna. Mor’abo rōna Lösch o ile a ba hlokomelisa: “Na u tšoenngoa ke hore na u tla fumana batho bao u tla ithuta Bibele le bona? Hopola hore Jehova o itse, ‘Ke na le uena.’ Na u tšoenngoa ke hore na u tla ba le lintho tseo u li hlokang? Jehova o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’” (Baheberu 13:5) Mor’abo rōna Lösch o ile a qetella ka ho hopotsa liithuti hore Jesu o tšepisitse hore o tla ba le balateli ba hae ba tšepahalang mosebetsing oa ho etsa barutuoa.—Matheu 28:20.
Morupeli oa Gileade Lawrence Bowen o ile a bua sehloohong se reng “Na U Tla Sireletsoa Mollong?” O ile a bolela hore ka lebaka la khang e ileng ea hlahisoa Edene, bohle ba lakatsang ho fa Jehova boinehelo bo khethehileng ba ’nile ba tobana le mathata, ’me ka linako tse ling ba tobana le liteko tse kang mollo. O ile a khothalletsa liithuti tse abeloang mangolo hore li latele mohlala oa Jesu, ea ileng a fumana tšireletso ea ’nete ka ho itšetleha ka ho feletseng ka Jehova le ka ho amohela liteko tse kang mollo tseo Jehova a ileng a li lumella hore li etse hore Mora oa hae a mamele ka ho phethahetseng. (Baheberu 5:8, 9) Jehova a ka bapisoa le mohloekisi oa khauta ea sebelisang mollo o lekaneng ho tlosa manya. Ho hlakile hore tumelo e lekiloeng ka mollo e fana ka tšireletso e fetang hōle ea khauta e hloekisitsoeng. Hobane’ng? Mor’abo rōna Bowen o ile a re: “Hobane tumelo e hloekisitsoeng e ka mamella teko leha e le efe, ’me ea re hlomella ho mamella ‘ho isa bofelong.’”—Matheu 24:13.
Morupeli e mong oa Gileade, Mark Noumair, o ile a botsa a re: “Na U Tla Rateha?” O ne a thehile sehlooho sa hae mantsoeng a 1 Samuele 2:26, a hlalosang hore Samuele o ne a ‘rateha ponong ea Jehova le ea batho.’ Ha a qeta ho bua ka mohlala oa Samuele, Mor’abo rōna Noumair, eo ka boeena e bileng moromuoa ka lilemo tse fetang leshome Afrika, o ile a re: “Le lōna le ka rateha haholo mahlong a Molimo ka ho khomarela ka botšepehi mosebetsing oo Molimo a le fileng oona. O le file mosebetsi oa bohlokoa oa boromuoa.” Joale Mor’abo rōna Noumair o ile a khothalletsa sehlopha se abeloang mangolo hore se nke mosebetsi oa sona e le letlotlo le halalelang le tsoang ho Molimo le hore se ithute ho nahana joaloka Molimo ha se phetha mosebetsi oa sona.
Ha li ntse li le sekolong, liithuti li bile le menyetla e mengata ea mafelong a beke ea ho bolella batho ba sebakeng seo “lintho tse hlollang tsa Molimo” tse ngotsoeng ka Bibeleng. (Liketso 2:11) Ha e le hantle, li ile tsa bolela lintho tsena ka lipuo tse sa tšoaneng tse leshome. Sehloohong se reng,“‘Lintho Tse Hlollang Tsa Molimo’ li Susumelletsa Batho ho Nka Khato,” Wallace Liverance, morupeli e mong oa Gileade, o ile a buisana le sehlopha sa liithuti tse ileng tsa pheta liphihlelo tsa tsona. O ile a re: “Moea o ile oa susumetsa ba neng ba le kamoreng e ka holimo ka Pentekonta hore ba bolele ‘lintho tse hlollang tsa Molimo.’ Oona moea oo o ntse o sebetsa kajeno ho bahlanka bohle ba tšepahalang ba Molimo.” Ba bang ba bile ba susumelletseha ho ithuta lipuo tse ncha ka sepheo sa ho pakela batho ba bang ba eketsehileng.
Keletso e Sebetsang ea ho Sheba Litaba ka Leihlo la Molimo
Ha lipuo tsena tsa selelekela li se li fetile, Gary Breaux le William Young, bao e leng litho tsa lelapa la Bethele la United States, ba ile ba buisana le litho tse fapaneng tsa likomiti tsa makala linaheng tse nang le baromuoa hape ba buisana le banyalani ba qetileng lilemo tse 41 e le baromuoa. Maikutlo a mang a ileng a hlaha a ne a re: “Ba sa batleng hona le hoane ba lula nako e telele. Ba tsepamisa maikutlo ho seo ba se tletseng. Baa tseba hore ba tletse ho tla bolela litaba tse molemo le ho thusa batho hore ba tsebe Jehova.”
David Splane, eo e leng setho se seng sa Sehlopha se Busang, o ile a phetha lenaneo lena ka puo e nang le sehlooho se reng “Ha le ee Hōle!” O ne a bolela’ng ka seo kaha joale liithuti tsee tse 46 li ne li romeloa lefatšeng ka bophara? O ile a hlalosa a re: “Ho sa tsotellehe hore na le hokae lefatšeng, le tla ’ne le be ka tlung ea Molimo hafeela le tšepahala.” E, Bakreste bohle ba tšepahalang, ho sa tsotellehe hore na ba hokae, ba sebeletsa karolong ea tempele e khōlō ea moea ea Molimo, kapa ntlong ea hae, e bileng teng ha Jesu a ne a kolobetsoa lekholong la pele la lilemo. (Baheberu 9:9) Ho ne ho tšelisa hakaakang ho ba leng teng ho tseba hore Jehova o haufi le bahlanka ba hae bohle ba tšepahalang ba lefatšeng! Joalokaha Jehova a ne a amehile ka Jesu ha a le lefatšeng, ka tsela e tšoanang O amehile ka rōna kaofela le ka tšebeletso eo re Mo etsetsang eona, ho sa tsotellehe hore na re hokae. Kahoo, litabeng tsa borapeli ha re hōle le ba bang ebile ha re hōle le Jehova le Jesu.
Ka mor’a ho amohela litumeliso tse tsoang lefatšeng ka bophara, ho phatlalatsa hore na liithuti li ea hokae le ho bala lengolo la liteboho le tsoang sehlopheng bakeng sa koetliso eo se e fumaneng Gileade, molula-setulo o ile a lihela likhala. O ile a khothalletsa baromuoa ba bacha hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa bona o motle le hore ba thabe tšebeletsong ea Jehova.—Bafilipi 3:1.
[Lebokose le leqepheng la 23]
LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA
Palo ea linaha tseo se li emetseng: 14
Palo ea linaha tseo se abetsoeng ho tsona: 19
Palo ea liithuti: 46
Karolelano ea lilemo: 35,0
Karolelano ea lilemo ’neteng: 17,2
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 13,7
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Sehlopha sa Bo113 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng ka mong.
(1) Ligthart, M.; Hosoi, S.; Berktold, A.; Liem, C.; Aoki, J. (2) Baglyas, J.; Bouqué, S.; Bossi, A.; Alton, J.; Escobar, I.; Escobar, F. (3) Stoica, A.; Stoica, D.; Freimuth, S.; Karlsson, M.; LeBlanc, R. (4) Bianchi, R.; Bianchi, S.; Kaminski, L.; Joseph, L.; Paris, S.; LeBlanc, L. (5) Paris, M.; Skidmore, B.; Horton, J.; Horton, L.; Skidmore, G. (6) Liem, B.; Alton, G.; Quirici, E.; Langlois, M.; Steininger, S.; Aoki, H. (7) Langlois, J.; Steininger, M.; Bossi, F.; Kaminski, J.; Bouqué, J.; Ligthart, E.; Hosoi, K. (8) Baglyas, J.; Quirici, M.; Karlsson, L.; Freimuth, C.; Berktold, W.; Joseph, R.