‘Ea Molemo o Fumana Kamohelo e Tsoang ho Molimo’
MOHLOLI oa bophelo ke Jehova Molimo. (Pesaleme ea 36:9) E, “ka eena re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng.” (Liketso 17:28) Na lipelo tsa rōna ha li tlale kananelo ha re nahana ka moputso oo a o fang ba nang le kamano e haufi le eena? “Mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng.” (Baroma 6:23) Ke habohlokoa hakaakang hore re fumane kamohelo ea Jehova!
Mopesaleme o re tiisetsa hore ‘Molimo o fana ka kamohelo.’ (Pesaleme ea 84:11) Empa o e fa bo-mang? Kajeno hangata batho ba rata batho ka lebaka la thuto, leruo, lebala, morabe le lintho tse ling tse joalo. Molimo eena o rata bo-mang? Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo oa araba o re: “Ea molemo o fumana kamohelo e tsoang ho Jehova, empa motho ea nang le mehopolo e khopo o phatlalatsa hore o khopo.”—Liproverbia 12:2.
Ho hlakile hore Jehova o khahloa ke motho ea molemo, ea khabane. Bokhabane ba motho ea molemo bo akarelletsa lintho tse kang ho itaea, ho hloka leeme, boikokobetso, ho qenehela le bohlale. Mehopolo ea hae e lokile, mantsoe a hae aa khothatsa, liketso tsa hae li lokile ’me li molemo. Karolo ea pele ea khaolo ea 12 ea buka ea Bibele ea Liproverbia e re bontša kamoo molemo o lokelang ho susumetsa bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi kateng ’me e bontša melemo e tlisoang ke ho bontša molemo. Ho hlahloba se boletsoeng mona ho tla re fa “temohisiso ea ho etsa se molemo.” (Pesaleme ea 36:3) Ho sebelisa keletso ea sona e bohlale ho tla re thusa ho fumana kamohelo ea Molimo.
Taeo ke ea Bohlokoa
Solomone o re: “Ea ratang taeo o rata tsebo, empa ea hloileng khalemelo ha a nahane.” (Liproverbia 12:1) Motho ea molemo o lakatsa ho fumana taeo hobane a chesehela ho ntlafatsa botho ba hae. O potlakela ho sebelisa keletso eo a e fumanang libokeng tsa Bokreste kapa le ha a ntse a buisana le ba bang. Mantsoe a ka Mangolong le a libukeng tse thehiloeng Bibeleng a tšoana le litsenene tse mo susumelletsang hore a tsamaee ka tsela e otlolohileng. O batla tsebo ’me o e sebelisa ho otlolla litsela tsa hae. E, motho ea ratang taeo, o boetse o rata tsebo.
Taeo ke ea bohlokoa hakaakang ho barapeli ba ’nete—haholo-holo ho itaea! Re ka ’na ra lakatsa eka re ka be re e-na le tsebo e tebileng ea Lentsoe la Molimo. Re ka lakatsa ho atleha haholoanyane tšimong le ho ba mesuoe e molemo ea Lentsoe la Molimo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Empa ho hloka ho itaea hore takatso eo e phethahale. Ho itaea ho hlokahala hape le maemong a mang a bophelo. Ka mohlala, lintho tse etselitsoeng ho tsosa takatso e mpe li ngata kajeno. Na ha ho hloke ho itaea ho laola leihlo hore le se ke la sheba lintho tse sa lokelang? Ho feta moo, kaha “tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae,” mohopolo oa boitšoaro bo bobe o ka ’na oa simoloha botebong ba kelello ea motho. (Genese 8:21) Ho hlokahala ho itaea e le hore kelello e se ke ea lula mehopolong e joalo.
Ka lehlakoreng le leng, ea hloileng khalemelo ha a rate taeo kapa tsebo. Ka ho inehela litšekamelong tsa batho tsa boetsalibe tsa ho hloea khalemelo, o itheolela boemong ba phoofolo e sa nahaneng, e leng sebatana se se nang melao ea boitšoaro. Re lokela ho hanela tšekamelo ena ka matla.
‘Motso o ke Keng oa Sisinyeha’
Ho hlakile hore motho ea molemo e ke ke ea e-ba ea sa lokang kapa ea leeme. Kahoo, ho loka le hona hoa hlokahala bakeng sa ho fumana kamohelo ea Jehova. Morena Davida o ile a bina a re: “Jehova, u tla hlohonolofatsa mang kapa mang ea lokileng; joalokaha eka ke ka thebe e khōlō, u tla ba lika-liketsa ka kamohelo.” (Pesaleme ea 5:12) Ha Solomone a bontša phapang ea ba lokileng le ba khopo, o re: “Ha ho motho ea tla tiisoa ka thata ke bokhopo; empa ha e le motheo oa metso ea ba lokileng, o ke ke oa etsoa hore o thekesele.”—Liproverbia 12:3.
Ho ka ’na ha bonahala ba khopo ba atleha. Nahana ka se ileng sa etsahalla mopesaleme Asafe. O re: “Ha e le ’na, maoto a ka a ne a batlile a kheloha, mehato ea ka e ne e batlile e thellisoa.” Hobane’ng? Asafe oa araba o re: “Ke ile ka honohela baithorisi, ha ke ne ke bona khotso ea batho ba khopo.” (Pesaleme ea 73:2, 3) Empa ha a kena sehalalelong sa tempele ea Molimo, o ile a hlokomela hore Jehova o ba behile moo ho thellang. (Pesaleme ea 73:17, 18) Katleho leha e le efe eo ho ka ’nang ha bonahala ba khopo ba e fumana, ke ea nakoana. Ha rea lokela ho ba honohela.
Ho fapana le seo, ea amoheloang ke Jehova, ha a sisinyehe. Ha Solomone a sebelisa papiso ea metso e tiileng ea sefate, o re: “Ha e le motso oa ea lokileng, o ke ke oa ba oa sisinyeha.” (Liproverbia 12:3, Bibele ea Sesotho) Metso e sa bonahaleng ea sefate se seholo se kang sa sequoia ea California, e ka koahela sebaka sa lihekthere tse ngata ’me ea se tšehetsa meroallong le lifefong. Sefate se seholohali sa sequoia se pholoha le tšisinyeho ea lefatše e matla.
Joaloka metso e mobung o nonneng oa lefatše, likelello le lipelo tsa rōna li lokela ho fatisisa Lentsoeng la Molimo ’me li khe metsing a lona a phelisang. Kahoo tumelo ea rōna e ba e thehiloeng ka ho tiea le e matla, ’me tšepo ea rōna e ba ea ’nete le e tiileng. (Baheberu 6:19) Re ke ke ra “isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto [ea bohata].” (Baefese 4:14) Ke ’nete hore re tla utloa liphello tsa liteko tse matla ’me re ka ba ra tšoha ha re le mahlomoleng. Empa ‘metso ea rōna e ke ke ea etsoa hore e thekesele.’
“Mosali ea Nang le Bokhoni ke Moqhaka ho Mong’a Hae”
Batho ba bangata ba tseba polelo e reng, “Monna e mong le e mong ea atlehang o thusoa ke mosali ea molemo.” Ha Solomone a bua ka bohlokoa ba mosali ea tšehetsang monna oa hae, o re: “Mosali ea nang le bokhoni ke moqhaka ho mong’a hae, empa mosali ea itšoarang ka mokhoa o hlabisang lihlong o joaloka ho bola masapong a mong’a hae.” (Liproverbia 12:4) Polelo e reng “ea nang le bokhoni” e akaretsa lintho tse ngata tse amang molemo. Makhabane a mosali ea molemo, joalokaha a hlalositsoe ka ho qaqileng ho Liproverbia khaolo ea 31, a akarelletsa mahlahahlaha, botšepehi le bohlale. Mosali ea nang le ’ona ke moqhaka ho monna oa hae kahobane boitšoaro ba hae bo botle bo tlotlisa monna oa hae ’me bo mo fa seriti. Le ka mohla a ke ke a iketelletsa pele ka boikhohomoso kapa a ipatla ka monna oa hae. Ho e-na le hoo, ke mothusi ea tlatsang monna oa hae.
Mosali a ka itšoara ka mokhoa o hlabisang lihlong joang, ’me e le ka liphello life? Mokhoa ona o hlabisang lihlong o ka ’na oa akarelletsa lintho tse kang ho rata likhang le bofebe. (Liproverbia 7:10-23; 19:13) Liketso tse joalo tsa mosali li qeta monna oa hae. Buka e ’ngoe e re o tšoana le “ho bola masapong a [monna oa] hae” kahobane “o mo qeta joaloka boloetse bo fokolisang ’mele.” Buka e ’ngoe eona e re: “Polelo e ’ngoe ea kajeno e ka sebelisoang ke ‘kankere’—e leng boloetse bo noang motho matla.” E se eka basali ba Bakreste ba ka leka ho fumana kamohelo ea Molimo ka ho bonahatsa makhabane a mosali ea nang le bokhoni.
Menahano, Liketso le Liphello
Menahano e tsoala liketso, liketso li tsoala liphello. Solomone ha a tsoela pele o bontša kamoo menahano e tsoalang liketso kateng, ’me o bapisa ea lokileng le ea khopo. O re: “Menahano ea ba lokileng ke kahlolo; ho tsamaisoa ke ba khopo ke thetso. Mantsoe a ba khopo ke ho lalla bakeng sa mali, empa melomo ea ba lokileng ke eona e tla ba lopolla.”—Liproverbia 12:5, 6.
Menahano ea batho ba molemo e metle ’me e tobisoa ho se hlokang leeme le se lokileng. Kaha ba lokileng ba susumetsoa ke ho rata Molimo le batho ba bang, boikemisetso ba bona bo molemo. Ka lehlakoreng le leng, ba khopo ba susumetsoa ke boithati. Ka lebaka leo, mekhoa ea bona—e leng litsela tseo ba etsang lintho ka tsona—e bolotsana. Liketso tsa bona ha li tšepahale. Ha ba tsilatsile ho chehela ba se nang molato leraba, mohlomong ka liqoso tsa bohata lekhotleng la molao. Ka mantsoe a bona ba “lalla bakeng sa mali” hobane ba batla ho lematsa ba se nang molato. Ba khabane ba qoba kotsi ena ka lebaka la ho tseba merero ea bokhopo le ka lebaka la ho ba le bohlale bo hlokahalang e le hore ba be seli. Hape ba ka tseba ho hlokomelisa ba thetsoang habonolo ’me ba ba lokolla mererong ea bolotsana ea ba khopo.
Ho tla etsahala’ng ka ba lokileng le ba khopo? Solomone oa araba o re: “Ba khopo baa lihuoa ’me ha ba sa le eo, empa ntlo ea ba lokileng e tla ’ne e eme.” (Liproverbia 12:7) Buka e ’ngoe e re ntlo “e emela lelapa le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa ho motho eo, e etsang hore ka sebele a thabele ho phela.” Hape e ka bolela lelapa le litloholo tsa ea lokileng. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, se boleloang ke maele ana se hlakile: Ba lokileng ba tla ema ba tiile mahlomoleng.
Ea Ikokobelitseng o Tla Atleha
Morena oa Iseraele o ne a hlokomela bohlokoa ba temoho ’me a bo hatisa ka ho re: “Motho o tla rorisoa ka lebaka la molomo oa hae o masene, empa ea pelo e sothehileng o tla nyelisoa.” (Liproverbia 12:8) Motho ea nang le temoho ha a bebere. O nahana pele a bua ’me o utloana le ba bang hobane ‘molomo o masene’ o etsa hore a khethe mantsoe. Ha a botsoa lipotso tsa booatla kapa tsa bohelehele, motho ea nang le temoho o ‘tšoara lipolelo tsa hae.’ (Liproverbia 17:27) Motho ea joalo oa rorisoa ’me o thabisa Jehova. Motho ea joalo o fapane hakaakang le ea nang le maikutlo a sothehileng a tsoang ‘pelong e sothehileng’!
E, motho ea masene oa rorisoa, empa maele a latelang a re ruta bohlokoa ba boikokobetso. A re: “Ea khelloang fatše empa a e-na le mohlanka o molemo ho feta ea itlotlisang empa a hloka bohobe.” (Liproverbia 12:9) Ho bonahala eka Solomone o bolela hore ho molemo ho ba moikokobetsi ea nang le ho honyenyane, ea nang le mohlanka a le mong feela, ho e-na le ho iketsa morui. Keletso ea hore re khotsofalle seo re nang le sona ke ea bohlokoa hakaakang ho rōna!
Bophelo ba Mahaeng bo re Ruta Molemo
Solomone o sebelisa bophelo ba mahaeng ho re ruta lintho tse peli mabapi le molemo. O re: “Ea lokileng o hlokomela moea oa phoofolo ea hae e ruuoang, empa mehauhelo ea ba khopo e sehlōhō.” (Liproverbia 12:10) Motho ea lokileng o tšoara liphoofolo tsa hae ka mosa. O tseba seo li se hlokang ’me o batla hore li atlehe. Motho ea khopo a ka ’na a re o hlokomela liphoofolo tsa hae empa a sa tšoenyehe ka seo li se hlokang. O susumetsoa ke boithati, ’me o hlokomela liphoofolo ka lebaka la seo a tla se fumana ka tsona. Seo motho ea joalo a reng ke tšoaro e ntle ea liphoofolo ha e le hantle e ka ba tšoaro e sehlōhō.
Molao-motheo oa tlhokomelo e mosa ea liphoofolo o sebetsa le tlhokomelong ea liphoofolo tse ruetsoeng bokhabane. E tla ba sehlōhō se se kaakang ho ruela liphoofolo bokhabane ebe joale u li tšoara hampe ho sa hlokahale ka ho li hlokomoloha le ka ho li khahlapetsa! Phoofolo e utloang bohloko haholo ka lebaka la ho kula kapa ho tsoa kotsi, ho ka ba mosa hore u e bolaee.
Solomone o boetse o sebelisa karolo e ’ngoe ea bophelo ba mahaeng—e leng ho lema—o re: “Ea lemang mobu oa hae o tla khotsofatsoa ke bohobe.” Ka sebele, mosebetsi o boima o nang le morero o na le litholoana. “Empa ea phehellang lintho tsa lefeela o na le pelo e haelloang.” (Liproverbia 12:11) Ka lebaka la ho se be le kahlolo e molemo kapa kutloisiso, ea ‘nang le pelo e haelloang’ o phehella mesebetsi e se nang molemo, e ka ’nang ea mo buseletsa empa e le kotsi, ebile e se ea bohlokoa. Thuto e litemanengtsena tse peli e hlakile: E-ba mohau hape u be mahlahahlaha.
Ea Lokileng oa Atleha
Morena ea bohlale o re: “Ea khopo o lakalitse phofu e tšoasitsoeng ke letlooa ea batho ba babe.” (Liproverbia 12:12a) Ea khopo o etsa see joang? O etsa sena ka ho lakatsa khapo e fumanoeng ka bokhopo.
Ea molemo eena ho etsahala joang ka eena? Motho ea joalo o rata taeo ’me o tiile tumelong. O lokile, o masene ’me o ikokobelitse, oa qenehela ebile o bohlale. ’Me Solomone o re, “empa ha e le motso oa ba lokileng, oa beha,” kapa “oa atleha.” (Liproverbia 12:12b; Bibele—Phetolelo e Ncha) An American Translation e re: “Motso oa ba lokileng o tla hlola ka ho sa feleng.” Motho ea joalo o tsitsitse ’me o sireletsehile. Ka sebele, ‘ea molemo o fumana kamohelo e tsoang ho Molimo.’ Kahoo, a re ‘tšepeng Jehova ’me re etse se molemo.’—Pesaleme ea 37:3.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Tumelo ea ea lokileng e thehiloe ka ho tiea joaloka sefate se metseng ka metso