Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLILOENG
  • MEETINGS
  • w03 5/1 maq. 19-24
  • Tšelisa ba Mesarelong

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Tšelisa ba Mesarelong
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Subheadings
  • Similar Material
  • Ho Tšelisa ba Bang ka Matšeliso ao Molimo a Fanang ka ’Ona
  • Ho Tšelisa ba Hateletsoeng ke Pefo le Mathata a Lichelete
  • Ho Tšelisa ba Hlahetsoeng ke Lifefo le Litšisinyeho Tsa Lefatše
  • Ho Tšelisa ba Shoetsoeng ke Beng ka Bona
  • Matšeliso a Tsoang ho “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 5/1 maq. 19-24

Tšelisa ba Mesarelong

“Jehova o ntlotselitse . . . ho tšelisa bohle ba siameng.”—ESAIA 61:1, 2.

1, 2. Re lokela ho tšelisa bo-mang, hona hobane’ng?

JEHOVA, Molimo oa matšeliso ’ohle a ’nete, o re ruta ho bontša kutloelo-bohloko ha ba bang ba le tlokotsing. O re ruta ho ‘bua ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo’ le ho tšelisa bohle ba siameng. (1 Bathesalonika 5:14) Re thusa barapeli-’moho le rōna ha ba hloka thuso e joalo. Re boetse re bontša lerato ho ba ka ntle ho phutheho esita le ho ba sa kang ba re bontša lerato.—Matheu 5:43-48; Bagalata 6:10.

2 Jesu Kreste o ile a bala ’me a bolela hore thōmo ena ea boprofeta e sebetsa ho eena ha e re: “Moea oa ’Musi Morena Jehova o holim’a ka, ka lebaka la hore Jehova o ntlotselitse hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng lipelo, . . . ho tšelisa bohle ba siameng.” (Esaia 61:1, 2; Luka 4:16-19) Ke khale Bakreste ba kajeno ba batlotsuoa ba bone hore thōmo ena e sebetsa le ho bona le hore “linku tse ling” li ikopantse le bona mosebetsing ona ka thabo.—Johanne 10:16.

3. Ha batho ba botsa hore na “ke hobane’ng ha Molimo a lumella tlokotsi,” re ka ba thusa joang?

3 Ha batho ba oeloa ke koluoa ’me ba sala ba nyahame, hangata baa botsa ba re, “Ke hobane’ng ha Molimo a lumella tlokotsi?” Bibele e araba potso ena ka ho hlaka. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha nka nako hore motho eo e seng seithuti sa Bibele a utloisise karabo ka botlalo. Thuso e fumaneha likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova.* Leha ho le joalo, qalong ba bang ba fumane matšeliso ka ho bona feela taba e khutšoanyane e ngotsoeng ka Bibeleng e kang e ho Esaia 61:1, 2, kaha e bolela hore Molimo o rata hore batho ba fumane matšeliso.

4. Paki ea Poland e ile ea thusa ngoananyana oa sekolo ea neng a tepeletse maikutlong joang, ’me phihlelo ee e ka u thusa joang hore u thuse ba bang?

4 Bacha hammoho le batho ba baholo, ba hloka matšeliso. Mocha e mong ea tepeletseng maikutlo oa Poland o ile a batla keletso ho motsoalle oa hae. Motsoalle enoa ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me o ile a botsa mocha enoa ka mosa, eaba o fumana hore ngoanana enoa o sithabelitsoe ke lipotso le lipelaelo tse kang: “Ke hobane’ng ha bobe bo atile hakaale? Ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko? Ke hobane’ng ha ngoan’eso oa ngoanana ea holofetseng a utloa bohloko bo bokaale? Ke hobane’ng ha ke tšoeroe ke lefu la pelo? Kerekeng ba re ke thato ea Molimo. Haeba ke ’nete ho joalo, ha ke sa tla mo rapela!” Paki ena e ile ea rapela Jehova ka pelong eaba e re: “Ke thabela hore ebe u mpotsitse lipotso tsena. Ke tla leka ho u thusa.” Eaba o mo bolella hore le eena o ne a e-na le lipelaelo ha e sa le ngoana le hore Lipaki Tsa Jehova li ile tsa mo thusa. O ile a re: “Ke ithutile hore Molimo ha a utloise batho bohloko. Oa ba rata, o ba batlela se molemo ’me haufinyane o tla etsa hore ho be le liphetoho tse khōlō lefatšeng. Ho kula, mathata a botsofali le lefu ha li sa tla ba teng, ’me batho ba mamelang ba tla phela ka ho sa feleng—hona mona lefatšeng.” O ile a phetlela ngoananyana enoa Tšenolo 21:3, 4; Jobo 33:25; Esaia 35:5-7 le 65:21-25. Ka mor’a ho buisana ka nako e telele, ngoananyana enoa o ile a bua ho bonahala hore o imolohile a re: “Joale kea tseba hore na ke phelela eng. Na nka khutla hape?” Ho ile ha ithutoa Bibele le eena habeli ka beke.

Ho Tšelisa ba Bang ka Matšeliso ao Molimo a Fanang ka ’Ona

5. Ha re bua mantsoe a bontšang kutloelo-bohloko, ke eng se tla tšelisa batho e le kannete?

5 Ha re batla ho tšelisa ba bang, re lokela ho bua mantsoe a bontšang kutloelo-bohloko. Ka mantsoe le ka tsela eo re buang ka eona, re leka ho bontša motho ea saretsoeng hore re amehile ka botebo ka boemo ba hae. Sena ha sea lokela ho etsoa ka ho bua lipolelo tsa boikaketsi. Bibele e re bolella hore “ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Kahoo, ha nako e tšoaneleha, re ka hlalosa hore na ’Muso oa Molimo ke eng ’me re ka bontša ka Bibele hore na o tla rarolla mathata a hona joale joang. Ka mor’a moo re ka hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ka tšepela ho oona. Ka ho etsa joalo, re tla tšelisa batho.

6. Re lokela ho thusa batho hore ba utloisise eng e le hore ba ka rua molemo o feletseng matšelisong a ka Mangolong?

6 E le hore motho a rue molemo matšelisong ao a a fuoang, o lokela ho tseba Molimo oa ’nete, hore na ke Motho oa mofuta ofe le hore lintho tseo a li tšepisitseng li tla phethahala. Haeba re batla ho thusa motho eo e seng morapeli oa Jehova, ke habohlokoa ho hlalosa lintlha tse latelang. (1) Matšeliso a ka Bibeleng a tsoa ho Jehova, Molimo oa ’nete. (2) Jehova o Matla ’Ohle, ’me ke ’Mōpi oa leholimo le lefatše. Ke Molimo ea lerato hape o atetsoe ke mosa o lerato le ’nete. (3) Re ka matlafalletsoa ho mamella maemo haeba re atamela ho Molimo ka ho rua tsebo e nepahetseng e tsoang Lentsoeng la hae. (4) Bibele e na le litemana tse buang ka liteko tseo ba bang ba ileng ba tobana le tsona.

7. (a) Ho ka finyelloa eng ka ho tiisa hore matšeliso ao Molimo a fanang ka ’ona “a ata ka Kreste”? (b) Ke joang u ka tšelisang motho ea hlokomelang hore boitšoaro ba hae bo ne bo le bobe?

7 Ba bang ba ile ba tšelisa batho ba saretsoeng ba tloaetseng ho bala Bibele ka ho ba balla 2 Bakorinthe 1:3-7. Ha ba etsa joalo, ba tiisitse poleloana e reng “matšeliso ao re a fumanang le ’ona a ata ka Kreste.” Lengolo lena le ka thusa motho hore a hlokomele hore Bibele ke mohloli oa matšeliso ao a lokelang ho nahanisisa ka ’ona. Le ka boela la e-ba motheo oa lipuisano tse ling, mohlomong nakong e ’ngoe. Haeba motho a nahana hore matšoenyeho a hae a bakiloe ke lintho tse mpe tseo a li entseng, re ka ’na ra mo bolella, feela re sa mo ahlole, hore hoa tšelisa ho bala se tlalehiloeng ho 1 Johanne 2:1, 2 le Pesaleme ea 103:11-14. Ha re etsa joalo re tla be re tšelisa ba bang ka matšeliso ao Molimo a fanang ka ’ona.

Ho Tšelisa ba Hateletsoeng ke Pefo le Mathata a Lichelete

8, 9. Batho ba ileng ba utloisoa bohloko ke pefo ba ka tšelisoa hantle joang?

8 Batho ba bangata ba hateletsoe ke pefo—pefo e hlabisang lihlong sechabeng kapa pefo ea ntoa. Re ka ba tšelisa joang?

9 Ebang ke ka mantsoe kapa ka liketso, Bakreste ba ’nete ha ba tšehetse lihlopha tse loantšanang tsa lefatše. (Johanne 17:16) Ho e-na le hoo, ba sebelisa Bibele hantle ho bontša hore maemo a hona joale a thata a tla fela. Ba ka ’na ba bala Pesaleme ea 11:5 ho bontša kamoo Jehova a ikutloang kateng ka ba ratang pefo kapa ba bala Pesaleme ea 37:1-4 ho bontša hore Molimo ha a khothalletse hore re iphetetse empa o re khothalletsa hore re mo tšepe. Mantsoe a Pesaleme ea 72:12-14 a bontša kamoo Solomone e Moholo, e leng Jesu Kreste, ea busang e le Morena oa leholimo a ikutloang kateng ka batho ba hlokang molato ba utloisoang bohloko ke pefo.

10. Haeba u phetse ka har’a lintoa, mangolo a boletsoeng serapeng see a ka u tšelisa joang?

10 Batho ba bang ba ’nile ba phela har’a lintoa ka lebaka la lihlopha tse loantšanang tse batlang puso. Ba nka hore ntoa le liphello tsa eona ke lintho tse tloaelehileng. Tšepo feela eo ba nang le eona ke hore lintho li ka ntlafala haeba ba balehela naheng e ’ngoe. Empa ba bangata ha ba fihle moo ba eang teng, ’me boholo ba ba ileng ba leka ho baleha ba shoetse tseleng. Ba atlehang ho fihla naheng e ’ngoe ba fumana hore ba ikentse mathateng a eketsehileng. Ho ka ’na ha baloa Pesaleme ea 146:3-6 ho ba thusa ho tšepa ntho e molemo ho feta ho falla. Boprofeta bo ho Matheu 24:3, 7, 14 kapa ho 2 Timothea 3:1-5 bo ka ’na ba ba thusa ho lemoha motso oa bothata le hore lebaka leo ka lona ba leng mathateng ke hobane re phela qetellong ea tsamaiso ea khale ea lintho. Litemana tse kang Pesaleme ea 46:1-3, 8, 9 le Esaia 2:2-4 li ka ’na tsa ba thusa ho lemoha hore ka sebele ho tla ba le bokamoso bo nang le khotso.

11. Ke litemana life tse ileng tsa tšelisa mosali e mong oa Afrika Bophirimela, hona ka lebaka lefe?

11 Nakong eo ntoa e neng e ntse e kupa Afrika Bophirimela, lethala la likulo le ile la ntša mosali e mong ha hae ka ntšoe li sa fōhloa. Bophelo ba hae bo ile ba sulafatsoa ke tšabo, masoabi le ho sareloa ho otlang pelo. Hamorao, ha lelapa la hae le se le lula naheng e ’ngoe, monna oa hae o ile a etsa qeto ea ho chesa lengolo la bona la lenyalo, ho leleka mosali enoa eo e neng e le moimana le mora oa bona ea lilemo li leshome e le hore e be moprista. Ha a ne a balloa Bafilipi 4:6, 7 le Pesaleme ea 55:22 hammoho le lihlooho tse thehiloeng Bibeleng tse Molula-Qhooeng le Tsoheng!, qetellong o ile a fumana matšeliso le morero bophelong.

12. (a) Mangolo a imolla ba imetsoeng ke bofuma joang? (b) Paki e ’ngoe ea Asia e ile ea thusa moreki joang?

12 Bofuma bo sentse bophelo ba batho ba bangata. Ka linako tse ling sena se bakoa ke ntoa le liphello tsa eona. Makhetlong a mang, batho ba ’nile ba lahleheloa ke matlotlo a bona ka lebaka la maano a mabe a mebuso, meharo le ho se tšepahale ha babusi. Ba bang ha ba e-s’o be le lintho tse ngata tse hlamatsehang tsa lefatše lena. Batho bao kaofela ba ka tšelisoa ke ho tseba hore Molimo o tiisa hore o tla imolla ba mo tšepang le hore ho tla ba le lefatše la ho loka moo batho ba tla thabela mosebetsi oa matsoho a bona. (Pesaleme ea 146:6, 7; Esaia 65:17, 21-23; 2 Petrose 3:13) Ha Paki e ’ngoe ea naha ea Asia e utloa moreki e mong a lla ka bofuma naheng eo, e ile ea hlalosa hore se neng se etsahala moo ke karolo ea lintho tse etsahalang lefatšeng ka bophara. Ho buisana ka Matheu 24:3-14 le Pesaleme ea 37:9-11 ho ile ha tsoala thuto ea kamehla ea Bibele.

13. (a) Ha batho ba ile ba soetsoa ke litšepiso tsa lefeela, re ka ba thusa joang ka Bibele? (b) Haeba batho ba nka hore maemo a mabe ke bopaki ba hore Molimo ha a eo, u ka leka joang ho ba bontša hore ha ho joalo?

13 Ha batho ba ile ba utloa bohloko ka lilemo tse ngata kapa ba soetsoa ke litšepiso tse ngata tsa lefeela, ba ka ’na ba tšoana le Baiseraele ba sa kang ba mamela “ka lebaka la ho nyahama” ha ba le Egepeta. (Exoda 6:9) Maemong a joalo, e ka ba habohlokoa ho totobatsa litsela tseo Bibele e ka ba thusang ka tsona ho loantšana le mathata a kajeno le ho qoba liphoso tse sulafaletsang batho bophelo ntle ho mabaka. (1 Timothea 4:8) Ba bang ba nka hore maemo a mabe ao ba phelang har’a ’ona ke bopaki ba hore Molimo ha a eo kapa hore ha a ba tsotelle. U ka ’na ua ba bontša mangolo a tšoanelehang a tla ba thusa ho lemoha hore Molimo o fane ka thuso empa batho ba bangata ha ba e amohele.—Esaia 48:17, 18.

Ho Tšelisa ba Hlahetsoeng ke Lifefo le Litšisinyeho Tsa Lefatše

14, 15. Ha koluoa e siea ba bangata ba tsitsipane, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etsa eng ho bontša hore li tsotella ba bang?

14 Koluoa e ka ’na ea bakoa ke sefefo, tšisinyeho ea lefatše, mollo, kapa ho phatloha ha ntho e itseng. Batho ba ka ’na ba apareloa ke mesarelo. Ho ka tšelisoa baphonyohi joang?

15 Ho hlokahala hore batho ba tsebe hore baa ratoa. Ka mor’a hore likhukhuni li hlasele naheng e ’ngoe, batho ba ile ba sala ba tsitsipane. Batho ba bangata ba ile ba shoeloa ke beng ka bona, batho ba ba phelisang, metsoalle, ba lahleheloa ke mesebetsi, kapa tšireletseho leha e le efe eo ba neng ba e-na le eona. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thusa baahelani ba tsona, tsa ba bontša kutloelo-bohloko mahlomoleng a bona le ho ba tšelisa ka Bibele. Ba bangata ba ile ba ananela ka botebo seo ba se etsetsoang.

16. Ha koluoa e oela sebaka se seng sa El Salvador, ke hobane’ng ha Lipaki tsa sebaka seo li ile tsa nolofalloa ke ho sebetsa tšimo?

16 Ka 2001 tšisinyeho e matla ea lefatše El Salvador e ile ea lateloa ke seretse se sengata se theohang thabeng se ileng sa bolaea batho ba bangata. Mora ea lilemo li 25 oa Paki e ’ngoe le bana ba babeli babo kharebe eo a lebeletsaneng le eona ba ile ba shoa. Hang-hang ’mè oa mohlankana eo hammoho le kharebe ea hae ba ile ba phathahana tšimong. Ba bangata ba ile ba ba bolella hore ke Molimo ea nkileng ba shoeleng kapa hore ho etsahetse thato ea Molimo. Lipaki li ile tsa qotsa Liproverbia 10:22 ho bontša hore Molimo ha a batle ha re utloa bohloko. Li ile tsa bala Baroma 5:12 ho bontša hore lefu le tlisitsoe ke sebe sa motho le hore hase thato ea Molimo. Li ile tsa boela tsa ba phetlela molaetsa oa matšeliso o ho Pesaleme ea 34:18, Pesaleme ea 37:29, Esaia 25:8 le Tšenolo 21:3, 4. Ho ne ho le bonolo hore batho ba mamele hobane basali bana ba babeli ka bobona ba ne ba shoetsoe ke beng ka bona koluoeng ena, ’me ba ile ba qala lithuto tse ngata tsa Bibele.

17. Linakong tsa likoluoa, re ka thusa batho ka litsela life?

17 Ha koluoa e hlasela, u ka ’na ua oelana le motho ea lemetseng ea hlokang ho thusoa kapele. U ka ’na ua thusa ka ho bitsa ngaka, ho thusa motho hore a fihle sepetlele, kapa ua etsa eng kapa eng e matleng a hao ho mo fa lijo le bolulo. Ka 1998 ha Italy e ne e hlaheloa ke koluoa, moqolotsi e mong oa litaba o ile a hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova “li itella ba utloang bohloko, li sa khethe hore na ke ba bolumeli bofe.” Libakeng tse ling, liketsahalo tseo ho profetiloeng hore li tla etsahala matsatsing a ho qetela, li utloisa bohloko haholo. Libakeng tseo, Lipaki Tsa Jehova li bontša batho boprofeta ba Bibele, hape li ba tšelisa ka tšepiso ea Bibele ea hore ’Muso oa Molimo o tla tlisetsa batho tšireletseho ea ’nete.—Liproverbia 1:33; Mikea 4:4.

Ho Tšelisa ba Shoetsoeng ke Beng ka Bona

18-20. Ha ho hlahile lefu ka lapeng le itseng, u ka le tšelisa ka ho re’ng kapa ka ho etsa’ng?

18 Letsatsi le letsatsi batho ba bangata ba llisoa ke ho shoa ha baratuoa ba bona. U ka ’na ua kopana le batho ba shoetsoeng ha u le tšimong kapa u le mabakeng a hao. U ka ba tšelisa ka ho re’ng kapa ka ho etsa’ng?

19 Na motho o bonahala a sithabetse? Na ka tlung ho tletse beng ka motho ba bofifing? E ka ’na eaba ho na le lintho tse ngata tseo u neng u ka lakatsa ho li bua, empa ho hlokahala hore u be bohlale ha u bua. (Moeklesia 3:1, 7) Mohlomong ntho e loketseng ke ho fana ka matšeliso, ho ba fa sengoliloeng se loketseng sa Bibele (bukana, makasine, kapa pampitšana), ebe ua khutla ka mor’a matsatsi a se makae ho tla bona hore na ho hlokahala thuso e eketsehileng. Ka nako e loketseng, ba khothatse ka Bibele. Sena se ka hlabolla moea. (Liproverbia 16:24; 25:11) Ke ’nete hore u ke ke ua tsosa bafu joaloka Jesu, empa u ka ba bolella hore na Bibele e re’ng ka bafu, le hoja ena e ka ’na eaba hase nako e loketseng ea ho hanyetsa likhopolo tse fosahetseng. (Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4) U ka bala le bona litšepiso tsa Bibele tse buang ka tsoho. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Mohlomong u ka ba balla tlaleho ea Bibele e buang ka tsoho ’me ua ba hlalosetsa hore na ho tla etsahala eng. (Luka 8:49-56; Johanne 11:39-44) Hape, ba hlokomelise hore na Molimo ea lerato ea re fang tšepo ke motho oa mofuta ofe. (Jobo 14:14, 15; Johanne 3:16) Ba hlalosetse hore na u ruile molemo joang lithutong tsena le hore na ke hobane’ng ha u li kholoa.

20 Ho memela batho ba saretsoeng Holong ea ’Muso ho ka ba thusa ho tseba batho ba ratang baahelani ba bona e le kannete le ba tsebang ho khothatsana. Mosali e mong oa Sweden o ile a fumana hore sena ke sona seo e sa leng a se batla bophelong bohle ba hae.—Johanne 13:35; 1 Bathesalonika 5:11.

21, 22. (a) Ho hlokahala hore re etse eng haeba re batla ho fana ka matšeliso? (b) U ka thusa motho ea seng a ntse a tseba Mangolo hantle joang?

21 Haeba u tseba hore motho e mong o mesarelong, ebang o phuthehong ea Bokreste kapa ka ntle ho eona, na ka linako tse ling u thatafalloa ke hore na u tla re’ng kapa u tla etsa’ng? Lentsoe la Segerike leo hangata le fetoleloang e le “matšeliso” ka Bibeleng ka ho toba le bolela “ho phallela motho e mong.” Ho ba motšelisi oa ’nete ho bolela ho ithaopela ho thusa ba mesarelong.—Liproverbia 17:17.

22 Ho thoe’ng haeba motho eo u batlang ho mo tšelisa a se a ntse a tseba seo Bibele e se buang ka lefu, thekollo le tsoho? Motho a ka tšelisoa ke boteng ba motsoalle ea lumelang seo a se lumelang. Haeba a batla ho bua, mamela ka hloko. U se ke ua nahana hore ho hlokahala hore u bue haholo. Haeba ho baloa mangolo, nka hore ke lipolelo tsa Molimo tse tla le matlafatsa ka bobeli. Bua ka kholiseho e matla eo lōna ka bobeli le nang le eona ea hore tšepiso eo e tla phethahala. Ka ho bontša qenehelo ea Molimo le ka ho bua ka linnete tsa bohlokoa tse ka Lentsoeng la Molimo, u ka thusa ba saretsoeng hore ba tšelisoe le ho matlafatsoa ke Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle.”—2 Bakorinthe 1:3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

Bona buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, khaolong ea 8; Ho Bea Mabaka ka Mangolo, leqepheng la 64-8, 130-6; Is There a Creator Who Cares About You?, khaolong ea 10; le bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella?

U ka Hlalosa Joang?

• Batho ba bangata ba beha mang molato ha ba hlaheloa ke tlokotsi, ’me re ka ba thusa joang?

• Re ka etsa eng ho thusa batho hore ba rue molemo ka botlalo matšelisong ao Bibele e fanang ka ’ona?

• Ke maemo afe a bakelang batho ba bangata mesarelo sebakeng sa heno, ’me u ka ba tšelisa joang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ho fana ka molaetsa oa matšeliso linakong tsa matšoenyeho

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Refugee camp: UN PHOTO 186811/J. Isaac

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Boteng ba motsoalle bo ka tšelisa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (Lesotho)
    • Share
    • Lintlha Tseo U li Khethang
    • Copyright © 2022 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • JW.ORG
    • Log In
    Share