Bohle a ba ke ba Bolele Khanya ea Jehova
“Isang khanya le matla ho Jehova. Isang ho Jehova khanya ea lebitso la hae.”—PESALEME EA 96:7, 8.
1, 2. Ke eng e isang khanya ho Jehova, hona ke bo-mang ba khothalletsoang hore le bona ba etse joalo?
DAVIDA, mor’a Jese, o ile a hōla e le molisana mathōkong a Bethlehema. E tlameha ebe o ne a atisa ho talima maholimong a sabaletseng a tletseng linaleli bosiu ha ho khutsitse ha a ntse a alositse mehlape ea ntat’ae makhulong ao a ka thōko a linku. Ha ho pelaelo hore o ile a hopola lintho tsena ka ho hlaka ha moea o halalelang oa Molimo o mo bululela hore a qape le ho bina mantsoe a monate a Pesaleme ea 19 a reng: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae. Khoele ea ’ona ea ho lekanya e kene lefatšeng lohle, le lipolelo tsa ’ona ho isa pheletsong ea naha e behang.”—Pesaleme ea 19:1, 4.
2 A ntse a khutsitse, a sa bue, ho sa utloahale lentsoe, maholimo a hlollang ao Jehova a a bōpileng a bolela khanya ea hae, letsatsi le leng ka mor’a le leng, bosiu bo bong ka mor’a bo bong. Le ka mohla pōpo ha e khaotse ho bolela khanya ea Molimo, ’me motho o ikutloa e se letho ha a nahana ka bopaki bona bo khutsitseng bo bonahalang “lefatšeng lohle” boo baahi bohle ba lona ba ka bo bonang. Leha ho le joalo, bopaki bo khutsitseng ba pōpo ha boa lekana. Batho ba tšepahalang ba khothalletsoa hore le bona ba bue ka mantsoe a utloahalang ba fane ka bopaki. Mopesaleme e mong ea sa boleloang ka lebitso o ile a bua mantsoe ana a bululetsoeng ho barapeli ba tšepahalang: “Isang khanya le matla ho Jehova. Isang ho Jehova khanya ea lebitso la hae.” (Pesaleme ea 96:7, 8) Ba nang le kamano e haufi le Jehova ba motlotlo ho arabela khothatso eo. Leha ho le joalo, ho isa khanya ho Molimo ho akarelletsa’ng?
3. Ke hobane’ng ha batho ba isa khanya ho Molimo?
3 Ha ho akarelletse ho bua ka molomo feela. Baiseraele ba mehleng ea Esaia ba ne ba tlotlisa Molimo ka melomo, empa boholo ba bona ba ne ba sa etse seo ka pelo eohle. Ka Esaia, Jehova o ile a re: “Batho bana ba atametse ka melomo ea bona, ’me ba ntlotlisitse ka melomo ea bona feela, ’me ba suthiselitse lipelo tsa bona hōle le ’na.” (Esaia 29:13) Thoriso leha e le efe e tsoang ho batho ba joalo e ne e le ea lefeela. Hore thoriso e be le seo e se bolelang, e tlameha ho tsoa pelong e tletseng lerato ho Jehova le ho ela hloko ka pelo eohle khanya ea hae eo ho seng e tšoanang le eona. Jehova ke eena feela ’Mōpi. Ke eena Ea Matla ’Ohle, Ea Nang le Toka, ke mohlala oa lerato. Ke eena ’moloki oa rōna le ’Musi ea loketseng eo e mong le e mong ea phelang leholimong le lefatšeng a lokelang ho ikokobeletsa eena. (Tšenolo 4:11; 19:1) Haeba re hlile re lumela lintho tsena, a re mo tlotliseng ka lipelo tsohle tsa rōna.
4. Jesu o ile a fana ka litaelo life mabapi le kamoo Molimo a ka tlotlisoang kateng, hona re ka li phethahatsa joang?
4 Jesu Kreste o ile a re bolella kamoo re ka tlotlisang Molimo kateng. O ile a re: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata ’me le be barutuoa ba ka.” (Johanne 15:8) Re ka beha litholoana tse ngata joang? Tsela ea pele ke ka ho kopanela ka moea oohle ho boleleng ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ ’me ka tsela eo re ikopanye le lintho tsohle tse bōpiloeng ha li “bolela” ‘litšobotsi tse sa bonahaleng’ tsa Molimo. (Matheu 24:14; Baroma 1:20) Ho feta moo, ka tsela ena kaofela re kenya letsoho—ka mokhoa o tobileng kapa o sa tobang—ho etseng barutuoa ba bacha ba eketsang molumo o moholo oa thoriso o eang ho Jehova Molimo. Tsela ea bobeli, re hlaolela litholoana tseo moea o halalelang o li hlahisang ka ho rōna ’me re leka ka matla ho etsisa litšobotsi tsa Jehova Molimo tse phahameng ka ho fetisisa. (Bagalata 5:22, 23; Baefese 5:1; Bakolose 3:10) Ka lebaka leo, boitšoaro ba rōna ba letsatsi le letsatsi bo tlotlisa Molimo.
“Lefatšeng Lohle”
5. Hlalosa kamoo Pauluse a ileng a hatisa boikarabelo ba Bakreste ba ho tlotlisa Molimo ka hore ba bolelle ba bang ka tumelo ea bona.
5 Lengolong la hae le eang ho Baroma Pauluse o ile a hatisa boikarabelo ba Bakreste ba ho tlotlisa Molimo ka hore ba bolelle ba bang ka tumelo ea bona. Molaetsa oa sehlooho o bukeng ea Baroma ke oa hore ba bontšang tumelo ho Jesu Kreste ke bona feela ba ka pholohang. Khaolong ea 10 ea lengolo la hae, Pauluse o ile a bontša hore Baiseraele ba tlhaho ba mehleng ea hae ba ne ba sa ntsane ba leka ho finyella boemo ba ho ba ba lokileng ka ho latela Molao oa Moshe, athe “Kreste [e ne e le] pheletso ea Molao.” Kahoo, Pauluse o re: “Haeba u bolela phatlalatsa ‘lentsoe leo le molomong oa hao,’ hore Jesu ke Morena, ’me u bontša tumelo ka pelong ea hao hore Molimo o ile a mo tsosa bafung, u tla pholoha.” Ho tloha nakong eo ho ea pele, “ha [ho sa na] khethollo pakeng tsa Mojuda le Mogerike, kaha ho na le Morena ea tšoanang holim’a bohle, ea ruileng ho bohle ba ipiletsang ho eena. Etsoe ‘e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.’”—Baroma 10:4, 9-13.
6. Pauluse o ile a bontša hore Pesaleme ea 19:4 e phethahala joang?
6 Joale, ka lebaka le utloahalang Pauluse oa botsa: “Ba tla ipiletsa joang ho eo ba sa behang tumelo ho eena? Hape, ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-s’o utloele ka eena? Hape, ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang?” (Baroma 10:14) Ha a bua ka Iseraele, Pauluse o re: “Hase bona bohle ba ileng ba mamela litaba tse molemo.” Ke hobane’ng ha Iseraele e sa ka ea mamela? Ha baa ka ba mamela hobane ba ne ba hloka tumelo, eseng hobane ba ne ba hloka monyetla. Pauluse o bontša sena ka ho qotsa Pesaleme ea 19:4 le ho bontša hore ha e phethahatsoe ke bopaki bo khutsitseng ba pōpo empa e phethahala mosebetsing oa Bokreste oa boboleli. O re: “Ha e le hantle, ‘molumo oa bona o ile oa kena lefatšeng lohle, le lipolelo tsa bona ho isa lipheletsong tsa lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’” (Baroma 10:16, 18) E, joalokaha le pōpo e sa pheleng e tlotlisa Jehova, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba bolela litaba tse molemo tsa poloko hohle ’me ka tsela eo ba rorisa Molimo “lefatšeng lohle.” Lengolong la hae le eang ho Bakolose, Pauluse o ile a boela a hlalosa kamoo litaba tse molemo li neng li se li hasitsoe hohle kateng. O ile a re litaba tse molemo li ne li boletsoe “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23.
Lipaki Tse Chesehang
7. Ho latela Jesu, Bakreste ba na le boikarabelo bofe?
7 Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ile a ngola lengolo la hae le eang ho Bakolose lilemo tse ka bang 27 ka mor’a lefu la Jesu Kreste. Ho ne ho ka khoneha joang hore ebe mosebetsi oa boboleli o se o hasane ho ea fihla Kolose ka nako e batlang e le khutšoanyane hakaalo? Hoo ho ile ha etsahala hobane Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba cheseha, ’me Jehova o ne a hlohonolofatsa cheseho ea bona. Jesu o ne a boletse esale pele hore balateli ba hae e ne e tla ba baboleli ba mafolofolo ha a ne a re: “Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.” (Mareka 13:10) Ha a phaella boprofeteng boo, Jesu o ile a fana ka taelo e tlalehiloeng litemaneng tsa ho qetela tsa Kosepele ea Matheu: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Nakoana ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, balateli ba hae ba ile ba qala ho phethahatsa mantsoe ao.
8, 9. Ho latela Liketso, Bakreste ba ile ba sebetsa tumellanong le litaelo tsa Jesu joang?
8 Ka mor’a ho tšolloa ha moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E., ntho ea pele eo balateli ba Jesu ba tšepahalang ba ileng ba e etsa e ile ea e-ba ho tsoa ho ea bolela, ba bolella bongata bo neng bo le Jerusalema “lintho tse hlollang tsa Molimo.” Boboleli ba bona bo ile ba atleha haholo, ’me “meea e ka bang likete tse tharo” e ile ea kolobetsoa. Barutuoa ba ile ba tsoela pele ho rorisa Molimo phatlalatsa le ka cheseho, ’me hoo ho ile ha hlahisa litholoana tse ntle.—Liketso 2:4, 11, 41, 46, 47.
9 Kapele-pele baeta-pele ba bolumeli ba ile ba hlokomela mesebetsi ea Bakreste bao. Ba tšoentsoe ke ho utloa Petrose le Johanne ba bua ka sebete, ba ile ba laela baapostola bao ba babeli hore ba khaotse ho bolela. Baapostola ba ile ba arabela ka ho re: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” Ka mor’a ho sokeloa le ho lokolloa, Petrose le Johanne ba ile ba khutlela ho barab’abo bona, eaba kaofela baa kopana ho rapela Jehova. Ka sebete ba ile ba kōpa Jehova: “U etse hore makhoba a hao a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.”—Liketso 4:13, 20, 29.
10. Ke khanyetso efe e ileng ea qala ho iponahatsa, hona Bakreste ba ’nete ba ile ba etsa joang?
10 Thapelo eo e ne e lumellana le thato ea Jehova, joalokaha ho ile ha hlaka hamorao. Baapostola ba ile ba tšoaroa eaba ka mohlolo lengeloi lea ba lokolla. Lengeloi leo le ile la re ho bona: “Tsamaeang, ’me, ha le eme ka tempeleng, le ’ne le bolelle sechaba lipolelo tsohle tse mabapi le bophelo bona.” (Liketso 5:18-20) Kahobane baapostola ba ile ba mamela, Jehova o ile a tsoela pele ho ba hlohonolofatsa. Kahoo, “letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.” (Liketso 5:42) Ka ho hlakileng, khanyetso e matla e ile ea hlōleha ka ho feletseng ho thibela balateli ba Jesu ho isa khanya ho Molimo phatlalatsa.
11. Boikutlo ba Bakreste ba pele ka mosebetsi oa boboleli e ne e le bofe?
11 Kapele Setefane o ile a tšoaroa eaba o tlepetsoa ka majoe ho fihlela a e-shoa. Ho bolaoa ha hae ho ile ha tsosa mahloriso a matla Jerusalema, ’me barutuoa bohle, haese baapostola feela, ba ile ba tlameha ho hasana hohle. Na mahloriso aa a ile a ba nyahamisa? Le hanyenyane. Rea bala: “Ba neng ba hasane ba pholletsa le naha ba bolela litaba tse molemo tsa lentsoe.” (Liketso 8:1, 4) Cheseho eo ea ho bolela khanya ea Molimo e ile ea bonahala ka makhetlo-khetlo. Ho Liketso khaolo ea 9, re bala hore ha Mofarisi Saule oa Tarsase, a ne a e-ea Damaseka a il’o hlohlelletsa hore barutuoa ba Jesu ba hlorisoe moo, o ile a bona Jesu ponong eaba oa foufala. Ha a le Damaseka, ka mohlolo Ananiase o ile a folisa Saule hore e se ke ea hlola e e-ba sefofu. Ntho ea pele eo Saule—eo hamorao a ileng a tsejoa e le moapostola Pauluse—a ileng a e etsa ke efe? Tlaleho eo e re: “Kapele-pele ka lisynagogeng a qala ho bolela Jesu, hore Enoa ke Mora oa Molimo.”—Liketso 9:20.
E Mong le e Mong o ne a Kopanela Boboleling
12, 13. (a) Ho latela bo-rahistori, ke eng e neng e hlokomeleha ka phutheho ea pele ea Bokreste? (b) Buka ea Liketso le mantsoe a Pauluse li lumellana le se boletsoeng ke bo-rahistori joang?
12 Hoa tsebahala hore phuthehong ea pele ea Bokreste e mong le e mong o ne a kopanela mosebetsing oa boboleli. Ha a bua ka Bakreste ba mehleng eo, Philip Schaff oa ngola: “Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le mokhatlo oa baromuoa, ’me molumeli e mong le e mong oa Mokreste e ne e le moromuoa.” (History of the Christian Church) W. S. Williams o re: “Bopaki bo akaretsang ke ba hore Bakreste bohle Kerekeng ea pele, haholo-holo ba neng ba e-na le mpho ea mohlolo [limpho tsa moea], ba ne ba bolela kosepele.” (The Glorious Ministry of the Laity) O boetse o tiisa hore: “Ho hang Jesu Kreste o ne a sa rera hore boboleli e be tokelo e khethehileng ea ba maemong a itseng a tšebeletso feela.” Esita le Celsus, eo e neng e le sera sa khale sa Bokreste, o ile a ngola: “Batho ba sebetsanang le boea, ba etsang lieta, basuhi ba letlalo, ba sa rutehang ho hang le ba eisehang ka ho fetisisa har’a batho, e ne e le baboleli ba chesehang ba kosepele.”
13 Tlaleho ea histori ea Liketso e bontša hore lipolelo tseo ke ’nete. Ka Pentekonta ea 33 C.E., ka mor’a hore ho tšolloe moea o halalelang, barutuoa bohle, banna le basali, ba ile ba bolela phatlalatsa lintho tse hlollang tsa Molimo. Ka mor’a mahloriso a ileng a latela ho bolaoa ha Setefane, Bakreste bohle ba neng ba hasantsoe ba ile ba hasa litaba tse molemo hōle le haufi. Lilemo tse ka bang 28 hamorao, Pauluse o ne a ngolla Bakreste bohle ba Baheberu, eseng sehlotšoana sa baruti feela, ha a ne a re: “Ka eena a re nyeheleng kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.” (Baheberu 13:15) Ha a hlalosa kamoo a talimang mosebetsi oa boboleli kateng, Pauluse o ile a re: “Joale, haeba ke bolela litaba tse molemo, hase lebaka la hore ke ithorise, etsoe ke tlamehile ho ho etsa. Ka sebele, ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!” (1 Bakorinthe 9:16) Ka ho hlakileng, Bakreste bohle ba tšepahalang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ikutloa ka tsela e tšoanang.
14. Tumelo le boboleli li amana joang?
14 Ha e le hantle, Mokreste oa ’nete o lokela ho kopanela mosebetsing oa boboleli hobane kamehla o tsamaea ’moho le tumelo. Pauluse o ile a re: “Ka pelo motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe.” (Baroma 10:10) Na ke sehlotšoana se itseng feela ka phuthehong—se kang sa baruti—se bontšang tumelo, seo ka lebaka leo se nang le boikarabelo ba ho bolela? Ho hlakile hore ha ho joalo! Bakreste bohle ba ’nete ba hlaolela tumelo e matla ho Morena Jesu Kreste ’me ba susumelletseha ho bolella ba bang ka tumelo eo phatlalatsa. Ho seng joalo tumelo ea bona e shoele. (Jakobo 2:26) Kahobane Bakreste bohle ba tšepahalang lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng ba ne ba bontša tumelo ea bona ka tsela ena, ho ile ha utloahala molumo o moholo o rorisang lebitso la Jehova.
15, 16. Fana ka mehlala ho bontša hore mosebetsi oa boboleli o ile oa tsoela pele ho sa tsotellehe mathata.
15 Lekholong la pele la lilemo Jehova o ile a hlohonolofatsa batho ba hae ka khōlo ho sa tsotellehe mathata a neng a le teng ka har’a phutheho le kantle ho eona. Ka mohlala, Liketso khaolo ea 6 e tlaleha hore ho ile ha e-ba le ho se utloane pakeng tsa basokolohi ba buang Seheberu le ba buang Segerike. Baapostola ba ile ba rarolla bothata bona. Ka lebaka leo, rea bala: “Lentsoe la Molimo la tsoela pele ho hōla, ’me palo ea barutuoa ea ’na ea ata haholo Jerusalema; bongata bo boholo ba baprista ba qala ho mamela tumelo.”—Liketso 6:7.
16 Hamorao ho ile ha e-ba le qhoebeshano ea lipolotiki pakeng tsa Morena Heroda Agripa oa Judea le batho ba Tyre le Sidone. Baahi ba metse eo ba ile ba etsa boipiletso ba ho kōpa khotso bo ileng ba mo isa le khongoana holimo, eaba Heroda o fana ka puo ea phatlalatsa. Bongata bo phuthehileng ba qala ho hooa ba re: “Ke lentsoe la molimo, eseng la motho!” Hang-hang lengeloi la Jehova la otla Heroda Agripa eaba oa shoa “hobane ha aa ka a tlotlisa Molimo.” (Liketso 12:20-23) Hoo ho ile ha tšosa ba neng ba tšepile babusi ba batho hakaakang! (Pesaleme ea 146:3, 4) Leha ho le joalo, Bakreste ba ile ba tsoela pele ho tlotlisa Jehova. Ka lebaka leo, “lentsoe la Jehova la tsoela pele ho hōla le ho hasana” ho sa tsotellehe maemo a joalo a sa tsitsang a lipolotiki.—Liketso 12:24.
Boemo ba Nakong eo le ba Hona Joale
17. Lekholong la pele la lilemo, ke eng seo batho ba eketsehileng ba ileng ba kopanela ho sona?
17 E, lekholong la pele la lilemo phutheho ea Bokreste ea lefatše ka bophara e ne e entsoe ka barorisi ba Jehova Molimo ba chesehang, ba mafolofolo. Bakreste bohle ba tšepahalang ba ne ba kopanela ho haseng litaba tse molemo. Ba bang ba ne ba kopana le ba li amohelang ’me, joalokaha Jesu a ne a boletse, ba ne ba ba ruta ho mamela lintho tsohle tseo a li laetseng. (Matheu 28:19, 20) Phello e ile ea e-ba hore phutheho e ile ea hōla, ’me batho ba eketsehileng ba e-ba ntsoe-leng le Morena Davida oa boholo-holo ho iseng thoriso ho Jehova. Kaofela ha bona ba ile ba lumellana le mantsoe ana a bululetsoeng: “Kea u roka, Jehova Molimo oa ka, ka pelo ea ka eohle, ke tla tlotlisa lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, etsoe mosa oa hao o lerato o moholo bakeng sa ka.”—Pesaleme ea 86:12, 13.
18. (a) Ho bonahala phapang efe pakeng tsa phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo le Bokreste-’mōtoana kajeno? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
18 Ka lebaka lena, mantsoe a moprofesa oa thuto ea bolumeli Allison A. Trites a susumelletsa motho ho nahana ka ho teba. Ha a bapisa Bokreste-’mōtoana ba mehleng ea kajeno le Bokreste ba lekholong la pele la lilemo, o ile a re: “Hangata likereke tsa kajeno li hōlisoa ke ho hōla ha malapa (ha bana ba ka lelapeng le kenang kereke ea moo ba ipolela hore ba na le tumelo) kapa ke ho falla (ha ho e-na le setho se secha se tsoang kerekeng e ’ngoe ea moo). Leha ho le joalo, ho Liketso khōlo e ile ea tlisoa ke ho sokoloha, kaha e ne e le hona kereke e qalang mosebetsi oa eona.” Na seo se bolela hore Bokreste ba ’nete ha bo sa hōla ka tsela eo Jesu a itseng bo lokela ho hōla ka eona? Ka sebele ha ho joalo. Kajeno Bakreste ba ’nete ba isa thoriso ho Molimo phatlalatsa ka cheseho e matla joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Re tla bona sena sehloohong se latelang.
Na U ka Hlalosa?
• Re tlotlisa Molimo ka litsela life?
• Pauluse o ile a bontša hore Pesaleme ea 19:4 e phethahala joang?
• Tumelo le boboleli li amana joang?
• Ke eng e neng e hlokomeleha ka phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo?
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Maholimo a paka khanya ea Jehova a sa khaotse
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Kamehla mosebetsi oa boboleli le thapelo li tsamaea ’moho