Kahlolo ea Jehova e Tla Tlela ba Khopo
“Itokisetse ho kopana le Molimo oa hao.”—AMOSE 4:12.
1, 2. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o tla felisa bokhopo?
NA Jehova o tla ke a felise bokhopo le mahlomola lefatšeng lee? Mathoasong a lekholo lena la bo21 la lilemo, potso eo ke ea bohlokoa ho feta leha e le neng pele. Ho bonahala eka hohle moo re retelehelang teng, re bona bopaki ba kamoo motho a leng sehlōhō ho motho e mong kateng. Ka sebele re labalabela ho bona lefatše le se nang mabifi, bokhukhuni le bobolu!
2 Litaba tse molemo ke hore re ka kholiseha ka ho feletseng hore Jehova o tla felisa bokhopo. Litšobotsi tsa Molimo li re tiisetsa hore o tla nka khato khahlanong le ba khopo. Jehova o lokile ebile o na le toka. Ho Pesaleme ea 33:5, Lentsoe la hae le re ho rōna: “O rata ho loka le toka.” Pesaleme e ’ngoe e re: “Ka sebele moea oa [Jehova] o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) Ka sebele, Jehova, Molimo ea matla ’ohle, ea ratang ho loka le toka, a ke ke a lumella hore seo a se hloileng se tsoele pele ka ho sa feleng.
3. Ho tla hatisoa eng ha ho hlahlojoa boprofeta ba Amose ka ho eketsehileng?
3 Hlokomela lebaka le leng leo ka lona re ka kholisehang hore Jehova o tla tlosa bokhopo. Tlaleho ea litšebelisano tsa hae tsa nakong e fetileng e tiisa sena. Mehlala e tsotehang ea tsela ea Jehova ea ho sebetsana le ba khopo e fumanoa bukeng ea Bibele ea Amose. Ho hlahloba boprofeta ba Amose ka ho eketsehileng ho tla hatisa lintho tse tharo ka kahlolo ea Molimo. Ea pele, kamehla e loketse. Ea bobeli, e ke ke ea qojoa. Ea boraro, ea khetha, hobane Jehova o ahlola baetsi ba bobe empa o bontša mosa ho batho ba bakang le ba nang le tšekamelo e nepahetseng.—Baroma 9:17-26.
Kahlolo ea Molimo Kamehla e Loketse
4. Jehova o ile a roma Amose hokae, hona e le ka morero ofe?
4 Mehleng ea Amose, Baiseraele ba ne ba se ba arohane e le mebuso e ’meli. O mong e ne e le ’muso o ka boroa oa Juda oa meloko e ’meli. O mong e le ’muso o ka leboea oa Iseraele oa meloko e leshome. Jehova o ile a laela Amose hore e be moprofeta, a mo roma hore a tlohe motseng oa habo oa Juda a ee Iseraele. Ha Amose a le moo, Molimo o ne a tla mo sebelisa hore a phatlalatse kahlolo ea Hae.
5. Amose o ile a qala ho profeta khahlanong le lichaba life, hona ke ka lebaka lefe le leng li neng li lokeloa ke kahlolo e bohloko ea Molimo?
5 Amose ha aa ka a qala mosebetsi oa hae ka ho phatlalatsa kahlolo ea Jehova khahlanong le ’muso o ka leboea oa Iseraele o tsoileng tseleng. Ho e-na le hoo, o ile a qala ka ho phatlalatsa kahlolo e bohloko ea Molimo khahlanong le lichaba tse tšeletseng tse haufi. Lichaba tsena e ne e le Syria, Filistia, Tyre, Edomo, Ammone le Moabe. Empa na li ne li hlile li lokeloa ke kahlolo e bohloko ea Molimo? Ka sebele ruri! Lebaka le leng la sena ke hore, e ne e le lira tse pelo li thata tsa batho ba Jehova.
6. Ke hobane’ng ha Molimo a ne a tla tlisetsa Syria, Filistia le Tyre tlokotsi?
6 Ka mohlala, Jehova o ile a nyatsa Basyria “ka lebaka la ho pola ha bona Gileade.” (Amose 1:3) Basyria ba ile ba hapa naha ea Gileade—e leng sebaka sa Iseraele se ka bochabela ho Nōka ea Jordane—’me ba ntša batho ba Molimo likotsi tse mpe sebakeng seo. Ho thoe’ng ka Filistia le Tyre? Bafilista ba ne ba le molato oa ho hapa baholehuoa kapa batlamuoa ba Iseraele, le ho ba rekisetsa Baedomo, ’me Baiseraele ba bang ba ile ba e-ba tlas’a taolo ea Batyre ba neng ba rekisa makhoba. (Amose 1:6, 9) Ak’u nahane—batho ba Molimo ba ne ba rekisoa bokhobeng! Ha ho makatse hore ebe Jehova o ne a tla tlisetsa Syria, Filistia le Tyre tlokotsi.
7. Edomo, Ammone le Moabe li ne li tšoana le Iseraele ka eng, empa li ile tsa tšoara Baiseraele joang?
7 Edomo, Ammone le Moabe li ne li tšoana ka ntho e itseng le Iseraele ebile li tšoana ka botsona. Lichaba tseo ka boraro ba tsona li ne li amana le Baiseraele. Baedomo e ne e le litloholo tsa Abrahama ka mor’abo Jakobo oa lefahla, e leng Esau. Kahoo, ka tsela e itseng, e ne e le barab’abo Baiseraele. Baammone le Bamoabe e ne e le litloholo tsa ngoan’a ngoan’abo Abrahama, e leng Lota. Leha ho le joalo, na Baedomo, Baammone le Bamoabe ba ile ba tšoara Baiseraele bao ba amanang le bona ka tsela e lerato? Le hanyenyane! Ka ho hloka mohau Edomo o ile a sebelisa sabole khahlanong le “mor’abo,” ’me Baammone ba ile ba tšoara baholehuoa ba Iseraele ka sehlōhō. (Amose 1:11, 13) Le hoja Amose a sa bue ka ho toba ka tsela eo Moabe e neng e tšoere batho ba Molimo hampe ka eona, Bamoabe ba ne ba e-na le tlaleho ea nako e telele ea ho hanyetsa Baiseraele. Kotlo ea lichaba tseo tse tharo tse amanang e ne e tla ba boima. Jehova o ne a tla li timetsa ka bohale.
Kahlolo ea Molimo e ke ke ea Qojoa
8. Ke hobane’ng ha likahlolo tsa Molimo khahlanong le lichaba tse tšeletseng tse neng li pota-potile Iseraele li ne li ke ke tsa qojoa?
8 Ntle ho pelaelo, lichaba tse tšeletseng tseo ho builoeng ka tsona pejana boprofeteng ba Amose li ne li lokeloa ke kahlolo e bohloko ea Molimo. Hape, ho ne ho se kamoo li ka e qobang kateng. Ho tloha ho Amose khaolo ea 1, temana ea 3, ho isa khaolong ea 2, temana ea 1, ka makhetlo a tšeletseng Jehova o re: “Nke ke ka e khutlisa.” Phethahatsong ea mantsoe a hae, ha aa ka a khutlisa letsoho la hae khahlanong le lichaba tseo. Ke ’nete e tsejoang historing hore lichaba tseo kaofela, hamorao li ile tsa oeloa ke tlokotsi. Ha e le hantle, bonyane tse ’nè tsa tsona—Filistia, Moabe, Ammone le Edomo—qetellong li ile tsa timela!
9. Baahi ba Juda ba ne ba loketsoe ke eng, hona hobane’ng?
9 Joale boprofeta ba Amose bo ile ba bua ka sechaba sa bosupa—e leng naha ea habo ea Juda. E ka ’na eaba ba neng ba mametse Amose ’musong o ka leboea oa Iseraele ba ile ba makala ha ba mo utloa a phatlalatsa kahlolo khahlanong le ’muso oa Juda. Ke hobane’ng ha baahi ba Juda ba ne ba lokeloa ke kahlolo e bohloko? Amose 2:4 e re: “Ka lebaka la ho lahla ha bona molao oa Jehova.” Jehova ha aa ka a nka habobebe taba ena ea hore ka boomo ba se natse Molao oa hae. Ho ea ka Amose 2:5, o ile a bolela esale pele a re: “Ke tla romela mollo Juda, ’me o tla chesa litora tsa bolulo tsa Jerusalema.”
10. Ke hobane’ng ha Juda e ne e ke ke ea qoba bomalimabe?
10 Juda e sa tšepahaleng e ne e ke ke ea qoba bomalimabe bo tlang. Ka lekhetlo la bosupa Jehova o ile a re: “Nke ke ka e khutlisa.” (Amose 2:4) Juda e ile ea amohela kotlo e ileng ea boleloa esale pele ha e ne e etsoa lesupi ke Bababylona ka 607 B.C.E. Re boetse rea bona hore ba khopo ba ke ke ba qoba kahlolo ea Molimo.
11-13. Amose o ile a profeta khahlanong le sechaba sefe ka ho khetheha, hona ho ne ho e-na le khatello ea mofuta ofe moo?
11 Moprofeta Amose o ne a sa tsoa phatlalatsa kahlolo ea Jehova khahlanong le lichaba tse supileng. Leha ho le joalo, mang kapa mang ea neng a nahana hore Amose o ne a qetile ho profeta, o ne a fositse. Amose o ne a sa le hōle le ho qeta! Ntho e ka sehloohong eo Amose a neng a laetsoe hore a e phatlalatse ke molaetsa oa kahlolo e matla khahlanong le ’muso o ka leboea oa Iseraele. Iseraele le eona e ne e lokeloa ke kahlolo e bohloko ea Molimo hobane sechaba se ne se senyehile boitšoarong le moeeng ka tsela e sisimosang.
12 Boprofeta ba Amose bo ile ba senola khatello e neng e tloaelehile ’musong oa Iseraele. Mabapi le taba ena, Amose 2:6, 7 e re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Iseraele hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho rekisa ha bona ea lokileng bakeng sa silevera, le mofutsana bakeng sa theko ea para ea meqathatso. Ba labalabela lerōle la lefatše le holim’a lihlooho tsa batho ba tlaase; ’me ba khelosa tsela ea batho ba bonolo.’”
13 Ba lokileng ba ne ba rekisoa “bakeng sa silevera,” e leng se bolelang hore mohlomong, baahloli ba neng ba amohela tjotjo ea silevera, ba ne ba ahlola ba se nang molato. Batho ba kolotoang ba ne ba rekisa mafutsana bokhobeng ka theko ea “para ea meqathatso,” mohlomong e le bakeng sa sekoloto se senyenyane feela. Batho ba hlokang kutloelo-bohloko ba ne ba “labalabela,” kapa ba chesehela ho hatella “batho ba tlaase” hoo mafutsana ana a neng a ithunthetsa lihlooho ka lerōle, e le pontšo ea ho tsieleha, ho siama kapa lihlong. Bobolu bo ne bo jele setsi hoo “batho ba bonolo” ba neng ba se na tšepo ea hore ka tsela leha e le efe ba tla ke ba sebeletsoe ka toka.
14. Ke bo-mang ba neng ba tšoeroe hampe ’musong oa Iseraele oa meloko e leshome?
14 Hlokomela hore na ke bo-mang ba neng ba tšoeroe hampe. E ne e le baahi ba naha ba lokileng, ba mafutsana, ba tlaase le ba bonolo. Selekane sa Molao sa Jehova le Baiseraele se ne se hloka hore ho bontšoe kutloelo-bohloko ho ba sa khoneng ho itšireletsa le ba hlokang. Leha ho le joalo, maemo a ne a le mabe haholo bakeng sa batho ba joalo ba neng ba le sebakeng se tlas’a ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome.
“Itokisetse ho Kopana le Molimo oa Hao”
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba fuoa temoso e reng: ‘Itokisetseng ho kopana le Molimo oa lōna’? (b) Amose 9:1, 2 e bontša joang hore ba khopo ba ke ke ba balehela kahlolo ea Molimo? (c) Ho ile ha etsahala’ng ka ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome ka 740 B.C.E.?
15 Kaha boitšoaro bo bobe le libe tse ling li ne li atile Iseraele, ke ka lebaka le utloahalang moprofeta Amose a ileng a lemosa sechaba seo sa marabele ka ho re: “U itokisetse ho kopana le Molimo oa hao.” (Amose 4:12) Baiseraele ba sa tšepahaleng ba ne ba ke ke ba qoba kahlolo e atamelang ea Molimo hobane ka lekhetlo la borobeli, Jehova o ile a re: “Nke ke ka e khutlisa.” (Amose 2:6) Mabapi le ba khopo ba neng ba ka ’na ba leka ho ipata, Molimo o ile a re: “Ha ho le ea mong oa bona ea balehang ea tla khona ho baleha, ’me ha ho le ea mong oa bona ea balehang ea tla phonyoha. Haeba ba cheka ho kena tlaase Sheole, letsoho la ka le tla ba ntša moo; haeba ba nyolohela maholimong, ke tla ba theola moo.”—Amose 9:1, 2.
16 Ba khopo ba ne ba ke ke ba balehela kahlolo ea Jehova ka ho cheka “ho kena tlaase Sheole,” e leng seo ka tšoantšetso se bontšang boiteko ba ho ipata likarolong tse tlaase-tlaase tsa lefatše. Hape ba ne ba ke ke ba qoba kahlolo ea Molimo ka ho nyolohela “maholimong,” e leng se bolelang ho leka ho fumana setšabelo lithabeng tse phahameng. Temoso ea Jehova e ne e hlakile: Ha ho sebaka sa ho ipata seo a ke keng a fihla ho sona. Toka ea Molimo e ne e hloka hore ’muso oa Iseraele o ikarabelle ka liketso tsa oona tse khopo. Nako eo e ile ea fela ea tla. Ka 740 B.C.E.—lilemo tse ka bang 60 ka mor’a hore Amose a tlalehe boprofeta ba hae—Baassyria ba hlōlang ba ile ba hapa ’muso oa Iseraele.
Kahlolo ea Molimo ea Khetha
17, 18. Amose khaolo ea 9 e senola eng ka mohau oa Molimo?
17 Boprofeta ba Amose bo re thusitse ho bona hore kamehla kahlolo ea Molimo e loketse ebile e ke ke ea qojoa. Empa buka ea Amose e boetse e bontša hore kahlolo ea Jehova ea khetha. Molimo a ka fumana ba khopo kae kapa kae moo ba ipatileng teng a ba a ba ahlola. A ka boela a fumana ba bakileng le ba lokileng—bao a khethang ho ba bontša mohau. Sena se totobatsoa ka bokhabane khaolong ea ho qetela ea buka ea Amose.
18 Ho ea ka Amose khaolo ea 9, temana ea 8, Jehova o ile a re: “Nke ke ka felisa ntlo ea Jakobo [ka ho feletseng].” Joalokaha ho boletsoe temaneng ea 13 ho isa ho ea 15, Jehova o ile a tšepisa hore o tla “khutlisa baholehuoa” ba batho ba hae. Ba ne ba tla bontšoa mohau ’me ba thabele tšireletseho le nala. Jehova o ile a tšepisa a re: “Molemi o tla fihlela mokotuli.” Ak’u nahane—kotulo e se e le ngata haholo hoo ha nako e latelang ea ho lema le ho jala peō e fihla, e ’ngoe ea eona e neng e tla be e e-s’o bokelloe!
19. Ho ile ha etsahala’ng ka masala a Iseraele le a Juda?
19 Ho ka boleloa hore kahlolo ea Jehova khahlanong le ba khopo naheng ea Juda le ea Iseraele e ne e khetha hobane ba bakileng le ba nang le tšekamelo e nepahetseng ba ile ba bontšoa mohau. Phethahatsong ea boprofeta ba tsosoloso bo tlalehiloeng ho Amose khaolo ea 9, masala a bakileng a Iseraele le a Juda a ile a khutla kholehong Babylona ka 537 B.C.E. Ha a se a khutletse naheng ea habo ’ona e ratoang, a ile a tsosolosa borapeli bo hloekileng. A sireletsehile, a ile a boela a haha matlo a ’ona bocha, ’me a lema masimo a morara le lirapa.
Kahlolo e Bohloko ea Jehova e Tla Tla!
20. Ho tšohla melaetsa ea kahlolo e ileng ea boleloa ke Amose ho lokela ho re tiisetsa eng?
20 Ho hlahloba melaetsa ea kahlolo ea Molimo e ileng ea boleloa ke Amose ho lokela ho re tiisetsa hore Jehova o tla felisa bokhopo mehleng ea rōna. Ke hobane’ng ha re ka lumela seo? Lebaka la pele, mehlala ena ea nakong e fetileng ea kamoo Molimo a ileng a sebetsana le ba khopo e bontša seo a tla se etsa mehleng ea rōna. La bobeli, ho lihuoa ha kahlolo ea Molimo holim’a ’muso oa bokoenehi oa Iseraele ho tiisa hore Molimo o tla timetsa Bokreste-’mōtoana, e leng karolo e molato ka ho fetisisa ea “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.—Tšenolo 18:2.
21. Ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo lokeloa ke kahlolo ea Molimo e bohloko?
21 Ha ho pelaelo hore Bokreste-’mōtoana bo lokeloa ke kahlolo ea Molimo e bohloko. Maemo a sisimosang a Bokreste-’mōtoana a bolumeli le a boitšoaro, a totobetse. Kahlolo ea Jehova khahlanong le Bokreste-’mōtoana—le lefatše lohle la Satane—e loketse. Hape e ke ke ea qojoa, hobane ha nako ea ho liha kahlolo e fihla, mantsoe a Amose khaolo ea 9, temana ea 1, a tla sebetsa: “Ha ho le ea mong oa bona ea balehang ea tla khona ho baleha, ’me ha ho le ea mong oa bona ea balehang ea tla phonyoha.” E, ho sa tsotellehe hore na ba khopo ba ipata hokae, Jehova o tla ba fumana.
22. Ke lintlha life tse malebana le kahlolo ea Molimo tse hlakisoang ho 2 Bathesalonika 1:6-8?
22 Kamehla kahlolo ea Molimo e loketse, e ke ke ea qojoa ebile ea khetha. Sena se ka bonoa mantsoeng a moapostola Pauluse a reng: “Ho lokile hore Molimo a busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang, empa, ho lōna ba utloisoang bohloko ke matšoenyeho, phomolo hammoho le rōna tšenolong ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.” (2 Bathesalonika 1:6-8) “Ho lokile hore Molimo” a buseletse ba lokeloang ke kahlolo e bohloko ka lebaka la ho tšoenya batlotsuoa ba hae. Kahlolo eo e ke ke ea qojoa, hobane ba khopo ba ke ke ba pholoha ‘tšenolo ea Jesu le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang.’ Kahlolo ea Molimo e boetse e tla khetha hobane Jesu o tla tlisa phetetso “holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo.” ’Me ho lihuoa ha kahlolo ea Molimo ho tla tlisa matšeliso ho batho ba tšabang Molimo ba utloisoang bohloko ke matšoenyeho.
Tšepo Bakeng sa ba Lokileng
23. Re ka fumana tšepo le matšeliso afe bukeng ea Amose?
23 Boprofeta ba Amose bo na le molaetsa o babatsehang oa tšepo le matšeliso ho batho ba nang le tšekamelo e nepahetseng. Joalokaha ho boletsoe esale pele bukeng ea Amose, Jehova ha aa ka a felisa batho ba hae ba mehleng ea boholo-holo ka ho feletseng. Qetellong o ile a bokella baholehuoa ba Iseraele le ba Juda, a ba khutlisetsa naheng ea habo bona a ba a ba hlohonolofatsa ka tšireletseho e khōlō le nala. See se bolela’ng ho rōna kajeno? Se etsa hore re kholisehe hore ha kahlolo ea Molimo e lihuoa, Jehova o tla fumana ba khopo kae kapa kae moo ba ipatang teng ’me o tla fumana batho bao a nkang ba lokeloa ke mohau, oa hae ho sa tsotellehe hore na ba tla be ba lula hokae lefatšeng.
24. Bahlanka ba Jehova ba mehleng ea kajeno ba hlohonolofalitsoe ka litsela life?
24 Ha re ntse re letetse nako ea hore Jehova a ahlole ba khopo, ho etsahala’ng ka rōna joaloka bahlanka ba hae ba tšepahalang? Jehova o re hlohonolofatsa ka nala ea moea e khaphatsehang. Re thabela tsela ea borapeli bo se nang mashano le bo se nang litaba tse sothiloeng tse hlahisitsoeng ke lithuto tsa bohata tsa Bokreste-’mōtoana. Jehova o boetse o re hlohonolofalitse ka nala ea lijo tsa moea. Leha ho le joalo, hopola hore, khapukhapu ena ea litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova e tsamaea le boikarabelo bo boholo. Molimo o lebeletse hore re lemose ba bang ka kahlolo e tlang. Re batla ho etsa sohle seo re ka se khonang ho batla ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Liketso 13:48) E, re batla ho thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba kopanele naleng ea moea eo re e thabelang hona joale. ’Me re batla hore ba pholohe kahlolo ea Molimo e atamelang e tlelang ba khopo. Ho hlakile hore haeba re batla ho fumana litlhohonolofatso tsena, lipelo tsa rōna li lokela ho ba boemong bo nepahetseng. Joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, sena le sona sea totobatsoa boprofeteng ba Amose.
U ka Araba Joang?
• Boprofeta ba Amose bo bontša joang hore likahlolo tse bohloko tsa Jehova kamehla li loketse?
• Amose o fana ka bopaki bofe bo bontšang hore kahlolo ea Molimo e ke ke ea qojoa?
• Buka ea Amose e bontša joang hore Molimo oa khetha ha a liha kahlolo?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
’Muso oa Iseraele ha oa ka oa phonyoha kahlolo ea Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ka 537 B.C.E., masala a Iseraele le a Juda a ile a khutla botlamuoeng Babylona