Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Samuele oa Pele
KE SELEMO sa 1117 B.C.E. Ho se ho fetile lilemo tse ka bang makholo a mararo haesale Joshua a hapa Naha e Tšepisitsoeng. Banna ba hōlileng ba Iseraele ba tla ho moprofeta oa Jehova ho tla kōpa ntho e sa tloaelehang. Moprofeta o rapela ka taba ena, ’me Jehova o ba fa seo ba se kōpileng. Sena se tšoaea ho fela ha mehla ea Baahloli le ho qaleha ha nako ea marena a batho. Buka ea Bibele ea Samuele oa Pele e hlalosa liketsahalo tse thahasellisang tse potolohileng nako eo ea phetoho ea bohlokoa historing ea sechaba sa Iseraele.
Samuele oa Pele e ngotsoe ke Samuele, Nathane le Gade, ’me e akaretsa nako ea lilemo tse 102—ho tloha ka 1180 ho isa ho 1078 B.C.E. (1 Likronike 29:29) Ke tlaleho ea baeta-pele ba bane ba Iseraele. Ba babeli ke baahloli, ba babeli ke marena; ba babeli ba mamela Jehova, ba babeli ha ba mo mamele. Re boetse re tseba basali ba babeli ba behang mohlala le mohlabani ea sebete empa a le bonolo. Mehlala ena e re ruta lithuto tsa bohlokoa ka boikutlo le liketso tseo re lokelang ho li etsisa le tseo re lokelang ho li qoba. Kahoo se fuperoeng ke Samuele oa Pele se ka fana ka matla menahanong le liketsong tsa rōna.—Baheberu 4:12.
SAMUELE O HLAHLAMA ELI JOALOKA MOAHLOLI
Ke nako ea Mokete oa ho Bokella, ’me Anna, ea lulang Rama, ha a tsebe hore a iketse’ng ke thabo.a Jehova o arabile lithapelo tsa hae, ’me o belehile mora. E le hore a phethe boitlamo ba hae, Anna o nehelana ka mora oa hae Samuele hore a sebeletse “ka tlung ea Jehova.” Ha a le moo moshanyana e ba “mosebeletsi oa Jehova ka pel’a moprista Eli.” (1 Samuele 1:24; 2:11) Ha Samuele a sa ntse a le monyenyane, Jehova o bua le eena, o liha kahlolo khahlanong le ntlo ea Eli. Ha Samuele a ntse a hōla, batho bohle ba Iseraele ba qala ho mo nka e le moprofeta oa Jehova.
Qetellong, Bafilista ba futuhela Iseraele. Ba hapa Areka ’me ba bolaea bara ba babeli ba Eli. Ha monna-moholo Eli a utloa litaba tsena oa shoa, ’me o ne a se a “ahlotse Baiseraele ka lilemo tse mashome a mane.” (1 Samuele 4:18) Ho ba le Areka ho bakela Bafilista mathata, kahoo ba e khutlisetsa ho Baiseraele. Joale Samuele o ahlola Iseraele, ’me ho ba le khotso naheng.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
2:10—Ke hobane’ng ha Anna a ile a rapela hore Jehova a “[fe] morena oa hae matla” kaha ho ne se na morena oa motho ea busang Iseraele? Taba ea hore Baiseraele ba ne ba tla ba le morena oa motho e ile ea boleloa esale pele Molaong oa Moshe. (Deuteronoma 17:14-18) Boprofeteng ba hae ba ha a le makhatheng a lefu, Jakobo o ile a re: “Lere la borena [le tšoantšetsang taolo ea borena] le ke ke la sutha ho Juda.” (Genese 49:10) Ho feta moo, mabapi le Sara—e leng moholo-holo oa Baiseraele—Jehova o ile a re: “Marena a lichaba a tla tsoa ho eena.” (Genese 17:16) Kahoo, Anna o ne a rapella morena oa ka moso.
3:3—Na kannete Samuele o ile a robala ka Sehalalelisisong? Che. Samuele e ne e le Molevi oa lelapa leo e seng la baprista, e leng la Bakohathe. (1 Likronike 6:33-38) Kahoo, o ne a sa lumelloa ho “kena ho tla bona lintho tse halalelang.” (Numere 4:17-20) Karolo feela ea sehalalelo eo Samuele a neng a lumeletsoe ho e sebelisa e ne e le lebala la tabernakele. E tlameha ebe o ne a robala moo. Kamoo ho bonahalang kateng, Eli le eena o ne a robala kae-kae lebaleng. Ho ka etsahala hore ebe polelo e reng “moo areka ea Molimo e neng e le hona teng” e bua ka sebaka sa tabernakele.
7:7-9, 17—Ke hobane’ng ha Samuele a ile a nyehela nyehelo ea secheso Mizpa le ho hloma aletare Rama, athe mahlabelo a ne a lokela ho nyeheloa kamehla feela sebakeng se khethiloeng ke Jehova? (Deuteronoma 12:4-7, 13, 14; Joshua 22:19) Ha Areka e halalelang e qeta ho tlosoa tabernakeleng e Shilo, boteng ba Jehova ha boa ba ka ba hlola bo bonahala moo. Kahoo Samuele joaloka moemeli oa Molimo o ile a nyehela nyehelo ea secheso Mizpa a ba a hloma aletare Rama. Kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a amohela liketso tsena.
Seo re Ithutang Sona:
1:11, 12, 21-23; 2:19. Mokhoa oa Anna oa ho rapela, boikokobetso ba hae, kananelo ea hae bakeng sa mosa oa Jehova le kameho ea hae ea ’mè ke mohlala bakeng sa basali bohle ba tšabang Molimo.
1:8. Ka sebele Elkana o ile a beha mohlala o motle ka ho matlafatsa ba bang ka mantsoe! (Jobo 16:5) Pele o ile a botsa Anna ea nyahameng potso e sa mo qoseng: “Ke hobane’ng ha pelo ea hao e utloile bohloko?” Sena se ile sa etsa a ntše se ka sefubeng sa hae. Eaba Elkana o mo tiisetsa hore oa mo rata, o re: “Na ha ke molemo ho uena ho feta bara ba leshome?”
2:26; 3:5-8, 15, 19. Haeba re etsa mosebetsi oo Molimo a re abetseng oona ka khothalo, le ka ho sebelisa hamolemo koetliso ea rōna ea moea, le ka ho ba ba nahanelang le ba nang le tlhompho, re ba ba ‘ratehang ka ho eketsehileng’ ho Molimo le ho batho.
4:3, 4, 10. Esita le ntho e halalelang joaloka areka ea selekane ha ea ka ea e-ba thatho bakeng sa tšireletso. Re lokela ho ‘itebela litšoantšong tse rapeloang.’—1 Johanne 5:21.
MORENA OA PELE OA ISERAELE—NA O ILE A ATLEHA KAPA A HLŌLEHA?
Samuele o tšepahala ho Jehova bophelo ba hae kaofela, empa bara ba hae ha ba tsamaee litseleng tsa bomolimo. Ha banna ha hōlileng ba Iseraele ba kōpa morena oa motho, Jehova o ba lumella ka eena. Samuele o latela tataiso ea Jehova ’me o tlotsa Saule, tjaka ea Mobenjamine, ho ba morena. Saule o tiisa boemo ba hae ba ho ba morena ka ho hlōla Baamone.
Jonathane, mora ea sebete oa Saule o bolaea lebotho la Bafilista le lulang setsing sa sesole. Bafilista ba futuhela Iseraele ka lebotho le leholo. Saule o tlala tšabo ’me ka ho se mamele o nyehela sehlabelo sa secheso ka boeena. A tsamaea le mojari oa lihlomo tsa hae feela, Jonathane ea sebete o hlasela lebotho le leng hape la Bafilista. Leha ho le joalo, kano ea Saule e entsoeng ka lepotlapotla e etsa hore tlhōlo e se ke ea e-ba e feletseng. Saule o qala “ho loantša ka hohle” lira tsohle tsa hae. (1 Samuele 14:47) Leha ho le joalo, ha a qeta ho hlōla Baamaleke, o hlompholla Jehova ka ho boloka se “nehetsoeng timetso.” (Levitike 27:28, 29) Ka lebaka leo, Jehova o lahla Saule hore e se ke ea e-ba morena.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
9:9—Polelo e reng “moprofeta oa kajeno o ne a bitsoa seboni linakong tsa pele” e bontša eng? Mohlomong mantsoe ana a bontša hore ha baprofeta ba ntse ba tuma haholoanyane mehleng ea Samuele le mehleng ea marena a Iseraele, lentsoe “seboni” le ile la nkeloa sebaka ke lentsoe “moprofeta.” Samuele o nkoa e le eena oa pele lesikeng la baprofeta.—Liketso 3:24.
14:24-32, 44, 45—Na Molimo ha aa ka a amohela Jonathane hobane a jele mahe a linotši ho tlōla kano ea Saule? Ha ho bonahale eka ketso ena e ile ea etsa hore Molimo a se ke a amohela Jonathane. Taba ea pele, Jonathane o ne a sa tsebe ka kano ea ntat’ae. Ho feta moo, kano eo, e neng e susumelitsoe ke cheseho ea bohata kapa pono e fosahetseng ka matla a borena, e ile ea bakela batho mathata. Molimo o ne a ka amohela kano e joalo joang? Leha Jonathane a ne a ikemiselitse ho amohela liphello tsa ho tlōla kano eo, bophelo ba hae bo ile ba bolokoa.
15:6—Ke hobane’ng ha Saule a ile a bontša Bakene mosa o khethehileng? Bakene e ne e le bara ba mohoe oa Moshe. Ba ile ba thusa Baiseraele ha ba qeta ho tloha Thabeng ea Sinai. (Numere 10:29-32) Naheng ea Kanana, Bakene ba ile ba boela ba lula le bara ba Juda ka nakoana. (Baahloli 1:16) Le hoja hamorao ba ile ba lula har’a Baamaleke le har’a lichaba tse ling tse sa tšoaneng, Bakene ba ile ba lula ba ntse ba utloana le Baiseraele. Ke ka lebaka le utloahalang Saule a ileng a boloka Bakene.
Seo re Ithutang Sona:
9:21; 10:22, 27. Boinyenyefatso le boikokobetso boo Saule a neng a e-na le bona ha e ne e e-ba morena ka lekhetlo la pele bo ile ba mo sireletsa hore a se ke a etsa lintho ka lepotlapotla ha “banna ba se nang molemo” ba ne ba sa amohele borena ba hae. Ka sebele boikutlo bo joalo bo re sireletsa hore re se ke ra etsa liketso tse se nang kelello!
12:20, 21. Le ka mohla u se ke ua lumella “lintho tseo e seng tsa sebele,” tse kang ho tšepa batho, ho tšepa matla a sesole a lichaba, kapa borapeli ba litšoantšo li u khelose ho sebeletseng Jehova.
12:24. Thuso ea bohlokoa mabapi le ho ba le tšabo e nang le tlhompho bakeng sa Jehova le ho mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa rōna ke ho ‘bona hore na o entse lintho tse khōlō hakaakang’ bakeng sa batho ba hae ba boholo-holo esita le ba mehleng ea kajeno.
13:10-14; 15:22-25, 30. Itebele khahlanong le ho iketelletsa pele—ho sa tsotellehe hore na ho bonahatsoa ka liketso tsa ho se mamele kapa ka ho ba le boikutlo ba boikhohomoso.—Liproverbia 11:2.
MOLISANA O KHETHELOA BORENA
Samuele o tlotsa Davida oa leloko la Juda ho ba morena oa ka moso. Kapele ka mor’a moo, Davida o bolaea seqhenqha sa Mofilista Goliathe ka lejoe le le leng le letjeketjaneng. Davida le Jonathane e ba metsoalle e ntšanang se inong. Saule o etsa Davida mookameli oa mabotho a hae. Ha basali ba Iseraele ba rorisa Davida ka liketso tsa hae tse ngata tsa tlhōlo baa bina ’me ba re: “Saule o bolaile likete tsa hae, Davida o bolaile likete tsa hae tse mashome.” (1 Samuele 18:7) Saule a tletse mōna, o batla ho bolaea Davida. Ka mor’a ho hlaseloa ke Saule ka makhetlo a mararo, Davida oa baleha ’me e ba ’malehi.
Lilemong tsa ha e ntse e le ’malehi, Davida o sireletsa bophelo ba Saule habeli. O boetse o kopana le Abigaile e motle ’me qetellong oa mo nyala. Ha Bafilista ba ntse ba futuhela Iseraele, Saule o botsa Jehova. Empa Jehova o mo lahlile. Samuele o shoele. A qakehile, Saule o ea ho motho ea buisanang le meea, ’me o mo bolella hore o tla bolaoa ntoeng khahlanong le Bafilista. Ha ntoa e ntse e kupa, Saule o lemala habohloko, ’me bara ba hae baa bolaoa. Tlaleho e phethela ka Saule ea shoang e le motho ea hlōlehileng. Davida o ntse a ipatile.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
16:14—Ke moea ofe o mobe o ileng oa tšosa Saule? Moea o mobe o ileng oa etsa hore Saule a se ke a ba le khotso ea kelello e ne e le tšekamelo e mpe ea kelello ea hae le pelo—tšusumetso e ka hare ho eena ea ho etsa se fosahetseng. Ha Jehova a tlosa moea oa hae o halalelang, ha oa ka oa sireletsa Saule ’me o ile a laoloa ke moea oa hae o mobe. Kaha Molimo o ile a lumella hore moea oo o nkele moea oa Hae o halalelang sebaka, moea ona o mobe o bitsoa “moea o mobe o tsoang ho Jehova.”
17:55—Ho ea ka 1 Samuele 16:17-23, ke hobane’ng ha Saule a ile a botsa hore na Davida ke mora oa mang? Saule o ne a sa botse feela lebitso la ntate oa Davida. Ho ka etsahala hore ebe o ne a batla ho tseba hore na ke ntate oa mofuta ofe ea bileng le mora ea neng a sa tsoa etsa ketso e makatsang ea ho bolaea seqhenqha.
Seo re Ithutang Sona:
16:6, 7. Ho e-na le ho khahloa ke ponahalo ea ka ntle ea batho kapa ho potlakela ho ba ahlola, re lokela ho leka ho ba talima kamoo Jehova a ba talimang kateng.
17:47-50. Re ka khona ho tobana ka sebete le khanyetso kapa mahloriso a tsoang ho lira tse kang Goliathe “hobane ntoa ke ea Jehova.”
18:1, 3; 20:41, 42. Metsoalle ea sebele e ka fumanoa har’a ba ratang Jehova.
21:12, 13. Jehova o lebeletse hore re sebelise matla a rōna a kelello le bokhoni hore re sebetsane le maemo a thata bophelong. O re file Lentsoe la hae le bululetsoeng, le fanang ka masene, tsebo le matla a ho nahana. (Liproverbia 1:4) Re boetse re fumana thuso e tsoang ho baholo ba Bakreste ba khethiloeng.
24:6; 26:11. Davida ke mohlala o motle hakaakang oa ho bontša tlhompho ea sebele bakeng sa motlotsuoa oa Jehova!
25:23-33. Ho ba le kelello ha Abigaile ke ntho e ka etsisoang.
28:8-19. Meea e mebe e ka iketsa eka ke batho ba itseng ba shoeleng e le ha e leka ho khelosa batho kapa ho ba ntša kotsi. Re lokela ho qoba mefuta eohle ea tšebelisano le meea.—Deuteronoma 18:10-12.
30:23, 24. Qeto ena, e thehiloeng ho Numere 31:27, e bontša hore Jehova o ananela ba etsang mesebetsi e tšehetsang ba bang ka phuthehong. Kahoo, eng kapa eng eo re e etsang, a re e ‘sebetseng ka moea oohle joalokaha eka re sebeletsa Jehova, eseng batho.’—Bakolose 3:23.
Ke Eng e “Molemo ho Feta Sehlabelo”?
Liphihlelo tsa Eli, Samuele, Saule le Davida li toboketsa ’nete efe ea motheo? Ke ena: “Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo, ho ela hloko ho molemo ho feta mafura a lipheleu; etsoe borabele bo tšoana le sebe sa bonohe, ’me ho iketelletsa pele ka ho inkela molao matsohong ho tšoana le ho sebelisa matla a boselamose le terafime.”—1 Samuele 15:22, 23.
Ke tokelo e kaakang ho kopanela mosebetsing oa lefatše ka bophara oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa! Ha re ntse re nyehela “lipohoana tsa melomo ea rōna” ho Jehova, re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho mamela litaelo tseo a fanang ka tsona ka Lentsoe la hae le ngotsoeng le ka karolo ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng e lefatšeng.—Hosea 14:2; Baheberu 13:15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa libaka tse sa tšoaneng tse boletsoeng bukeng ea Samuele oa Pele, bona leqephe la 18-19 la bukana ea “Bona Naha e Ntle,” e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Morena oa pele oa Iseraele o ile a khaotsa ho ba ’musi ea ikokobelitseng le ea inyenyefalitseng eaba e ba ’musi ea ikhohomosang le ea iketelletsang pele
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Re ka kholiseha ka eng haeba re tobana le khanyetso e hlahang ho lira tse kang Goliathe?