Jehova o Sireletsa ba mo Tšepileng
“Mosa oa hao o lerato le ’nete ea hao e ke e ntšireletse kamehla.”—PESALEME EA 40:11.
1. Morena Davida o ile a kōpa eng ho Jehova, ’me kōpo eo e phethahatsoa joang hona joale?
MORENA DAVIDA oa Iseraele ea boholo-holo o ne a “tšepile Jehova ka tieo,” ’me o ile a susumelletseha hore a bolele hore Jehova o ile ‘a mo sekehela tsebe ’me a utloa mohoo oa hae o kōpang thuso.’ (Pesaleme ea 40:1) Khafetsa o ne a bona ka ho toba kamoo Jehova a neng a sireletsa ba Mo ratang kateng. Kahoo, Davida o ne a ka kōpa hore Jehova a mo sireletse kamehla. (Pesaleme ea 40:11) Kaha Davida o balelloa har’a banna le basali ba tšepahalang ba tšepisitsoeng “tsoho e molemo,” hona joale o sireletsehile khopolong ea Jehova joaloka e mong oa ba tla fuoa moputso oo. (Baheberu 11:32-35) Kahoo, ha ho pelaelo hore o na le bokamoso. Lebitso la hae le ngotsoe ka har’a “buka [ea Jehova] ea khopotso.”—Malakia 3:16.
2. Mangolo a re thusa joang ho utloisisa hore na ho sireletsoa ke Jehova ho bolela eng?
2 Ho sa tsotellehe hore batho ba tšepahalang ba boletsoeng ho Baheberu khaolo ea 11 ba phetse pele Jesu Kreste a tla lefatšeng, ba ile ba phela tumellanong le seo Jesu a ileng a se ruta ha a ne a re: “Ea ratang moea oa hae oa o timetsa, empa ea hloeang moea oa hae lefatšeng lena o tla o sireletsa bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Johanne 12:25) Kahoo, ho hlakile hore ho sireletsoa ke Jehova ha ho bolele hore mahlomola kapa mahloriso a tla re pota ka thōko. Ho bolela hore motho o sireletsoa moeeng e le hore re tsebe ho tsoela pele re itšoere hantle ka pel’a Molimo.
3. Re na le bopaki bofe ba hore Kreste Jesu o ile a sireletsoa ke Jehova, hona ho ile ha fella ka eng?
3 Jesu ka boeena o ile a hlorisoa a ba a rohakoa ka sehlōhō, ’me qetellong lira tsa hae li ile tsa atleha ho mo bolaea ka tsela e hlabisang lihlong le e bohloko ka ho fetisisa. Empa, sena ha se bolele hore Molimo o ile a koenehela tšepiso ea hae ea hore o ne a tla sireletsa Mesia. (Esaia 42:1-6) Ho tsoha ha Jesu ka letsatsi la boraro ka mor’a lefu la hae le hlabisang lihlong, ke bopaki ba hore Jehova o ile a mo utloa ha a kōpa thuso, feela joalokaha Jehova a ne a ile a utloa Davida. Jehova o ile a araba Jesu ka hore a mo fe matla a hore a ’ne a tšepahale. (Matheu 26:39) Kaha Jesu o ile a sireletsoa ka tsela eo, o fumane bophelo ba ho se shoe maholimong, ’me batho ba limilione ba ’nileng ba lumela thekollo ba lebeletse ho fumana bophelo bo sa feleng.
4. Bakreste ba tlotsitsoeng le “linku tse ling” ba tiisetsoa eng?
4 Re ka kholiseha hore joaloka mehleng ea Davida le ea Jesu, Jehova o sa ntse a ikemiselitse ho sireletsa bahlanka ba hae ebile o khona ho ba sireletsa le hona joale. (Jakobo 1:17) Masala a batlang a fokola ka palo a barab’abo Jesu a ntseng a le teng lefatšeng a ka itšetleha ka tšepiso ena ea Jehova e latelang: ‘Lefa le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng . . . le bolokiloe maholimong bakeng sa lōna, ba ntseng ba sireletsoa ke matla a Molimo ka tumelo bakeng sa poloko e loketseng ho senoloa nakong ea ho qetela.’ (1 Petrose 1:4, 5) “Linku tse ling,” tse nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, le tsona li ka tšepa Molimo le tšepiso ena eo a e entseng ka mopesaleme: “Ratang Jehova, lōna bohle ba tšepahalang ba hae. Jehova o sireletsa ba tšepahalang.”—Johanne 10:16; Pesaleme ea 31:23.
Ba Sirelelitsoe Moeeng
5, 6. (a) Batho ba Molimo ba sirelelitsoe joang mehleng ee? (b) Batlotsuoa ba na le kamano efe le Jehova, ’me ho thoe’ng ka ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng?
5 Mehleng ea kajeno, Jehova o entse litokisetso tsa ho sireletsa batho ba hae moeeng. Le hoja a sa ba sireletse mahlorisong kapa mathateng le litlokotsing tse tloaelehileng, ka botšepehi oa ba thusa le ho ba khothatsa kamoo ho hlokahalang kateng e le hore a sireletse kamano ea bona e haufi le eena. Motheo oo ba hahileng kamano ena ho oona ke tumelo ea bona tokisetsong e lerato ea Molimo ea thekollo. Ba bang ba Bakreste bana ba tšepahalang ba tlotsitsoe ka moea o halalelang oa Molimo hore e tle e be babusi-’moho le Kreste leholimong. Ho boletsoe hore ba lokile hore e be bara ba Molimo ba moea, ’me mantsoe ana a sebetsa ho bona: “O ile a re lopolla matleng a lefifi ’me a re fetisetsa ’musong oa Mora oa hae ea ratoang, eo ka eena re nang le tokollo ea rōna ka thekollo, tšoarelo ea libe tsa rōna.”—Bakolose 1:13, 14.
6 Bakreste ba bang ba tšepahalang ba limilione ba tiisetsoa hore le bona ba ka rua molemo tokisetsong ea Molimo ea thekollo. Rea bala: “Mor’a motho ha aa a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mareka 10:45) Bakreste bao ba lebeletse hore ka nako e tšoanetseng ba tla thabela “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Baroma 8:21) Khabareng, ba nka setsoalle sa bona le Molimo e le sa bohlokoa ’me ba ikitlaelletsa ho matlafatsa kamano eo.
7. Mehleng ee Jehova o sireletsa boiketlo ba moea ba batho ba hae ka mekhoa efe?
7 Tsela e ’ngoe eo ka eona Jehova a sireletsang boiketlo ba moea ba batho ba hae ke ka ho lokisetsa lenaneo la thuto e tsoelang pele. Sena se ba fa monyetla oa hore ba be le tsebo e nepahetseng haholoanyane ea ’nete. Jehova o boetse o fana ka tataiso e tsoelang pele ka Lentsoe la hae, ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae le ka moea oa hae o halalelang. Ka lebaka la tataiso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene,” batho ba Molimo ba tšoana le lelapa la machaba lefatšeng lohle. Sehlopha sena sa lekhoba se hlokomela litlhoko tsa moea tsa lelapa lena la bahlanka ba Jehova, ’me ha ho hlokahala, se hlokomela le litlhoko tsa bona tsa nama, ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba sefe kapa ba boemo bofe.—Matheu 24:45.
8. Jehova o tšepa bahlanka ba hae ba tšepahalang hakae, ’me o ba tiisetsa eng?
8 Feela joalokaha Jehova a sa ka a sireletsa Jesu ’meleng ha lira tsa hae li ne li mo hlasela, le kajeno ha A sireletse Bakreste ’meleng ha ba hlaseloa. Empa ho hang sena hase bopaki ba hore Molimo o ba halefetse! Ho e-na le hoo, se bontša hore o na le tšepo ea hore ba tla ema ka lehlakoreng la hae tsekong e khōlō ea bokahohle. (Jobo 1:8-12; Liproverbia 27:11) Jehova a ke ke a furalla ba tšepahalang ho eena, “etsoe Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae. Ka sebele ba tla lebeloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 37:28.
Ba Sireletsoa ka Mosa o Lerato le ka ’Nete
9, 10. (a) ’Nete ea Jehova e sireletsa batho ba hae joang? (b) Bibele e bontša joang hore Jehova ka mosa oa hae o lerato o sireletsa ba tšepahalang ba hae?
9 Thapelong ea hae e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 40, Davida o ile a kōpa hore mosa o lerato oa Jehova le ’nete, li mo sireletse. ’Nete ea Jehova le lerato la hae la ho loka li batla hore a lokolise melao-motheo ea hae. Ba phelang ka melao-motheo ena ba sireletsoa haholo mahlomoleng, tšabong le mathateng a hlahelang ba e hlokomolohang. Ka mohlala, re ka itšireletsa hammoho le baratuoa ba rōna mathateng a mangata a sithabetsang haeba re qoba tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala, le ha re qoba bophelo ba bootsoa le ba pefo. Esita le ba fapohang tsela ea Jehova ea ’nete—joalokaha Davida a ile a etsa ka linako tse ling—ba tiisetsoa hore ho ba bakileng, Molimo e sa ntse e le ‘sebaka seo ho ipatoang ho sona.’ Ba joalo ba ka hooa ka thabo ba re: “U tla ntšireletsa mahlomoleng.” (Pesaleme ea 32:7) Ruri ena ke pontšo ea bohlokoa ea mosa o lerato oa Molimo!
10 Mohlala o mong oa mosa o lerato oa Molimo ke hore Molimo o lemosa bahlanka ba hae hore ba lule ba ikarotse lefatšeng lena le khopo, leo a tla tloha a le timetsa. Rea bala: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena; hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.” Ha re ela temoso ena hloko ebile re e latela, re ka sireletsa bophelo ba rōna ka ho sa feleng, etsoe temana ena e tsoela pele ka ho re: “Ho feta moo, lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:15-17.
Ho Sireletsoa ke Matla a ho Nahana, Temoho le Bohlale
11, 12. Hlalosa hore na matla a ho nahana, temoho le bohlale li re sireletsa joang.
11 Ho ba batlang ho amoheloa ke Molimo, mora oa Davida Solomone o ile a bululeloa hore a ngole a re: “Matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa.” O ile a boela a re: “Fumana bohlale . . . U se ke ua bo tlohela, ’me bo tla u boloka. Bo rate, ’me bo tla u sireletsa.”—Liproverbia 2:11; 4:5, 6.
12 Re sebelisa matla a ho nahana ha re thuisa ka seo re ithutang sona Lentsoeng la Molimo. Ho etsa joalo ho re thusa ho ba le temoho e eketsehileng e le hore re ka beha lintho tsa pele sebakeng sa tsona. Sena ke sa bohlokoa, kaha boholo ba rōna rea tseba—mohlomong ka se ileng sa re hlahela—hore mathata aa hlaha ha batho ba etelletsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa pele, ebang ke ka morero kapa e seng ka morero. Lefatše la Satane le re hohela ka maruo, botumo le maemo, empa Jehova eena o batla hore re phehelle matlotlo a bohlokoa haholo a moea. Ha re hlōleha ho etelletsa lintho tsa moea pele, malapa a ka arohana, setsoalle se ka qhalana, ’me lipakane tsa moea li ka fella sebakeng. Ka lebaka leo, motho a ka sala feela le ’nete e bohloko e bontšoang ke mantsoe ana a Jesu: “Ho na le molemo ofe ha motho a rua lefatše lohle ’me a lahleheloa ke moea oa hae?” (Mareka 8:36) Bohlale ke hore re ele hloko keletso ena ea Jesu: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:33.
Kotsi ea ho ba Moikhabi
13, 14. Moikhabi ke motho ea joang, ’me ke hobane’ng ha e se bohlale ho ba moikhabi?
13 Ka tlhaho batho baa ithata. Empa ho hlaha mathata ha litakatso tsa motho le lithahasello tsa hae e e-ba tsona tse ka sehloohong. Kahoo, e le hore re sireletse setsoalle sa rōna le Jehova, o re laela hore re qobe ho ba baikhabi. Moikhabi ke motho ea amehang feela ka litakatso, litlhoko, kapa lithahasello tsa hae. Na ee hase tlhaloso e nepahetseng ea batho ba bangata ba kajeno? Hoa thahasellisa hore ebe Bibele e bolela esale pele hore “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso e khopo ea Satane, “batho e tla ba baithati,” kapa e tla ba baikhabi.—2 Timothea 3:1, 2.
14 Bakreste ba ananela bohlale ba ho boloka taelo ea Bibele e reng ba thahaselle batho ba bang, ba ba rate joalokaha ba ithata. (Luka 10:27; Bafilipi 2:4) Batho ba ka ’na ba nka hore hase bohlale ho etsa joalo, empa hoa hlokahala e le hore re be le manyalo a atlehileng, likamano tse thabisang ka malapeng le setsoalle se khahlisang. Kahoo, motsoalle oa ’nete oa Jehova ha aa lokela ho lumella hore boithati ba tlhaho bo laole bophelo ba hae hoo a qhelelang lintho tsa bohlokoa ka thōko. Ntho e ka sehloohong ke lintho tseo Jehova, Molimo eo re mo rapelang a li nkang e le tsa bohlokoa.
15, 16. (a) Boikhabi bo ka fella ka eng, joalokaha ho etsahetse ka bo-mang? (b) Ha e le hantle, motho o etsa’ng ha a potlakela ho ahlola batho ba bang?
15 Boikhabi bo ka etsa hore motho a itokafatse, ’me ho itokafatsa ho ka etsa hore motho a se ke a amohela likhopolo tsa ba bang, ha mo etsa moikhohomosi. Ka nepo Bibele e re: “Uena motho, ha u na boikemelo, ho sa tsotellehe hore na u mang, haeba u ahlola; kaha nthong eo u ahlolang e mong ho eona, ua ikahlola, kaha uena ea ahlolang u tloaetse ho etsa lintho tse tšoanang.” (Baroma 2:1; 14:4, 10) Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba ne ba kholisehile ka ho loka ha bona hoo ba neng ba nahana hore baa tšoaneleha hore ba nyatse Jesu le balateli ba hae. Ka ho etsa joalo, ba ile ba iketsa baahloli. Kaha ba ne ba sa lemohe mefokolo ea bona, ba ne ba hlile ba ikahlola.
16 Molateli oa Jesu ea bitsoang Judase, ea ileng a mo eka, o ile a iketsa moahloli oa batho ba bang. Ka lekhetlo le leng ha ba ne ba le Bethani, ’me khaitseli ea Lazaro, e leng Maria, a tlotsa Jesu ka oli e nkhang hamonate, Judase o ile a hanyetsa seo ka matla. O ile a ntša bohale ba hae ka ho beha lebaka le reng: “Ke hobane’ng ha oli ena e nkhang hamonate e ne e sa rekisoe ka lidenari tse makholo a mararo ’me li fuoe mafutsana?” Empa Bibele e tsoela pele ka tlhaloso e reng: “Leha ho le joalo, ha aa ka a bua sena kahobane a amehile ka mafutsana, empa kahobane e ne e le lesholu ’me a tšoara lebokose la chelete ’me o ne a nka lichelete tse kenngoang ka ho lona.” (Johanne 12:1-6) E se eka re ke ke ra tšoana le Judase kapa baeta-pele ba bolumeli, ba neng ba potlakela ho ahlola batho ba bang, e le hore feela ba ikahlole.
17. Bontša kotsi e hlahisoang ke ho ikhopola ho tlōla kapa ho itšepa ho tlōla.
17 Ka masoabi, Bakreste ba bang ba pele, le hoja e ne e se masholu joaloka Judase, ba ile ba oela lerabeng la boikhohomoso le ho ikhopola ho tlōla. Jakobo o ile a ngola tjena ka bona: “Le motlotlo ka boithoriso ba lōna ba ho ikhopola ho tlōla.” Eaba o eketsa ka ho re: “Ho ba motlotlo hohle ho joalo ho khopo.” (Jakobo 4:16) Ho ithorisa ka seo re se entseng kapa ka litokelo tseo re nang le tsona tšebeletsong ea Jehova, ke ho itšoetsa. (Liproverbia 14:16) Re hopola se ileng sa etsahalla moapostola Petrose, eo nakong ea ha a ne a itšepile ho tlōla a ileng a ithorisa ka ho re: “Le haeba ba bang kaofela ba khoptjoa mabapi le uena, le ka mohla nke ke ka khoptjoa! . . . Esita le haeba nka lokela ho shoa le uena, ho hang nke ke ka u latola.” Ha e le hantle, ha ho letho leo re ka ithorisang ka lona. Sohle seo re nang le sona, re na le sona feela ka lebaka la mosa o lerato oa Jehova. Ha re ntse re hopola sena ha re na ho ikhopola ho tlōla.—Matheu 26:33-35, 69-75.
18. Jehova o ikutloa joang ka boikakaso?
18 Re bolelloa hore “boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.” Hobane’ng? Jehova oa araba: “Ke hloile boiphahamiso le boikakaso.” (Liproverbia 8:13; 16:18) Hase feela Jehova a ileng a halefa ka lebaka la “nyeliso ea pelo ea morena oa Assyria le boikhantšo ba ho iphahamisa ha mahlo a hae”! (Esaia 10:12) Jehova o ile a mo otla. Haufinyane o tla otla lefatše lohle la Satane, hammoho le baeta-pele ba lona ba ikakasang le ba iphahamisang, ba bonahalang le ba sa bonahaleng. E se eka re ke ke ra etsisa moea oa lira tsa Jehova oa ho etsa lintho ka manganga!
19. Ke ntlheng efe moo batho ba Molimo ba leng motlotlo empa e le baikokobetsi?
19 Bakreste ba ’nete ba na le mabaka ’ohle a ho ba motlotlo ka ho ba bahlanka ba Jehova. (Jeremia 9:24) Leha ho le joalo, ba na le mabaka ’ohle a ho lula e le baikokobetsi. Hobane’ng? Hobane “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Kahoo, e le hore re sireletse boemo ba rōna joaloka bahlanka ba Jehova, re lokela ho ikutloa joaloka moapostola Pauluse ea ileng a bolela hore “Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe,” eaba o eketsa ka ho re: “Ke ’na ea ka pele-pele ho bona.”—1 Timothea 1:15.
20. Jehova o sireletsa batho ba hae joang hona joale, ’me o tla ba sireletsa joang nakong e tlang?
20 Kaha batho ba Jehova ba thabela ho se etelletse lithahasello tsa bona pele e le hore ba etelletse pele lithahasello tsa Molimo, re ka kholiseha hore Jehova o tla tsoela pele ho ba sireletsa moeeng. Re ka boetse ra kholiseha hore ha matšoenyeho a maholo a qhoma, Jehova ha a na ho sireletsa batho ba hae moeeng feela, empa o tla ba sireletsa le ’meleng. Ha ba kena lefatšeng le lecha la Molimo, ba tla tseba ho hooa ba re: “Bonang! Enoa ke Molimo oa rōna. Re mo tšepile, ’me o tla re pholosa. Enoa ke Jehova. Re mo tšepile. A re thabeng ’me re nyakallele poloko e tsoang ho eena.”—Esaia 25:9.
Na U sa Hopola?
• Morena Davida le Jesu Kreste ba ile ba sireletsoa joang?
• Batho ba Jehova ba sireletsoa joang kajeno?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho ba baikhabi?
• Re ka ba motlotlo joang empa re le baikokobetsi?
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Jehova o ile a sireletsa Davida le Jesu joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10, 11]
Batho ba Molimo ba sireletsoa ka litsela life moeeng kajeno?
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Le hoja re le motlotlo hore ebe re sebeletsa Jehova, re lokela ho ikokobetsa ka linako tsohle