Bakreste ba Bonahatsa Khanya ea Jehova
“Ho thaba mahlo a lōna hobane aa bona, le litsebe tsa lōna hobane lia utloa.”—MATHEU 13:16.
1. Ho hlaha potso efe mabapi le tsela eo Baiseraele ba ileng ba itšoara ka eona ha ba bona Moshe Thabeng ea Sinai?
BAISERAELE ba neng ba bokane Thabeng ea Sinai ba ne ba e-na le lebaka le utloahalang la ho atamela ho Jehova. Ha e le hantle, o ne a ba lopolotse Egepeta ka letsoho le matla. Ha ba le lefeelleng, o ile a ba hlokomela, a ba fa lijo le metsi, a ba a etsa hore ba hlōle lebotho la Baamaleke le neng le ba hlasela. (Exoda 14:26-31; 16:2–17:13) Ha ba ntse ba hlomme liahelo pel’a Thaba ea Sinai, ba ile ba tšosoa ke lialuma le mahalima hoo ba ileng ba thothomela. Hamorao, ha Moshe a theoha Thabeng ea Sinai, ba ile ba bona sefahleho sa hae se bonahatsa khanya ea Jehova. Leha ho le joalo, ho e-na le ho hlolloa le ho bontša kananelo, ba ile ba emella thōko. “Ba ile ba tšaba ho atamela [Moshe].” (Exoda 19:10-19; 34:30) Ke hobane’ng ha ba ne ba tšaba ho talima ponahatso ea khanya ea Jehova, ea neng a ba etselitse lintho tse ngata hakaale?
2. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba tšaba ho talima khanya ea Molimo e neng e bonahatsoa ke Moshe?
2 Mohlomong se ileng sa etsahalla Baiseraele pejana ke sona se entseng hore ba tšohe haholo ketsahalong ena. Jehova o ile a ba otla ha ba mo hlompholla ka boomo ka ho etsa namane ea khauta. (Exoda 32:4, 35) Na ho na le seo ba ileng ba ithuta sona ka kotlo eo ea Jehova, hona na ba ile ba e ananela? Che, ba bangata ha baa ka ba e ananela. Pelenyana ho lefu la hae, Moshe o ile a hopola ketsahalo ea namane ea khauta hammoho le makhetlo a mang ao Baiseraele ba sa kang ba mamela ka ’ona. O ile a re ho sechaba: “[Le fetohetse] taelo ea Jehova Molimo oa lōna, ’me ha lea ka la bontša tumelo ho eena ’me ha lea ka la mamela lentsoe la hae. Le fetohetse Jehova ho tloha ka letsatsi leo ke le tsebileng ka lona.”—Deuteronoma 9:15-24.
3. Moshe o ne a ikhurumetsa sefahleho neng ka lesira ’me a ikhurumolla neng?
3 Hlokomela hore na Moshe o ile a etsa’ng ha Baiseraele ba bontša hore ba tšohile. Tlaleho eo e baleha tjena: “Ha Moshe a qeta ho bua le bona, o ne a ikhurumetsa sefahleho ka lesira. Empa ha Moshe a kena [ka tabernakeleng] ka pel’a Jehova ho ea bua le eena, o ne a tlosa lesira ho fihlela a tsoa. O ne a tsoa ’me a bua le bara ba Iseraele seo a se laetsoeng. Bara ba Iseraele ba bona sefahleho sa Moshe, hore letlalo la sefahleho sa Moshe le ntša mahlaseli; Moshe a khutlisetsa lesira sefahlehong sa hae ho fihlela a kena ho ea bua le [Jehova].” (Exoda 34:33-35) Ke hobane’ng ha Moshe a ne a ikhurumetsa sefahleho ka lesira ka linako tse ling? Seo se re ruta eng? Likarabo tsa lipotso tsena li ka re thusa ho hlahlobisisa kamano ea rōna le Jehova.
Ho Lahleheloa ke Menyetla
4. Moapostola Pauluse o ile a senola eng ka ho ikhurumetsa ha Moshe ka lesira?
4 Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore ho ikhurumetsa ha Moshe ka lesira ho ne ho amana le hore na Baiseraele ba ne ba nahana’ng le hore ke eng se neng se le ka lipelong tsa bona. Pauluse o ile a ngola tjena: “Bara ba Iseraele ba [ne] ba ke ke ba talimisisa ka hloko sefahleho sa Moshe ka lebaka la khanya ea sefahleho sa hae . . . Matla a bona a kelello a [ne] a [thotofetse].” (2 Bakorinthe 3:7, 14) Seo se ne se soabisa hakaakang! Baiseraele e ne e le sechaba se khethiloeng ke Jehova ’me o ne a batla hore ba atamele ho eena. (Exoda 19:4-6) Leha ho le joalo, ba ne ba sa batle ho talimisisa ponahatso ea khanya ea Molimo. Ho e-na le ho retelletsa lipelo le likelello tsa bona ho Jehova ka ho inehela ka ho rata, liketso tsa bona li ne li bontša hore ka tsela e itseng, ba ne ba mo furaletse.
5, 6. (a) Bajuda ba lekholong la pele la lilemo le Baiseraele ba mehleng ea Moshe ba ne ba tšoana ka eng? (b) Ho bile le phapang efe pakeng tsa ba ileng ba mamela Jesu le ba sa kang ba mo mamela?
5 Sena se tšoana le se etsahetseng lekholong la pele la lilemo C.E. Ha Pauluse a ne a sokolohela Bokresteng, selekane sa Molao se ne se nketsoe sebaka ke selekane se secha, seo Jesu Kreste, e leng Moshe e Moholoanyane, e neng e le ’muelli oa sona. Ka mantsoe le ka liketso, Jesu o ile a bonahatsa khanya ea Jehova ka ho phethahetseng. Pauluse o ile a ngola tjena mabapi le Jesu ea tsositsoeng: “Ke ponahatso ea khanya ea [Molimo] le setšoantšo se nepahetseng hantle sa boleng ba hae.” (Baheberu 1:3) Bajuda ba ne ba e-na le monyetla o hlollang hakaakang! Ba ne ba ka mamela lipolelo tsa bophelo bo sa feleng tse tsoang ho Mor’a Molimo ka boeena! Ka masoabi, boholo ba batho bao Jesu a neng a ba pakela ha baa ka ba mamela. Jesu o ne a bua ka bona ha a qotsa boprofeta boo Jehova a neng a fane ka bona ka Esaia: “Lipelo tsa batho bana li fetohile tse sa amoheleng letho, ’me ka litsebe ba utloile ha se ke ha e-ba le karabelo, ba koetse mahlo; e le hore le ka mohla ba se ke ba bona ka mahlo le ho utloa ka litsebe le ho utloisisa ka lipelo ’me ba khutle, ke ba folise.”—Matheu 13:15; Esaia 6:9, 10.
6 Ho ne ho e-na le phapang e khōlō pakeng tsa Bajuda le barutuoa ba Jesu, bao Jesu a ileng a re ka bona: “Ho thaba mahlo a lōna hobane aa bona, le litsebe tsa lōna hobane lia utloa.” (Matheu 13:16) Bakreste ba ’nete ba labalabela ho tseba Jehova le ho mo sebeletsa. Ba thabela ho etsa thato ea hae, joalokaha e senotsoe ka Bibeleng. Ka lebaka leo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba bonahatsa khanya ea Jehova tšebeletsong ea bona e amanang le selekane se secha, ’me linku tse ling le tsona li etsa se tšoanang.—2 Bakorinthe 3:6, 18.
Lebaka Leo ka Lona Litaba Tse Molemo li Koahetsoeng
7. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe batho ba bangata ba hana litaba tse molemo?
7 Joalokaha re bone, mehleng ea Jesu le ea Moshe, Baiseraele ba bangata ba ile ba hana monyetla o ikhethang o neng o ba bulehetse. Ho etsahala se tšoanang le mehleng ea rōna. Batho ba bangata ba hana litaba tse molemo tseo re li bolelang. Seo ha se re makatse. Pauluse o ile a ngola tjena: “Joale, haeba litaba tse molemo tseo re li bolelang ha e le hantle li koahetsoe ka lesira, li koahetsoe ka lesira har’a ba timelang, bao har’a bona molimo oa tsamaiso ena ea lintho a foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang.” (2 Bakorinthe 4:3, 4) Ho phaella boitekong ba Satane ba ho pata litaba tse molemo, batho ba bangata ba koahela lifahleho tsa bona ka lesira hobane ba sa batle ho bona.
8. Batho ba bangata ba foufalitsoe ke ho hloka tsebo joang, hona re ka etsa’ng e le hore re se ke ra tšoana le bona?
8 Mahlo a tšoantšetso a batho ba bangata a foufalitsoe ke ho hloka tsebo. Bibele e re lichaba li “lefifing likelellong, ’me li arohile bophelong ba Molimo, ka lebaka la ho hloka tsebo ho leng ho tsona.” (Baefese 4:18) Pele e e-ba Mokreste, Pauluse, e leng monna ea neng a rutehile Molaong, o ne a foufalitsoe ke ho hloka tsebo hoo a ileng a hlorisa phutheho ea Molimo. (1 Bakorinthe 15:9) Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo senolela ’nete. Pauluse oa hlalosa: “Lebaka leo ka lona ke ileng ka bontšoa mohau e ne e le hore ka ’na ke le mohlala o ka pele-pele Kreste Jesu a ka bontša tiisetso eohle ea hae hore e be mohlala bakeng sa ba tlang ho beha tumelo ea bona ho eena bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (1 Timothea 1:16) Joaloka Pauluse, batho ba bangata ba kileng ba hanyetsa ’nete ea Molimo, baa Mo sebeletsa hona joale. Ke ka lebaka leo re lokelang ho tsoela pele ho pakela esita le batho ba re hanyetsang. Ka nako e tšoanang, haeba re ithuta Lentsoe la Molimo kamehla ’me re le utloisisa, lea re sireletsa esere ho hloka tsebo ha re etsisa lintho tse fosahetseng, tse ke keng tsa thabisa Jehova.
9, 10. (a) Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bontša joang hore ha ba batle ho ithuta le hore ba manganga? (b) Na kajeno re bona boemo bo tšoanang Bokreste-’mōtoaneng? Hlalosa.
9 Batho ba bangata ha ba utloisise litaba tsa moea hantle hobane ba sa batle ho ithuta ebile ba le manganga. Bajuda ba bangata ba ile ba hana Jesu le lithuto tsa hae hobane ba ne ba ngangeletse Molaong oa Moshe. Bonneteng ba bang ba ne ba se joalo. Ka mohlala, hoba Jesu a tsosoe, “bongata bo boholo ba baprista [bo ile] ba qala ho mamela tumelo.” (Liketso 6:7) Leha ho le joalo, Pauluse o ile a ngola tjena malebana le Bajuda ba bangata: “Ho fihlela kajeno neng kapa neng ha Moshe a baloa, lesira le lipelong tsa bona.” (2 Bakorinthe 3:15) Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a tseba seo Jesu a neng a kile a se bolella baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda: “Le phenya Mangolo, hobane le nahana hore ka ’ona le tla ba le bophelo bo sa feleng; ’me ke ’ona a mpakang.” (Johanne 5:39) Mangolo ao ba neng ba a phenya ka hloko a ne a lokela hore ebe a ile a ba thusa ho lemoha hore Jesu e ne e le Mesia. Empa Bajuda ba ne ba tsitlaletse kutloisisong ea bona hoo esita le Mora oa Molimo ea neng a etsa mehlolo a sa kang a khona ho ba susumetsa hore ba tlohele monahano oa bona.
10 Kajeno batho ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba boemong bo tšoanang. Joaloka Bajuda ba lekholong la pele la lilemo, “ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.” (Baroma 10:2) Le hoja ba bang ba ithuta Bibele, ha ba batle ho lumela seo e se buang. Ha ba batle ho lumela hore Jehova o ruta batho ba hae ka sehlopha sa hae sa lekhoba le tšepahalang le le masene sa Bakreste ba tlotsitsoeng. (Matheu 24:45) Leha ho le joalo, rōna rea tseba hore Jehova o ruta batho ba hae le hore kutloisiso ea ’nete ea Molimo haesale e le ntho e tsoelang pele. (Liproverbia 4:18) Kaha re lumeletse Jehova hore a re rute, re hlohonolofalitsoe ka hore re tsebe thato ea hae le morero oa hae.
11. Ho lumela feela seo motho a lakatsang eka se ka etsahala ho patile ’nete joang?
11 Ba bang ba foufalitsoe ke hore ba lumela feela seo ba lakatsang eka se ka etsahala. Ho ile ha boleloa esale pele hore ba bang ba ne ba tla soma batho ba Molimo le ho nyefola molaetsa oo ba o bolelang o mabapi le boteng ba Jesu. Moapostola Petrose o ile a ngola tjena: “Ho ea ka takatso ea bona, ha ba ele hloko ’nete ena” ea hore Molimo o ile a tlisa moroallo holim’a lefatše la mehleng ea Noe. (2 Petrose 3:3-6) Ka ho tšoanang, batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba lumela ntle ho tikatiko hore Jehova o mohau, o mosa, ebile oa tšoarela; leha ho le joalo ba iphapanyetsa taba ea hore ha a lokolle motho kotlong ebile baa e hana. (Exoda 34:6, 7) Bakreste ba ’nete ba ikitlaelletsa ho utloisisa seo Bibele e hlileng e se rutang.
12. Batho ba foufalitsoe ke neano joang?
12 Batho ba bangata ba kenang kereke ba foufalitsoe ke neano. Jesu o ile a re ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Le entse lentsoe la Molimo lefeela ka lebaka la neano ea lōna.” (Matheu 15:6) Ha Bajuda ba khutla botlamuoeng Babylona, ba ile ba chesehela ho tsosolosa borapeli bo hloekileng, leha ho le joalo, baprista bona ba ile ba ikhohomosa ’me ba iketsa ba lokileng. Mekete ea bolumeli e ile ea fetoha litšebeletso tsa molao feela, tse sa bontšeng tlhompho ea sebele ho Molimo. (Malakia 1:6-8) Mehleng ea Jesu, bangoli le Bafarisi ba ne ba ekelitse Molao oa Moshe ka lineano tse ngata. Jesu o ile a pepesa hore banna bao ke baikaketsi hobane ba ne ba se ba sa lemohe melao-motheo e lokileng eo Molao o neng o theiloe ho eona. (Matheu 23:23, 24) Bakreste ba ’nete ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se lumelle lineano tsa batho tsa bolumeli ho ba khelosa borapeling bo hloekileng.
‘Ho Bona Ea sa Bonahaleng’
13. Ke ka litsela life tse peli Moshe a ileng a bona e ’ngoe ea khanya ea Molimo?
13 Ha Moshe a le thabeng, o ile a kōpa ho bona khanya ea Molimo, ’me o ile a bona mesaletsa ea khanya ea Jehova. Ha a kena ka tabernakeleng, o ne a sa ikhurumetse ka lesira. Moshe o ne a e-na le tumelo e matla ebile a rata ho etsa thato ea Molimo. Le hoja a ile a fuoa monyetla oa ho bona e ’ngoe ea khanya ea Jehova ponong, re ka re o ne a se a ntse a bone Molimo ka mahlo a tumelo. Bibele e re Moshe “o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheberu 11:27; Exoda 34:5-7) ’Me o ile a bonahatsa khanya ea Molimo eseng feela ka mahlaseli a nakoana a neng a tsoa sefahlehong sa hae empa hape le ka matsapa ao a ileng a a etsa a ho thusa Baiseraele hore ba tsebe Jehova le ho mo sebeletsa.
14. Jesu o ile a bona khanya ea Molimo joang, hona o ile a thabela ho etsa eng?
14 Ha Jesu a le leholimong, ka lilemo-lemo o ’nile a bona khanya ea Molimo ka ho toba, esita le pele bokahohle bo e-ba teng. (Liproverbia 8:22, 30) Nakong eo eohle, Jehova Molimo le Jesu ba ne ba ratana haholo. Jehova Molimo o ile a bontša lerato le kameho e mofuthu ka ho fetisisa bakeng sa letsibolo lena la pōpo eohle ea hae. Jesu le eena o ile a bontša lerato le tebileng bakeng sa Molimo ea mo fileng bophelo. (Johanne 14:31; 17:24) Ntate le Mora ba ne ba ratana ka tsela e phethahetseng. Ho tšoana le Moshe, Jesu o ile a thabela ho bonahatsa khanya ea Jehova linthong tseo a ileng a li ruta.
15. Ke ka tsela efe Bakreste ba nahanisisang ka khanya ea Molimo?
15 Ho tšoana le Moshe le Jesu, Lipaki tsa Molimo tsa mehleng ea kajeno tse lefatšeng li labalabela ho nahanisisa ka khanya ea Jehova. Ha lia furalla litaba tse molemo tse khanyang. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ha ho retelehela ho Jehova [bakeng sa ho etsa thato ea hae] ho le teng, lesira lea tlosoa.” (2 Bakorinthe 3:16) Re ithuta Mangolo hobane re batla ho etsa thato ea Molimo. Re khahloa ke khanya e bonahalang sefahlehong sa Mora oa Jehova le Morena ea tlotsitsoeng, Jesu Kreste, ’me re etsisa mohlala oa hae. Ho tšoana le Moshe le Jesu, re fuoe mosebetsi oa ho ruta ba bang ka Molimo ea khanyang eo re mo rapelang.
16. Re rua molemo ofe ka ho tseba ’nete?
16 Jesu o ile a rapela a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate . . . hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena ’me u li senoletse bana.” (Matheu 11:25) Jehova o thusa ba tšepahalang le ba ikokobelitseng hore ba utloisise merero ea hae le botho ba hae. (1 Bakorinthe 1:26-28) Oa re sireletsa, ebile o re ruta hore re itsoele molemo—e leng hore re rue molemo o feletseng bophelong. E se eka re ka sebelisa monyetla o mong le o mong e le hore re atamele ho Jehova, re ananele litokisetso tsa hae tse ngata tse re thusang hore re mo tsebe haholoanyane.
17. Re ka tseba joang litšobotsi tsa Jehova haholoanyane?
17 Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng a re: “Ka lifahleho tse koaholotsoeng lesira re ntse re bonahatsa khanya ea Jehova joaloka liipone [’me] re fetoleloa setšoantšong se tšoanang ho tloha khanyeng ho ea khanyeng.” (2 Bakorinthe 3:18) Ebang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, haeba re ithuta haholoanyane ka Jehova—re tseba litšobotsi tsa hae le botho ba hae joalokaha li boletsoe ka Bibeleng—re tla tšoana le eena haholoanyane. Haeba re ananela re bile re nahanisisa ka bophelo ba Jesu Kreste, tšebeletso ea hae le lithuto tsa hae, re tla bonahatsa litšobotsi tsa Jehova haholoanyane. Ka sebele hoa thabisa ho tseba hore ka ho etsa joalo re ka tlotlisa Molimo oa rōna, eo re batlang ho bonahatsa khanya ea hae!
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba tšaba ho talima khanya ea Molimo e neng e bonahatsoa ke Moshe?
• Litaba tse molemo li ile tsa ‘koaheloa ka lesira’ ka litsela life lekholong la pele la lilemo? mehleng ea rōna?
• Re bonahatsa khanya ea Molimo joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Baiseraele ba ne ba sa khone ho talima sefahleho sa Moshe
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Joaloka Pauluse, batho ba bangata ba kileng ba hanyetsa ’nete ea Molimo, baa Mo sebeletsa hona joale
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Bahlanka ba Jehova ba thabela ho bonahatsa khanya ea Molimo