Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Khanya ea mohlolo eo ka linako tse ling e bitsoang Shekina e neng e hlaha ka Sehalalelisisong sa tabernakele le tempeleng ea Iseraele ea boholo-holo e ne e le pontšo ea eng?
Jehova, Ntate ea lerato le Mosireletsi oa batho ba hae, o ile a etsa hore Baiseraele ba bone ka ho hlaka hore o teng har’a bona. Tsela e ’ngoe eo a neng a etsa sena ka eona e ne e le ka leru le phatsimang le neng le amahanngoa le sebaka sa hae sa borapeli.
Khanya eo e phatsimang e ne e tšoantšetsa boteng bo sa bonahaleng ba Jehova. E ne e bonahala ka Sehalalelisisong sa tabernakele le sa tempele e neng e hahiloe ke Solomone. Khanya eo ea mohlolo e ne e se pontšo ea hore Jehova o teng moo ka sebele. Molimo a ke ke a fella ka mohahong ofe kapa ofe o hahiloeng ke batho. (2 Likronike 6:18; Liketso 17:24) Ho ka etsahala hore ebe khanya ena e sa tloaelehang e ne e le eona e kholisang moprista ea phahameng hore Jehova ke eena ea ba sireletsang le ho ba hlokomela e le hore eena a kholise Baiseraele bohle ka seo.
Ka Searame se neng se sebelisoa ka mor’a hore ho ngoloe Bibele, khanya ena e ne e bitsoa Shekina (shekhi·nahʹ), e leng lentsoe le bolelang “se lulang se le teng” kapa “ntlo.” Lentsoe lena ha le eo ka Bibeleng empa le fumanoa liphetolelong tsa Searame tsa Mangolo a Seheberu, ’me li boetse li tsejoa e le Litargum.
Jehova o ile a bolella Moshe se latelang ha a ne a mo fa litaelo tsa ho haha tabernakele: “U behe sekoahelo holim’a Areka, ’me ka har’a Areka u behe bopaki boo ke tla u fa bona. Ke tla itlhahisa ho uena moo ’me ke u bolelle sohle . . . ke le holim’a sekoahelo, pakeng tsa likerubime tse peli tse holim’a areka.” (Exoda 25:21, 22) Areka eo ho buuoang ka eona e ne e le lebokose le manehiloeng khauta le neng le le ka Sehalalelisisong. Sekoahelong sa Areka ho ne ho e-na le likerubime tse peli tsa khauta.
Jehova o ne a tla bua a le hokae? O ile a araba potso ena ha a re ho Moshe: “Ke tla hlaha holim’a sekoahelo ka leru.” (Levitike 16:2) Leru lena le ne le okametse Areka e halalelang pakeng tsa likerubime tse peli tsa khauta. Bibele ha e bolele hore na leru leo le ne le phahame hakae kapa hore na le ne le koahela likerubime hakae.
Leru lena le khanyang le ne le bonesa ka Sehalalelisisong. Ha e le hantle, ke lona feela le neng le khantša ka kamoreng eo. Moprista ea phahameng o ne a bona ka khanya eo ha a ne a kena ka kamoreng eo e ka hare-hare mohla Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe. O ne a ema moo Jehova a leng teng.
Na khanya ee ea mohlolo e na le seo e se bolelang ho Bakreste? Moapostola Johanne o ile a bona ka pono motse oo ho oona “bosiu bo ke [keng] ba e-ba teng.” Motse ona ke Jerusalema e Mocha, ’me litho tsa oona ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsoselitsoeng ho ea busa le Jesu. Khanya ea motse ona oa tšoantšetso hase ea letsatsi kapa ea khoeli. Mokhatlo ona o hlophisitsoeng o bonesoa ka ho toba ke khalalelo ea Jehova Molimo, joalokaha leru la Shekina le ne le bonesa ka Sehalalelisisong. Hape, Konyana, e leng Jesu Kreste, ke “lebone” la motse ona. Ka lehlakoreng le leng, ka khanya ea oona ea moea le ka mohau oa oona, “motse” ona o tataisa batho ba lopolotsoeng ba lichaba tsohle.—Tšenolo 21:22-25.
Kaha barapeli ba Jehova ba fumana melemo e mengata hakana e tsoang ho Molimo, ba ka kholiseha hore Jehova ke Molisa oa bona ea ba sireletsang le Ntate ea lerato.