Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 10/1 leq. 8-leq. 11 ser. 10
  • Buka ea Likronike Tsa Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka ea Likronike Tsa Pele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TLALEHO EA BOHLOKOA EA MABITSO
  • (1 Likronike 1:1–9:44)
  • DAVIDA O BUSA E LE MORENA
  • (1 Likronike 10:1–29:30)
  • Sebeletsa Jehova “ka Moea o Thabileng”
  • Buka ea Bibele ea 13—1 Likronike
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 10/1 leq. 8-leq. 11 ser. 10

Lentsoe la Jehova Lea Phela Lintlha-khōlō Tsa

Buka ea Likronike Tsa Pele

HO SE ho fetile lilemo tse ka bang 77 joale Bajuda ba khutletse naheng ea habo bona ho tsoa botlamuoeng Babylona. ’Me ho se ho fetile lilemo tse 55 ’Musisi Zorobabele a tsosolositse tempele. Lebaka la sehlooho leo Bajuda ba khutlileng ka lona e ne e le ho tla tsosolosa borapeli ba ’nete Jerusalema. Empa ha ba chesehele borapeli ba Jehova. Ho hlokahala hore ba khothatsoe ka potlako, e leng sona seo buka ea Bibele ea Likronike Tsa Pele e se etsang.

Buka ea Likronike Tsa Pele e tlaleha maloko ebile e akaretsa se etsahetseng lilemong tse ka bang 40, ho tloha ha Morena Saule a e-shoa ho fihlela ha Morena Davida a e-shoa. Ho lumeloa hore buka ena e ngotsoe ke moprista Esdrase selemong sa 460 B.C.E. Re thahasella buka ea Likronike Tsa Pele hobane e re fa leseli ka borapeli bo neng bo etsoa tempeleng le ho re qaqisetsa lesika la Mesia. Kaha ke karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, molaetsa oa eona o re matlafatsa tumelong ebile o re thusa ho utloisisa se ngotsoeng ka Bibeleng haholoanyane.—Baheberu 4:12.

TLALEHO EA BOHLOKOA EA MABITSO

(1 Likronike 1:1–9:44)

Bonyane ho na le mabaka a mararo ao ka ’ona ho hlokahalang tlaleho eo ea Esdrase e thathamisang maloko: ho tiisa hore ke batho ba tšoanelehang feela ba sebeletsang e le baprista, ho thusa ho tseba lefa le lokelang ho fuoa moloko o itseng le ho boloka tlaleho ea lesika le lebisang ho Mesia. Tlaleho eo e qala histori ea Bajuda qalong, e khutlela morao ho motho oa pele. Ho tloha ho Adama ho ea ho Noe ke meloko e leshome, ’me ho ea ho Abrahama ke meloko e meng e leshome. Ka mor’a ho thathamisa bara ba Ishmaele, bara ba Ketura, eo e neng e le serethe sa Abrahama le bara ba Esau, tlaleho e bua ka meloko e 12 ea bara ba Iseraele.—1 Likronike 2:1.

Kaha lesika la borena la Morena Davida le tsoa lelokong la Juda ho fanoe ka lintlha tse qaqileng haholoanyane ka leloko leo. Ho tloha ho Abrahama ho isa ho Davida ke meloko e 14, e ntan’o ba meloko e meng e 14, ho fihlela ha sechaba se isoa Babylona. (1 Likronike 1:27, 34; 2:1-15; 3:1-17; Matheu 1:17) Esdrase joale o thathamisa meloko e ka bochabela ho Jordane, a ntan’o kena lelokong la bara ba Levi. (1 Likronike 5:1-24; 6:1) Ka mor’a moo o bua ka meloko e ka bophirimela ho Nōka ea Jordane le ho qaqisa leloko la Benjamine. (1 Likronike 8:1) O boetse o thathamisa mabitso a baahi ba pele ba Jerusalema ka mor’a hore sechaba se khutle botlamuoeng Babylona.—1 Likronike 9:1-16.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

1:18—Ntat’a Shela e ne e le mang—e ne e le Kainane kapa Arpakshade? (Luka 3:35, 36) Ntat’a Shela e ne e le Arpakshade. (Genese 10:24; 11:12) E ka ’na eaba lebitso “Kainane” le ho Luka 3:36 le bolela “Bakalde” empa le ngotsoe hampe. Haeba ho joalo, e ka ’na eaba taba e neng e ngotsoe qalong e ne e re, “mora oa Arpakshade Mokalde.” Kapa mohlomong Kainane le Arpakshade ke mabitso a motho a le mong. Ntlha e ’ngoe e lokelang ho hlokomeloa ke hore poleloana “mora oa Kainane” ha e hlahe libukeng tse ling tse ngotsoeng ka letsoho.—Luka 3:36, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.

2:15—Na Davida e ne e le mora oa bosupa oa Jese? Che. Jese o ne a e-na le bara ba robeli, ’me Davida e ne e le oa ho fela ho bona. (1 Samuele 16:10, 11; 17:12) Kamoo ho bonahalang kateng mora e mong oa Jese o ile a shoa a e-s’o be le bana. Esdrase ha aa ka a mo kenyelletsa lethathamong, kaha lebitso la hae le ne le sa tl’o ama litlaleho tsa meloko.

3:17—Ke hobane’ng ha Luka 3:27 e re mora oa Jekonia, Shalatiele, ke mora oa Neri? Jekonia e ne e le ntat’a Shalatiele. Empa kamoo ho bonahalang kateng Neri o ile a nyalisa Shalatiele morali oa hae. Luka o bua ka mokhoenyana oa Neri e le mora oa Neri, feela joalokaha a ile a re Josefa ke mora oa Heli, ntat’a Maria.—Luka 3:23.

3:17-19—Zorobabele, Pedaia le Shalatiele ba ne ba amana joang? Zorobabele e ne e le mora oa Pedaia, eo e neng e le ngoan’abo Shalatiele. Empa ka linako tse ling Bibele e re Zorobabele ke mora oa Shalatiele. (Matheu 1:12; Luka 3:27) E ka ’na eaba lebaka la sena ke hore Pedaia o ile a shoa ’me Zorobabele a hōlisoa ke Shalatiele. Kapa haeba Shalatiele o ile a shoa a e-s’o be le ngoana, e ka ’na eaba Pedaia o ile a kenela mosali oa ngoan’abo, ’me Zorobabele ea e-ba eena letsibolo lenyalong leo.—Deuteronoma 25:5-10.

5:1, 2—Ho ne ho boleloa’ng ha ho thoe Josefa o fumane tokelo ea letsibolo? Ho ne ho boleloa hore Josefa o fumane likarolo tse peli tsa lefa. (Deuteronoma 21:17) Kahoo ho ile ha tsoa meloko e ’meli ho eena—e leng oa Efraime le oa Manase. Ha e le bara ba bang ba Iseraele, e mong le e mong oa bona o ile a hlahisa moloko o le mong feela.

Seo re Ithutang Sona:

1:1–9:44. Tlaleho ea maloko ea batho ba kileng ba phela e paka hore tokisetso eohle ea borapeli ba ’nete e thehiloe ’neteng, eseng khopolo-tabeng.

4:9, 10. Jehova o ile a arabela Jabeze ha a rapela ka tieo hore a ekeletsoe naha ka khotso e le hore a amohele batho ba eketsehileng ba tšabang Molimo. Le rōna re lokela ho rapela ka tieo hore ho be le keketseho ha re ntse re kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho etsa barutuoa.

5:10, 18-22. Mehleng ea Morena Saule, meloko e ka bochabela ho Jordane e ile ea hlōla Bahagare le hoja ba ne ba e feta ka palo ka makhetlo a fetang a mabeli. Meloko eo e ile ea ba hlōla hobane banna ba eona ba sebete ba ne ba tšepile Jehova ’me ba itšetlehile ka eena hore a ba thuse. Le rōna a re tšepeng Jehova ka ho feletseng ha re ntse re hlanaka ntoa ea rōna ea moea.—Baefese 6:10-17.

9:26, 27. Balebeli ba liheke ba Balevi ba ne ba tšepetsoe boikarabelo bo boholo. Ba ne ba fuoe senotlolo se ba lumellang ho kena libakeng tse halalelang tsa tempele. Ba ne ba bula liheke ka botšepehi letsatsi le letsatsi. Re fuoe mosebetsi oa ho batla batho tšimong ea rōna le ho ba thusa hore ba tle borapeling ba Jehova. Na le rōna ha rea lokela ho ba batho ba tšepahalang le ba ka tšeptjoang joaloka balebeli ba liheke ba Balevi?

DAVIDA O BUSA E LE MORENA

(1 Likronike 10:1–29:30)

Tlaleho e qala ka ho bolaoa ha Morena Saule le bara ba hae ba bararo ha ba ne ba loana le Bafilista Thabeng ea Gilboa. Davida, mora oa Jese, o behoa hore e be morena oa moloko oa Juda. Banna ba meloko e meng kaofela ba tla Hebrone ’me ba mo beha hore e be morena oa Iseraele eohle. (1 Likronike 11:1-3) Nakoana ka mor’a moo, o hapa Jerusalema. Hamorao, Baiseraele ba tlisa areka ea selekane Jerusalema ‘ka mohoo oa thabo le ka ho letsa lenaka ba letsetsa holimo liletsa tse likhoele le liharepa.’—1 Likronike 15:28.

Davida o re o lakatsa ho hahela Molimo oa ’nete ntlo. Jehova o etsa selekane sa ’Muso le Davida, empa o re o tla fa Solomone tlotla eo ea ho mo hahela ntlo. Jehova o etsa hore Davida a hlōle lintoa tse ngata ha a ntse a loantša lira tsa Iseraele. Ho nka ha hae palo ea sechaba a sa lumelloa ho fella ka hore ho shoe batho ba 70 000. Davida o reka setša ho Ornane Mojebuse, ka mor’a hore lengeloi le mo tsebise hore a hahele Jehova aletare. Davida o qala ho “lokisetsa lintho tse ngata haholo” tse tla sebelisoa ho hahela Jehova ntlo “e hlollang ka mokhoa o fetisisang” setšeng seo. (1 Likronike 22:5) Davida o hlophisa litšebeletso tse etsoang ke Balevi, tse hlalositsoeng ka ho qaqa mona ho feta likarolong leha e le life tse ling tsa Mangolo. Morena le sechaba ba fana ka monehelo oa mosebetsi oa tempele ka seatla se bulehileng. Davida o shoa a busitse ka lilemo tse 40, “a khotsofetse ke matsatsi, maruo le khanya; mora oa hae Solomone [o] qala ho busa sebakeng sa hae.”—1 Likronike 29:28.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

11:11—Ke hobane’ng ha palo ea ba 300 ba bolailoeng e sa tšoane le ea ba 800 bao ho buuoang ka bona tlalehong e tšoanang e ho 2 Samuele 23:8? Hlooho ea banna ba bararo ba Davida ba sebete ka ho fetisisa e ne e le Jashobeame, kapa Joshebe-bashebethe. Banna ba bang ba babeli ba matla e ne e le Eleazare le Shama. (2 Samuele 23:8-11) E ka ’na eaba lebaka la ho se tšoane ha litlaleho tseo tse peli ke hobane li bua ka liketsahalo tse sa tšoaneng tse entsoeng ke motho a le mong.

11:20, 21—Abishai o ne a le boemong bofe ha a bapisoa le banna ba bararo ba matla, ba ka sehloohong ba Davida? Abishai e ne e se e mong oa banna ba bararo ba matla ka ho fetisisa ba neng ba sebeletsa Davida. Empa joalokaha ho boletsoe ho 2 Samuele 23:18, 19, e ne e le hlooho ea bahlabani ba 30 a bile a hlaheletse ho feta ba bang. Abishai o ne a tumme joaloka banna bao ba bararo ba matla ba ka sehloohong hobane o ile a etsa ketso e matla joaloka Jashobeame.

12:8—Ke ka tsela efe lifahleho tsa bahlabani ba Bagade li neng li le joaloka “lifahleho tsa litau”? Banna bana ba sebete ba ne ba e-na le Davida lehoatateng. Moriri oa bona o ne o hōlile o le molelele. Moriri oo o molelele o ne o etsa hore ba shebahale ba le bohale, ba tšoana le litau.

13:5—‘Nōka ea Egepeta’ ke eng? Ba bang ba ’nile ba nahana hore poleloana ena e bolela nōkana e khelohang Nōkeng ea Nile. Empa ba bangata ba na le maikutlo a hore ho buuoa ka ‘phula ea molapo o phoroselang ea Egepeta’—e leng khohlo e telele e sehang moeli o ka boroa-bophirimela oa Naha e Tšepisitsoeng.—Numere 34:2, 5; Genese 15:18.

16:30—Ho bolela eng ‘ho utloa bohloko bo boholo’ ka lebaka la Jehova? Mona lentsoe “bohloko” le sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso ho bontša tšabo e nang le tlhompho le ho hlompha Jehova ka ho tebileng.

16:1, 37-40; 21:29, 30; 22:19—Ke tokisetso efe ea borapeli e ileng ea sebelisoa Iseraele ho tloha ha Areka e tlisoa Jerusalema ho fihlela ha tempele e hahoa? Ha Davida a tlisa Areka Jerusalema ’me a e beha ka tenteng eo a e entseng, Areka e ne e qetile lilemo tse ngata e se ka tabernakeleng. Areka e ile ea ’na ea lula ka tenteng eo le ha e se e isitsoe Jerusalema. Tabernakele e ne e le Gibeone, moo Moprista ea Phahameng Tsadoke le banab’abo ba neng ba etsetsa mahlabelo a boletsoeng Molaong teng. Tokisetso ena e ile ea tsoela pele ho fihlela tempele e qetoa Jerusalema. Ha tempele e se e felile, tabernakele e ile ea tlosoa Gibeone ea isoa Jerusalema, ’me Areka ea behoa ka Sehalalelisisong sa tempele.—1 Marena 8:4, 6.

Seo re Ithutang Sona:

13:11. Ho e-na le hore re halefe ’me re jarise Jehova molato ha re hlōleha ho etsa seo re lekang ho se etsa, re lokela ho sekaseka boemo ’me re leke ho bona se entseng hore re hlōlehe. Ke sona seo Davida a ileng a se etsa. O ile a ithuta phosong eo a e entseng ’me hamorao a atleha ho tlisa Areka Jerusalema a sebelisa mokhoa o loketseng.a

14:10, 13-16; 22:17-19. Re lokela ho atamela Jehova kamehla ka thapelo le ho mo kōpa hore a re tataise pele re etsa ntho leha e le efe e tla re ama moeeng.

16:23-29. Ntho ea pele eo re lokelang ho ameha ka eona bophelong ke borapeli ba Jehova.

18:3. Jehova ke Mophethahatsi oa litšepiso tsa hae. O ile a sebelisa Davida ho phethahatsa tšepiso ea hae ea ho fa peō ea Abrahama naha eohle ea Kanana, “ho tloha nōkeng ea Egepeta ho ea nōkeng e khōlō, nōka ea Eufrate.”—Genese 15:18; 1 Likronike 13:5.

21:13-15. Jehova o ile a laela lengeloi hore le emise kotlo hobane O qenehela batho ba Hae ha ba utloa bohloko. Ha e le hantle, “mehauhelo ea hae e mengata haholo.”b

22:5, 9; 29:3-5, 14-16. Le hoja Davida a ne a sa laeloa hore a hahele Jehova tempele, o ile a bonahatsa moea oa ho fana ka seatla se bulehileng. Hobane’ng? Hobane o ne a hlokomela hore sohle seo a nang le sona o ne a se fumane ka lebaka la molemo oa Jehova. Le rōna boikutlo boo ba ho leboha bo lokela ho re susumelletsa ho fana ka seatla se bulehileng.

24:7-18. Tokisetso ea lihlopha tse 24 tsa baprista eo Davida a ileng a e theha e ne e ntse e sebetsa ha lengeloi la Jehova le itlhahisa ho Zakaria, ntat’a Johanne Mokolobetsi, le mo tsebisa hore Johanne o tl’o tsoaloa. Kaha e ne e le setho sa “sehlopha sa Abija,” ka nako eo Zakaria o ne a sebeletsa tempeleng. (Luka 1:5, 8, 9) Borapeli ba ’nete bo tlaleha batho ba kileng ba phela—eseng ba tšōmong. Re hlohonolofatsoa ka ho enneng ha re sebelisana ka botšepehi le “lekhoba le tšepahalang le le masene” tabeng ea ho rapela Jehova ka tsela e hlophisitsoeng kajeno.—Matheu 24:45.

Sebeletsa Jehova “ka Moea o Thabileng”

Buka ea Likronike Tsa Pele ha e fane ka tlaleho ea meloko feela. E boetse e fana ka tlaleho ea ha Davida a tlisa areka ea selekane Jerusalema, ea lintoa tse khōlō tseo a li hlōtseng, ea litokisetso tsa ho haha tempele le ea ho thehoa ha lihlopha tsa tšebeletso tsa baprista ba Balevi. Ka sebele e tlameha ebe sohle seo Esdrase a se ngotseng bukeng ea Likronike Tsa Pele se ile sa ruisa Baiseraele molemo, sa ba thusa hore ba tsosolose cheseho ea bona borapeling ba Jehova tempeleng.

Ka sebele Davida o behile mohlala o motle ka ho etelletsa borapeli ba Jehova pele bophelong ba hae! Ho e-na le hore a ipatlele menyetla e khethehileng, Davida o ne a batla ho etsa thato ea Molimo. Re khothalletsoa ho sebelisa keletso ea hae ’me re sebeletse Jehova “ka pelo e feletseng le ka moea o thabileng.”—1 Likronike 28:9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana lintlha tse ling tseo re ka ithutang tsona tabeng ea ha Davida a ne a leka ho isa Areka Jerusalema, bona Molula-Qhooa oa May 15, 2005, leqepheng la 16-19.

b Ho fumana lintlha tse ling tseo re ka ithutang tsona tabeng ea Davida ea ho nka palo ea sechaba a sa lumelloa, bona Molula-Qhooa oa May 15, 2005, leqepheng la 16-19.

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 8-11]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

4026 B.C.E. Adama Meloko ea ho tloha ho Adama ho

isa ho Noe (lilemo tse 1 056)

Lilemo tse 130 ⇩

Setha

105 ⇩

Enoshe

90 ⇩

Kenane

70 ⇩

Mahalalele

65 ⇩

Jarede

162 ⇩

Enoke

65 ⇩

Methusela

187 ⇩

Lameke

182 ⇩

2970 B.C.E. Noe NOE o hlahile ka 2970 B.C.E.

Meloko ea ho tloha ho Noe ho isa

Lilemo tse 502 ⇩ ho Abrahama (lilemo tse 952)

Shema

100 ⇩ MOROALLO o bile teng ka 2370 B.C.E.

Arpakshade

35 ⇩

Shela

30 ⇩

Ebere

34 ⇩

Pelege

30 ⇩

Reu

32 ⇩

Seruge

30 ⇩

Nakore

29 ⇩

Tera

130 ⇩

2018 B.C.E. Abrahama ABRAHAMA o hlahile ka 2018 B.C.E.

Ho tloha ho Abrahama ho isa ho

Lilemo tse 100 ⇩ Davida: meloko e 14 (lilemo tse

911)

Isaka

60 ⇩

Jakobo

Tse ka bang 88 ⇩

Juda

⇩

Pereze

⇩

Hezrone

⇩

Rame

⇩

Aminadabe

⇩

Nashone

⇩

Salmone

⇩

Boaze

⇩

Obede

⇩

Jese

⇩

DAVIDA o hlahile ka 1107 B.C.E.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela