U se ke Ua Lumella Diabolose Sebaka
“Le se ke la fa Diabolose monyetla.”—BAEFESE 4:27, Bibele—Phetolelo e Ncha.
1. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ’nile ba belaella hore Diabolose o teng?
KA LILEMO tse makholo, batho ba bangata ba ne ba nahana hore Diabolose ke sebōpuoa se manaka, se litlhako li arohaneng, se apereng kobo e khubelu se bile se akhela batho ba khopo ka fereko mollong oa lihele. Bibele ha e tšehetse khopolo eo. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore maikutlo ao a fosahetseng a entse hore batho ba limilione ba belaelle hore Diabolose o teng kapa ba nahane hore lentsoe leo le mpa le bolela mohloli oa bobe feela.
2. Mangolo a bolela linnete life tse ling ka Diabolose?
2 Bibele e fana ka bopaki ba motho ea boneng ka mahlo ebile e bolela phatlalatsa hore Diabolose o teng. Jesu Kreste o ile a mo bona leholimong a ba a bua le eena ha a le mona lefatšeng. (Jobo 1:6; Matheu 4:4-11) Le hoja Mangolo a sa senole lebitso la pele la sebōpuoa sena sa moea, a mo bitsa Diabolose (e bolelang “Moetselletsi”) hobane o etselelitse Molimo. Hape o bitsoa Satane (e bolelang “Mohanyetsi”), kaha o hanyetsa Jehova. Ho boleloa hore Satane Diabolose ke “noha ea pele,” mohlomong e le hobane a ile a sebelisa noha hore a thetse Eva. (Tšenolo 12:9; 1 Timothea 2:14) Hape o tsejoa e le “ea khopo.”—Matheu 6:13.a
3. Ke potso efe eo re tlang ho e hlahloba?
3 Joaloka bahlanka ba Jehova, ho hang ha re batle ho tšoana le Satane, e leng sera se ka sehloohong sa Molimo a le mong feela oa ’nete. Ka hona, re lokela ho mamela keletso ea moapostola Pauluse e reng: “Le se ke la fa Diabolose monyetla.” (Baefese 4:27, BPN) Hantle-ntle ke litšobotsi life tsa Satane tseo re sa lokelang ho li etsisa?
U se ke Ua Etsisa Moetselletsi e Moholo
4. “Ea khopo” o ile a etseletsa Molimo joang?
4 “Ea khopo” ehlile o tšoanela ho bitsoa Diabolose, kaha ke moetselletsi. Ho etselletsa ke ho bua leshano, ho ba lonya le ho senya motho e mong lebitso. Molimo o ile a laela Adama a re: “Ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:17) Eva o ne a tsebisitsoe sena, empa Diabolose o ile a sebelisa noha, ’me a re ho eena: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:4, 5) Hoo e ne e le ho etselletsa Jehova Molimo ka lonya hakaakang!
5. Ke hobane’ng ha Diotrefe a ne a lokela ho ikarabella ka ho ba moetselletsi?
5 Baiseraele ba ile ba laeloa tjena: “U se ke ua chalaka har’a batho ba heno ka morero oa ho etselletsa.” (Levitike 19:16) Moapostola Johanne o ile a bua tjena ka moetselletsi oa mehleng ea hae: “Ke ile ka ngolla phutheho ho hong, empa Diotrefe, ea ratang ho ba le sebaka sa pele har’a bona, ha a amohele letho le tsoang ho rōna ka tlhompho. Ke ka lebaka leo, haeba ke tla, ke tlang ho hopola mesebetsi ea hae eo a tsoelang pele ho e etsa, a bebera ka rōna ka mantsoe a khopo.” (3 Johanne 9, 10) Diotrefe o ne a etselletsa Johanne ’me o ne a lokela ho arabella liketso tsa hae. Ke Mokreste ofe ea tšepahalang ea ka ratang ho tšoana le Diotrefe eaba o etsisa Satane, moetselletsi e moholo?
6, 7. Ke hobane’ng ha re batla ho qoba ho etselletsa motho leha e le ofe?
6 Hangata batho ba Jehova ba qosoa ka bohata ba bile baa etselletsoa. “Baprista ba ka sehloohong le bangoli [ba ile] ba ’na ba ema ’me ba . . . qosa [Jesu] ka matla.” (Luka 23:10) Pauluse o ile a qosoa ka bohata ke Ananiase Moprista ea Phahameng le ba bang. (Liketso 24:1-8) Hape Bibele e bolela hore Satane ke “moqosi oa barab’abo rōna, ea ba qosang bosiu le motšehare ka pel’a Molimo oa rōna.” (Tšenolo 12:10) Bara bao babo rōna ba qosoang ka bohata ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba leng lefatšeng matsatsing ana a ho qetela.
7 Ha ho Mokreste ea lokelang ho etselletsa motho leha e le ofe kapa ho mo qosa ka bohata. Leha ho le joalo, seo se ka etsahala haeba re fana ka bopaki bo behang motho e mong ka mosing empa re se na boitsebiso bohle ka litaba tse amehang. Molaong oa Moshe, motho eo ka boomo a neng a qosa e mong ka bopaki ba bohata o ne a ka qetella a bolauoe. (Exoda 20:16; Deuteronoma 19:15-19) Ho feta moo, lintho tse manyala ho Jehova li kopanyelletsa “paki ea bohata e phatlalatsang mashano.” (Liproverbia 6:16-19) Ka hona, ruri re batla ho qoba ho etsisa moetselletsi ea ka sehloohong eo hape e leng moqosi oa bohata.
Nena Litsela Tsa ’Molai oa Pele
8. Ke ka litsela life Diabolose e neng e le “’molai ha a qala”?
8 Diabolose ke ’molai. Jesu o ile a re: “E ne e le ’molai ha a qala.” (Johanne 8:44) Ho tloha ha a qala ho khelosa Adama le Eva ho Molimo, Satane e ’nile ea e-ba ’molai. O ile a tlisetsa banyalani bao ba pele le bana ba bona lefu. (Baroma 5:12) Hlokomela hore ketso ena e ka etsoa feela ke motho, eseng mohloli o itseng feela oa bobe.
9. Joalokaha ho bontšitsoe ho 1 Johanne 3:15, re ka ba babolai joang?
9 O mong oa Melao e Leshome e ileng ea fuoa Baiseraele o re: “U se ke ua bolaea.” (Deuteronoma 5:17) Ha a bua le Bakreste, moapostola Petrose o ile a ngola: “Ho se ke ha e-ba le ea mong oa lōna ea utloang bohloko kahobane e le ’molai.” (1 Petrose 4:15) Kahoo, joaloka bahlanka ba Jehova, re ne re ke ke ra bolaea motho. Empa re ne re tla ba molato ka pel’a Molimo haeba re hloile Mokreste-’moho le rōna ’me re lakatsa eka a ka be a shoele. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “E mong le e mong ea hloileng mor’abo ke ’molai, ’me lea tseba hore ha ho ’molai eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.” (1 Johanne 3:15) Baiseraele ba ile ba laeloa: “U se ke ua hloea mor’eno ka pelong ea hao.” (Levitike 19:17) E se eka re ka potlakela ho rarolla bothata leha e le bofe bo bang teng pakeng tsa rōna le molumeli-’moho le rōna, e le hore ’molai Satane a se ke a senya bonngoe ba rōna ba Bokreste.—Luka 17:3, 4.
Ema U Tiile Khahlanong le Raleshano ea ka Sehloohong
10, 11. Re lokela ho etsa’ng hore re eme re tiile khahlanong le Satane, e leng raleshano ea ka sehloohong?
10 Diabolose ke raleshano. Jesu o ile a re: “Ha a bua leshano, o bua ho ea ka tšekamelo ea hae, hobane o leshano ’me ke ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) Satane o ile a thetsa Eva, ha Jesu eena a ile a tla lefatšeng ho tla paka ’nete. (Johanne 18:37) Hore re eme re tiile khahlanong le Diabolose joalokaha re le balateli ba Kreste, re ke ke ra qapa mashano kapa thetso. Re tlameha ho ‘bua ’nete.’ (Zakaria 8:16; Baefese 4:25) “Jehova Molimo oa ’nete” o hlohonolofatsa feela Lipaki tsa hae tse buang ’nete. Ba khopo ha ba na tokelo ea ho ba baemeli ba hae.—Pesaleme ea 31:5; 50:16; Esaia 43:10.
11 Haeba re ananela kamoo ho tseba ’nete ea Bibele ho re lokolotseng kateng mashanong a Satane, re tla khomarela Bokreste, e leng eona “tsela ea ’nete.” (2 Petrose 2:2; Johanne 8:32) Lithuto tsohle tsa Bokreste ke tsona “’nete ea litaba tse molemo.” (Bagalata 2:5, 14) Poloko ea rōna e itšetlehile ka hore re ‘tsoele pele ho tsamaea ’neteng’—re e khomarele ’me re eme re tiile khahlanong le “ntate oa leshano.”—3 Johanne 3, 4, 8.
Hanyetsa Mokoenehi ea Hlaheletseng
12, 13. Re lokela ho talima bakoenehi joang?
12 Sebōpuoa sa moea se ileng sa fetoha Diabolose se ne se kile sa e-ba ’neteng. Empa Jesu o ile a re “[Diabolose] ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena.” (Johanne 8:44) Mokoenehi enoa ea hlaheletseng o ’nile a phehella tsela ea ho hanyetsa “Molimo oa ’nete.” Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba oela “lerabeng la Diabolose,” kamoo ho bonahalang kateng e le hobane ba ne ba thetsitsoe ebile ba khelositsoe ’neteng. Kahoo Pauluse o ile a khothatsa Timothea, mosebetsi-’moho le eena hore a ba laee ka bonolo e le hore ba ka hlaphoheloa moeeng ’me ba lokoloha lerabeng la Satane. (2 Timothea 2:23-26) Ha e le hantle, ho molemo haholo hore re khomarele ’nete ka tieo ’me le ka mohla re se ke ra oela lerabeng la maikutlo a bakoenehi.
13 Batho ba babeli ba pele ba ile ba fetoha bakoenehi ka lebaka la ho mamela Diabolose le ho lumela mashano a hae. Ka lebaka leo, na re lokela ho mamela bakoenehi, re bale lingoliloeng tsa bona, kapa re hlahlobe mecha ea bona ea phatlalatso Inthaneteng? Haeba re rata Molimo ebile re rata ’nete, re ke ke ra etsa joalo. Ha rea lokela ho lumella bakoenehi ho kena malapeng a rōna kapa esita le ho ba lumelisa, kaha liketso tse joalo li etsa hore re ‘kopanele mesebetsing ea bona e khopo.’ (2 Johanne 9-11) E se eka le ka mohla re ke ke ra inehella thetsong ea Diabolose ka ho tlohela “tsela ea ’nete” ea Bokreste ebe re latela mesuoe ea bohata e batlang ho ‘kenya ka sephiri lithuto tse senyang’ ebile e leka ho re “thetsa ka lipolelo tsa mano.”—2 Petrose 2:1-3, Bibele ea Sesotho.
14, 15. Pauluse o ile a lemosa baholo ba Efese le mosebetsi-’moho le eena Timothea joang?
14 Pauluse o ile a bolella baholo ba Bakreste ba Efese a re: “Ikeleng hloko ’me le ele hloko le mohlape oohle, oo moea o halalelang o le behileng balebeli har’a oona, hore le lise phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae. Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe liphiri tse hatellang li tla kena har’a lōna ’me li ke ke tsa tšoara mohlape ka mosa, ’me har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Liketso 20:28-30) Qetellong, bakoenehi bao ba ile ba fela ba hlaha ’me ba ‘bua lintho tse sothehileng.’
15 Hoo e ka bang ka selemo sa 65 C.E., moapostola o ile a khothatsa Timothea hore a ‘tšoare lentsoe la ’nete ka nepo.’ Pauluse o ile a ngola a re: “Empa u sesefe lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang; etsoe ba tla tsoela pele ba ea ho hlokeng bomolimo ho ntseng ho eketseha, ’me lentsoe la bona le tla nama joaloka seso se kekang. Hymenea le Filetase ke ba palo eo. Banna bana ba khelohile ’neteng, ba re tsoho e se e etsahetse; ’me ba senya tumelo ea ba bang.” Bokoenehi bo ne bo qalile! Pauluse o ile a phaella ka ho re: “Leha ho le joalo, motheo o tiileng oa Molimo o lutse o eme.”—2 Timothea 2:15-19.
16. Ho sa tsotellehe mashano a mokoenehi ea ka sehloohong, ke hobane’ng ha re khonne ho lula re tšepahala ho Molimo le Lentsoeng la hae?
16 Khafetsa Satane o ’nile a sebelisa bakoenehi ho leka hore a silafatse borapeli ba ’nete—empa ha aa ka a atleha. Hoo e ka bang ka selemo sa 1868, Charles Taze Russell o ile a qala ho hlahloba ka hloko lithuto tse neng li amoheleha ka nako e telele tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana eaba o fumana “litsela tse fosahetseng tseo ho neng ho hlalosoa Mangolo ka tsona.” Russell hammoho le ba bang ba seng bakae ba neng ba batla ’nete ba ile ba theha sehlopha sa thuto ea Bibele Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A. Lilemong tse ka bang 140 ho tloha ka nako eo, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba e-ba le lerato le tsebo e eketsehileng ka Molimo le ka Lentsoe la hae. Ho sa tsotellehe mashano a mokoenehi ea ka sehloohong, ho falimeha moeeng ha sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene ho thusitse Bakreste bana ba ’nete hore ba lule ba tšepahala ho Jehova le Lentsoeng la hae.—Matheu 24:45.
Le ka Mohla U se ke Ua Lumella ’Musi oa Lefatše Hore a U Susumetse
17-19. Lefatše le rapaletseng matleng a Diabolose ke lefe, hona ke hobane’ng ha re sa lokela ho le rata?
17 Tsela e ’ngoe eo Satane a batlang ho re tšoasa ka eona ke ka ho re susumetsa hore re rate lefatše lena—e leng batho ba ikarotseng ho Molimo. Jesu o ile a bitsa Diabolose “’musi oa lefatše” eaba o re: “Ha ho moo a ntšoarang teng.” (Johanne 14:30) E se eka le ka mohla Satane a ke ke a re tšoara! Ka ho hlakileng, rea hlokomela hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a [eo] ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Kahoo Diabolose o ne a ka fa Jesu “mebuso eohle ea lefatše” ha a ne a ka etsa ketso e le ’ngoe ea bokoenehi—e leng ntho eo Mor’a Molimo a ileng a e hana a sa qea-qee. (Matheu 4:8-10) Lefatše lena le busoang ke Satane le hloile balateli ba Kreste. (Johanne 15:18-21) Ha ho makatse ha moapostola Johanne a ile a re lemosa hore re se ke ra rata lefatše!
18 Johanne o ile a ngola a re: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena; hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng. Ho feta moo, lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:15-17) Ha rea lokela ho rata lefatše, etsoe tsela eo le phelang ka eona ke e khahlisang nama ea boetsalibe ’me e khahlanong le litekanyetso tsa Jehova Molimo ka ho feletseng.
19 Empa ho thoe’ng haeba ka lipelong tsa rōna re rata lefatše lee? Joale a re rapelleng thuso ea Molimo hore re hlōle lerato le joalo le litakatso tsa nama tse tsamaisanang le lona. (Bagalata 5:16-21) Ruri re tla loanela ho ipoloka re “se na letheba lefatšeng” haeba re hopola hore “makhotla a moea a khopo” ke ’ona “babusi ba lefatše” ba sa bonahaleng ba laolang mokhatlo oa batho ba sa lokang.—Jakobo 1:27; Baefese 6:11, 12; 2 Bakorinthe 4:4.
20. Ke hobane’ng ha ho ka thoe ha re “karolo ea lefatše”?
20 Jesu o ile a bua ka barutuoa ba hae a re: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le metsoalle ea bona e inehetseng ba loanela ho lula ba hloekile boitšoarong le moeeng, ba arohile lefatšeng lena. (Johanne 15:19; 17:14; Jakobo 4:4) Lefatše lena le sa lokang le re hloile hobane re lula re arohile ho lona ebile re ‘baboleli ba ho loka.’ (2 Petrose 2:5) Ke ’nete hore re phela har’a batho ba akarelletsang lihlola, bafebi, bahanyapetsi, barapeli ba litšoantšo, masholu, ba leshano le matahoa. (1 Bakorinthe 5:9-11; 6:9-11; Tšenolo 21:8) Empa ha re phefumolohe “moea oa lefatše,” kaha ha re susumetsoe ke matla ana a boetsalibe a susumetsang batho.—1 Bakorinthe 2:12.
U se ke Ua Lumella Diabolose Sebaka
21, 22. U ka sebelisa keletso ea Pauluse e tlalehiloeng ho Baefese 4:26, 27 joang?
21 Ho e-na le ho susumetsoa ke “moea lefatše,” re tataisoa ke moea oa Molimo, o hlahisang ka ho rōna litšobotsi tse kang lerato le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Litšobotsi tsena li re thusa hore re eme re tiile khahlanong le Diabolose ha a re hlasela tumelong. Diabolose o batla hore ‘re halefe hore feela re etse bobe,’ empa moea oa Molimo o re thusa ho “tlohela bohale ’me [re] lese khalefo.” (Pesaleme ea 37:8) Ke ’nete hore ka linako tse ling re ka ’na ra halefa ka lebaka le utloahalang, empa Pauluse o re eletsa tjena: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.”—Baefese 4:26, 27.
22 Haeba re lula re halefile, re ka qetella re entse sebe. Ha likelello tsa rōna li lula li le boemong boo, re ka fa Diabolose monyetla oa hore a jale ho hloka kutloano ka phuthehong kapa a re susumetse ho etsa liketso tse mpe. Kahoo, re lokela ho potlakela ho rarolla liphapang tseo re nang le tsona le ba bang ka tsela e amohelehang ho Molimo. (Levitike 19:17, 18; Matheu 5:23, 24; 18:15, 16) Ka hona, a re lumelleng moea oa Molimo ho re tataisa, re bontše boitšoaro ’me le ka mohla re se ke ra lumella esita le khalefo e loketseng hore e mpefale ho fihlela e tsoala lehloeo, lonya le bora.
23. Re tla tšohla lipotso life sehloohong se latelang?
23 Re tšohlile litšobotsi tse itseng tsa Diabolose tseo re sa lokelang ho li etsisa. Empa babali ba bang ba ka ’na ba ipotsa ba re: Na re lokela ho tšaba Satane? Ke hobane’ng ha a hlohlelletsa hore Bakreste ba hlorisoe? Hona re ka qoba ho qhekelloa ke Diabolose joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona letoto la lihlooho tse hlahang Molula-Qhooeng oa November 15, 2005 tse reng “Na Diabolose ke Motho oa Sebele?”
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho etselletsa motho leha e le ofe?
• Tumellanong le 1 Johanne 3:15, re ka qoba ho ba babolai joang?
• Re lokela ho talima bakoenehi joang, hona hobane’ng?
• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho rata lefatše?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Le ka mohla re ke ke ra lumella Diabolose hore a senye bonngoe ba rōna ba Bokreste
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Ke hobane’ng ha Johanne a ile a re khothalletsa hore re se ke ra rata lefatše?