Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ka mor’a teko ea ho qetela bofelong ba Lilemo Tse Sekete, na ho tla etsahala hore batho ba etse libe ebe baa shoa?
Litemana tse peli tsa Bibele bukeng ea Tšenolo li bua ka taba ena: “Lefu le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo. Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo.” (Tšenolo 20:14) “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
Hlokomela hore na lintho tsena li etsahala neng. Ho liheloa ha “lefu le Hadese” ka letšeng la mollo ho tla etsahala ka mor’a hore baphonyohi ba Armagedone le bafu ba tsositsoeng haesita le batho leha e le bafe ba tla tsoaloa ka mor’a Armagedone ba ahloloe ka “lintho tse ngotsoeng meqolong,” kapa ka lintho tse qaqileng tseo Jehova a tla li hloka ho batho nakong ea lilemo tseo tse sekete. (Tšenolo 20:12, 13) Moapostola Johanne o tlaleha pono e ’ngoe, e fumanoang ho Tšenolo khaolo ea 21, e tla phethahala Pusong ea Lilemo tse Sekete ea Kreste Jesu. Leha ho le joalo, pono eo, e tla phethahala ka botlalo qetellong ea Letsatsi la Kahlolo la lilemo tse sekete. Ka nako eo, Jehova o tla lula le moloko oa batho ka ho feletseng ho se na mokena-lipakeng, etsoe Jesu o tla be a nehelane ka ’Muso ho Ntate oa hae. Jehova o tla lula ka tšoantšetso le “batho ba hae,” kamehla le ka ho toba. “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng” ka ho feletseng ha moloko oa batho o tla be o phethahetse ka lebaka la molemo oa sehlabelo sa thekollo sa Kreste o tla beng o sebelisitsoe ka botlalo.—Tšenolo 21:3, 4.
Kahoo, lefu le boletsoeng mangolong a qotsitsoeng ka holimo, ke lefu le tlileng ka lebaka la Adama, le tla felisoa ka sehlabelo sa thekollo sa Kreste. (Baroma 5:12-21) Ha lefu leo moloko oa batho o le futsitseng ho motho oa pele le se le felisitsoe, batho ba tla tšoana le Adama ha a ne a bōptjoa. Adama o ne a phethahetse, empa seo ha sea ka sa bolela hore a ke ke a shoa. Jehova o ile a bolella Adama hore a se ke a ja litholoana tsa “sefate sa tsebo ea botle le bobe” a ba a re: “Ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:17) Lefu lena le ne le tla bakoa ke ho etsa sebe ka boomo. Ka mor’a teko ea ho qetela bofelong ba Puso ea Lilemo Tse Sekete, batho ba tla be ba ntse ba e-na le bolokolohi ba ho khetha. (Tšenolo 20:7-10) Ba tla ’ne ba khone ho khetha ka bolokolohi hore na ba batla ho tsoela pele ba sebeletsa Jehova kapa che. Ka hona, ha ho ea ka bolelang ka tieo hore ha ho motho ea tla furalla Molimo, joalokaha Adama a ile a mo furalla.
Ho tla etsahala’ng ka motho ea tla khetha ho fetohela Molimo ka mor’a teko ea ho qetela ha lefu le Hadese li se li le sieo? Nakong eo, ho tla be ho se ho se na lefu le tlileng ka lebaka la Adama. Joale, Hadese, e leng lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho, leo batho ba leng ho lona ba nang le tšepo ea tsoho, e tla be e se e le sieo. Empa, Jehova a ka timeletsa lerabele leha e le lefe ka letšeng la mollo, a le hlokisa tšepo leha e le efe ea tsoho. Lefu leo le ne le tla tšoana le leo Adama le Eva ba ileng ba le shoa, eseng le lefu leo batho ba le futsitseng ho Adama.
Leha ho le joalo, ha re na lebaka la ho lebella hore seo se etsahale. Ba fetang tekong ea ho qetela ba tla be ba fapane le Adama ka ntlha e le ’ngoe ea bohlokoa. Ba tla be ba lekiloe ka ho feletseng. Re ka kholiseha hore teko ea ho qetela e tla ba e phethahetseng kaha Jehova o tseba ho hlahloba batho ka ho feletseng. Re ka kholiseha hore teko ea ho qetela e tla felisa leha e le bafe ba neng ba tla sebelisa hampe bolokolohi boo ba bo filoeng ba ho khetha. Kahoo, le hoja ho ka etsahala hore leha e le mang ea fetang tekong ea ho qetela a fetohele Molimo ’me kahoo a timetsoe, ha ho bonahale eka ho na le motho ea fetileng tekong ea ho qetela ea tla fetohela Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Moloko oa batho o tla tšoana le Adama joang ka mor’a teko ea ho qetela?