Phutheho e ke e Rorise Jehova
“Ke tla bolela lebitso la hao ho barab’eso; ke tla u rorisa ka pina har’a phutheho.”—BAHEBERU 2:12.
1, 2. Ke hobane’ng ha phutheho e le molemo hakaale, hona mosebetsi oa eona oa sehlooho ke ofe?
HISTORING eohle, batho ba ’nile ba fumana botsoalle le tšireletseho tokisetsong ea lelapa. Leha ho le joalo, Bibele e bua ka tokisetso e ’ngoe eo ho eona kajeno batho ba bangata lefatšeng lohle ba thabelang botsoalle bo ikhethang le tšireletseho. Tokisetso ena ke phutheho ea Bokreste. Ebang u karolo ea lelapa le atamelaneng, le tšehetsanang kapa che, u ka ananela seo Molimo a se entseng ka tokisetso ea phutheho. Ho hlakile hore haeba u se u ntse u kopanela le phutheho ea Lipaki Tsa Jehova, mohlomong u ikutloela ka bouena botsoalle bo mofuthu boo u bo thabelang moo le kamoo u ikutloang u sireletsehile kateng.
2 Phutheho hase mokhatlo oa botsoalle feela. Hase mokhatlo oa motseng oo ho oona batho ba nang le semelo se tšoanang kapa ba thahasellang lintho tse tšoanang lipapaling kapa mesebetsing ea boikhathollo ba kopanang hammoho. Ho e-na le hoo, taba e ka sehloohong ke hore phutheho ke tokisetso ea ho rorisa Jehova Molimo. Esale ho ntse ho le joalo, joalokaha buka ea Lipesaleme e hatisa. Pesalemeng ea 35:18, rea bala: “Ke tla u roka phuthehong e khōlō; ke tla u rorisa har’a batho ba bangata.” Ka ho tšoanang, Pesaleme ea 107:31, 32 e re khothalletsa sena: “Batho ba ke ba lebohe Jehova ka mosa oa hae o lerato le ka mesebetsi ea hae e hlollang ho bara ba batho. Ba ke ba mo rorise haholo phuthehong ea batho.”
3. Ho ea ka Pauluse, phutheho e etsa’ng?
3 Moapostola oa Mokreste, e leng Pauluse o ile a totobatsa mosebetsi o mong oa bohlokoa oo phutheho e o phethang ha a ne a bua “ka [ntlo] ea Molimo, eo e leng phutheho ea Molimo ea phelang, tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Timothea 3:15) Pauluse o ne a bua ka phutheho efe? Bibele e sebelisa lentsoe “phutheho” ka litsela life? Hona see se lokela ho susumetsa bophelo ba rōna le tšepo ea rōna joang? E le hore re fumane likarabo, a re qaleng ka ho hlahloba kamoo lentsoe lena “phutheho” le sebelisitsoeng kateng Lentsoeng la Molimo.
4. Hangata lentsoe “phutheho” le sebelisoa ka tsela efe ka Mangolong a Seheberu?
4 Lentsoe la Seheberu leo hangata le fetoleloang e le “phutheho” le tsoa motsong o bolelang “bokanya” kapa “bokella.” (Deuteronoma 4:10; 9:10) Mopesaleme o ile a sebelisa “phutheho” ha a ne a bua ka mangeloi leholimong, ’me lentsoe leo le ka sebelisoa ha ho hlalosoa sehlopha sa batho ba babe. (Pesaleme ea 26:5; 89:5-7) Leha ho le joalo, hangata Mangolo a Seheberu a sebelisa lentsoe leo ha a bua ka Baiseraele. Molimo o ile a bontša hore Jakobo e ne e tla “ba phutheho ea lichaba,” ’me seo se ile sa etsahala. (Genese 28:3; 35:11; 48:4) Baiseraele ba ile ba bitsoa, kapa ba khetheloa hore e be “phutheho ea Jehova,” ‘phutheho ea Molimo oa ’nete.’—Numere 20:4; Nehemia 13:1; Joshua 8:35; 1 Samuele 17:47; Mikea 2:5.
5. Ke lentsoe lefe la Segerike leo hangata le fetoleloang e le “phutheho,” hona le ka sebelisoa joang?
5 Lentsoe la Segerike le tšoanang le lona ke ek·kle·siʹa, e tsoang mantsoeng a mabeli a Segerike a bolelang “ho bitsa.” Lentsoe lena le ka sebelisoa ha ho buuoa ka sehlopha se bokaneng ka morero oo e seng oa bolumeli, se kang “seboka” seo Demetriase a ileng a se susumelletsa hore se fetohele Pauluse ha a le Efese. (Liketso 19:32, 39, 41) Empa hangata Bibele e le sebelisa ha e bua ka phutheho ea Bokreste. Liphetolelo tse ling li re lentsoe lena ke “kereke,” empa The Imperial Bible-Dictionary e tlaleha hore “ha ho mohla . . . le bolelang mohaho oa sebele oo Bakreste ba bokanang ho oona bakeng sa ho rapela phatlalatsa.” Leha ho le joalo, ho thahasellisang ke hore ka Mangolong a Segerike a Bakreste, lentsoe “phutheho” le sebelisoa bonyane ka litsela tse ’nè tse sa tšoaneng.
Phutheho ea Molimo e Tlotsitsoeng
6. Davida le Jesu ba ile ba etsa’ng ka phuthehong?
6 Moapostola Pauluse o ile a bontša hore mantsoe a Davida a Pesalemeng ea 22:22 a sebetsa ho Jesu, eaba oa ngola: “‘Ke tla bolela lebitso la hao ho barab’eso; ke tla u rorisa ka pina har’a phutheho.’ Ka lebaka leo [Jesu] o ile a tlameha ho ba joaloka ‘barab’abo’ ka litsela tsohle, e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang linthong tse amanang le Molimo.” (Baheberu 2:12, 17) Davida o ne a ile a rorisa Molimo har’a phutheho ea Iseraele ea boholo-holo. (Pesaleme ea 40:9) Leha ho le joalo, ke phutheho efe eo Pauluse a neng a bua ka eona ha a re Jesu o ile a rorisa Molimo “har’a phutheho”?
7. Lentsoe lena “phutheho” le sebelisitsoe ka tsela efe ea sehlooho ka Mangolong a Segerike a Bakreste?
7 Taba eo re e balang ho Baheberu 2:12, 17 ke ea bohlokoa. E bontša hore Kreste e ne e le karolo ea phutheho eo ho eona a ileng a bolela lebitso la Molimo ho barab’abo. Bara bao babo e ne e le bo-mang? E ne e le ba etsang karolo ea “peō ea Abrahama,” e leng barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ka moea, “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo.” (Baheberu 2:16–3:1; Matheu 25:40) Ka sebele, moelelo oa sehlooho oa lentsoe lena “phutheho” ka Mangolong a Segerike a Bakreste ke sehlopha se nang le litho tse ngata sa balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea. Batlotsuoa bana ba 144 000 ba etsa “phutheho ea matsibolo a ngolisitsoeng maholimong.”—Baheberu 12:23.
8. Jesu o ile a bolela esale pele joang hore phutheho ea Bokreste e ne e tla thehoa?
8 Jesu o ile a bontša hore phutheho ena ea “Bokreste” e ne e tla thehoa. Nako e ka etsang selemo pele ho lefu la hae, o ile a bolella moapostola e mong a re: “U Petrose, ’me holim’a lefika lena ke tla haha phutheho ea ka, ’me liheke tsa Hadese li ke ke tsa e hlōla ka matla.” (Matheu 16:18) Petrose le Pauluse, ka nepo ba ne ba utloisisa hore Jesu ke eena lefika leo ho neng ho buuoe ka lona esale pele. Petrose o ile a ngola hore ba hahuoang e le “majoe a phelang” a ntlo ea moea holim’a lefika, e leng Kreste, e ne e le “batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore [ba] ka bolela hohle makhabane a hlomphehang” a Ea ileng a ba bitsa.—1 Petrose 2:4-9; Pesaleme ea 118:22; Esaia 8:14; 1 Bakorinthe 10:1-4.
9. Phutheho ea Molimo e qalile ho thehoa neng?
9 ‘Batho baa bao e leng letlotlo le khethehileng’ ba ile ba etsoa phutheho ea Bokreste neng? E bile ka Pentekonta ea 33 C.E. ha Molimo a ne a tšollela moea o halalelang ho barutuoa ba neng ba bokane Jerusalema. Hamorao letsatsing leo, Petrose o ile a fa Bajuda le basokolohi puo e matla. Ba bangata ba ile ba hlabeha pelong ke lefu la Jesu; ba ile ba baka eaba baa kolobetsoa. Tlaleho ea Bibele e re bolella hore batho ba likete tse tharo ba ile ba baka eaba baa kolobetsoa, ’me hang ka mor’a moo ba fetoha karolo ea phutheho e ncha e hōlang ea Molimo. (Liketso 2:1-4, 14, 37-47) E ne e hōla hobane Bajuda ba bangata le basokolohi ba ne ba hlokomela hore sechaba sa Iseraele e ne e se e se phutheho ea Molimo. Ho e-na le hoo, Bakreste ba tlotsitsoeng bao e leng “Iseraele ea Molimo” ea moea, ba ne ba fetohile phutheho ea ’nete ea Molimo.—Bagalata 6:16; Liketso 20:28.
10. Jesu o amana joang le phutheho ea Molimo?
10 Hangata Bibele e bontša phapang e teng pakeng tsa Jesu le batlotsuoa, ka lipolelo tse kang ena e reng, “mabapi le Kreste le phutheho.” Jesu ke Hlooho ea phutheho ena ea Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Pauluse o ile a ngola hore Molimo o “entse [Jesu] hlooho holim’a lintho tsohle ho phutheho, eo e leng ’mele oa hae.” (Baefese 1:22, 23; 5:23, 32; Bakolose 1:18, 24) Kajeno, lefatšeng mona ho setse masala a seng makae feela a bao e leng litho tse tlotsitsoeng tsa phutheho ena. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Hlooho ea bona, e leng Jesu Kreste, oa ba rata. Maikutlo a hae ka bona a hlalositsoe tjena ho Baefese 5:25: “Kreste le eena [o] ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” Oa ba rata hobane ba phathahane ka ho nyehela ho Molimo “sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae,” feela joaloka Jesu ha a ne a le mona lefatšeng.—Baheberu 13:15.
Litsela Tse Ling Tseo Lentsoe “Phutheho” le Sebelisoang ka Tsona
11. Mangolo a Segerike a Bakreste a sebelisa lentsoe ‘phutheho’ ka tsela efe ea bobeli?
11 Ka linako tse ling, Bibele e sebelisa lentsoe “phutheho” ka mokhoa o lekanyelitsoeng kapa o totobetseng, e sa bolele sehlopha sohle sa batlotsuoa ba 144 000 ba etsang ‘phutheho ea Molimo.’ Ka mohlala, Pauluse o ile a ngolla sehlopha se seng sa Bakreste a re: “Phemang ho ba lisosa tsa khopiso ho Bajuda hammoho le Bagerike le phuthehong ea Molimo.” (1 Bakorinthe 10:32) Ho totobetse hore phuthehong ea boholo-holo ea Korinthe haeba Mokreste a ne a itšoara ka tsela e sa lokelang, seo e ne e ka ’na ea e-ba sesosa sa khopiso ho ba bang. Empa na boitšoaro boo bo sa lokelang bo ne bo ka khopisa Bagerike bohle, Bajuda kapa batlotsuoa ho tloha mehleng eo ea Pauluse ho fihlela kajeno? Seo se ne se ke ke sa etsahala. Kahoo, ho bonahala eka temaneng ena ‘phutheho ea Molimo’ e bolela Bakreste ba phelang ka nako e itseng. Kahoo, ho ka thoe Molimo oa tataisa, oa tšehetsa kapa o hlohonolofatsa phutheho, ke hore Bakreste bohle ka nako leha e le efe, kae kapa kae moo ba leng teng. Kapa re ka bua ka thabo le khotso tse teng ka phuthehong ea Molimo kajeno, ke hore har’a mokhatlo oohle oa Bokreste oa bara ba motho.
12. Lentsoe “phutheho” le sebelisitsoe ka tsela efe ea boraro ka Bibeleng?
12 Tsela ea boraro eo ka eona Bibele e sebelisang lentsoe “phutheho” e sebetsa ho Bakreste bohle ba sebakeng se itseng. Rea bala: “Phutheho ho pholletsa le Judea le Galilea le Samaria kaofela ea kena nakong ea khotso.” (Liketso 9:31) Ho ne ho e-na le liphutheho tse ’maloa sebakeng seo se seholo, empa lihlopha tseo kaofela tsa Bakreste tse neng li le Judea, Galilea le Samaria li ne li bitsoa “phutheho.” Ha re nahana ka palo ea ba ileng ba kolobetsoa ka Pentekonta ea 33 C.E. le ba ileng ba kolobetsoa nakoana ka mor’a moo, e ka ’na eaba ho ne ho bile ho e-na le lihlopha tse ’maloa tse neng li kopana kamehla tikolohong ea Jerusalema. (Liketso 2:41, 46, 47; 4:4; 6:1, 7) Heroda Agripa I o ile a busa Judea ho fihlela a e-shoa ka 44 C.E., ’me ho 1 Bathesalonika 2:14, ho hlakile hore bonyane ka selemo sa 50 C.E., ho ne ho e-na le liphutheho tse ngata Judea. Kahoo, ha re bala hore Heroda o ne a “sotla ba bang ba phutheho,” e ka ’na eaba sena se bolela lihlopha tse ’maloa tse neng li bokana Jerusalema.—Liketso 12:1.
13. Ke tsela efe ea bone le e tloaelehileng eo ka eona Bibele e sebelisang lentsoe “phutheho”?
13 Tsela ea bone e tloaelehileng le e lekanyelitsoeng le ho feta eo lentsoe lena “phutheho” le sebelisoang ka eona ke ha ho buuoa ka Bakreste bao e leng phutheho e le ’ngoe ea sebakeng se itseng, e kang e lelapeng. Pauluse o ile a bua ka “liphutheho tsa Galatia.” Ho ne ho e-na le liphutheho tse joalo tse ’maloa profinseng eo e khōlō ea Roma. Pauluse o ile a sebelisa habeli lentsoe le ka bongateng “liphutheho” ha a bua ka Galatia, e leng hore o ne a tla be a kopanyelletsa liphutheho tse Antioke, Derbe, Lystra le Ikoniamo. Liphuthehong tsena tsa sebaka ka seng ho ne ho khethoa banna ba baholo ba tšoanelehang, kapa balebeli. (1 Bakorinthe 16:1; Bagalata 1:2; Liketso 14:19-23) Ho ea ka Mangolo, kaofela ha tsona e ne e le “liphutheho tsa Molimo.”—1 Bakorinthe 11:16; 2 Bathesalonika 1:4.
14. Re ka fihlela qeto efe ka tsela eo lentsoe “phutheho” le sebelisitsoeng ka eona litemaneng tse ’maloa?
14 Maemong a mang, e tlameha ebe lihlopha tse neng li e-ba teng libokeng tsa Bokreste li ne li le nyenyane, li khona ho fella ka matlong a batho. Leha ho le joalo, lentsoe “phutheho” le ne le ntse le sebelisoa ha ho buuoa ka lihlopha tseo. Liphutheho tseo re li tsebang e ne e le tse ka matlong a Akuila le Priska, Nimfa le Filemone. (Baroma 16:3-5; Bakolose 4:15; Filemone 2) Sena se lokela ho khothatsa liphutheho tse nyenyane haholo le tseo mohlomong li kopanelang malapeng a batho. Jehova o ne a amohela liphutheho tseo tse nyenyane lekholong la pele la lilemo, ’me ha ho pelaelo hore oa li amohela kajeno ebile o li hlohonolofatsa ka moea oa hae o halalelang.
Liphutheho li Rorisa Jehova
15. Liphuthehong tse ling tsa pele, ho ne ho bonahala joang hore moea o halalelang oa sebetsa?
15 Pejana re boletse hore Jesu o ile a rorisa Molimo har’a phutheho e le ha ho phethahala Pesaleme ea 22:22. (Baheberu 2:12) Balateli ba hae ba tšepahalang ba ne ba lokela ho etsa se tšoanang. Lekholong la pele la lilemo ha Bakreste ba ’nete ba ne ba tlotsoa ka moea o halalelang hore e be bara ba Molimo ’me ka tsela eo e e-ba bara babo Kreste, moea o ile oa qala ho sebetsa haholo ho ba bang, ka tsela e ikhethang. Ba ile ba fuoa limpho tsa moea tsa mohlolo. Litsela tse ling tseo limpho tse joalo li neng li bonahala ka tsona e ne e le ho bua ka tsela e ikhethang ka bohlale kapa tsebo, matla a ho phekola kapa ho profeta, kapa esita le ho bua lipuo tse ling tseo ba neng ba sa li tsebe.—1 Bakorinthe 12:4-11.
16. Sepheo se seng sa limpho tsa moea tsa mohlolo e ne e le sefe?
16 Ha Pauluse a bua ka taba ena ea ho bua puo e ’ngoe, o ile a re: “Ke tla bina thoriso ka mpho ea moea, empa hape ke tla bina thoriso ka kelello ea ka.” (1 Bakorinthe 14:15) O ile a lemoha kamoo ho neng ho le bohlokoa kateng hore ba bang ba utloisise mantsoe a hae ’me ka tsela eo ba fumane thuto. Sepheo sa Pauluse e ne e le hore a rorise Jehova ka phuthehong. O ile a phehella ba bang ba neng ba e-na le limpho tsa moea, a re: “Le batle ho ateloa ke tsona bakeng sa ho haha phutheho,” e leng phutheho ea moo ba neng ba bonahatsa mpho eo teng. (1 Bakorinthe 14:4, 5, 12, 23) Ho hlakile hore Pauluse o ne a thahasella liphutheho tsa sebaka ka seng, a tseba hore Bakreste ba ne ba tla ba le monyetla oa ho rorisa Molimo ho e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona.
17. Kajeno ke eng eo re ka kholisehang ka eona mabapi le liphutheho tsa sebaka ka seng?
17 Jehova o ntse a tsoela pele ho sebelisa phutheho ea hae le ho e tšehetsa. O hlohonolofatsa phutheho e nang le litho tse ngata ea Bakreste ba tlotsitsoeng e lefatšeng kajeno. Sena se bonahala ka nala ea lijo tsa moea tseo batho ba Molimo ba li fumanang. (Luka 12:42) O hlohonolofatsa mokhatlo oohle oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara. Hape o hlohonolofatsa liphutheho tsa sebaka ka seng, moo re rorisang ’Mōpi oa rōna ka liketso tsa rōna le ka litlhaloso tse matlafatsang tumelo ea ba bang. Ha re le moo re fumana thuto le koetliso e le hore re ka rorisa Molimo le maemong a mang, ha re se libokeng tsa phutheho ea habo rōna.
18, 19. Bakreste ba inehetseng ba batla ho etsa’ng phuthehong leha e le efe eo ba leng ho eona?
18 Hopola hore moapostola Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ba phutheho ea Filipi, e motseng oa Macedonia, a re: “Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella . . . hore le ka tlala litholoana tse lokileng, tse teng ka Jesu Kreste, khanyeng le thorisong ea Molimo.” Seo se ne se tla akarelletsa ho bua le ba bang, e leng batho ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste, ka tumelo ea bona ho Jesu le ka tšepo ea bona e babatsehang. (Bafilipi 1:9-11; 3:8-11) Ka lebaka leo, Pauluse o ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena a re: “Ka [Jesu] a re nyeheleng kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.”—Baheberu 13:15.
19 Na joaloka Jesu, u thabela ho rorisa Molimo “har’a phutheho,” le ho sebelisa molomo oa hao hore u rorise Jehova ka pel’a ba sa ntseng ba sa tsebe Molimo ba bile ba sa mo rorise? (Baheberu 2:12; Baroma 15:9-11) Mokhoa oo re arabang potso eo ka oona o ka ’na oa itšetleha ka hore na re ikutloa joang ka karolo eo phutheho ea habo rōna e e phethang morerong oa Molimo. Sehloohong se latelang, a re hlahlobeng kamoo Jehova a tsamaisang le ho sebelisa phutheho ea habo rōna le hore na e lokela ho phetha karolo efe bophelong ba rōna kajeno.
Na U sa Hopola?
• ‘Phutheho ea Molimo,’ e entsoeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng e bile teng joang?
• Bibele e sebelisa lentsoe “phutheho” ka litsela life tse ling tse tharo?
• Davida, Jesu le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba batla ho etsa’ng mabapi le phutheho, hona see se lokela ho re ama joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Jesu e ne e le motheo oa phutheho efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lihlopha tsa sebaka ka seng tsa Bakreste li ne li kopana e le ‘liphutheho tsa Molimo’
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Joaloka Bakreste ba Benin, re ka rorisa Jehova har’a matšoele a phuthehileng