Re Lokela ho Tšoara Batho ba Bang Joang?
“Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.”—LUKA 6:31.
1, 2. (a) Thuto ea Thabeng ke eng? (b) Re tla tšohla eng sehloohong see le se se latelang?
KA SEBELE Jesu Kreste e ne e le Mosuoe e Moholo. Ha lira tsa hae tsa bolumeli li ne li romela balaoli hore ba e’o mo tšoara, banna bao ba ile ba khutla ba itšoere matsoho ’me ba re: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” (Joh. 7:32, 45, 46) E ’ngoe ea lipuo tsa Jesu tse ileng tsa fanoa ka bokhabane ke Thuto ea Thabeng. E tlalehiloe khaolong ea 5 ho ea ho ea 7 Kosepeleng ea Matheu, ’me boitsebiso bo tšoanang bo tlalehiloe ho Luka 6:20-49.a
2 Mohlomong polelo e tsebahalang haholo thutong eo ke eo hangata e seng e fetohile molao o tsebahalang oa boitšoaro. E bua ka hore na re tšoare batho ba bang joang. Jesu o ile a re: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.” (Luka 6:31) Jesu o ne a etsetsa batho lintho tse molemo hakaakang! Jesu o ile a phekola batho ba kulang a ba a tsosa bafu. Leha ho le joalo, ka ho khetheha batho ba ne ba rua molemo ha ba amohela litaba tse molemo tseo a neng a ba bolella tsona. (Bala Luka 7:20-22.) Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re thabela ho etsa mosebetsi o tšoanang oa ho bolela ka ’Muso. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Sehloohong sena le se se latelang, re tla tšohla mantsoe a Jesu a mabapi le mosebetsi ona hammoho le lintlha tse ling tse hlahang Thutong ea Thabeng tse amanang le kamoo re tšoanetseng ho tšoara batho ba bang kateng.
E-ba le Maikutlo a Bonolo
3. U ka hlalosa maikutlo a bonolo joang?
3 Jesu o ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Mat. 5:5) Ka Mangolong, ha ho moo maikutlo a bonolo a amanang teng le bofokoli. Ke bonolo boo re bo bontšang hobane re etsa seo Molimo a batlang hore re se etse. Maikutlo ana a bontšoa ka tsela eo re tšoarang batho ba bang ka eona. Ka mohlala, ha ho “eo [re] busetsang bobe ka bobe ho eena.”—Bar. 12:17-19.
4. Ke hobane’ng ha ba nang le maikutlo a bonolo ba thabile?
4 Ba nang le maikutlo a bonolo ba thabile hobane “ba tla rua lefatše.” Jesu ea neng a e-na le “maikutlo a bonolo ’me [a] ikokobelitse pelong,” ke eena ea ‘behiloeng hore e be mojalefa oa lintho tsohle’ ’me ke Mojalefa ea ka sehloohong oa lefatše. (Mat. 11:29; Baheb. 1:2; Pes. 2:8) Ho ile ha boleloa esale pele hore “mor’a motho” eo e leng Mesia o ne a tla ba le batho bao a busang le bona ’Musong oa leholimo. (Dan. 7:13, 14, 21, 22, 27) Kaha ke “majalefa hammoho le Kreste,” batlotsuoa bana ba 144 000 ba nang le maikutlo a bonolo le bona ba ne ba tla rua lefatše le Jesu. (Bar. 8:16, 17; Tšen. 14:1) Ba bang ba nang le maikutlo a bonolo ba tla hlohonolofatsoa ka bophelo bo sa feleng lefatšeng ’Musong oo.—Pes. 37:11.
5. Ho ba bonolo joaloka Kreste ho re ama joang?
5 Haeba re le bohale, batho ba bang ba ke ke ba rata ho ba le rōna ’me ba tla re koekoetla. Leha ho le joalo, ha re le bonolo joaloka Kreste, re etsa hore batho ba bang ba ka phuthehong ba thabe re bile re ba matlafatsa moeeng. Bonolo ke karolo ea tholoana eo matla a sebetsang a Molimo a e hlahisang ka hare ho rōna haeba re ‘phela ka moea re bile re tsamaea ka oona.’ (Bala Bagalata 5:22-25.) Ka sebele re batla ho ba har’a ba nang le maikutlo a bonolo ba tsamaisoang ke moea o halalelang oa Jehova!
Ba Mohau ba Thaba Hakaakang!
6. Ke litšobotsi life tse hlaheletseng tseo “ba mohau” ba nang le tsona?
6 Thutong ea hae ea Thabeng Jesu o ile a boela a re: “Ho thaba ba mohau, kaha ba tla bontšoa mohau.” (Mat. 5:7) “Ba mohau” ba na le qenehelo, ebile ba bontša ho nahanela le kutloelo-bohloko ho ba mathateng. Jesu o ile a ntša batho mathateng ka mohlolo hobane a ne a “[ba] hauhela,” kapa a ne a “susumelitsoe ke khauho.” (Mat. 14:14; 20:34) Kahoo, khauho le ho nahanela li lokela ho re susumelletsa hore re be mohau.—Jak. 2:13.
7. Khauho e ile ea susumetsa Jesu hore a etse eng?
7 Ha bongata bo ne bo kopana le Jesu a le tseleng ho ea phomola, o ile “a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa.” Ka lebaka leo, “a qala ho bo ruta lintho tse ngata.” (Mar. 6:34) Re thaba hakaakang ha ka tsela e tšoanang re bolella ba bang molaetsa oa ’Muso ebile re ba bolella ka mohau o moholo oa Molimo!
8. Ke hobane’ng ha ba mohau ba thabile?
8 Ba mohau ba thabile hobane ba “bontšoa mohau.” Ha re tšoara batho ka mohau, hangata le bona ba re bontša mohau. (Luka 6:38) Ho feta moo, Jesu o ile a re: “Haeba le tšoarela batho litšito tsa bona, Ntat’a lōna oa leholimo le eena o tla le tšoarela.” (Mat. 6:14) Ke ba mohau feela ba tsebang thabo e tlisoang ke ho tšoareloa libe le ho amoheloa ke Molimo.
Ke Hobane’ng ha “ba Nang le Khotso” ba Thabile?
9. Haeba re le ba nang le khotso re tla itšoara joang?
9 Ha Jesu a bolela lebaka le leng la ho thaba, o ile a re: “Ho thaba ba nang le khotso, kaha ba tla bitsoa ‘bara ba Molimo.’” (Mat. 5:9) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “ba nang le khotso” ka ho toba le bolela “ba bōpang khotso.” Ha re le ba bōpang khotso, re ke ke ra khothalletsa kapa ra kopanela nthong efe kapa efe, e kang ho etselletsa, e ka ’nang ea “arola ba tloaelaneng.” (Liprov. 16:28) Ka lipolelo le ka liketso, re tla phehella ho ba le khotso le batho ba ka hare le ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste. (Baheb. 12:14) Haholo-holo re tla etsa sohle se matleng a rōna hore re fumanoe re le khotsong le Jehova Molimo.—Bala 1 Petrose 3:10-12.
10. Ke hobane’ng ha “ba nang le khotso” ba thabile?
10 Jesu o ile a re “ba nang le khotso” ba thabile, “kaha ba tla bitsoa ‘bara ba Molimo.’” Ka lebaka la ho lumela ho Jesu hobane e le Mesia, Bakreste ba tlotsitsoeng ba fuoa “matla a ho ba bana ba Molimo.” (Joh. 1:12; 1 Pet. 2:24) Ho thoe’ng ka “linku tse ling” tsa Jesu tse nang le khotso? E tla ba “Ntate oa ka ho sa Feleng” oa tsona Pusong ea hae ea Lilemo Tse Sekete le majalefa-’moho le eena a leholimo. (Joh. 10:14, 16; Esa. 9:6; Tšen. 20:6) Qetellong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete, batho bao ba bōpang khotso e tla ba bana ba Molimo ba lefatšeng ka ho feletseng.—1 Bakor. 15:27, 28.
11. Re tla tšoara batho ba bang joang haeba re tataisoa ke “bohlale bo tsoang holimo”?
11 E le hore re be le kamano e haufi le Jehova, “Molimo oa khotso,” re lokela ho etsisa litšobotsi tsa hae, tse akarelletsang ho ba le khotso. (Bafil. 4:9) Haeba re lumela ho tataisoa ke “bohlale bo tsoang holimo,” re tla tšoara batho ba bang ka khotso. (Jak. 3:17) Ka sebele, re tla ba batho ba bōpang khotso ba thabileng.
“Leseli la Lōna le ke le Khanye”
12. (a) Jesu o ile a re’ng ka leseli la moea? (b) Re ka etsa joang hore leseli la rōna le khanye?
12 Re tšoara batho ka tsela e molemo ka ho fetisisa eo re ka e khonang ha re ba thusa ho fumana leseli la moea le tsoang ho Molimo. (Pes. 43:3) Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore e ne e le “leseli la lefatše” a ba a ba khothalletsa hore ba etse hore leseli la bona le khanye e le hore batho ba ka bona “mesebetsi ea [bona] e metle,” kapa liketso tsa bona tse molemo tseo ba li etsetsang batho ba bang. Sena se ne se tla etsa hore ho be le khanya ea moea “ka pel’a batho,” kapa molemong oa batho. (Bala Matheu 5:14-16.) Kajeno, re etsa hore leseli la rōna le khanye ka ho etsetsa baahelani ba rōna lintho tse molemo le ka ho kenya letsoho mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo “lefatšeng lohle,” ke hore, “lichabeng tsohle.” (Mat. 26:13; Mar. 13:10) Ke tlotla e kaakang ho etsa mosebetsi oo!
13. Batho ba bang ba hlokomela eng ka rōna?
13 Jesu o ile a re: “Motse o ke ke oa pateha ha o lutse holim’a thaba.” Motse ofe kapa ofe o lutseng holim’a thaba o ne o tla bonoa habonolo. Ka ho tšoanang, re le baboleli ba ’Muso, ba bang ba hlokomela mesebetsi ea rōna e molemo le litšobotsi tsa rōna tse kang ho etsa lintho ka tekanyo ebile re hloekile.—Tite 2:1-14.
14. (a) U ka hlalosa mabone a lekholong la pele la lilemo joang? (b) Ho se pate leseli la moea ka tlas’a “baskete e lekanyang” ho bolela’ng?
14 Jesu o ile a bua ka ho bonesa lebone le ho le beha holim’a seluloana sa lebone, eseng ka tlas’a baskete, e le hore le ka khanyetsa bohle ba ka tlung. Lebone le tloaelehileng la lekholong la pele la lilemo e ne e le sejana sa letsopa se nang le khole e neng e hula mokelikeli (oo hangata e neng e le oli ea mohloaare) o neng o etsa hore lelakabe le tuke. Hangata lebone le neng le behoa holim’a seluloana sa lehong kapa sa tšepe, le ne le “khanyetsa bohle ba ka tlung.” Batho ba ne ba sa bonese lebone ebe ba le beha ka tlas’a “baskete e lekanyang”—e leng nkho e khōlō e tšelang lilithara tse robong. Jesu o ne a sa batle hore barutuoa ba hae ba pate leseli la bona la moea ka tlas’a baskete e lekanyang ea tšoantšetso. Kahoo re lokela ho etsa hore leseli la rōna le khanye, le ka mohla re se ke ra lumella khanyetso kapa mahloriso ho etsa hore re pate ’nete ea Mangolo kapa hore re ipolokele eona.
15. ‘Mesebetsi ea rōna e metle’ e ama batho ba bang joang?
15 Ke ka mor’a ho bua ka lebone le khanyang moo Jesu a ileng a bolella barutuoa ba hae: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.” Ka lebaka la “mesebetsi ea [rōna] e metle,” ba bang ba “tlotlisa” Molimo ka hore e be bahlanka ba hae. See se re khothatsa hakaakang hore re tsoele pele re ‘khanya re le maseli lefatšeng’!—Bafil. 2:15.
16. Hore re be “leseli la lefatše” ho hlokahala hore re etse’ng?
16 Hore re be “leseli la lefatše” ho hlokahala hore re kopanele mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa. Empa ho boetse ho na le se seng seo ho hlokahalang hore re se etse. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Tsoelang pele ho tsamaea joaloka bana ba leseli, kaha litholoana tsa leseli li entsoe ka molemo oa mofuta o mong le o mong le ho loka le ’nete.” (Baef. 5:8, 9) Re lokela ho ba mehlala e totobetseng ea boitšoaro bo amoheloang ke Molimo. Ka sebele, re lokela ho mamela keletso ena ea moapostola Petrose: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li le buang hampe joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo letsatsing la ho hlahloba ha hae.” (1 Pet. 2:12) Empa ke sefe se lokelang ho etsoa haeba ho hlaha bothata pakeng tsa balumeli-’moho?
“Etsa Khotso le Mor’eno”
17-19. (a) “Mpho” e boletsoeng ho Matheu 5:23, 24 e ne e le eng? (b) Ho boelana le mor’abo motho e ne e le habohlokoa hakae, hona Jesu o bontšitse see joang?
17 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae hore ba se ke ba koetlela barab’abo bona khalefo le nyeliso. Ho e-na le hoo, ba ne ba lokela ho potlakela ho phehella ho ba le khotso le mor’abo bona ea khopisitsoeng. (Bala Matheu 5:21-25.) Hlokomelisisa keletso ea Jesu. Haeba u ne u tlisa mpho ea hao aletareng ’me ha u le moo u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u ne u tla etsa’ng? U ne u lokela ho siea mpho ea hao ka pel’a aletare u e’o bōpa khotso le mor’eno. Ka mor’a ho etsa joalo, u ne u ka khutla ebe u nyehela mpho ea hao.
18 Hangata “mpho” eo e ne e le nyehelo ea sehlabelo eo motho a neng a ka e nyehela tempeleng ea Jehova. Mahlabelo a liphoofolo e ne e le a bohlokoa haholo, hobane Molimo o ne a laetse hore e be karolo ea borapeli ba Baiseraele tlas’a Molao oa Moshe. Empa haeba u ne u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, ho lokisa taba eo ho ne ho potlakile le ho feta ho nyehela mpho ea hao. Jesu o ile a re: “U siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.” Ho boelana le mor’abo motho ho ne ho lokela ho tla pele ho ho phetha se hlokoang ke Molao.
19 Jesu o ne a sa bue ka linyehelo tse itseng feela le litlōlo tse itseng. Kahoo, ho nyehela eng kapa eng ho ne ho lokela ho chechisoa haeba motho a ne a hopola hore mor’abo o na le ho hong khahlanong le eena. Haeba nyehelo e ne e le phoofolo e phelang, e ne e lokela ho siuoa “ka pel’a aletare” ea nyehelo ea secheso ka lebaleng la tempele la baprista. Ha bothata bo se bo rarollotsoe, motho ea khopisitseng e mong o ne a tla khutla ebe o etsa nyehelo.
20. Ke hobane’ng ha re lokela ho potlakela ho lokisa litaba haeba re halefetse mor’abo rōna?
20 Molimo o nka kamano ea rōna le barab’abo rōna e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete. Mahlabelo a liphoofolo a ne a se na thuso ho Jehova haeba ba a nyehelang ba ne ba sa tšoare batho ba bang hantle. (Mik. 6:6-8) Kahoo, Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba ‘lokise litaba kapele.’ (Mat. 5:25) Pauluse o ile a ngola taba e tšoanang le ena: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.” (Baef. 4:26, 27) Haeba re e-na le lebaka le utloahalang la ho halefa, re lokela ho potlakela ho lokisa litaba e le hore re se ke ra lula re halefile eaba re lumella Diabolose sebaka sa hore a re sebelise.—Luka 17:3, 4.
Tšoara ba Bang ka Tlhompho Kamehla
21, 22. (a) Re ka sebelisa keletso ea Jesu eo re sa tsoa e tšohla joang? (b) Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?
21 Ho hlahloba ha rōna lipolelo tse ling tseo Jesu a li buileng Thutong ea hae ea Thabeng ho lokela ho re thusa ho tšoara ba bang ka mosa le ka tlhompho. Le hoja kaofela ha rōna re sa phethahala, re ka sebelisa keletso ea Jesu hobane ha aa lebella hore re etse lintho tse fetang matla a rōna, le Ntate oa rōna oa leholimo ha aa etse joalo. Ka thapelo, boikitlaetso bo tiileng le thuso ea Jehova, re ka ba le maikutlo a bonolo, ra ba mohau le ho ba ba nang le khotso. Re ka bonahatsa leseli la moea le khanyetsang ho tlotlisa Jehova. Ho feta moo, re ka etsa khotso le mor’abo rōna ha ho hlokahala.
22 Borapeli bo amohelehang ho Jehova bo akarelletsa ho tšoara baahelani ba rōna hantle. (Mar. 12:31) Sehloohong se latelang, re tla tšohla lipolelo tse ling tse Thutong ea Thabeng tse lokelang ho re thusa ho tsoela pele re etsetsa ba bang se molemo. Leha ho le joalo, ka mor’a ho nahanisisa ka lintlha tse tšohliloeng ka holimo tse tsoang puong ea Jesu e fanoeng ka bokhabane, re ka ’na ra ipotsa, ‘Ebe ke tšoara batho ba bang hantle hakae?’
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlomong u tla rua molemo haholo thutong ea hao ea botho ha u ka bala likhaolo tsena pele u hlahloba sehlooho sena le se se latelang.
U ka Araba Joang?
• Ho ba le maikutlo a bonolo ho bolela’ng?
• Ke hobane’ng ha “ba mohau” ba thabile?
• Re ka etsa joang hore leseli la rōna le khanye?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho potlakela ho ‘etsa khotso le mor’abo rōna’?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ho bolela molaetsa oa ’Muso ke tsela ea bohlokoa ea ho etsa hore leseli la rōna le khanye
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Bakreste e lokela ho ba mehlala ea boitšoaro bo amoheloang ke Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Etsa sohle se matleng a hao ho etsa khotso le mor’eno