Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 8/1 maq. 13-15
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Leboha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Leboha?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Lapeng
  • Metsoalle le Baahelani
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Leboha le Hoja ba Bang ba sa Lebohe?
  • E-ba Motho ea Lebohang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • E-ba ea Lebohang
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2018
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 8/1 maq. 13-15

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Leboha?

“Raquel ea Ratehang,

Ke leboha khothatso ea hao haholo. Le hoja e ka ’na eaba ha u tsebe, khothatso ea hao le mantsoe a hao a bontšang mosa a nthusitse haholo.”​—Jennifer.

NA U kile ua fumana lengolo leo u sa le lebellang le tsoang ho motho ea lebohang? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore le ile la u thabisa. Etsoe ke ntho ea tlhaho ho batla ho nkoa u le motho oa bohlokoa ebile u ananeloa.​—Matheu 25:19-23.

Hangata ho leboha ho tiisa kamano pakeng tsa motho ea fanang ka mpho le ea e amohelang. Ho feta moo, motho ea bontšang kananelo o etsisa Jesu Kreste, eo ho seng mohla a kileng a hlokomoloha mesebetsi e metle eo ba bang ba e etsang.​—Mareka 14:3-9; Luka 21:1-4.

Ka masoabi, ke ka seoelo batho ba lebohang ka molomo kapa ka lengolo. Bibele e lemositse hore “matsatsing a ho qetela,” batho e tla ba “ba se nang teboho.” (2 Timothea 3:1, 2) Haeba re sa hlokomele, ho hloka teboho ho atileng kajeno ho ka ’na ha re sitisa ho bontša kananelo eo re ka ’nang ra ba le eona.

Batsoali ba ka nka mehato efe ho ruta bana ba bona kamoo ba ka bontšang kananelo kateng? Re lokela ho leboha bo-mang? ’Me ke hobane’ng ha re lokela ho leboha, le hoja batho ba re potolohileng ba hloka teboho?

Ka Lapeng

Batsoali ba sebetsa ka thata ho hlokomela bana ba bona. Leha ho le joalo, ka linako tse ling batsoali ba ka ba le maikutlo a hore bana ha ba ananele mosebetsi oa bona. Ba ka etsa joang ho lokisa bothata boo? Ho na le mehato e meraro e hlokahalang.

(1) Mohlala. Tsela e atlehang ka ho fetisisa ea ho koetlisa bana ke ha batsoali ba ba behela mohlala o motle. Bibele ha e bua ka ’mè oa Iseraeleng ea boholo-holo ea sebetsang ka thata e re: “Bana ba hae baa mo rorisa.” Bana baa ba ithutile ho leboha ho mang? Karolo e qetellang ea temana eo e re beha leseling. E re: “Le monna oa hae oa mo rorisa.” (Liproverbia 31:28, New Century Version) Batsoali ba lebohanang ba bontša bana ba bona hore ho leboha motho hoa mo thabisa, ho ntlafatsa likamano tsa lelapa ebile ho bontša hore motho oa nahanela.

Ntate ea bitsoang Stephen o re, “Ke lekile ho behela bana ba ka mohlala ka ho leboha mosali oa ka ha a phehile lijo tsa mantsiboea.” Phello e bile efe? Stephen o re: “Barali ba ka ba babeli ba hlokometse seo, ’me se ba thusitse hore ba tsebe ho leboha.” Haeba u lenyalong, na u tloaetse ho leboha molekane oa hao bakeng sa mesebetsi ea hae ea letsatsi le letsatsi? Na u leboha bana ba hao, esita leha ba etsa seo ba lokelang ho se etsa?

(2) Koetliso. Ho leboha ho tšoana le lipalesa. Li lokela ho hlokomeloa e le hore li behe hantle. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba be le kananelo ba be ba e bontše ka ho leboha? Morena Solomone ea bohlale o ile a totobatsa ntlha ea bohlokoa ha a re: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.”​—Liproverbia 15:28.

Batsoali, na le ka koetlisa bana ba lōna hore ba nahane ka boikhathatso bo entsoeng le moea oa ho fana ka seatla se bulehileng oo mofani a nang le oona? Ho nahana ka lintho tsena ho ka etsa hore ba be le kananelo e eketsehileng. Maria ea hōlisitseng bana ba bararo o re: “Ho hlokahala hore motsoali a iphe nako ea ho lula fatše le bana ba hae ebe o ba hlalosetsa hore na ke’ng se amehang ha motho a fana ka mpho—hore motho eo o ile a nahana ka bona ’me a batla ho bontša hore na o ba tsotella hakae. Ke nahana hore ho molemo ho ipha nako ea ho etsa joalo.” Ho buisana ka tsela eo ha ho thuse bana ho ithuta feela seo ba lokelang ho se bua empa le lebaka leo ba se buang ka lona.

Batsoali ba bohlale ba thusa bana ba bona hore ba se ke ba nahana hore ke tlamo hore ba fuoe lintho tse ntle.a Temoso e ho Liproverbia 29:21 tabeng ea ha ho sebelisanoa le bahlanka e sebetsa le ho bana: “Haeba motho a bokotsa mohlanka oa hae ho tloha bocheng ho ea pele, bophelong ba hae hamorao o tla fetoha ea se nang teboho.”

Bana ba banyenyane haholo ba ka rutoa ho leboha joang? Linda, e leng ’mè ea nang le bana ba bararo o re, “’Na le monna oa ka re ne re khothalletsa bana ba rōna ho kenya letsoho ha re ngola likarete tsa teboho ka hore ba etse setšoantšo kareteng kapa ka ho saena mabitso a bona.” Ke ’nete hore ho ka etsahala hore setšoantšo seo se se ke sa e-ba setle hakaalo le mongolo e be mantakalatsane, empa bana ba ithuta thuto ea bohlokoa ka ho etsa joalo.

(3) Mamello. Kaofela ha rōna re rata ho icheba borōna, ’me mokhoa ona o ka ’na oa re sitisa ho leboha. (Genese 8:21; Matheu 15:19) Empa Bibele e re ho bahlanka ba Molimo: “Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, le hore le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo.”​—Baefese 4:23, 24.

Leha ho le joalo, batho bao e bileng batsoali ka nako e telele baa tseba hore ha ho bonolo ho thusa ngoana hore a “apare botho bo bocha.” Stephen, eo ho buuoeng ka eena pejana o re, “Ho ne ho bonahala ho nka nako e telele ho ruta barali ba rōna hore ba lebohe ba sa khannoe ka morao.” Empa Stephen le mosali oa hae ha baa ka ba nyahama. Stephen o tsoela pele o re: “Ka lebaka la ho mamella ka nako e telele, barali ba rōna ba ile ba tseba ho leboha. Hona joale re motlotlo ka tsela eo ba lebohang ba bang ka eona.”

Metsoalle le Baahelani

Ha re sa bolelle motho hore rea leboha, e ka ’na eaba hase ka lebaka la hore ha re ananele, mohlomong re mpa re lebetse ho mo bolella. Na ehlile ho bohlokoa hakaalo hore re se ke ra ba le kananelo feela empa re be re e bontše ka ho leboha? Ho araba potso eo, nahana ka se ileng sa etsahala pakeng tsa Jesu le balepera.

Ha Jesu a e-ea Jerusalema, o ile a kopana le balepera ba leshome. Bibele e re: “Ba phahamisa mantsoe ba re: ‘Jesu, Morupeli, re hauhele!’ Ha a ba bona a re ho bona: ‘E-eang ’me le iponahatse ho baprista.’ Joale eare ha ba tloha ba hloeka. E mong oa bona, ha a bona hore o folisitsoe, a khutla, a tlotlisa Molimo ka lentsoe le phahameng. Eaba o itihela fatše ka sefahleho maotong a Jesu, oa mo leboha; ho feta moo, e ne e le Mosamaria.”​—Luka 17:11-16.

Na Jesu ha aa ka a ba le taba ha ba bang ba sa lebohe? Tlaleho ena e tsoela pele e re: “Ha Jesu a araba a re: ‘Ho hloekisitsoe ba leshome, na ha ho joalo? Joale, ba bang ba robong ba hokae? Na ha hoa fumanoa ba khutlileng ho tla tlotlisa Molimo haese monna enoa oa sechaba se seng?’”​—Luka 17:17, 18.

Balepera ba bang ba robong e ne e se batho ba khopo. Pejana ba ne ba ile ba bontša pepenene hore ba na le tumelo ho Jesu ’me ba lumela ha a ba laela hore ba ee Jerusalema ba iponahatse ho baprista. Leha ho le joalo, le hoja ho se pelaelo hore ba ne ba ananela haholo mosa oo Jesu a ba bontšitseng oona, ha baa ka ba mo leboha. Seo ba se entseng se ile sa soabisa Kreste. Rōna? Ha motho e mong a re etselitse ntho e ntle, na re potlakela ho leboha, ’me ha re khona re mo romele karete ea teboho?

Bibele e re “lerato ha le na mekhoa e mebe ebile ha le ichebe bolona.” (1 Bakorinthe 13:5, Today’s English Version) Ha re leboha ho tloha pelong ha re bontše feela hore re na le mekhoa e metle, empa re boetse re bontša hore re na le lerato. Joalokaha taba ea balepera e re ruta, ba ratang ho thabisa Kreste ba lokela ho rata batho bohle le ho ba leboha, ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba sefe, morabe ofe kapa bolumeli bofe.

Ipotse, ‘Ke qetetse neng ho leboha moahelani, mosebetsi-’moho, seithuti-’moho, mosebetsi oa sepetlele, morekisi lebenkeleng, kapa motho e mong ea nthusitseng?’ Ka letsatsi le le leng kapa a mabeli, ke hobane’ng ha u sa ngole makhetlo ao u lebohileng ka ’ona ka molomo kapa ka ho ngola karete? Sena se ka u thusa ho bona moo u lokelang ho ntlafatsa teng.

Ka sebele, Jehova Molimo ke eena ea ka sehloohong eo re lokelang ho mo leboha. Ke eena Ea fanang ka “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) U qetetse neng ho bontša kananelo ka ho leboha Molimo bakeng sa lintho tse itseng tse tobileng tseo a u etselitseng tsona?​—1 Bathesalonika 5:17, 18.

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Leboha le Hoja ba Bang ba sa Lebohe?

Ba bang ba ka ’na ba se ke ba leboha ha re ba etsetsa ntho e itseng. Joale ke hobane’ng ha re lokela ho leboha le hoja ba bang ba sa lebohe? Hlokomela lebaka lena le le leng.

Ha re etsetsa batho ba sa bontšeng kananelo lintho tse molemo, re tla be re etsisa Jehova Molimo ’Mōpi oa rōna ea mosa. Hore ebe ba bangata ha ba bontše kananelo bakeng sa lerato leo Jehova a ba bontšang lona ha ho etse hore a khaotse ho ba etsetsa se molemo. (Baroma 5:8; 1 Johanne 4:9, 10) O “chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” Haeba re leka ka matla ho bontša kananelo ho sa tsotellehe lefatše le se nang teboho leo re phelang ho lona, re tla be re paka hore re “bara ba Ntat’a [rōna] ea leng maholimong.”​—Matheu 5:45.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Batsoali ba bangata ba ithutile le bana ba bona buka e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Khaolo ea 18 e re “Na U Hopola ho Leboha?”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

Ka letsatsi le le leng kapa a mabeli, ngola makhetlo ao u lebohileng ka ’ona

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Behela bana ba hao mohlala ka ho leboha

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Esita le bana ba banyenyane haholo ba ka rutoa ho leboha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela