Tšepo ea Bophelo bo sa Feleng Lefatšeng—Re e Filoe ke Molimo
“Pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela . . . ka tšepo.”—BAR. 8:20.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng e le ea bohlokoa ho rōna? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba belaela hore ho ka ba le bophelo bo sa feleng lefatšeng?
E KA ’na eaba u sa ntse u hopola kamoo u ileng ua thaba kateng ha u ne u qala ho tseba hore haufinyane, batho ba ke ke ba hlola ba tsofala kapa ba e-shoa empa ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng. (Joh. 17:3; Tšen. 21:3, 4) Mohlomong u ’nile ua thabela ho bolella batho ba bang ka tšepo ena eo Mangolo a buang ka eona. Ha e le hantle, tšepo ea bophelo bo sa feleng ke eona karolo ea bohlokoa ea litaba tse molemo tseo re li bolelang. E laola tsela eo re nkang bophelo ka eona.
2 Boholo ba malumeli a Bokreste-’mōtoana bo hlokomolohile tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng. Le hoja Bibele e ruta hore moea oa shoa, likereke tse ngata li ruta thuto eo e seng ea Mangolo ea hore motho o na le moea o sa shoeng o pholohang ha a e-shoa ebe o tsoela pele o phela sebakeng sa moea. (Ezek. 18:20) Kahoo, batho ba bangata baa belaela hore ho ka ba le bophelo bo sa feleng lefatšeng. Ka lebaka leo, re ka ’na ra botsa: Na ka sebele Bibele e tšehetsa tšepo eo? Haeba ea e tšehetsa, Molimo o ile a e bolella batho neng ka lekhetlo la pele?
‘Ba Behiloe Tlas’a Lefeela ka Tšepo’
3. Morero oa Molimo ka batho o ile oa totobala joang ho tloha qalong ea histori ea batho?
3 Morero oa Jehova mabapi le batho o ile oa totobatsoa qalong ea histori ea batho. Molimo o ile a totobatsa hore Adama o ne a tla phela ka ho sa feleng hafeela a ne a mamela. (Gen. 2:9, 17; 3:22) Ha ho pelaelo hore bana ba pele ba Adama ba ile ba ithuta hore motho ha aa ka a lula a phethahetse, e leng se ileng sa tiisoa ka bopaki boo ba neng ba bo bona. Tsela e neng e kena ka serapeng sa Edene e ne e koetsoe, ’me batho ba ne ba tsofala ba bile ba e-shoa. (Gen. 3:23, 24) Ha nako e ntse e feta, nako eo batho ba e phelang e ile ea fokotseha. Adama o ile a phela lilemo tse 930. Sema, ea ileng a pholoha Moroallo, o ile a phela lilemo tse 600 feela ’me mora oa hae Arpakshade eena o ile a phela lilemo tse 438. Ntate oa Abrahama, e leng Tera, o ile a phela lilemo tse 205. Abrahama o phetse lilemo tse 175, mora oa hae Isaka tse 180, ’me Jakobo eena o phetse tse 147. (Gen. 5:5; 11:10-13, 32; 25:7; 35:28; 47:28) E tlameha ebe batho ba bangata ba ile ba hlokomela hore ho fokotseha hona ha nako eo batho ba e phelang ho ne ho bontša hore tšepo ea bophelo bo sa feleng e ne e se e felile! Na ba ne ba e-na le lebaka la ho tšepa hore e tla boela e be teng?
4. Ke hobane’ng ha batho ba tšepahalang ba boholo-holo ba ne ba ka lumela hore Molimo o ne a tla khutlisa mahlohonolo a lahliloeng ke Adama?
4 Lentsoe la Molimo le re: ‘Batho ba behiloe tlas’a lefeela ka tšepo.’ (Bar. 8:20) Tšepo ea eng? Boprofeta ba Bibele ba ho qala feela, bo ile ba bua ka “peō” e neng e tla ‘khoba hlooho ea noha.’ (Bala Genese 3:1-5, 15.) Tšepiso ea hore ho tla ba le Peō, e ile ea fa batho ba tšepahalang tšepo ea hore Molimo o ne a ke ke a lahla morero oa hae ka batho. E ile ea fa banna ba kang Abele le Noe lebaka la ho lumela hore Molimo o ne a tla khutlisa mahlohonolo a ileng a lahloa ke Adama. Ho ka etsahala hore ebe banna bana ba ile ba hlokomela hore ‘ho longoa seretheng ha peō,’ ho ne ho tla akarelletsa hore mali a tšolohe.—Gen. 4:4; 8:20; Baheb. 11:4.
5. Ke eng e bontšang hore Abrahama o ne a lumela hore ho tla ba le tsoho?
5 Nahana ka Abrahama. Ha Abrahama a ne a lekoa, “ho ile ha tšoana leha a nyehetse Isaka, . . . mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.” (Baheb. 11:17) Ke hobane’ng ha a ne a ikemiselitse ho mo nyehela? (Bala Baheberu 11:19.) Ke hobane o ne a lumela hore ho tla ba le tsoho! Abrahama o ne a e-na le lebaka la ho lumela hore ho tla ba le tsoho. Jehova o ne a tsositse matla a Abrahama a ho etsa bana, a entse hore eena le mosali oa hae, Sara, ba be le mora botsofaling ba bona. (Gen. 18:10-14; 21:1-3; Bar. 4:19-21) Hape, Jehova o ne a hlapanyelitse Abrahama, a re: “Se tla bitsoa peō ea hao se tla ba teng ka Isaka.” (Gen. 21:12) Kahoo, Abrahama o ne a e-na le mabaka a tiileng a ho lebella hore Molimo o tla tsosa Isaka.
6, 7. (a) Jehova o ile a etsa selekane sefe le Abrahama? (b) Tšepiso eo Jehova a ileng a e etsetsa Abrahama e ile ea fa batho tšepo joang?
6 Ka lebaka la tumelo e ikhethang ea Abrahama, Jehova o ile a etsa selekane le eena mabapi le bana ba hae, kapa “peō” ea hae. (Bala Genese 22:18.) Ho ile ha totobala hore karolo e ka sehloohong ea “peō” eo ke Jesu Kreste. (Bagal. 3:16) Jehova o ne a ile a bolella Abrahama hore “peō” ea hae e ne e tla atisoa “joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle”—e leng palo eo Abrahama a neng a sa e tsebe. (Gen. 22:17) Leha ho le joalo, hamorao palo eo e ile ea senoloa. Jesu Kreste le ba 144 000, ba tla busa le eena ’Musong oa hae, ke bona “peō” eo. (Bagal. 3:29; Tšen. 7:4; 14:1) ’Muso oa Bomesia ke oona oo “lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa” ka oona.
7 Ho ne ho se kamoo Abrahama a neng a ka utloisisa kateng hore na selekane seo Jehova a neng a se entse le eena ke sa bohlokoa hakae. Ho sa tsotellehe seo, Bibele e re: “O ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele.” (Baheb. 11:10) Motse oo ke ’Muso oa Molimo. E le hore Abrahama a fumane mahlohonolo ’Musong oo, o tla tlameha ho phela hape. O tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng ka hore a tsohe bafung. Ntle le moo, bophelo bo sa feleng bo tla fumanoa ke ba tla pholoha Armagedone kapa ba tla tsosoa bafung.—Tšen. 7:9, 14; 20:12-14.
“Moea o Nkhateletse”
8, 9. Ke hobane’ng ha buka ea Jobo e se tlaleho e buang feela ka liteko tsa motho a le mong?
8 Ka mor’a lefu la setloholoana sa Abrahama se bitsoang Josefa, ho ile ha e-ba le monna ea bitsoang Jobo, ea phetseng pele Moshe a qala ho profeta. Buka ea Bibele ea Jobo, eo mohlomong e ileng ea ngoloa ke Moshe, e hlalosa lebaka leo ka lona Jehova a ileng a lumella hore Jobo a hlokofatsoe le hore na phello ea seo e ile ea e-ba efe. Leha ho le joalo, buka ea Jobo hase tlaleho e buang feela ka liteko tsa motho a le mong; e bua haholo ka litaba tse amang batho le mangeloi. Buka ena e re thusa ho utloisisa hore Jehova o busa ka tsela e lokileng, ebile e senola hore tseko e ileng ea hlahisoa Edene e ama botšepehi ba bahlanka bohle ba Molimo ba lefatšeng le tšepo ea bona ea bophelo. Le hoja Jobo a ne a sa hlokomele hore ho ne ho e-na le tseko ena, ha aa ka a lumella metsoalle ea hae e meraro hore e mo nyahamise, ebe o nahana hore o hlōtsoe ho tšepahala. (Jobo 27:5) Sena se lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna le ho re thusa ho hlokomela hore re ka lula re tšepahala, ra ba ra emela bobusi ba Jehova.
9 Ha batšelisi-’mōtoana ba bararo ba Jobo ba qeta ho bua, “Elihu mora oa Barakele Mobuze [o ile] a araba.” Ke eng e ileng ea mo susumetsa hore a bue? O ile a re: “Ke tletse mantsoe; moea o nkhateletse ka mpeng.” (Jobo 32:5, 6, 18) Le hoja seo Elihu a ileng a se bua ka pululelo se ile sa phethahala qetellong ea liteko tsa Jobo, mantsoe a hae ke a bohlokoa le ho batho ba bang. A fa bohle ba lulang ba tšepahala ho Molimo tšepo.
10. Ke eng e bontšang hore ka linako tse ling molaetsa oa Jehova o eang ho motho a le mong o ka boetse oa sebetsa le ho batho ka kakaretso?
10 Ka linako tse ling, Jehova o fana ka molaetsa ho motho a le mong empa e le molaetsa o sebetsang le ho batho ka kakaretso. Sena se bonahala boprofeteng ba Daniele bo mabapi le toro ea Morena Nebukadnezare oa Babylona e buang ka ho rengoa ha sefate sa setonanahali. (Dan. 4:10-27) Le hoja toro eo e ile ea phethahala ho Nebukadnezare, e ne e bua ka ntho e ’ngoe e khōlō le ho feta. E ne e bontša hore bobusi ba Molimo holim’a lefatše, bo emeloang ke ’muso oa lesika la Morena Davida, o ne o tla boela o e-ba teng ka mor’a lilemo tse 2 520, ho tloha ka selemo sa 607 B.C.E.a Bobusi ba Molimo lefatšeng la rōna bo ile ba hlongoa bocha ha Jesu Kreste a ne a hlomamisoa e le Morena leholimong ka selemo sa 1914. Nahana feela kamoo ’Muso oo o tla tloha o phethahatsa seo batho ba mamelang ba se tšepisitsoeng!
“Mo Tloheleng Hore a se ke a Theohela ka Sekoting!”
11. Mantsoe a Elihu a ne a bontša eng ka Molimo?
11 Ha Elihu a araba Jobo, o bua ka “lenģosa bakeng sa hae, ’muelli, a le mong ho ba sekete, ho bolella motho ho loka ha hae.” Ho tla etsahala’ng haeba lenģosa lee le etsa “kōpo e tiileng ho Molimo e le hore a ka khahlisoa ke eena”? Elihu o re: “Joale [Molimo] oa mo hauhela ’me o re, ‘Mo tloheleng hore a se ke a theohela ka sekoting! Ke fumane thekollo! Nama ea hae e ke e nchafale ho feta bocheng; a ke a khutlele matsatsing a mahlahahlaha a hae a bocha.’” (Jobo 33:23-26) Mantsoe ao a ne a bontša hore Molimo o ikemiselitse ho amohela “thekollo” molemong oa batho ba bakileng.—Jobo 33:24.
12. Mantsoe a Elihu a fa batho ka kakaretso tšepo ea eng?
12 Mohlomong Elihu o ne a sa utloisise hore na thekollo ke ea bohlokoa hakae, joalokaha baprofeta le bona ba ne ba sa utloisise ka botlalo ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba ileng ba e ngola. (Dan. 12:8; 1 Pet. 1:10-12) Leha ho le joalo, mantsoe a Elihu a bontša hore ho ne ho e-na le tšepo ea hore ka letsatsi le leng Molimo o ne a tla amohela thekollo ebe o lokolla batho hore ba se ke ba hlola ba tsofala le ho shoa. Mantsoe a Elihu a ile a fana ka tšepo e babatsehang ea bophelo bo sa feleng. Buka ea Jobo e boetse e bontša hore ho tla ba le tsoho.—Jobo 14:14, 15.
13. Mantsoe a Elihu ke a bohlokoa joang ho Bakreste?
13 Kajeno, mantsoe a Elihu e ntse e le a bohlokoa ho Bakreste ba limilione ba nang le tšepo ea ho pholoha ha ho timetsoa tsamaiso ea lintho ea hona joale. Har’a batho ba pholohileng ho tla ba le ba hōlileng ’me ba tla khutlela mahlahahlaheng a bona a bocha. (Tšen. 7:9, 10, 14-17) Ho feta moo, tšepo ea ho bona ha batho ba tsositsoeng ba khutlisetsoa bocheng e sa ntse e thabisa batho ba tšepahalang. Ha e le hantle, bophelo ba ho se shoe boo Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla bo phela leholimong, le bophelo bo sa feleng boo “linku tse ling” tsa Jesu li tla bo phela lefatšeng, bo tla fumanoa ka ho bontša tumelo sehlabelong sa Kreste sa thekollo.—Joh. 10:16; Bar. 6:23.
Lefu Lea Metsoa Lefatšeng
14. Ke eng e bontšang hore ho ne ho sa hlokahale Molao oa Moshe feela e le hore Baiseraele ba be le tšepo ea bophelo bo sa feleng?
14 Bana ba Abrahama ba ile ba fetoha sechaba se ikemetseng ha ba ne ba kena selekaneng le Molimo. Ha Jehova a ne a ba fa Molao oo, o ile a re: “Le boloke litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng le liqeto tsa ka tsa boahloli, tseo haeba motho a li phetha, a tla boela a phele ka tsona.” (Lev. 18:5) Leha ho le joalo, kaha ba ne ba ke ke ba phela tumellanong le litekanyetso tsa Molao oo o phethahetseng, Molao o ile oa ahlola Baiseraele ’me ho ile ha hlokahala se neng se ka ba lokolla kahlolong eo.—Bagal. 3:13.
15. Davida o ile a bululeloa hore a ngole ka tlhohonolofatso efe ea nakong e tlang?
15 Ka mor’a lefu la Moshe, Jehova o ile a bululela bangoli ba bang ba Bibele hore ba bue ka tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Pes. 21:4; 37:29) Ka mohlala, mopesaleme Davida o ile a phethela pesaleme e buang ka bonngoe ba barapeli ba ’nete Sione ka mantsoe ana: “Jehova o laetse hore tlhohonolofatso e be moo, esita le bophelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pes. 133:3.
16. A sebelisa Esaia, Jehova o ile a tšepisa eng mabapi le bokamoso ba ‘lefatše lohle’?
16 Jehova o ile a bululela Esaia hore a profete ka bophelo bo sa feleng lefatšeng. (Bala Esaia 25:7, 8.) Sebe le lefu li sithabelitse batho joalokaha eka ke “sekoahelo” se bipetsang. Jehova o tiisetsa batho ba hae hore sebe le lefu li tla metsoa, kapa li tla tlosoa, “lefatšeng lohle.”
17. Ke mosebetsi ofe oa Mesia o bulang tsela e eang bophelong bo sa feleng?
17 Hape, nahana ka mokhoa o hlalositsoeng ka ho hlaka Molaong oa Moshe mabapi le pōli ea Azazele. Hang ka selemo, ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, moprista ea phahameng o ne a ‘beha matsoho a hae a mabeli hloohong ea pōli e phelang ’me a bolele holim’a eona liphoso tsohle tsa bara ba Iseraele, a li behe hloohong ea pōli ’me pōli eo e ne e jara liphoso tsohle tsa bona ho li isa naheng ea lehoatata.’ (Lev. 16:7-10, 21, 22) Esaia o ile a profeta hore ho ne ho tla tla Mesia, ea neng a tla etsa mosebetsi o tšoanang, a jare “maloetse,” “bohloko” le “libe tsa batho ba bangata” ’me ka tsela eo a bule tsela e eang bophelong bo sa feleng.—Bala Esaia 53:4-6, 12.
18, 19. Esaia 26:19 le Daniele 12:13 li totobatsa tšepo ea eng?
18 Jehova o ile a sebelisa Esaia hore a re ho sechaba sa hae sa Iseraele: ‘Bafu ba hao ba tla phela. Litopo tsa ka [“batho ba ka ba bolailoeng,” NW, ftn.]—li tla tsoha. Tsohang ’me le hoeletse ka thabo, lōna ba ahileng lerōleng! Kaha phoka ea hao e tšoana le phoka ea tika-motse, ’me lefatše le tla etsa hore ba se nang matla lefung ba tsoaloe.’ (Esa. 26:19) Mangolo a Seheberu a bontša ka ho hlaka hore ho na le tšepo ea hore ho tla ba le tsoho le bophelo lefatšeng. Ka mohlala, Daniele o ne a ka ba lilemo li 100 ha Jehova a mo tiisetsa a re: “U tla phomola, empa u tla ema bakeng sa kabelo ea hao bofelong ba matsatsi.”—Dan. 12:13.
19 Ka lebaka la tšepo ea tsoho, Maretha o ne a ka re ho Jesu mabapi le khaitseli ea hae e neng e shoele: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Joh. 11:24) Na lithuto tsa Jesu le mangolo a bululetsoeng a barutuoa ba hae li ile tsa fetola tšepo ee? Na Jehova o sa ntse a tšepisa batho hore ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng? Re tla tšohla likarabo tsa lipotso tsena sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba khaolo ea 6 ea buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
Na U ka Hlalosa?
• Batho ba ile ba “behoa tlas’a lefeela” ka tšepo efe?
• Ke eng e bontšang hore Abrahama o ne a lumela hore ho tla ba le tsoho?
• Mantsoe a Elihu ho Jobo a fa batho tšepo ea eng?
• Mangolo a Seheberu a hatisa tšepo ea tsoho le ea bophelo bo sa feleng lefatšeng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Mantsoe a Elihu ho Jobo a fana ka tšepo ea hore batho ba tla lokolloa hore ba se ke ba hlola ba tsofala le ho shoa
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Daniele o ile a tiisetsoa hore o ne a tla ‘ema bakeng sa kabelo ea hae bofelong ba matsatsi’