“Le Metsoalle ea Ka”
“Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.”—JOH. 15:14.
1, 2. (a) Metsoalle ea Jesu e ne e tsoa maemong afe a sa tšoaneng? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa haholo hore re be metsoalle ea Jesu?
BANNA ba neng ba lutse le Jesu kamoreng e ka holimo e ne e le batho ba tsoang maemong a sa tšoaneng. Petrose le Andrease, bao e neng e le bana ba motho, e ne e le batšoasi ba litlhapi. Matheu e ne e kile ea e-ba ’mokelli oa lekhetho—e leng mosebetsi oo Bajuda ba neng ba o nena. Ba bang ba kang Jakobo le Johanne, mohlomong ba ne ba ile ba tseba Jesu ho tloha boshanyaneng. Ba bang ba kang Nathanaele, e ka ’na eaba ba ne ba e-na le lilemo tse seng kae feela ba mo tseba. (Joh. 1:43-50) Ho sa tsotellehe seo, bohle ba neng ba le teng Jerusalema bosiung boo bo ikhethang ba Paseka, ba ne ba kholisehile hore Jesu e ne e le Mesia ea neng a tšepisitsoe, Mora oa Molimo ea phelang. (Joh. 6:68, 69) Ruri e tlameha ebe ba ile ba ameha maikutlo ha ba utloa a re ho bona: “Ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.”—Joh. 15:15.
2 Ha e le hantle ho ka boleloa hore mantsoe ao a Jesu, ao a ileng a a bua ho baapostola ba hae ba tšepahalang, a sebetsa ho Bakreste bohle ba tlotsitsoeng kajeno, esita le ho metsoalle ea bona ea “linku tse ling.” (Joh. 10:16) Ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe, re ka ba le tlotla ea ho ba metsoalle ea Jesu. Setsoalle sa rōna le eena ke sa bohlokoa ka ho fetisisa, hobane ho ba metsoalle ea hae ho etsa hore re be re be metsoalle ea Jehova. Ha e le hantle, ho ke ke ha khoneha hore re atamele ho Jehova ntle le hore re atamele ho Kreste pele. (Bala Johanne 14:6, 21.) Joale, re tlameha ho etsa’ng hore re be metsoalle ea Jesu re be re lule re le eona? Pele re tšohla taba eo ea bohlokoa, a re ke re hlahlobeng mohlala oo Jesu ka boeena a o behileng oa hore e be motsoalle oa ’makhonthe ’me re bone hore na re ka ithuta’ng ho seo barutuoa ba hae ba ileng ba se bua le ho se etsa hobane e ne e le metsoalle ea hae.
Mohlala oa Jesu oa ho ba Motsoalle oa ’Makhonthe
3. Jesu o ne a tsebahala ka eng?
3 Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Metsoalle ea morui e mengata.” (Liprov. 14:20) Mantsoe ao a hlalosa hantle seo batho ba sa phethahalang ba tloaetseng ho se etsa, e leng ho etsa setsoalle hobane ba shebile hore na ba ka fumana eng, eseng hore na ba ka fana ka eng. Jesu o ne a se na bofokoli bo joalo. O ne a sa susumetsoe ke boemo ba motho ba lichelete kapa boo a nang le bona sechabeng. Ke ’nete hore Jesu o ile a ikutloa a rata ’musi e mong ea mocha lilemong ea neng a ruile, ’me o ile a ba a mo mema hore e be molateli oa hae. Leha ho le joalo, Jesu o ile a laela monna eo hore a rekise lintho tseo a neng a e-na le tsona ’me a fe mafutsana. (Mar. 10:17-22; Luka 18:18, 23) Jesu o ne a sa tsebahale ka ho ikamahanya le batho ba ruileng le ba hlaheletseng, empa o ne a tsebahala ka ho ba motsoalle oa batho ba tlaase le ba nyatsehang.—Mat. 11:19.
4. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore metsoalle ea Jesu e ne e le batho ba etsang liphoso?
4 Ka sebele, metsoalle ea Jesu e ne e le batho ba etsang liphoso. Ka linako tse ling Petrose o ne a hlōleha ho talima lintho ka tsela ea moea. (Mat. 16:21-23) Jakobo le Johanne ba ile ba bontša hore ba rata bophahamo ha ba ne ba kōpa hore Jesu a ba fe maemo a hlaheletseng ’Musong. Ketso ea bona e ile ea halefisa baapostola ba bang, ’me ba ne ba lula ba pheha khang ka taba ea bophahamo. Leha ho le joalo, ka mamello Jesu o ile a leka ho lokisa tsela eo metsoalle ea hae e neng e nahana ka eona ’me o ne a sa e halefele habonolo.—Mat. 20:20-28.
5, 6. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lula e le motsoalle oa boholo ba baapostola? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a felisa setsoalle sa hae le Judase?
5 Jesu ha aa ka a lula e le motsoalle oa banna bana ba sa phethahalang hobane a ne a lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe kapa a iphapanyetsa ho se phethahale ha bona. Ho e-na le hoo, o ne a khetha ho tsepamisa maikutlo boikemisetsong ba bona bo botle le makhabaneng a bona. Ka mohlala, Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba robala ho e-na le hore ba tšehetse Jesu nakong e neng e le thata ka ho fetisisa bophelong ba hae. Hoa utloahala hore ba ile ba soabisa Jesu. Ho sa tsotellehe seo, o ile a hlokomela hore boikemisetso ba bona bo ne bo le botle, ’me a re: “Ka ho hlakileng, moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.”—Mat. 26:41.
6 Leha ho le joalo, Jesu o ile a felisa setsoalle sa hae le Judase Iskariota. Le hoja ka ntle ho ne ho bonahala eka Judase ke motsoalle, Jesu o ile a hlokomela hore o ne a lumeletse hore pelo ea hae e senyehe. Kaha Judase o ne a se a fetohile motsoalle oa lefatše, o ne a ikentse sera sa Molimo. (Jak. 4:4) Ka hona, Jesu o ne a se a lelekile Judase ha A ne a phatlalatsa setsoalle sa Hae le baapostola ba 11 ba tšepahalang ba neng ba setse.—Joh. 13:21-35.
7, 8. Jesu o ile a bontša joang hore o ne a rata metsoalle ea hae?
7 Jesu o ile a hlokomoloha liphoso tsa metsoalle ea hae e tšepahalang ’me a e etsetsa se molemohali. Ka mohlala, o ile a rapela hore Ntate oa hae a e sireletse litekong tsa eona. (Bala Johanne 17:11.) Jesu o ile a bontša hore o ne a e nahanela hore ea fokola. (Mar. 6:30-32) Hape o ne a sa thahaselle feela ho e bolella seo eena a neng a se nahana, empa o ne a boetse a thahasella ho utloa le ho utloisisa hore na eona e ne e nahana eng le hore na e ne e ikutloa joang.—Mat. 16:13-16; 17:24-26.
8 Jesu o ile a phelela metsoalle ea hae a ba a e shoela. Ke ’nete hore o ne a tseba hore ho ea ka molao, o ne a tlameha ho nyehela bophelo ba hae e le hore a phethahatse molao oa Ntate oa hae oa toka. (Mat. 26:27, 28; Baheb. 9:22, 28) Empa Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le ho bontša lerato. Jesu o ile a re: “Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.”—Joh. 15:13.
Barutuoa ba Ile ba Etsa’ng ka Lebaka la Setsoalle sa Bona le Jesu?
9, 10. Batho ba ile ba etsa’ng ha ba bona hore Jesu oa fana?
9 Jesu o ne a fa batho nako ea hae, lerato la hae le matlotlo a hae ka seatla se bulehileng. Ka lebaka leo, batho ba ne ba mo rata ba bile ba thabela hore le bona ba mo fe lintho. (Luka 8:1-3) Ka lebaka la seo a neng a iponetse sona ka mahlo, Jesu o ne a ka re: “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa. Ba tla tšela likotleng tsa liaparo tsa lōna tekanyo e ntle, e hlohliloeng, e hlokohliloeng le e tšolohang. Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.”—Luka 6:38.
10 Ke ’nete hore ba bang ba ile ba leka ho tloaelana le Jesu ka lebaka feela la seo ba neng ba ka se fumana ho eena. Metsoalle ena ea bohata e ile ea furalla Jesu ha e ne e sa utloisise hantle seo a neng a se buile. Ho e-na le hore e tšepe Jesu ha e ne e sa utloisise ntho e itseng, e ile ea etsa qeto e fosahetseng eaba ea mo furalla. Leha ho le joalo, baapostola bona ba ile ba tšepahala. Setsoalle sa bona le Kreste se ile sa lekoa hangata, empa ba ile ba oa ba tsoha le eena linakong tse monate le tse bohloko. (Bala Johanne 6:26, 56, 60, 66-68.) Bosiung ba hae ba ho qetela e le motho oa nama lefatšeng, Jesu o ile a bolella metsoalle ea hae hore na o e ananela hakae, a re: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka.”—Luka 22:28.
11, 12. Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae joang hore oa ba rata, ’me bona ba ile ba etsa joang?
11 Nakoana ka mor’a hore Jesu a babatse barutuoa ba hae ka lebaka la botšepehi ba bona, bona banna bana ba ile ba mo furalla. Ka nakoana, ba ile ba lumella hore ho tšaba batho ho pupetse lerato leo ba neng ba rata Kreste ka lona. Le lekhetlong lena Jesu o ile a ba tšoarela. Ka mor’a hore a shoe a be a tsohe, o ile a itlhahisa ho bona ’me a ba tiisetsa hore e sa ntse e le motsoalle oa bona. Ho feta moo, o ile a ba fa boikarabelo bo halalelang ba ho etsa “batho ba lichaba tsohle” barutuoa le ba ho ba lipaki tsa hae “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Mat. 28:19; Lik. 1:8) Barutuoa ba hae ba ile ba etsa’ng?
12 Barutuoa ba ile ba ikakhela ka setotsoana hore ba phatlalatse molaetsa oa ’Muso. Kaha ba ne ba tšehelitsoe ke moea o halalelang oa Jehova, kapele ba ile ba tlatsa thuto ea bona Jerusalema. (Lik. 5:27-29) Esita leha ba ne ba tšosoa hore ba tla bolaoa, ha baa ka ba nyahama eaba ba tlohela ho mamela taelo ea Jesu ea hore ba etse barutuoa. Ka lilemo tse mashome a seng makae feela Jesu a ba file taelo, moapostola Pauluse o ne a ka ngola hore litaba tse molemo li ne li boletsoe “pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakol. 1:23) Ka sebele, barutuoa bana ba ile ba bontša hore ba ne ba ananela setsoalle seo ba neng ba e-na le sona le Jesu!
13. Barutuoa ba Jesu ba ile ba lumella lithuto tsa hae hore li ame tsela eo ba neng ba phela ka eona joang?
13 Bao e ileng ea e-ba barutuoa ba Jesu, le bona ba ile ba lumella lithuto tsa hae hore li ame tsela eo ba neng ba phela ka eona. Sena se ne se hloka hore ba bangata ba bona ba fetole boitšoaro le botho ba bona haholo. Barutuoa ba bang ba bacha e ne e kile ea e ba basodoma, bafebi, matahoa kapa masholu. (1 Bakor. 6:9-11) Ho ile ha hlokahala hore ba bang ba fetole tsela eo ba neng ba nka batho ba merabe e meng ka eona. (Lik. 10:25-28) Ho sa tsotellehe seo, ba ile ba mamela Jesu. Ba ile ba lahla botho ba bona ba khale ’me ba apara bo bocha. (Baef. 4:20-24) Ba ile ba ithuta “kelello ea Kreste,” ba utloisisa ba ba etsisa tsela eo a neng a nahana ka eona le eo a neng a etsa lintho ka eona.—1 Bakor. 2:16.
Setsoalle sa Rōna le Kreste Kajeno
14. Jesu o tšepisitse hore o tla etsa’ng ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho’?
14 Boholo ba Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo bo ne bo ile ba tseba Jesu kapa bo ne bo ile ba mo bona ka mor’a hore a tsohe bafung. Ho totobetse hore rōna ha rea ba le tlotla e joalo. Joale, re ka ba metsoalle ea Kreste joang? Tsela e ’ngoe eo re ka etsang seo ka eona, ke ka hore re latele tataiso e fanoang ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene, le entsoeng ka barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng ka moea ba sa ntseng ba phela lefatšeng. Jesu o tšepisitse hore ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho,’ o ne a tla khetha lekhoba lena “hore le okamele lintho tsohle tsa hae.” (Mat. 24:3, 45-47) Kajeno, boholo ba batho ba batlang ho ba metsoalle ea Kreste hase litho tsa sehlopha sena sa lekhoba. Taba ea hore na ba sebelisa joang tataiso eo ba e fumanang ho sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene, e ama setsoalle sa bona le Kreste ka tsela efe?
15. Ke eng e lekanyetsang hore na motho o tla nkoa e le nku kapa pōli?
15 Bala Matheu 25:31-40. Jesu o ile a re bao e neng e tla ba karolo ea sehlopha sa lekhoba le tšepahalang ke barab’abo. Papisong e buang ka ho aroloa ha linku ho lipōli, Jesu o bolela ka ho hlaka hore o nka hore tsela eo re tšoarang barab’abo ka eona, ke eo re mo tšoarang ka eona. Ha e le hantle, o itse ntho e neng e tla khetholla nku ho pōli e ne e tla ba tsela eo ka eona motho a neng a tla tšoara “e mong oa ba banyenyane oa bana [bara babo].” Ka lebaka leo, tsela e ka sehloohong eo ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba bontšang ka eona hore ba batla ho ba metsoalle ea Kreste, ke ka ho tšehetsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang.
16, 17. Re ka bontša joang hore re metsoalle ea barab’abo Kreste?
16 Haeba u e-na le tšepo ea hore u tla phela lefatšeng ’Musong oa Molimo, u ka bontša joang hore u motsoalle oa barab’abo Kreste? A re hlahlobeng litsela tse tharo feela. Ea pele, ka ho kopanela mosebetsing oa boboleli ka pelo eohle. Kreste o laetse barab’abo hore ba bolele litaba tse molemo lefatšeng lohle. (Mat. 24:14) Leha ho le joalo, masala a barab’abo Kreste ba lefatšeng kajeno, a ne a tla sitoa ho jara boikarabelo boo kantle ho thuso ea metsoalle ea ’ona ea linku tse ling. Ka sebele, nako le nako ha bao e leng karolo ea linku tse ling ba kopanela mosebetsing oa boboleli, ba thusa barab’abo Kreste hore ba phethe boikarabelo ba bona bo halalelang. Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se ananela haholo pontšo ena ea setsoalle, joalokaha Kreste le eena a e ananela.
17 Tsela ea bobeli eo ba sehlopha sa linku tse ling ba ka thusang barab’abo Kreste ka eona, ke ka ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli ka lichelete. Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba iketsetse metsoalle ka “maruo a sa lokang.” (Luka 16:9) Sena hase bolele hore re ka reka setsoalle sa rōna le Jesu kapa le Jehova. Ho fapana le hoo, ha re sebelisa matlotlo a rōna hore re ntšetse pele lintho tse amanang le ’Muso, ha re bontše setsoalle sa rōna le lerato la rōna ka molomo feela, empa re le bontša le “ka ketso le ’nete.” (1 Joh. 3:16-18) Re fana ka tšehetso e joalo ea lichelete ha re kopanela mosebetsing oa boboleli, ha re nehelana ka chelete bakeng sa ho haha le ho hlokomela libaka tseo re kopanelang ho tsona le ha re nehelana ka chelete bakeng sa mosebetsi oa boboleli oa lefatše lohle. Ebang chelete eo re fanang ka eona e ngata kapa e nyenyane, ruri Jehova le Jesu baa ananela ha re fana re nyakaletse.—2 Bakor. 9:7.
18. Ke hobane’ng ha re lokela ho latela tataiso e thehiloeng Bibeleng eo re e fuoang ke baholo ba phutheho?
18 Tsela ea boraro eo kaofela ha rōna re ka bontšang ka eona hore re metsoalle ea Kreste, ke ka ho latela tataiso e fanoang ke baholo ba phutheho. Banna bana ba khethiloe ke moea o halalelang ka tataiso ea Kreste. (Baef. 5:23) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase.” (Baheb. 13:17) Ka linako tse ling, re ka ’na ra fumana ho le thata ho latela tataiso e thehiloeng Bibeleng eo baholo ba phutheho ea habo rōna ba re fang eona. Mohlomong re tseba mefokolo ea bona, ’me sena se ka ’na sa etsa hore re nke keletso ea bona ka tsela e fosahetseng. Leha ho le joalo, Kreste, e leng Hlooho ea phutheho, o thabela ho sebelisa banna bana ba sa phethahalang. Ka lebaka leo, tsela eo re itšoarang ka eona mabapi le bolaoli ba bona, e ama setsoalle sa rōna le Kreste ka ho toba. Ha re hlokomoloha liphoso tsa baholo ’me re latela tataiso ea bona ka thabo, re tla be re bontša hore re rata Kreste.
Re ka Fumana Metsoalle ea ’Makhonthe Hokae?
19, 20. Re ka fumana eng ka phuthehong, ’me sehloohong se latelang re tla tšohla eng?
19 Jesu ha a tsoele pele a re hlokomela ka bolebeli ba balisa ba lerato feela, empa o boetse o tsoela pele ho re hlokomela ka ho re fa bo-’mè le barab’abo rōna le baralib’abo rōna ba Bakreste ba ka phuthehong. (Bala Mareka 10:29, 30.) Ha u ne u qala ho kopanela le mokhatlo oa Jehova, beng ka uena ba ile ba etsa joang? Re tšepa hore ba ile ba u tšehetsa ha u leka ho atamela ho Molimo le Kreste. Empa Jesu o ile a lemosa hore ka linako tse ling “lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae.” (Mat. 10:36) Ruri hoa khothatsa ho tseba hore ka phuthehong, re ka fumana batho ba tla re khomarela ho feta barab’abo rōna bao re tsoetsoeng le bona!—Liprov. 18:24.
20 Joalokaha litumeliso tsa Pauluse tse qetellong ea lengolo leo a neng a le ngoletse phutheho ea Roma li bontša, o ile a iketsetsa metsoalle e mengata ea hlooho ea khomo. (Bar. 16:8-16) Ha a lihela likhala lengolong la hae la boraro, moapostola Johanne o ile a bua mantsoe ana: “Ntumelisetse metsoalle ka mabitso.” (3 Joh. 14) Ho hlakile hore le eena o ile a iketsetsa setsoalle se tšoarellang le batho ba bangata. Re ka etsisa mohlala oa Jesu le oa barutuoa ba pele joang ka ho etsa setsoalle sa ’makhonthe le bara le barali babo rōna ba Bakreste re be re etse hore se lule se le teng? Sehloohong sa rōna se latelang ho tla tšohloa karabo ea potso ena.
U ka Araba Joang?
• Jesu o behile mohlala ofe oa ho ba motsoalle oa ’makhonthe?
• Barutuoa ba ile ba re’ng ba ba ba etsa’ng ka lebaka la setsoalle sa bona le Jesu?
• Re ka bontša joang hore re metsoalle ea Kreste?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Jesu o ne a thahasella hore na metsoalle ea hae e ne e nahana eng le hore na e ne e ikutloa joang
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Re ka bontša joang hore re batla ho ba metsoalle ea Kreste?