Mathata a Aparetseng Lefatše, Tharollo ea ’Ona
MAHLOMOLA a tletse hohle ’me le batho ba utloelang ba mahlomoleng bohloko ba bangata. Ka mohlala, basebeletsi ba kalafo ba sebetsa lihora tse ngata lipetlele e le hore ba thuse batho ba kulang kapa ba lemetseng. Bo-ralitima-mollo, mapolesa, ba etsang melao hammoho le ba pholosang ba bang maemong a tšohanyetso, ba leka ka matla ho fokotsa mahlomola a batho kapa ho etsa hore a se ke a ba hlahela. Boiteko ba batho bao bo thusa batho ka bomong haholo, empa ho ke ke ha khoneha hore motho ea itseng kapa mokhatlo o itseng o felise mahlomola lefatšeng ka bophara. Empa Molimo eena o tla tlisa tharollo bakeng sa lefatše lohle.
Re kholisehile ka sena ka lebaka la mantsoe a fumanehang bukeng ea ho qetela ea Bibele, a reng: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Ak’u nahane feela hore na tšepiso eo e tla ama batho ba bakae. E akaretsa morero oa Molimo oa ho felisa mahlomola ’ohle a teng. O tla a felisa ka hore a qete ntoa, tlala, ho kula le ho hloka toka ho teng, hammoho le ho felisa batho ba khopo. Ha ho na motho ea ka etsang seo.
Seo ’Muso oa Molimo o Tla se Etsa
Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae a sebelisa motho ea mo latelang ka matla a maholo ka ho fetisisa leholimong—e leng Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung. Nako ea tla eo ka eona Jesu a tla busa e le Morena ea se nang sera lefatšeng lohle. Batho ba ke ke ba hlola ba busoa ke marena a batho, bapresidente kapa bo-ralipolotiki. Ho e-na le hoo, ba tla busoa ke Morena a le mong le ’muso o le mong—e leng ’Muso oa Molimo.
’Muso oo o tla felisa mebuso eohle ea batho. Bibele e ne e profete khale ea re: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) Batho ba lefatše lohle ba tla ba bonngoeng pusong e lokileng—e leng ea ’Muso oa Molimo.
Ha Jesu a ne a le lefatšeng mona, o ile a bua ka makhetlo a mangata ka ’Muso oo. O ile a bua ka oona thapelong ea mohlala, a laela barutuoa ba hae hore ba rapele tjena: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Hlokomela hore Jesu o ile a bontša hore ’Muso oo o amana le ho phethoa ha thato ea Molimo lefatšeng, ’me ke thato ea Molimo hore a felise mahlomola lefatšeng lohle.
’Muso o lokileng oa Molimo o tla tlisa tlhohonolofatso eo ’muso oa motho le ka mohla o ke keng oa e tlisa. Hopola hore Jehova o ile a fana ka Mora oa hae e le thekollo e le hore batho ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng. Pusong e thabisang ea ’Muso oo, batho ba tla qetella ba phethahetse. Qetellong ho tla etsahala’ng? Jehova “o tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.
Ba bang ba ka ’na ba ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha Molimo a sa etsa letho ho tla fihlela joale? O emetse’ng?’ E ka be e le khale Jehova a entse ho hong ho felisa kapa hona ho thibela mahlomola ’ohle. Empa o a lumeletse hore a tsoele pele a le teng, eseng hobane a e-na le lebaka le itseng la boithati, empa hobane a tseba hore seo se tla tsoela bana ba hae ba lefatšeng molemo oa ka ho sa feleng. Batsoali ba ratang bana ba bona ba ka ’na ba lumella ngoana hore a utloe bohloko haeba ba tseba hore seo se tla mo tsoela molemo oa nako e telele. Ka tsela e tšoanang, ho na le mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse batho hore ba utloe bohloko ka nakoana, ’me mabaka ana a hlalosoa ka Bibeleng. A amana le lintho tse kang bolokolohi ba ho ikhethela, sebe hammoho le qoso e amang tokelo eo Jehova a nang le eona ea ho busa batho. Bibele e boetse e hlalosa hore sebōpuoa se khopo sa moea se lumeletsoe ka nakoana hore se buse lefatše.a
Le hoja mona re sa khone ho tšohla mabaka ao kaofela, ho na le lintlha tse peli tse ka re fang tšepo le ho re khothatsa. Ea pele ke ena: Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo hoo re tla lebala mahlomola ao re kileng ra ba ho ’ona. Ho feta moo, Molimo oa re tiisetsa: “Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17) Molimo o tla felisa ka ho feletseng mesarelo eohle le mahlomola a bakoang ke hore hajoale bokhopo bo lumeletsoe ka nakoana, ebile a ke ke a hlola a e-ba teng.
Ntlha ea bobeli ke ena: Molimo o behile nako e ke keng ea fetoha ea ho felisa mahlomola. Hopola hore moprofeta Habakuke o ile a botsa hore na Jehova o tla lumella pefo le lintoa halelele hakae. Jehova o ile a mo araba ka ho re: “Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng . . . E ke ke ea siuoa ke nako.” (Habakuke 2:3) Sehloohong se latelang re tla bona hore “nako [eo] e behiloeng” e se e le haufi.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le hore u fumane boitsebiso bo qaqileng ba hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola, sheba khaolo ea 11 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.
[[Lebokose le leqepheng la 7]
Mangolo a Bontšang Hore Bokamoso e Tla ba bo Thabisang
HA HO SA TLA BA LE LINTOA:
“Tloong, le bone mesebetsi ea Jehova, kamoo a entseng liketsahalo tse makatsang lefatšeng. O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pesaleme ea 46:8, 9.
BARATUOA BA RŌNA BA TLA TSOHA:
“Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
HO TLA BA LE LIJO BAKENG SA BOHLE:
“Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.
BATHO HA BA SA TLA KULA:
“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.
BAKHOPO HA BA SA TLA BA TENG:
“Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”—Liproverbia 2:22.
HO TLA RENA TOKA:
“Bonang! Morena [Kreste Jesu] o tla busa ka ho loka; ha e le likhosana, li tla busa e le likhosana ka toka.”—Esaia 32:1.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
’Muso oa Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle a kileng a re hlahela