“Joale ke Nako e Amohelehang ka ho Khethehileng”
“Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng. Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.”—2 BAKOR. 6:2.
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho lemoha hore na ke eng eo re lokelang ho e etsa ka linako tsohle?
“HO NA le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo.” (Moek. 3:1) Solomone o ne a ngola ka bohlokoa ba ho lemoha nako e loketseng ka ho fetisisa bakeng sa ntho leha e le efe e molemo—ebang ke ho lema, ho nka leeto, ho hoeba kapa ho buisana le ba bang. Leha ho le joalo, re boetse re lokela ho lemoha hore na ke mosebetsi ofe oa bohlokoa ka ho fetisisa oo re tlamehang ho o etsa ka linako tsohle. Ka mantsoe a mang, re lokela ho tseba hantle hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba rōna.
2. Re tseba joang hore ha Jesu a ne a etsa mosebetsi oa boboleli, o ne a utloisisa hantle hore na o ne a phela nakong efe?
2 Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ne a utloisisa hantle hore na o ne a phela nakong efe le hore na o ne a lokela ho etsa’ng. Kaha o ne tseba hantle hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba hae, o ne a tseba hore nako eo e leng khale e lebeletsoe ea hore boprofeta bo bongata bo buang ka Mesia bo phethahale e ne e le haufi. (1 Pet. 1:11; Tšen. 19:10) O ne a e-na le mosebetsi oo a neng a lokela ho o etsa ho tsebisa batho hore e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng. O ne a lokela ho paka linnete tsa ’Muso ka ho phethahetseng a be a bokelle bao ka moso e neng e tla ba majalefa-’moho le eena ’Musong. Hape o ne a lokela ho rala motheo oa phutheho ea Bokreste e neng e tla ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli le oa ho etsa barutuoa ho isa lipheletsong tsa lefatše.—Mar. 1:15.
3. Taba ea hore ebe Jesu o ne a utloisisa hore na o ne a phela nakong efe e ile ea ama tsela eo a neng a etsa lintho ka eona joang?
3 Ho utloisisa seo ho ne ho susumetsa Jesu haholo hore a chesehele ho phetha thato ea Ntate oa hae. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Ka sebele, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona kōpang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Luka 10:2; Mal. 4:5, 6) Jesu o ile a khetha ba 12 pele, hamorao a khetha ba 70 har’a barutuoa ba hae, a ba fa litaelo tse tobileng, eaba o ba roma hore ba e’o bolela molaetsa o susumetsang o reng: “’Muso oa maholimo o atametse.” Re bala sena mabapi le Jesu: “Ha . . . a qetile ho fana ka litaelo ho barutuoa ba hae ba leshome le metso e ’meli, a tloha moo ho ea ruta le ho bolela metseng ea bona.”—Mat. 10:5-7; 11:1; Luka 10:1.
4. Pauluse e ne e le moetsisi oa Jesu Kreste ka tsela efe?
4 Jesu o ile a behela balateli ba hae bohle mohlala o phethahetseng oa ho bontša cheseho. Moapostola Pauluse o ne a bua ka taba ena ha a ne a phehella balumeli-’moho le eena a re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.” (1 Bakor. 11:1) Pauluse e ne e le moetsisi oa Kreste ka tsela efe? Haholo-holo ka hore a ikakhele ka setotsoana ha a ne a bolela litaba tse molemo. Mangolong ao Pauluse a ileng a a ngolla liphutheho, re fumana lipolelo tse kang, “le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lōna,” “le be makhoba a Jehova,” “kamehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena” le e reng, “eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova.” (Bar. 12:11; 1 Bakor. 15:58; Bakol. 3:23) Le ka mohla Pauluse ha aa ka lebala se ileng sa etsahala ha a ne a kopana le Morena Jesu Kreste tseleng e eang Damaseka, le mantsoe ana a Jesu ao e tlamehang ebe morutuoa Ananiase o ile a mo bolella ’ona: “Monna enoa ke sejana se khethiloeng ho ’na hore se jare lebitso la ka ho ea lichabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele.”—Lik. 9:15; Bar. 1:1, 5; Bagal. 1:16.
“Nako e Amohelehang ka ho Khethehileng”
5. Ke eng e ileng ea susumelletsa Pauluse hore a phethe tšebeletso ea hae ka cheseho?
5 Ha re bala buka ea Liketso, re hlokomela ka ho hlaka hore Pauluse o ne a le sebete a bile a cheseha ha a ne a phetha tšebeletso ea hae. (Lik.13:9, 10; 17:16, 17; 18:5) Pauluse o ne a hlokomela bohlokoa ba nako eo a neng a phela ho eona. O ile a re: “Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng. Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.” (2 Bakor. 6:2) Khale koana ka 537 B.C.E., e ne e le nako e amohelehang ea hore baholehuoa ba neng ba le Babylona ba khutlele naheng ea habo bona. (Esa. 49:8, 9) Empa Pauluse o ne a bua ka eng moo? Taba e tšohloang moo e re thusa hore re hlokomele hore na o ne a nahanne ka eng.
6, 7. Bakreste ba tlotsitsoeng ba filoe tlotla efe e khōlō kajeno, hona ke bo-mang ba sebetsang hammoho le bona?
6 Pejana lengolong la hae, Pauluse o ile a bua ka tlotla e khōlō eo eena hammoho le Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng ba e filoeng. (Bala 2 Bakorinthe 5:18-20.) O ile a hlalosa hore Molimo o ne a ba bitselitse morero o khethehileng, oa ho etsa “bosebeletsi ba poelano,” ho kōpa batho hore ba ‘boelane le Molimo.’ Seo se ne se bolela ho tsosolosa setsoalle kapa kutloano le Molimo.
7 Ho tloha ha ho ne ho e-ba le bofetoheli Edene, batho bohle ba ile ba arohanngoa le Jehova. (Bar. 3:10, 23) Ho arohanngoa le Jehova ka tsela eo ho kentse batho tloara! lefifing la moea, ’me ha etsa hore ho be le mahlomola le lefu. Pauluse o ile a ngola a re: “Rea tseba hore pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” (Bar. 8:22) Empa Molimo o entse matsapa a ho khothalletsa, kapa ho “kōpa” batho hore ba khutlele ho eena kapa ba boelane le eena. Eo ke eona tšebeletso e neng e filoe Pauluse le Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng nakong eo. ‘Nako eo e amohelehang’ e ka ba “letsatsi la poloko” ho batho ba lumelang ho Jesu. Bakreste bohle ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ea “linku tse ling,” e sebetsang hammoho le bona, ba tsoela pele ho mema batho hore ba tl’o rua molemo ‘nakong e amohelehang.’—Joh. 10:16.
8. Ke’ng e etsang hore kōpo ea poelano e be e tsotehang?
8 Ntho e etsang hore kōpo ea poelano e be e tsotehang le ho feta ke hore esita le hoja batho e le bona ba sentseng kamano ea bona le Molimo—ka hore ebe ba ile ba mo fetohela Edene—Molimo ke eena ea ileng a nka bohato ba ho lokisa boemo boo. (1 Joh. 4:10, 19) O ile a etsa’ng? Pauluse o ile a araba a re: “Molimo ka Kreste o ne a boelanya lefatše le eena, a sa ba balle litšito tsa bona, ’me o ile a re fa lentsoe la poelano.”—2 Bakor. 5:19; Esa. 55:6.
9. Pauluse o ile a etsa’ng ho bontša hore o ne a ananela mohau oa Molimo?
9 Ka hore ebe Jehova o ile a lokisetsa hore ho be le sehlabelo sa thekollo, o ile a fa batho ba bontšang tumelo monyetla oa hore ba tšoareloe litšito tsa bona ba be ba tsosolose setsoalle kapa kutloano le Eena. Ho feta moo, o ile a romela manģosa a hae hore a khothalletse batho hohle hore ba bōpe khotso le eena ha ba sa ntse ba e-na le monyetla. (Bala 1 Timothea 2:3-6.) Kaha Pauluse o ne a utloisisa hore na thato ea Molimo ke efe a bile a hlokomela nako eo a neng a phela ho eona, o ile a ikakhela ka setotsoana ho etsa “bosebeletsi ba poelano.” Thato ea Jehova ha e e-s’o fetohe. Le kajeno o ntse a butse mamati. Mantsoe a Pauluse a reng, “joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng” le a reng, “joale ke letsatsi la poloko” a ntse a sebetsa. Jehova ke Molimo ea mohau le ea nang le kutloelo-bohloko hakaakang!—Ex. 34:6, 7.
Le se ke la “Lahleheloa ke Morero oa Oona”
10. “Letsatsi la poloko” le ’nile la bolela’ng ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba nakong e fetileng le ba kajeno?
10 Batho ba pele ba neng ba tla rua molemo pontšong ena ea mosa o sa tšoanelang ke ba “bonngoeng le Kreste.” (2 Bakor. 5:17, 18) Ho bona, “letsatsi la poloko” le qalile ka Pentekonta ea 33 C.E. Ho tloha ka nako eo, ba ile ba fuoa mosebetsi oa ho phatlalatsa “lentsoe la poelano.” Kajeno masala a Bakreste ba tlotsitsoeng a ntse a etsa “bosebeletsi ba poelano.” Aa hlokomela hore mangeloi a mane ao moapostola Johanne a ileng a a bona ponong ea boprofeta “a tšoere ka tieo meea e mene ea lefatše, e le hore ho se ke ha e-ba le moea o ka fokang lefatšeng.” Kahoo, e sa ntse e le “letsatsi la poloko” le “nako e amohelehang ka ho khethehileng.” (Tšen. 7:1-3) Ka lebaka lena, haesale ho tloha mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, masala a batlotsuoa a ntse a etsa “bosebeletsi ba poelano” ka cheseho ho isa likarolong tse hōle tsa lefatše.
11, 12. Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba bontša joang hore ba ne ba hlokomela hore na ba phela nakong efe? (Sheba setšoantšo se leqepheng la 15.)
11 Ka mohlala, joalokaha ho boletsoe bukeng ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, “C. T. Russell le metsoalle ea hae ba ne ba lumela ka tieo hore ba nakong ea kotulo le hore ho hlokahala batho ba utloe ’nete e lokollang.” See se ile sa ba susumetsa hore ba etse’ng? Kaha bara bana babo rōna ba ne ba hlokomela hore ba nakong ea kotulo, e leng “nako e amohelehang ka ho khethehileng,” ha baa ka khotsofalla feela ho memela batho tšebeletsong ea bolumeli. E ne e le khale baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ntse ba etsa sona seo. Ho e-na le hoo, Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba ile ba qala ho batla litsela tse ling tsa ho phatlalatsa litaba tse molemo. Har’a tse ling, ba ile ba sebelisa theknoloji ea morao-rao ka bohlale hore ba ntšetse mosebetsi oa bona pele.
12 E le hore sehlopha seo se senyenyane sa basebeletsi ba chesehang se phatlalatse litaba tse molemo tsa ’Muso, se ile sa sebelisa lipampitšana, limakasine le libuka. Se ile sa boela sa ngola lipuo le lihlooho ’me sa li romela likoranteng tse likete. Se ile sa phatlalatsa mananeo a buang ka Mangolo liea-le-moeeng tsa naha le tsa machaba. Se ile sa boela sa hlahisa sa ba sa sebelisa lifilimi tse neng li tsamaisana le mantsoe a rekotiloeng, esita le pele indasteri ea lifilimi e hlahisa lifilimi tse neng li tsamaisana le mantsoe. Litholoana tsa ho bontša cheseho e matla hakaalo e ile ea e-ba life? Kajeno, ho na le batho ba ka bang limilione tse supileng ba amohetseng molaetsa ba ba ba ikopanya le sona ho phatlalatsa molaetsa o reng: “Boelanang le Molimo.” Ka sebele, bahlanka bao ba Jehova ba pele ba behile mohlala o motle tabeng ea ho bontša cheseho ho sa tsotellehe hore ho na le moo ba neng ba haelloa teng.
13. Ke morero ofe oa Molimo oo re lokelang ho o nka ka ho teba?
13 Mantsoe a Pauluse a reng, “joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng” a ntse a sebetsa. Rōna ba bontšitsoeng mosa oa Jehova o sa tšoanelang re motlotlo hore ebe re filoe monyetla oa ho utloa molaetsa oa poloko le ho o amohela. Ho e-na le ho nka lintho habobebe, re nka mantsoe a Pauluse a latelang ka ho teba: “Re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona.” (2 Bakor. 6:1) Morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo ke ho “boelanya lefatše le eena” ka Kreste.—2 Bakor. 5:19.
14. Ke menyetla efe e ntseng e hlaha linaheng tse ngata?
14 Boholo ba batho ba foufalitsoeng ke Satane, bo ntse bo arohantsoe le Molimo ’me ha bo tsebe morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo. (2 Bakor. 4:3, 4; 1 Joh. 5:19) Leha ho le joalo, maemo a lefatše a ntseng a mpefala a entse hore batho ba bangata ba amohele molaetsa ha ba bontšoa hore bokhopo le mahlomola a batho a bakoa ke hore ebe ba arohantsoe le Molimo. Esita le linaheng tseo batho ba bangata ba neng ba sa natse mosebetsi oa rōna oa boboleli, hona joale ba bangata ba amohela litaba tse molemo ’me ba nka bohato ba hore ba boelane le Molimo. Na joale rea elelloa hore ena ke nako ea hore re chesehe le ho feta ho phatlalatsa kōpo e tiileng e reng: “Boelanang le Molimo”?
15. Ho e-na le hore re bolelle batho molaetsa o ba thabisang feela, re batla hore libakeng tsohle batho ba tsebe’ng?
15 Mosebetsi oa rōna hase hore feela re bolelle batho hore haeba ba ka boelana le Molimo o tla ba thusa mathateng ’ohle a bona le hore ba tla imoloha. Batho ba bangata ba ipatlela sona seo ha ba e-ea likerekeng, ’me likereke li thahasella ho etsa joalo. (2 Tim. 4:3, 4) Seo hase sepheo sa tšebeletso ea rōna. Litaba tse molemo tseo re li bolelang ke tsa hore ka lerato Jehova o ikemiselitse ho tšoarela batho libe ka Kreste. Kahoo, batho ba ka boelana le Molimo. (Bar. 5:10; 8:32) Leha ho le joalo, “nako e amohelehang ka ho khethehileng,” e se e le haufi le ho fela.
“Susumetsoang ke Moea Hore le Chesehe”
16. Ke eng e ileng ea thusa Pauluse hore a be le sebete le cheseho?
16 Joale re ka etsa joang hore re chesehele borapeli ba ’nete re be re lule re bo chesehela? Ho ka etsahala hore ebe batho ba bang ba lihlong kapa ha ba bue haholo ka tlhaho ’me ba ka ’na ba thatafalloa ke ho bontša maikutlo a bona ka bolokolohi kapa ho ba le botsoalle. Leha ho le joalo, e ka ba hantle ho hopola hore ho cheseha hase feela ho bontša maikutlo kapa ho ba mahlahahlaha; hape ha hoa itšetleha ka hore na motho o na le botho bo joang. Pauluse o ile a totobatsa se hlokahalang ha a ne a phehella Bakreste-’moho le eena a re: “Susumetsoang ke moea hore le chesehe.” (Bar. 12:11, NW) Moea oa Jehova o ile oa phetha karolo ea bohlokoa ho thusa moapostola Pauluse hore a be le sebete le mamello mosebetsing oa boboleli. Cheseho ea Pauluse ha ea ka ea fokotseha ho tloha ha Jesu a ne a mo khetha ho fihlela ha a ne a kenngoa chankaneng ka lekhetlo la ho qetela a bile a shoela tumelo ea hae Roma—e leng lilemo tse ka holimo ho 30. Kamehla Pauluse o ne a itšetleha ka Molimo, eo ka moea a neng a mo fa matla ao a neng a a hloka. O ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafil. 4:13) Ruri re ka rua molemo haeba re ka ithuta mohlaleng oa hae!
17. Re ka ‘susumetsoa joang ke moea hore re chesehe’?
17 Lentsoe le fetoletsoeng e le ‘ho cheseha’ ha e le hantle le bolela “ho bela.” (Kingdom Interlinear) E le hore metsi a lule a bela ka ketleleng, ho hlokahala hore mocheso o lule o le teng. Ka ho tšoanang, e le hore re ‘susumetsoe ke moea hore re chesehe,’ ho hlokahala hore re lule re fumana moea oa Molimo. Re ka o fumana ka hore re sebelise litokisetso tsohle tseo Jehova a li etsang ho re matlafatsa moeeng. Seo se bolela ho nka borapeli ba rōna ba lelapa le ba phutheho ka ho teba—ho etsa thuto ea botho le ea lelapa kamehla, ho rapela kamehla le ho ba le Bakreste-’moho le rōna libokeng kamehla. Seo se tla re thusa hore re be le seo re ka reng ke mollo o tla ntšetsa pele “ho bela” ho tla etsa hore re tsoele pele re ‘susumetsoa ke moea hore re chesehe.’—Bala Liketso 4:20; 18:25.
18. Kaha re Bakreste ba inehetseng, re lokela ho tsepamisa maikutlo sepheong sefe?
18 Motho ea inehetseng ke ea tsepamisang maikutlo ka ho feletseng sepheong seo a nang le sona ’me a sa faposoe habonolo kapa a sa nyahamisoe ha a se phehella. Kaha re Bakreste ba inehetseng, sepheo sa rōna ke hore joaloka Jesu, re etse eng kapa eng eo Jehova a batlang hore re e etse. (Baheb. 10:7) Kajeno thato ea Jehova ke hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng ba boelane le eena. Kahoo, joaloka Jesu le Pauluse, a re cheseheng mosebetsing ona oa bohlokoa ka ho fetisisa le o potlakileng, o lokelang ho etsoa kajeno.
Na U sa Hopola?
• Pauluse le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba filoe ‘bosebeletsi bofe ba poelano’?
• Masala a batlotsuoa a sebelisitse “nako e amohelehang ka ho khethehileng” joang ka tsela e molemo?
• Basebeletsi ba Bakreste ba ka ‘susumetsoa ke moea joang hore ba chesehe’?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Le ka mohla Pauluse ha aa ka lebala se ileng sa etsahala ha a ne a kopana le Morena Jesu Kreste