ATAMELA HO MOLIMO
“Bona! Ke Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”
Na u lakatsa ha uena le ba lelapa la hao le ka phela hantle ’meleng le ho phela nako e telele? Na u labalabela ho phela lefatšeng leo ho lona ho ke keng ha e-ba le bohloko, mahlomola le lefu? Lefatše le joalo hase toro feela. Ho e-na le hoo, haufinyane lefatše le lecha la ho loka le tla ba teng, hobane ke seo Jehova Molimo a se rerileng. Hlokomela kamoo ho phethahala ha morero oa hae ho hlalosoang kateng ho Tšenolo 21:3-5.—E bale.
“[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšenolo 21:4) O tla hlakola meokho ea mofuta ofe? A ke ke a hlakola meokho ea thabo kapa e sirelelitseng mahlo a rōna. Tšepiso ea Molimo e bua ka meokho e bakoang ke mahlomola le ho sareloa. Molimo a ke ke a hlakola meokho eo feela; o tla e felisa ka ho feletseng ka hore a felise lintho tse bakang meokho eo—e leng mahlomola le ho sareloa.
“Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Ha ho na ntho e llisang batho ho feta lefu, e leng sera sa rōna. Jehova o tla lokolla batho ba mo mamelang litleneng tsa lefu. Joang? Ka hore a felise ntho eo e leng eona e bakang lefu: sebe seo re se futsitseng ho Adama. (Baroma 5:12) Jehova o tla sebelisa sehlabelo sa thekollo sa Jesu ho etsa hore batho ba mo mamelang ba phethahale.a Kahoo, sera sa ho qetela, e leng lefu, se tla “etsoa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:26) Batho ba tšepahalang ba tla phela kamoo Molimo a neng a rerile kateng—ba phele ka ho sa feleng ba phethahetse ’meleng.
‘Bohloko ha bo sa tla hlola bo e-ba teng.’ (Tšenolo 21:4) Ke bohloko ba mofuta ofe bo ke keng ba hlola bo e-ba teng? Bohloko bohle ba kelello, ba maikutlo le ba ’mele bo bakiloeng ke sebe le ho se phethahale le bo sulafalelitseng batho ba limilione bophelo, bo ke ke ba hlola bo e-ba teng.
Haufinyane re tla phela bophelo bo se nang meokho, lefu le bohloko. Empa u ka ’na ua ipotsa: ‘Hokae? Na ebe mohlomong Molimo o re tšepisa ho ea phela leholimong?’ Che. Hlokomela hore na ke hobane’ng ha re araba joalo. Ntlha ea pele, tšepiso eo e qala ka mantsoe a reng “tente ea Molimo e ho moloko oa batho” ’me moloko oa batho o phela lefatšeng. (Tšenolo 21:3) Ntlha ea bobeli, tšepiso eo e bua ka hore lefatšeng “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng”—e leng moo lefu le kileng la rena teng, empa le tla felisoa. Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le lefu leholimong empa e se e le nako e telele le le teng mona lefatšeng. Kahoo, ho hlakile hore tšepiso ea Molimo ea hore batho ba tla phela bophelo bo molemo e tla phethahala mona lefatšeng.
Molimo o tla phumola liphororo tsa meokho e bakiloeng ke mahlomola le ho sareloa
Jehova o batla hore re mo kholoe ha a re tšepisa hore ho tla ba le lefatše le lecha la ho loka. Hang hoba a hlalose kamoo a tla re hlohonolofatsa kateng, o ile a re tiisetsa ka ho re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” Eaba o phaella ka ho re: “Mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.” (Tšenolo 21:5) U mengoa hore u ithute ka ho eketsehileng kamoo uena le batho bao u ba ratang le ka bang har’a barapeli ba Molimo ba thabileng, ba tla bona ha litšepiso tsa hae li phethahala ka tsela e babatsehang.
Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka December
1 Petrose 1-5; 2 Petrose 1-3; 1 Johanne 1-5; 2 Johanne 1-13; 3 Johanne 1-14; Juda 1-25–Tšenolo 1-22
a E le hore u ithute lintho tse ling ka sehlabelo sa thekollo sa Kreste, sheba khaolo ea 5 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.