Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 12/1 maq. 12-14
  • Na Petrose ke Mopapa oa Pele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Petrose ke Mopapa oa Pele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “HOLIM’A LEFIKA LENA, KE TLA HAHA KEREKE EA KA”
  • “U PETROSE . . . ”
  • NA MOPAPA KE MOHLAHLAMI OA PETROSE?
  • Mopapa—Na ke “Mohlahlami oa Mohalaleli Petrose”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 12/1 maq. 12-14
Moapostola Petrose o bua le Jesu

Na Petrose ke Mopapa oa Pele?

“Mok’hadinale Jorge Mario Bergoglio, S.J., o khethetsoe ho ba Mopapa oa bo265 ka mor’a Petrose.”—VATICAN INFORMATION SERVICE, VATICAN CITY, MARCH 13, 2013.

“Mobishopo oa Roma ke eena ea ka holimo-limo oa Kereke e lefatšeng lohle, kaha ke eena mohlahlami oa Mohalaleli Petrose, ea ileng a fuoa matla ao ke Jesu Kreste.”—THE PRIMACY OF THE BISHOP OF ROME DURING THE FIRST THREE CENTURIES, 1903, EA VINCENT ERMONI.

“Joale haeba motho a ka re . . . Mopapa oa Roma hase mohlahlami oa Petrose ea Hlohonolofalitsoeng, o lokela ho nehoa anathema [ke hore a bitsoe mokhelohi].”—THE FIRST VATICAN COUNCIL, JULY 18, 1870.

MAK’HATHOLIKE a limilione lefatšeng lohle a nka hore qeto ea Lekhotla la Vatican e entsoeng ka 1870 ke thuto e ke keng ea fetoha ea kereke, e lokelang ho mameloa. Leha ho le joalo, lintho tseo re lokelang ho ipotsa tsona ke hore, Na ke thuto ea Mangolo? Ho feta moo, na ehlile Mopapa Francis ke mohlahlami oa moapostola Petrose? Hona na Petrose ke mopapa oa pele?

“HOLIM’A LEFIKA LENA, KE TLA HAHA KEREKE EA KA”

Qeto ea Lekhotla la Vatican ea 1870 e ne e thehiloe haholo-holo tseleng eo ka eona le hlalosang Matheu 16:16-19 le Johanne 21:15-17. Puisano ea Jesu le Petrose e hlahang litemaneng tsena hammoho le likarolong tse ling tsa Bibele e bontša hore moapostola Petrose o ne a tla phetha karolo ea bohlokoa historing ea Bakreste ba pele. Ha e le hantle, ha ba qala ho kopana, Jesu o ile a bonela-pele hore Petrose o ne a tla bontša litšobotsi tse kang tsa lefika bophelong ba hae. (Johanne 1:42) Empa na Kreste o ile a beha Petrose boemong bo phahameng?

Lengolong la Matheu 16:17, 18, Jesu o ile a re ho Petrose: “Kea u bolella, ke re: ‘U Petrose [eo lebitso la hae le bolelang “Lefika”],’ ’me holim’a lefika lena ke tla haha kereke ea ka.”a Na Jesu o ne a re “kereke” ea hae kapa phutheho, e tla hahoa holim’a Petrose? Na Petrose e ne e tla ba hlooho ea balateli bohle ba Jesu? Baapostola ba bang ba neng ba le teng ha Jesu a buisana le Petrose ka taba ee, ba ile ba utloisisa mantsoe ao a Jesu joang? Likosepele li bontša hore ka mor’a moo ba ile ba phehisana khang ka makhetlo mabapi le hore na e moholo ke mang har’a bona. (Matheu 20:20-27; Mareka 9:33-35; Luka 22:24-26) Haeba Jesu o ne a se a file Petrose boemo bo phahameng, kapa a mo behile ka holim’a baapostola ba bang, na ho ne ho ka ba le pelaelo ea hore na e moholo ho bona ke mang?

Petrose eena o ile a utloisisa mantsoe a Jesu joang? Kaha Petrose o ne a hōtse e le Moiseraele, e tlameha ebe o ne a tseba boprofeta bo sa tšoaneng ba mangolo a Seheberu bo buang ka “lejoe” kapa “lejoe la mothèo.” (Esaia 8:13, 14; 28:16; Zakaria 3:9) Ha Petrose a qotsa bo bong ba boprofeta boo, lengolong la hae le eang ho balumeli-’moho le eena, o ile a hlalosa hore “lejoe la mothèo” leo baprofeta ba buileng ka lona esale pele, ke Morena Jesu Kreste, e leng Mesia. Petrose o ile a sebelisa lentsoe la Segerike pe’tra (e leng lentsoe le tšoanang le le hlahang mantsoeng a Jesu a ho Matheu 16:18), ha a bua ka Kreste feela.—1 Petrose 2:4-8.

Moapostola Pauluse e ne e le e mong oa balateli ba tšepahalang ba Jesu. Na Pauluse o ne a lumela hore Jesu o file Petrose boemo bo phahameng? Ha Pauluse a bontša hore o amohela boemo ba Petrose phuthehong ea pele ea Bokreste, o ile a re Petrose ke e mong oa “ba neng ba talingoa e le litšiea.” Ho latela Pauluse, ho ne ho e-na le “litšiea” tse ’maloa. (Bagalata 2:9) Ho feta moo, haeba Jesu a ne a khethile Petrose hore e be hlooho ea phutheho, ho ne ho ka tla joang hore balumeli-’moho le eena ba mo talime, kapa ba mo nke e le tšiea?

Ha Pauluse a bua ka tsela e leeme eo Petrose a neng a tšoara batho ba bang ka eona, o ile a ngola ka tlhompho empa a tiile, a re: ‘Ke ile ka mo hanyetsa sefahlamahlo, hobane o ne a fositse.’ (Bagalata 2:11-14) Pauluse o ne a sa lumele hore Kreste o hahile kereke ea hae kapa phutheho holim’a Petrose kapa holim’a motho leha e le ofe ea sa phethahalang. Ho e-na le hoo, o ne a lumela hore phutheho e hahiloe holim’a Jesu Kreste, e leng motheo oa eona. Pauluse o ne a lumela hore “lefika leo ke Kreste.”—1 Bakorinthe 3:9-11; 10:4.

“U PETROSE . . . ”

Joale re lokela ho utloisisa mantsoe aa joang: “‘U Petrose,’ ’me holim’a lefika lena ke tla haha kereke ea ka”? Hore re utloisise mantsoe ana hantle, re lokela ho bala litemana tse ling tse haufi le temana eo. Jesu le Petrose ba ne ba bua ka eng? Jesu o ne a qeta ho botsa barutuoa potso e reng: “Empa lōna le re ’na ke mang?” A sa qeaqee Petrose o ile a re: “U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” A nahanne ka seo, Jesu o ile a babatsa Petrose ’me a eketsa ka hore o tla haha “kereke” ea hae kapa phutheho ‘lefikeng’ le tiileng le ho feta, leo Petrose a neng a qeta ho bontša tumelo ho lona, e leng Jesu ka boeena.—Matheu 16:15-18.

Re lokela ho utloisisa mantsoe aa a Jesu joang: “‘U Petrose,’ ’me holim’a lefika lena ke tla haha kereke ea ka”

Tumellanong le sena, bangoli ba bangata ba boholo-holo ba kereke ba ile ba ngola hore lefika leo ho buuoang ka lona ho Matheu 16:18 ke Kreste. Ka mohlala, Augustine oa lilemong tsa bo-400 o ile a re: “Morena o ile a re: ‘Holim’a lefika lena ke tla haha Kereke ea ka,’ hobane Petrose o ne a qeta ho re ho eena: ‘U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.’ Ka hona, ke lefika lena, leo u qetang ho le bolela, leo ke tla haha Kereke ea ka holim’a lona.” Khafetsa, Augustine o ile a re “Lefika (Petra) ke Kreste.”

Haeba Augustine le ba bang ba ne ba ka ahloloa ho ea ka lithuto tsa joale tsa K’hatholike, ho ne ho tla thoe ke bakhelohi. Ha e le hantle, ho ea ka setsebi se seng sa lithuto tsa bolumeli sa Switzerland se bitsoang Ulrich Luz, Lekhotla la Vatican la 1870 le ne le tla talima maikutlo a litsebi tse ngata tsa Bibele tsa mehleng ena e le a bokhelohi tabeng ena.

NA MOPAPA KE MOHLAHLAMI OA PETROSE?

Moapostola Petrose o ne a sa tsebe tlotla ena “mopapa.” Ha e le hantle, babishopo ba bangata bao e neng e se ba Roma ba ne ba ipitsa ka tlotla eo pele ho lilemo tsa bo-800. Leha ho le joalo, tlotla eo e ne e sa sebelisoe hangata ho fihlela qetellong ea lilemo tsa bo-1000. Ho feta moo, Bakreste ba pele ba ne ba sa lumele hore boemo bo phahameng boo ho thoeng Petrose o ne a bo filoe bo ile ba fetisetsoa ho mohlahlami leha e le ofe. Kahoo, setsebi sa Mojeremane se bitsoang Martin Hengel se ile sa etsa qeto ea hore ha “ho na bopaki bo ka suptjoang, ebang ke ba histori kapa ba lithuto tsa bolumeli bo ka re fihlisang ho seo hamorao se ileng sa bitsoa ‘boemo bo phahameng’ ba ofisi ea mopapa.”

Ha re lihela likhala: Na Petrose ke mopapa oa pele? Na o ne a e-na le bahlahlami leha e le bafe? Na thuto ea K’hatholike ea ho beha mopapa boemong bo phahameng e lumellana le Mangolo? Karabo e le ’ngoe feela e nepahetseng lipotsong tsena ke che. Leha ho le joalo, ’nete ke hore Jesu o ile a fela a haha kereke ea hae, e leng phutheho ea ’nete, holim’a hae, ke hore eena Jesu. (Baefese 2:20) Kahoo, potso eo bohle re lokelang ho ipotsa eona ke hore, Na ke fumane phutheho eo ea ’nete?

a Sehloohong sena litemana tsohle tsa Bibele li qotsitsoe Bibeleng ea Phetolelo e Ncha ea Sesotho.

Lekhotla la Pele la Vatican la 1869-1870

Tšimoloho ea Boemo bo Phahameng ba Mopapa

  • 32 C.E.: Jesu o bolela esale pele hore o tla haha kereke kapa phutheho ea hae holim’a hae; moapostola Petrose ha aa ka a behoa boemong bo phahameng

  • 55-64: Moapostola Pauluse le Petrose ba ngola mangolo a sa tšoaneng a hlalosang hore Jesu ke eena feela motheo oa phutheho ea Bokreste

  • 254-257: Stephen, e leng mobishopo oa Roma, o hlahisa maikutlo a hore o phahametse babishopo ba bang ebile ke eena mohlahlami oa Petrose; empa babishopo ba bang, ba kang Firmilian oa Cesarea le Cyprian oa Carthage, ba hanyetsa maikutlo ao

  • 296-304: Mongolo oa pele o pakang ho sebelisoa ha tlotla ena “papa,” kapa “mopapa,” ha ho buuoa ka mobishopo oa Roma, o qala ho tsejoa

  • Hoo e ka bang ka 450: Mobishopo e mong oa Roma, ea bitsoang Leo I, o sebelisa Matheu 16:18 ho tiisa hore o phahametse babishopo ba bang

  • Hoo e ka bang ka 550: Tšebeliso ea tlotla ena papa (mopapa), ha ho buuoa ka mobishopo oa Roma, e ja setsi; leha ho le joalo, babishopo ba bang bao e seng ba Roma ba tsoela pele ho ipitsa ka tlotla eo ho fihlela lilemong tsa bo-800

  • 1075: Gregory VII o phatlalatsa hore tlotla ena “mopapa” e sebetsa ho mobishopo oa Roma feela; ’me ho ea ka rahistori e mong, taelo ea Gregory VII e bitsoang Dictatus Papae (Taelo ea Mopapa) e etsa hore ho ‘bonahale eka mopapa o nketse Kreste sebaka’

  • 1870: Lekhotla la Pele la Vatican le ntša taelo ea hore “mopapa oa Roma ke mohlahlami oa Petrose ea Hlohonolofalitsoeng, Khosana ea Baapostola ebile ke eena Moemeli oa ’nete oa Kreste, Hlooho ea Kereke kaofela”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2023)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela