Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 2 maq. 4-6
  • Mpho eo Molimo a Faneng ka Eona ke ea Bohlokoa Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mpho eo Molimo a Faneng ka Eona ke ea Bohlokoa Haholo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE MANG EA FANENG KA EONA?
  • KE HOBANE’NG HA MOLIMO A FANE KA MPHO EE?
  • KE BOITELO BOFE BOO A BO ENTSENG?
  • NA RE NE RE HLILE RE HLOKA MPHO EE?
  • Mpho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Mpho e Babatsehang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 2 maq. 4-6

SEHLOOHO SE KA NTLE | AMOHELA MPHO EA BOHLOKOA E TSOANG HO MOLIMO!

Mpho eo Molimo a Faneng ka Eona ke ea Bohlokoa Haholo

Ke’ng se etsang hore mpho e be ea bohlokoa ho uena? Mohlomong ke mabaka a latelang: (1) mpho e tsoa ho mang, (2) ke hobane’ng ha a u file eona, (3) motho ea u fileng eona o entse boitelo bofe hore a u fe mpho eo, le hore (4) na mpho eo e ne hlile e le ntho eo u e hlokang ka nako eo. Ho nahana ka mabaka ana ho ka re thusa hore re ananele haholoanyane mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re e filoeng ke Molimo, e leng thekollo.

KE MANG EA FANENG KA EONA?

Terone ea Jehova

Limpho tse ling ke tsa bohlokoa ho rona hobane li tsoa ho batho ba itseng ba tsebahalang kapa bao re ba ratang haholo. Le hoja e le tsa boleng bo tlaase, limpho tse ling ke tsa bohlokoa hobane feela li tsoa ho setho sa lelapa kapa ho metsoalle ea rona. Ho joalo le ka mpho eo ntate-moholo Russell a ileng a e fa Jordan, eo re buileng ka eena sehloohong se fetileng. Taba ee e amana joang le mpho ea thekollo?

Bibele e re: “Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.” (1 Johanne 4:9) Sena se etsa hore thekollo e be mpho ea bohlokoa haholo. Molimo o matla ’ohle. Ha mopesaleme a bua ka Molimo, o ile a re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:​18). Ruri ha ho motho e mong ea ka re fang mpho ea bohlokoa hakaalo.

Bibele e boetse e re Molimo ke ‘Ntate oa rona.’ (Esaia 63:​16) Ka tsela efe? O re file bophelo. Ho ekelletsa moo, Jehova ke ntate oa rona, ’me o re rata joalokaha ntate a rata bana ba hae. Ha a bua le batho ba hae ba mehleng ea Bibele, ba neng ba boetse ba bitsoa Efraime, o ile a re: “Na Efraime ke mora oa bohlokoa ho ’na, kapa ngoana ea tšoaroang ka lerato? . . . Ruri ke tla mo hauhela.” (Jeremia 31:​20) Molimo o ikutloa joalo le ka barapeli ba hae ba mehleng ena. Hase feela hore ke ’Mopi oa rona ea matla ’ohle, empa hape ke Motsoalle le Ntate oa rona ea tšepahalang. Ka sebele sena se etsa hore limpho tsohle tseo a re fang tsona e be tsa bohlokoa.

KE HOBANE’NG HA MOLIMO A FANE KA MPHO EE?

Jesu Kreste

Limpho tse ling li bohlokoa hobane li fanoe ka lerato, eseng ka ho qobelloa. Mofani ea se nang boithati ha a lebelle hore a buseletsoe ka lebaka la ho bontša ba bang mosa.

Molimo o re file Mora oa hae hobane a re rata. Bibele e re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng.” Hobane’ng? “E le hore re ka fumana bophelo ka eena.” (1 Johanne 4:9) Na Molimo o ne a tlamehile ho etsa joalo? Ho hang! “Thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu” ke ponahatso ea lerato la Molimo le “mosa oa hae o sa tšoanelang” kapa mohau oa hae.​—Baroma 3:24.

Mpho ee ea Molimo e bontša mohau oa hae ka tsela efe? Bibele e re: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:8) Molimo o ile a susumetsoa ke lerato hore a thuse batho ba fokolang, ba baetsalibe le ba se nang mang oe! Ka hona, mpho ena ha rea e sebeletsa ebile re ke ke ra khona ho patala Molimo bakeng sa eona. Ha ho mohla ho tla ke ho be le lerato le fetang leo Molimo a re bontšitseng lona.

KE BOITELO BOFE BOO A BO ENTSENG?

Jesu thupeng ea tlhokofatso

Limpho tse ling ke tsa bohlokoa hobane mofani oa tsona a ile a tela lintho tse ngata e le hore a fane ka tsona. Haeba motho a tela ntho eo a e ratang haholo ’me a re fa eona, re ananela mpho eo le ho feta.

Molimo o ile “a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.” (Johanne 3:16) Ruri Jesu e ne e le motho oa bohlokoa haholo ho eena. Lilemong tse ngata-ngata tseo Molimo a neng a ntse a bopa bokahohle ka tsona, Jesu o ne a sebetsa le eena ’me ea e-ba ‘eo Molimo a neng a mo rata ka ho khethehileng.’ (Liproverbia 8:30) Jesu ke ‘Mora oa Molimo ea ratoang’ hape ke “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng.” (Bakolose 1:13-15) Ha ho kamano e matla ho feta e teng pakeng tsa Molimo le Jesu.

Leha ho le joalo, Molimo ha aa ka “a qenehela esita le Mora oa hae.” (Baroma 8:32) Jehova o re file se molemohali seo a nang le sona. Ka ho fana ka mpho ena, Molimo o tetse ntho e kholo ka ho fetisisa ho eena.

NA RE NE RE HLILE RE HLOKA MPHO EE?

Ka linako tse ling mpho e ka ba ea bohlokoa hobane e tlile ka nako e loketseng, ka nako eo u e hlokang e le kannete. Mohlala, na u ne u ke ke oa thaba haeba motho e mong a ne a ka u patalla hore u fumane kalafo sepetlele ho pholosa bophelo ba hao? Ruri u ne u ke ke oa khaotsa ho mo leboha!

Bibele e re: “Feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakorinthe 15:​22) Joaloka bana ba Adama, kaofela ha rona rea “shoa” kahoo re sitoa ho itokolla sebeng le lefung kapa hona ho boelana le Molimo. Re boetse re ke ke ra khona ho ‘phelisa’ batho ba bang. Bibele e beha taba ena tjena: “Ha ho le ea mong oa bona eo ka mokhoa leha e le ofe a ka lopollang esita le mor’abo, kapa a fa Molimo thekollo bakeng sa hae.” (Pesaleme ea 49:​7, 8) Re hloka thekollo e le kannete hobane re ne re ke ke ra khona ho itokolla sebeng. Haeba e ne e se ka eona ho ne ho se mohla re tla boelana le Molimo.

Batho ba litso le lilemo tse fapaneng

Ka lebaka la lerato la hae le leholo, Jehova o ile a ithaopela ho lefella “kalafo” eo re neng re e hloka, e le hore ‘bohle ba ka phelisoa’ ka Kreste Jesu. Thekollo e khona ho finyella see joang? “Mali a Mora oa hae Jesu a re hloekisa sebeng sohle.” Kahoo, haeba re bontša tumelo sehlabelong sa thekollo se entsoeng ka mali a Jesu, re ka fumana tšoarelo bakeng sa libe tsa rona ’me ra ba le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng. (1 Johanne 1:7; 5:13) Thekollo e tla thusa beng ka rona ba hlokahetseng joang? Bibele e re: “Kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho [e leng Jesu].”​—1 Bakorinthe 15:21.a

Ha ho na mpho e ka lekanang le eo Molimo a ileng a re fa eona ka Jesu. Ha ho motho ea kileng a tela ho hongata molemong oa rona ho feta Jehova Molimo, ebile ha ho mpho eo re e hlokang ho feta sehlabelo se re lokollang sebeng le lefung. Ruri thekollo ke mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa!

E le hore u ithute ho eketsehileng ka sehlabelo sa Jesu le kamoo se ka u tsoelang molemo kateng, shebella video e khut soanyane ea Ikhopotse Lefu la Jesu ho www.jw.org/st. Sheba tlas’a LINGOLILOENG > LIVIDEO. U ka boela oa skena let soao lena ka founu kapa tablet ea hao.

a Haeba u lakatsa ho tseba ho eketsehileng ka morero oa Molimo oa ho tsosa bafu, sheba Khaolo 7 ea buka ea Ha e le Hantle ke’ng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova e fumanehang websaeteng ea www.jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela