Thuto Litšenyehelo Tsa Eona le Seo e Fanang ka Sona
NA U rata ha bana ba hao ba ruteha haholo? Na u re, ‘E, thuto e ntle e hlomellela motho bophelo bo molemo. Motho ea rutehileng o phahametse motho ea sa rutehang ka melemo e mengata.’ Hona ke ’nete. Batsoali ba Bakreste hammoho le ba bang, ba batla ha bana ba bona ba fumana thuto e ntle kamoo ho ka khonehang.
Empa “thuto e ntle kamoo ho ka khonehang” e akarelletsa eng? Mokreste o tseba hore e akarelletsa thuto ea lefatše le ea moea. Thuto ea moea e tsoela pele le bophelo ba rōna, empa thuto ea lefatše e tloaelehileng e lokela ho tsoela pele hakae? Na mocha oa Mokreste o lokela ho khotsofalla thuto ea motheo feela ea lefatše? Kapa na o lokela ho ea kolecheng kapa univesithing? Ha ho bonolo ho arabela potso ena hobane, le hoja thuto eohle e na le melemo, e boetse e hloka ho hong. Ka tsela efe?
Thuto ea Motheo
Thuto e qala pele ngoana a ea sekolong. Motsoali ea bohlale oa Mokreste o koetlisa ngoana ho tloha boseeng. O lokela ho koetlisetsoa eng? Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore o koetlisitsoe ‘ho tloha bonyenyaneng’ hore a ‘tsebe mangolo a halalelang,’ karolo ea Bibele e neng e le teng ka nako eo. (2 Timothea 3:15) Kahoo, batsoali ba ka ruta bana ba bona ka Jehova Molimo, Jesu Kreste, bohlokoa ba ’muso oa Molimo, le linnete tse ling tsa Mangolo, bana ba sa le banyenyane.
Haeba ngoana e monyenyane a khona ho ithuta lintho tsena, ka ho totobetseng a ka qala ho ithuta ho bala le ho ngola, ’me batsoali ba bohlale ba ipha sebaka ho ruta le lintho tsena. Kahoo, ho ruta ngoana ho lokela hore ho hle ho qalelloe.
Na hona ho ama litšenyehelo tse itseng? Ho hloka chelete e nyenyane haholo, empa ho hloka nako e ngata le matla. Leha ho le joalo, hoa tšoaneleha. Ka thuto e qalelloang joalo, ngoana a ka ba le lerato le tlohang botebong ba pelo bakeng sa Jehova ’me ka potlako a ntlafatsa matla a motheo a ho ithuta.
Linaheng tse ngata ’muso o lokisetsa thuto ea motheo ea lefatše bakeng sa bana ha ba ba lilemo tse tšeletseng. Le hoja thuto ena e lefelloa haholo ka chelete ea makhetho, mohlomong ho ameha litšenyehelo tse ling. Litšusumetso tseo batsoali ba ke keng ba li laola li qala ho tsamaisa monahano oa ngoana. Ka lekhetlo la pele bophelong ba hae, ngoana o arohana le batsoali ba hae ka lihora tse ngata ka letsatsi. A ka ’na a kopana le bana ba sa rutoang ka litsela tsa ’nete tsa Bokreste, ’me, ka lebaka leo batsoali ba lokela ho tiisa hore ha a lebala seo a koetlisitsoeng ka sona ho tloha bonyenyaneng.
Na tšenyehelo ke e hlokahalang? Batsoali ba bangata ba nahana joalo. Likolong, bana ba fumana thuto e nammeng makaleng a mangata a tsebo. Hape ba ka ’na ba ithuta mahlale a tla ba molemo bophelong bohle. ’Me le hoja ba phela lapeng, ba na le monyetla oa ho bontša lerato la bona bakeng sa Jehova ha ba le hole le leihlo le seli la batsoali ba bona.
Leha ho le joalo, ho na le moputso o mong oo batsoali ba bohlale ba Bakreste ba sa batleng ho o lefa. Ha ba hatelle bana ba bona hore ba ithute ka thata hoo nako ea bona e fokolang kapa matla a fokolang bakeng sa ho ithuta “mangolo a halalelang” kapa ho sebeletsa Molimo. Hobane’ng? Hobane le hoja thuto ea lefatše e e-na le molemo o itseng, ke thuto e theiloeng ‘mangolong a halalelang’ feela e ka etsang hore motho a ‘hlalefele ho bolokeha.’ (2 Timothea 3:15) Ntho ea bohlokoa haholoanyane ke efe: thuto ea lefatše e hlomellelang motho ka lilemo tse seng kae feela tsa bophelo? kapa thuto e lokisetsang motho bophelo bo sa feleng?
Likoleche le Liunivesithi
Linaheng tse ngata, kamorao ho thuto ea sekolo sa mathomo se tlase bana ba tsoela pele le thuto ea sekolo sa mathomo se phahameng. Ntlheng ena batsoali ba bangata ba Bakreste, ha ba hopola kamoo Jesu a ileng a koetlisetsoa bobetli, ba khothalletsa bana ba bona ho fumana thuto eitseng ea sekolo sa matsoho. (Mareka 6:3) Baa tseba hore ha bana ba hōla, ba tla ba le boikarabelo, le hore hona joale ke nako e ntle ho qala ho ba hlomellela ho bo jara.—1 Timothea 5:4, 8.
Ba bang baa ipotsa hore na ba ka lebisa bana ba bona thutong ea univesithi. Hobane’ng? Naheng e futsanehileng, thuto ea univesithi e ka bonahala e le tsela e molemo haholo ea ho tsoela pele. Ho ka ’na ha bonahala e fana ka tšireletso licheleteng, ’me mohlomong le ho feta moo. Mosuoe e mong oa Nigeria o itse: “Bo-ntate . . . ba batla ha bana ba bona e le lingaka, lienjiniere, baqapi, baboloki ba libuka e le hore ba ka phahamisa boemo ba malapa a bo bona.”
Leha ho le joalo, na tsee ke lintho tseo motsoali oa Mokreste a lokelang ho li etelletsa pele ha a lokisetsa thuto ea ngoana oa hae? Batsoali ba bangata ha ba nahane joalo. Ba ikhethela ho batlisisa litsela tse ling ho lokisetsa bophelo ba bana ba bona. Hobane’ng? Hobane melemo ea thuto ea univesithi hangata e rōnoa ke seo e se hlahisang.
Litšenyehelo
Nigeria Daily Times e ile ea bua ka litšenyehelo tsa lichelete: “Mebuso e ’nile ea ikimetsa ka makhetho . . . batsoali ba itelisa menate e meng ’me mohlomong e bile e le lintho tse hlokahalang haholo, ha bacha ba sebetsang ba lefuoa hantle ba fane ka karolo e khōlō ea meputso ea bona, hona hohle molemong oa ho tiisa hore bana ba bona, libaka tsa habo bona le bona ka bobona ba kotule litholoana tsa thuto e phahameng.”
Na ke bohlale hore batsoali ba Bakreste ba etse boitelo boo hore ba rōmele bana ba bona liunivesithing? Mohlomong u ka khona litšenyehelo tsa lichelete. Empa na ho na le tšenyehelo e ’ngoe e lokelang ho nahaneloa? Hangata ho joalo. Ka mohlala, batsoali ba mohlankana e mong ba ile ba mo lumella ho ea naheng ea Europe ho ea kena univesithi teng. Na ho ea ha hae moo ho ile ha etsa hore a fumane tšireletseho licheleteng, kapa hore a phahamise boemo ba lelapa hae koaa? Che. Ka likhothalletso tsa “metsoalle” ea hae e mecha univesithing, a sebelisa lithethefatsi ’me a shoa ka ho li sebelisa ho tlōla tekanyetso. Mocha e mong oa Moafrika a ea univesithing United States. A khutlisetsoa hae a belaelloa hore o holofetse boko ke lithethefatsi le tahi. Batsoali ba bahlankana bana ba lefile theko e kaakang!
Batsoali ba bang ba Bakreste ba lefile haboima. Mohlankana e mong a ngolisa Univesithing naheng ea habo, empa e le hole le hae. A khaotsa ho kopanela le Bakreste ba bang ’me a khaotsa ho sebeletsa Jehova. Lintho tsohle tseo a neng a ithutile tsona “le bonyenyaneng” tsa mo lahlehela, ’me hona joale o bile o belaella le lithuto tsa Bibele.
Ka bomalimabe, mohlankana enoa ha a mong ho sena. Ho na le ba bang ba ileng ba hōlisetsoa ho sebeletsa Molimo bao hajoale ba reng lintho li ikentse, ba sa lumeleng hore Molimo o teng le ba somang ’nete ea Bibele. Na hona ho tsoaloa ke hobane Bibele e fositse ’me bohlale ba kajeno bo nepile? Le hanyenyane. Ke hobane ba ile ba hlaseloa kamehla ke maikutlo a bonyefoli kolecheng ha ba arohane le Bakreste ba bang. Ka baka leo tumelo ea bona ea fokola ’me qetellong ea shoa. Ntho e bohloko ke hore, hangata ke batsoali ba ba beileng boemong boo.
Moapostola Pauluse o itse “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Tse ling tsa litloaelano tse mpe ka ho fetisisa bakeng sa Bakreste—ha re bua tabeng ea moea le ea boitšoaro—li fumanoe liunivesithing. Litaba tse kaholimo li bontša se ka etsahallang bacha ba se nang tsebo, ha ba le hole le malapa a habo bona, ba lahleloa ka har’a tikoloho ea boitšoaro bo bobe, tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi, ho fetella le maikutlo a borabele a bopolotiki. Na botumo bo eketsehileng ba lelapa kapa mosebetsi o putsang haholo li tšoaneloa ke theko e ka lefuoang?
Maikutlo a Leka-lekaneng
Empa, ho ka ’na ha hanyetsoa hore hase bohle ba eang univesithi ba lahleheloang ke tumelo ea bona ea Bokreste kapa ba bolaoang ke ho noa lithethefatsi ho tlōla tekanyetso. Ke ’nete. Ba bang ba tsoang liunivesithing ba fetohile litho tsa bohlokoa le tse sebetsang ka thata tsa phutheho ea Bokreste. Empa nahana, hape ke ’nete hore hase ngoana e mong le e mong ea bapallang tseleng e sephethe-phethe ea tla bolaoa ke koloi e fetang. Ba bang baa pholoha e be batho ba baholo. Empa na u tla lumella bana ba hao ho bapalla tseleng e sephethephethe ka baka leo?
Na hona ho bolela hore ke phoso ho ea univesithing? Hona ke ntho eo motsoali e mong le e mong a lokelang ho iketsetsa qeto ka eona bakeng sa ngoana oa hae. Leha ho le joalo, ha a etsa joalo, a nahane ka linnete tse kaholimo. Mohlomong seithuti se ka lula lapeng ’me sa ea kolecheng. Kapa mohlomong a ka lula le seng se tla alosa setsoalle sa hae hantle le ho mo khothalletsa ka matla hore a lule a le mafolo-folo boikarabelong ba hae ba Bokreste. Empa ha re nahanela maemo ’ohle, na nako le boiteko e tla be e le tse tšoanelehang? Na ho tla mo hlomella haholoanyane hore a sebeletse Molimo oa hae?
Batsoali ba bangata ba ikutloa hore melemo e lebelletsoeng ea thuto ea univesithi ha e tšoanelane le litšenyehelo tse sisimosang haholo moo bana ba tla hloka taolo motseng o mong kapa naheng e ’ngoe. Ho e-na le hoo, ba lebisa bana ba bona mosebetsing o mong oa matsoho. Ka mohlala, ha ba le sekolong sa mathomo se phahameng, na ho na le lithupelo tsa mesebetsi e fapa-fapaneng tse ka thusang mocha ho ithuta bohlale bo itseng bo tla mo nolofaletsa hore a phele ha a qeta sekolong? Linaheng tse ling ho na le likolo tse khethehileng tsa mosebetsi tse nkang selemo moo ho ka ithutoang mahlale, kapa ha ntlafatsoa haholo a qaliloeng sekolong sa mathomo se phahameng.
Batsoali ba joalo ba boetse ba nahanne ka matla ka seo ba batlang ha bana ba bona ba se etsa ka bophelo ba bona. Na ba batla ha ba tlotlisa lelapa? ha ba rua? kapa ha ba hlokomela batsoali botsofaling ba bona? Bakeng sa lelapa le se nang tumelo ea Bokreste, lipakane tse joalo lia utloahala. Empa ka sebele lipakane tsa Mokreste li phahame ho feta moo.
Moapostola Pauluse o lemositse: “Empa ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.” (1 Timothea 6:9) Jesu le eena o lemositse hore: “Le ke ke la sebeletsa Molimo le Leruo.” (Mattheu 6:24 Phet. e ncha) Na ha u lumele hore le leng la mabaka ao liithuti tse ngata hakana tsa univesithi li felloang ke tumelo ke hore boholo ba tsona ‘bo sebeletsa Leruo,’ kapa bo ‘rata ho rua’? Ha ba hlōleha ho tebisa pelong keletso ea Bibele ka boikutlo ba bona ka matlotlo a bonahalang ba ikenyelletsa maikutlo le boitšoaro bo bong bo senyang tumelo.
Moapostola Johanne o itse: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Haeba u-ua ho lumela, u tla nea ngoana oa hao thuto e tla mo hlomella haholo bakeng sa ho etsa thato ea Molimo. Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Empa bophelo bo thata kajeno, ’me mocha, haholo ha a tsoa lelapeng la bofutsana—o hloka thuso eohle eo a ka e fumanang.’ Ke ’nete. Empa Molimo o re tšepisitse hore haeba re etelletsa ’muso oa hae pele bophelong ba rōna, lintho tsohle tseo re li hlokang re tla li ekelletsoa. (Mattheu 6:33) Na re ka kōpa thuso e molemo ho feta eo?
Morena Davida, pele e e-ba morena, o ile a qobelloa ho ba ‘malehi lefeelleng. Kahoo, o ne a tseba hore na ho hloka ho joang. Empa a re: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.” (Pesaleme ea 37:25) Molimo o tseba ho re thusa hona joale joalokaha a ho entse mehleng ea Davida haeba re etelletsa ’muso oa hae pele bophelong ba rōna.
Ka sebele, thuto e ntle haholo eo re ka e fang bana ba rōna e tla leka-lekanya thuto ea moea le ea lefatše. Thuto ea lefatše e na le melemo. Empa haeba ho e fumana ho bolela ho tela lintho tsa moea, joale ha e tšoanelehe. Tabeng ea thuto ea bana ba rōna, ho hotle ho latela keletso ea moapostola Pauluse: “Nako e khutšoanyane; e le hore . . . ba itšebeletsang ka tsa lefatše lena, ba be joale ka hoja ba sa sebetse ka tsona; hobane mokhoa oa lefatše lena oa fela.”—1 Ba-Korinthe 7:29-31.
Litholoana tsa thuto e leka-lekaneng li thabisa batsoali bohle ba Bakreste. Bana ba hōla ba le matla tumelong, ba rorisa Molimo le ho hlompha batsoali ba bona. Bakreste ba bangata ba banyenyane, ba hōlisitsoeng ka tsela ena, hona joale ba sebeletsa e le baboleli kapa baromuoa ba nako e tletseng, ’me bophelo ba bona ruri ke bo khotsofatsang. Batsoali ba bona ba motlotlo hakaakang ka bona! Ruri ba ‘hopola ’Mōpi oa bona matsatsing a bocha ba bona,’ ’me kahoo ba bontša hore ba lumela ho Eena, ho e-na le lefatšeng lena.—Moeklesia 12:1.
Ha tsamaiso ena e fela qetellong, bacha ba amohetseng le ho nka bohato ka thuto e leka-lekaneng le ea bomolimo ba tla pholoha, hammoho le batsoali ba bona ba tšabang Molimo ho ea sebeletsa Molimo ka ho sa feleng. Na ke sona seo u se batlang bakeng sa ngoana oa hao? Mo thuse hore a fumane thuto e tla mo tsoela molemo ka ho sa feleng.—Johanne 17:3.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 12]
Na melemo e lebelletsoeng ka thuto ea Univesithi e-ea tšoanela thekong e ka ’nang ea lefuoa?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 13]
Batsoali, le nahana hore bana ba lōna ba tla etsa eng ka bophelo ba bona?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 14]
Haeba ho phehella thuto ea lefatše ho bolela ho tela lintho tsa moea, ha ho molemo