Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 9/15 maq. 24-29
  • “Itlhatsoeng”!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Itlhatsoeng”!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova le Phutheho ea Hae, baa Halalela ba Hloekile
  • Ba bang ba Tšoasitsoe
  • Hobane’ng ha Sena e le Bothata?
  • Hloea Bobe!
  • Falimehela Lintho tseo u li Hlokang Moeeng!
  • Meputso ea ho Ipoloka re Hloekile
  • Molimo o Rata Batho ba Hloekileng
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Bahlanka ba Molimo ba Tlameha ho Hloeka
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Na U Lula U Hloekile ka Litsela Tsohle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Hloeka Kelellong le ’Meleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 9/15 maq. 24-29

“Itlhatsoeng”!

“Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova.”—ESAIA 52:11.

1, 2. (a) Ke linnete life tse bontšang hore bohloeki bo thabeloa ke batho ba bangata? (b) Ke hobane’ng bohloeki ba ’mele bo hlokahala?

“E, BOHLOEKI bo haufi le Molimo.” Maele ana a boleloa ke lefatše lena la khale. Ka sebele, batho ba bangata ba rata bohloeki ba ’mele. Ke ka lebaka leo mabenkele a liphahlo le a meriana a buellang sesepa, le litebela-lephoka. ’Me ke ka baka leo re nang le libaka tseo ho hlatsetsoang liaparo ho tsona, le mafapha a hloekiso le a hlokomelang ho lahluoa ha mantle. Ha re re mohlomong u kena lebenkeleng le letle le rekisang lijo ’me u fumana lesela le beiloeng tafoleng le le litšila, lijana li le litšila ’me mofepi a apere liaparo tse litšila! Na u ne u ke ke ua felloa ke takatso ea lijo? Ntle ho pelaelo ho ne ho tla ba joalo hobane litšila ha li ratehe.

2 Empa bohloeki ha bo bolele feela botle. Litšila ke mohloli o tloaelehileng oa mafu a mangata. Ho ea ka litsebi tsa meriana, bophelo ba motho mehleng ena bo eketsehile ka baka la tsoelo-pele ea mafapha a bophelo bo botle. Ho feta moo, litsebi tsa bophelo bo botle tse tsebisahalang li bolela hore litšila ke mofuta oa tšilafalo o hlokofatsang ho ba teng ha moloko oa motho.

Jehova le Phutheho ea Hae, baa Halalela ba Hloekile

3, 4. (a) Jehova o talima joang litšila tsa moea? (b) Kahobane Jehova ke Molimo o halalelang, o hloka hore batho ba hae ba etse eng?

3 Le hoja ho hloeka ’meleng ho le bohlokoa ho batho ba bangata, ho hloeka moeeng ho bohlokoa ka ho fetisisa. Tabeng ea pele, Jehova Molimo ha a rate litšila tsa moea. Li tlontlolla boholo ba hae bo tsotehang, li khahlanong le melao ea hae e lokileng. Ha e le hantle, li bolela ho se tšepahale ho eena joaleka motho. Litšila tsa moea, ho sa tsotellehe hore ke tsa thuto kapa tsa boitšoaro, li ka baka karohano le tšenyo. Li baka pherekano e fellang ka lefu. Ha ho makatse ha Jehova Molimo a li hanela hakaale! Ke ka baka leo a ileng a laela batho ba hae ba boholo-holo, Baiseraele: “Le halalele, hobane kea halalela.” (Levitike 11:44, 45) Hape, ke ka baka leo Molimo o nong o hloka hore batho ba oona ba lopolotsoeng ba neng ba tloha Babylona ba ea Jerusalema, ba hloeke hobane ba ne ba jere lipitsa tse sebelisetsoang borapeli ba oona. Hape, ka mantsoe a boprofeta ho lipaki tsa Jehova tsa kajeno, Molimo o itse: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova!”—Esaia 52:11.

4 Jehova Molimo o laela rōna, lipaki tsa hae hore re itlhatsoe, hoo ke hore, re halalele re hloeke, re loke. Na Jehova ka boeena ha a joalo? E, ka makhetlo a mangata ho boleloa ka eena e le “Mohalaleli oa Iseraele”! (Esaia 12:6; 29:19; 41:14; Jeremia 51:5) ’Me, ka ho loketseng, ho Tšenolo 4:8 rea bala: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela, Morena Molimo, Ea matla ’ohle.”

5. (a) Mabapi le ho halalela, re ka bolela eng ka Jesu Kreste, mangeloi a lokileng, moea oa Molimo o sebetsang le Lentsoe la oona? (b) Ka baka leo, ke taelo efe eo Jehova Molimo a e neileng bahlanka ba hae mona lefatšeng?

5 Ho feta moo, na Mora oa Molimo, Jesu Kreste, ha a bitsoe “Mokhethoa oa Molimo”? (Johanne 6:69) Na basebeletsi ba Molimo ba leholimo ha ba bitsoe “mangeloi a halalelang”? (Mareka 8:38) Na moea oa Molimo o sebetsang ha o bitsoe moea oa hae o halalelang? Na Lentsoe la Molimo ka ho loketseng ha le bitsoe “mangolo a halalelang”? (2 Timothea 3:15) Ka ho hlakileng, rōna lipaki tsa Jehova re lokela ho hloeka le ho halalela, hobane ho 1 Petrose 1:15, 16 re laeloa hore: “Empa joale ka ha ea le bitsitseng a halalela, le lōna le halalele metsamaong ea lona eohle; kamoo ho ngoliloeng, ho thoe: Halalelang, hobane kea halalela.”

6. (a) Bakreste ba hloekisoa joang? (b) Ke ka baka la’ng ha e le tlamo hore batho ba Jehova ba lule ba halalela, ba hloekile?

6 Ka baka la pako ea rōna, tšokoloho le tumelo maling a tšolotsoeng a Jesu, re hloekisitsoe mahlong a Molimo. (1 Ba-Korinthe 6:11; Tšenolo 7:14) Re lokela ho boloka boemo bona haeba re batla ho lula mohaung oa Molimo. (Pesaleme ea 15:1, 2) Ho feta moo, re lokela ho itlhatsoa hore re tsebe ho hohela batho bohle ba ratang ’nete le ho loka ba bobolang ka baka la bobe, le maemo a litšila ao ba a bonang lefatseng. (Ezekiele 9:4) Ho phaella moo, ke tlamo hore re lule re halalela, re hloekile hore re se khopise balumeli ’moho le rōna. Moapostola Pauluse o hopolitse Bakreste ba Ba-Filippi hore: “‘Me seo ke se kopang, ke hore lerato la lona le ’ne le eketsehe ka mehla, ka tsebo le ka kelello eohle; le tle le tsebe ho lemoha litaba tse fetisang ka molemo, le ’ne le hloeke, ’me le se ke la khopjoa, letsatsi la Kreste le be le chabe.”—Ba-Filippi 1:9, 10; bapisa Mattheu 18:6.

Ba bang ba Tšoasitsoe

7, 8. (a) Ke eng se bontšang hore ba bang ha ba ka ba ananela bohlokoa ba ho ipoloka e le bahlanka ba hloekileng ba Molimo? (b) Sena se hatella bohlokoa ba temoso efe?

7 Re masoabi ho bolela hore, ba bang ba neng ba kopanela le rōna pele ba hlōlehile ho ipoloka ba hloekile, ba halalela, e le bajari ba lipitsa tsa Jehova. Ka baka leo, ba ile ba lelekoa ka phuthehong ea Bokreste ka mabaka a sa tšoaneng a Mangolo. Ba bang ba ile ba khalemeloa ka baka la ho hlōleha ho phela ka metheo ea Bibele. Batho bao ba akarelletsa bana ba bangata ba basebeletsi ba khethiloeng, hammoho le ba balebeli le ba bahlanka ba sebeletsang.

8 Kamoo ho bonahalang, batho bana kaofela ba oetse lerabeng la Satane. Ka ho leka ho jara lipitsa tsa Jehova ba sa itlhatsoa moeeng, ba ne ba hlokomoloha taelo ea Esaia 52:11, ’me ba hlōleha ho lula ba hloekile. (Bapisa Jobo 9:1-4.) Sena se hatella hakaakang bohlokoa ba keletso e fumanoang ho 1 Ba-Korinthe 10:12: “Ea lekanyang hore u sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa”!

Hobane’ng ha Sena e le Bothata?

9. (a) Ho lula re hloekile moeeng ho hlahisa phephetso ka baka la lira life tse tharo? (b) Ke ka baka la’ng ha Satane le bademona ba hae ba sokela Bakreste hakaale?

9 Ke ka baka la’ng ha ho ipoloka re hloekile moeeng e le phephetso hakaale? Ke kahobane re loana le lira tse tharo tse matla—Satane le bademona ba hae, phutheho ea hae e bonahalang le mefokolo ea rōna ea nama e sa lokang. Taba ea pele, ho na le Satane le bademona ba hae. Na ha ba litšila, ha ba babe? E, ka sebele. Bademona ba bitsoa “meea e litšila.”—Mattheu 10:1.

10, 11. Ho ka thoe’ng ka phutheho e bonahalang ea Satane e sitisang Bakreste ho sebeletsa Molimo ka tsela e halalelang, le e hloekileng?

10 Taba ea bobeli, phutheho e bonahalang ea Satane ke sera sa rōna. Ntle ho pelaelo, bolumeli ba hae ba ’muso oa lefatše bo litšila moeeng. Ho joalo le ka lefatše lohle le rapalletseng ka tlas’a hae. (1 Johanne 5:19; Tšenolo 16:13; 17:4; 18:2) Ka baka leo, hore borapeli ba rōna bo amohelehe ho Molimo, re lokela ho ‘ipoloka lefatšeng re se na le lethebanyana.’—Jakobo 1:27.

11 Ho na le lintho tse ngata tse sa hloekang tse ngoloang likoranteng tsa lefatše, limakasineng, le ho bontšoa mananeong a thelevishene le libaesekopo. Ka mohlala, mananeo a mangata a thelevishene a ntse a e-ba litšila le ho feta. Lilemong tse fetileng, libaesekopo tse litšila li ne li sa ata; kajeno li atile haholo. Limakasine tse buang ka boitšoaro bo bobe li ntse li ngoloa ka bongata bo nyarosang. Ka sebele, ‘mehleng ena ea qetello’ re talimane le “linako tse bohloko.”—2 Timothea 3:1-5.

12. Hore Bakreste ba lule ba halalela, ba hloekile, ba lokela ho thulana le sera sefe kahare ho bona?

12 Litšekamelo tsa rōna tsa nama li re thatafaletsa ho lula re hloekile. (Genese 8:21; Ba-Roma 5:12) Ka baka leo, kaofela ha rōna re lokela ho loanela ho etsa botle le ho lula re hloekile hobane re bajari ba lipitsa tsa Jehova. (Ba-Roma 7:13-25) Empa se tla re thusa ho lula re halalela re hloekile ke eng?

Hloea Bobe!

13. Ntho e ’ngoe ea pele eo re lokelang ho ithuta eona haeba re batla ho ipoloka re hloekile ke efe?

13 Ntho e khōlō eo re lokelang ho e etsa hore re lule re halalela, re hloekile, re le ‘batho ba ratang Jehova’ ke ho ‘hloea bobe.’ E, re lokela ho “nyonya bobe.” (Pesalema ea 97:10; Ba-Roma 12:9, NW) Re lokela ho ba le maikutlo a matla a ho hloea, le ho nyonya lintho tse mpe, ho sa tsotellehe hore li lakatseha haholo hakae nameng ea rōna. Hape re lokela ho ipolella hore re tla hlahela ke kotsi haeba re sa ipoloke re hloekile. (Ba-Galata 6:7, 8) Ho feta moo, re lokela ho hopola hore re utloisa batho ba bang bohloko ha re etsa sebe se tebileng. Ka holim’a tsohle, re lokela ho hloea le ho qoba lintho tsohle tse mpe hore re se ke ra tlisetsa Jehova Molimo thohako.

14. (a) Hore re ipoloke re hloekile boitšoarong, re lokela ho itlhokomela ho eng? (b) Ke boikarabelo bofe boo bo-khaitseli ba nang le bona tabeng ee?

14 Hore re lule re hloekile, re lokela ho itlhokomela linthong tse kang ho ba le mehopolo e sa lokang le ho etsa lipontšo tsa lerato ho bao e seng balekane ba rōna ba lenyalo. Ho 1 Timothea 5:1, 2, Pauluse o elelitse banna ba Bakreste hore ba lokela ho tšoara bo-khaitseli ba bona ba holileng ba moea joaloka bo-’mè, ’me basali ba bacha joaloka bo-khaitseli ba bona ba nama ka hloeko eohle. Empa linthong tsena kaofela bo-khaitseli ba rōna le bona ba na le boikarabelo, ho “apara seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tšabo.” (1 Timothea 2:9, 10) Ha basali ba icheba seiponeng, ntle ho pelaelo ba tseba hantle hore na ba shebahala ba hlompheha kapa moaparo oa bona o bonahatsa mekhoa ea lefatše e sekametseng ho hohela takatso. Boitlhopho bo khabane bo fapane le mokhoa oa lefatše o sekametseng litakatsong.—Mikea 6:8.

Falimehela Lintho tseo u li Hlokang Moeeng!

15. Re lokela ho etsa eng hore re ipoloke re hloekile?

15 Koana, ho hloea bobe, ke khalemelo e thibelang ketso eitseng hore re ipoloke re halalela, re hloekile. Re lokela ho etsa ho itseng hore re hloeke. Ka mehla re lokela ho falimehela lintho tseo re li hlokang moeeng. (Mattheu 5:3) Ho bohlokoa hakaakang hore ‘ba ratang Jehova’ ba iphepe ka mehla ka Lentsoe la hae! (Pesaleme ea 119:105-112) Re lokela ho ela hloko keletso e ntle e ho Ba-Filippi 4:8, re tlatse likelello tsa rōna ka lintho tse hloekileng, tse hahang. Thuso e khōlō e ka ba hore re tšoare ka hlooho mangolo le mantsoe a lipina tsa ’Muso. Lintho tsena li tla e itlela kelellong ea rōna linakong tsa boikhathollo, kapa bosiu ha re hlobaela.—Pesaleme ea 63:6; 77:6.

16. Ke Joang ho kopanela le baena ba rōna ho ka re thusang ho ipoloka re halalela, re hloekile?

16 Haeba re falimehela lintho tseo re li hlokang moeeng, re tla ba teng libokeng tsa phutheho ka mehla, moo re ka isanang ka lerato mesebetsing e metle, e hloekileng. (Ba-Heberu 10:23-25) Joalokaha metsoalle e mebe e ka re silafatsa, metsoalle e lokileng e tla re thusa ho ipoloka re hloekile moeeng. Ho alosa botsoalle ba rōna linakong tsa boikhathollo ho bohlokoa hore re lule re hloekile moeeng.—1 Ba-Korinthe 15:33.

17. Ke hobane’ng ha thapelo e ka re thusa ho lula re hloekile?

17 Re se ke ra hlokomoloha thuso eo re e fumanang thapelong. Re eletsoa ho ‘tiea thapelong,’ le ho “se phetse ho rapela.” (Ba-Roma 12:12; 1 Ba-Thessalonika 5:17) Le ka mohla ha rea lokela ho tšoareha haholo hoo re hlōlehang ho rapela. Re ka rapella bohlale, matla, le moea oa Molimo o halalelang. ’Me, ka ho sebetsa tumellanong le seo re se rapellang, re tla thabela “khotso ea Molimo” e tla sireletsa lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello ’me e tla re thusa ho lula re halalela, re hloekile.—Ba-Filippi 4:6, 7.

18. Ho tšoareha tšebeletsong ea Jehova ho ka re thusa joang?

18 Ho buisana le ba bang ka ’Muso oa Molimo le ho tšoareha tšebeletsong ea Jehova, ke thuso e ’ngoe e khōlō ea ho ipoloka re halalela, re hloekile. Batho ba bangata ba ileng ba kopanela boitšoarong bo bobe ba ho entse nakong ea boikhathollo, le matsatsing a phomolo. Re na le mohlala o lemosang hakaakang oa Morena Davida! E ne e le selemo, ka tloaelo marena a ne a ile ntoeng, ’me Davida a setse, a itesella! Ke hona moo a ileng a kena bothateng le Bathe-Sheba. (2 Samuele 11:1-4) Ho hlakile hore re lokela ho itlhokomela ka linako tsohle haeba re batla ho lula re le bajari ba hloekileng ba lipitsa tsa Jehova.

19. Ke ka baka la’ng ha boitšoaro bo hlokahala hore re ipoloke re hloekile?

19 Boitšoaro boa hlokahala haeba re batla hore Jehova Molimo a ’ne a re sebelise ho jara lipitsa tsa hae. (Ba-Galata 5:22, 23; 1 Ba-Korinthe 9:27) Re lokela ho khalemela likelello tsa rōna le ho hlokomela lipelo tsa rōna, re hanele teko leha e le efe, re bolaee litšekamelo tsohle tse etsang hore re nahane ka lintho tse litšila. Joalokaha Jesu a boletse, re lokela ho honya leihlo kapa re pome letsoho kapa leoto, ka puo ea tšoantšetso, haeba li re khopisa. (Mareka 9:43-48) Pauluse ho Ba-Efese 4:29–5:5 o fana ka keletso e molemo e nyalanang le mantsoe ao.

20, 21. (a) Ho rata Jehova Molimo ho ka re thusa joang hore re lule re hloekile? (b) Ke joang ho rata baena ba rōna le ba bang ho ka re thusang ho ipoloka re hloekile moeeng?

20 Ho rata Jehova ho tla re thusa haholo hore re lule re hloekile. Na ruri re ‘rata Jehova’? Na re ananela lintho tsohle tseo a re etselitseng tsona? Na re ikemiselitse ho tsamaea le eena, ho tšoana le banna ba boholo-holo ba tšepahalang? (Genese 5:24; 6:9) Haeba re etsa joalo, ho rata Jehova Molimo ka botšepehi ho tla re thusa ho lula re halalela, re hloekile. E, haeba re mo rata kannete ka lipelo tsa rōna tsohle, moea, kelello le matla, re tla tšaba ho mo soabisa. Kahobane re ‘batho ba ratang Jehova’ le ka mohla re se ke ra khutlela morao kapa ra itesella hore re tšoaetsoe ke lefatše kapa re tšoaetsoe ke litšekamelo tsa rōna tsa nama.—Mareka 12:29, 30; Ba-Heberu 10:38, 39.

21 Hape thuso e ’ngoe e khōlō hore re lule re halalela ke ho tšepahala, le ho ba le lerato le se nang boithati ho baena ba rōna. Haeba ka sebele re thahasella katleho ea bona ea moea, re tla ba hlokolosi hore re se ke ra ba khopisa kapa ho ba etsa hore ba ikutloe ba sa hloeka ka lipuo tsa rōna tse litšila, le ho ba sheba hampe, le ka lipontšo tsa marato kapa ho kopanela boitšoarong bo litšila. Hopola, lerato “ha le thabele bokhopo.” (1 Ba-Korinthe 13:4, 6) Lerato le se nang boithati ho Jehova le ho moahisani le tla etsa hore re se etse sebe. Le tla etsa hore re be le boitšoaro, ‘re etsetse maoto a rōna litsela tse lokileng.’—Ba-Heberu 12:13.

Meputso ea ho Ipoloka re Hloekile

22, 23. Ke meputso efe eo re ka e fumanang haeba re ipoloka re hloekile?

22 Re tla fumana meputso efe ha re ipoloka re hloekile re le bajari ba hloekileng ba lipitsa tsa Jehova? Har’a lintho tseo re tla li fumana ke ‘letsoalo le letle’ le ‘pelo e hloekileng.’ (1 Timothea 1:5) Khotso ea kelello ke moputso o mong. Ha re ipoloka re hloekile moeeng le ka mohla re ke ke ra utloa bohloko ba letsoalo le lebe—ho hloka thabo, ho hlobaela bosiu, tšabo ea ho fumanoa kapa ho senoha. E, ka ho ipoloka re hloekile re ke ke ra ba baikaketsi ra leka ho pata ho hong. Ho lokoloha linthong tse joalo ka sebele ke moputso o motle.

23 Moputso o mong oa ho ipoloka re halalela re hloekile ke ho ba le kamano e ntle le baena ba rōna, malapa a rōna le batho ba kantle. Matsoalo a rōna a ke ke a re bolella hore re khopisitse ba bang. Ho feta moo, ha re ipoloka re hloekile re tla thusa ba bang ka lerato. (1 Ba-Korinthe 8:1) Ka ho etsa joalo re tla ba le thabo e kholoanyane ea ho fana, ho tlatsetsa thabong ea ba bang ea moea.—Liketso 20:35.

24. Lebaka le leholo le le molemohali la hore re ipoloke re le batho ba hloekileng ba Jehova ke lefe?

24 Ka holim’a tsohle, ha re ipoloka re le bajari ba hloekileng ba lipitsa tsa Jehova re tla thabisa pelo ea Ntat’a rōna oa leholimong ’me o tla fetola likomang tsa Satane. (Liproverbia 27:11) Ka sebele, ka baka la sohle seo Jehova Molimo a re etselitseng sona, re lokela ho hloeka. Ka baka leo rōna lipaki tse tšepahalang tsa Jehova, e se eka bohle re ka ipoloka re hloekile, re halalela, re le bajari ba hloekileng ba lipitsa tsa Jehova. Tlotlisong ea Molimo, ho mo hlompha le ho mo rorisa, le ho haha baena ba rōna le malapa a rōna, le ka tebello ea poloko ea rōna ea ka ho sa feleng, a re itlhatsoeng!

Na u sa Hopola?

◻ Kaha Jehova oa halalela, o hloka hore batho ba hae ba etseng?

◻ ’Nete ea hore ba bang ha ba ka ba ipoloka e le bahlanka ba hloekileng ba Jehova e hatella bohlokoa ba keletso efe e fanoeng ke moapostola Pauluse?

◻ Ke lira life tse tharo tse phephetsang ho lula ha rōna re hloekile moeeng?

◻ Hore re ipoloke re hloekile moeeng, re lokela ho etsa eng?

◻ Ke joang ho lula re tšoarehile tšebeletsong ea Jehova ho ka re thusang ho ipoloka re hloekile?

◻ Lebaka le leholo la hore rōna Lipaki tsa Jehova re ipoloke re hloekile ke lefe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela