Na “Lentsoe” e ne e le Molimo?
BATHO ba lumelang hore Molimo ke Boraro-bo-bong, le hore Jesu ke Molimo, ba supa ho Johanne 1:1 le Johanne 20:28 e le bopaki ba tumelo ena.
Liphetolelong tse ngata Johanne 1:1 e re: “Lentsoe le ne le le tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le le ho Molimo, ’me Lentsoe e ne e le Molimo.” Leha ho le joalo, bafetoleli ba seli ba ho fumane ho hlokahala ho lumela hore ho na le phapang pakeng tsa litšebeliso tse peli tsa lentsoe “Molimo” temaneng ena.
The New English Bible e re, “Seo Molimo o neng o le sona, Lentsoe le ne le le sona.” Today’s English Version e re, “O ne a tšoana le Molimo.” An American Translation e re, “Lentsoe le ne le le bomolimo.”
Re ka utloisisa mantsoe a Johanne hamolemo haeba re latellisa ka nepo seo a se boletseng. Hlokomela hape hore o ngotse: “Lentsoe le ne le le tšimolohong.” Hona, ha e le hantle ho ne ho sa bue ka ho qala ha Molimo, hobane Molimo ha o na qalo. (Pesaleme ea 90:1, 2) Mona Johanne o ne a bua ka qaleho ea lintho, ho kopanyelletsa le pōpo ea lintho tse ling tsohle ka “Lentsoe.” Joale Johanne a re: ‘Lentsoe le ne le e-na le Molimo.’ Motho ea nang le e mong ka ho hlakileng hase motho a le mong le eo a nang le eena.
Ha e le hantle, ntlha ea bohlokoa ke seo Johanne a neng a se bolela ha a ngola serapa sena. Na hoo ho hlahisa bothata? Hoa bo hlahisa haeba u batla ho re Jesu ke “Molimo,” hobane mangolo a Johanne a totobatsa hore Johanne ha a ka a utloisisa Jesu e le “Molimo” ka tsela eo Ntate e leng Molimo ka eona. Ka mohlala, khaolong eona eo, Johanne o ngotse: “Ha ho ea kileng a bona Molimo; ke Mora ea ’notši, ea haufi-ufi le pelo ea Ntate, ea mo tsebahalitseng.” (Johanne 1:18, The Jerusalem Bible) Na ho na le ea kileng a bona Molimo? Che. Na ho na le ea kileng a bona Jesu? E!
Tumelo ea Bojakane ea Athanasia e hlalosang Boraro-bo-bong, e re “ha ho ho hoholo kapa ho ka tlase ho ho hong.” Empa e le hore Johanne khafetsa o tlaleha mantsoe a Jesu a bontšang boikokobetso ba hae ho Ntate. O ne a ‘rometsoe’ ke Ntate, a filoe mesebetsi ke Ntate, a boleletsoe seo a lokelang ho se etsa le ho se bua ke Ntate, ’me o itse ha a tlela ho tla etsa thato ea hae ‘empa e le ho etsa ho ratoang ke ea mo romileng.’—Johanne 6:38; 3:17; 5:36; 8:28; 12:49, 50.
Johanne o boetse a tlaleha polelo ea Jesu ea hore Ntate ke “Molimo o ’notši oa ’nete,” le hore “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 17:3; 14:28) Ka makhetlo a tšeletseng o tlaleha moo Jesu a bitsitseng Ntate “Molimo oa ka.” Makhetlo a mahlano a ho bua ha Jesu ka “Molimo oa ka” a bile khale kamor’a ho tsoha le ho nyolohela ha Jesu leholimong. (Johanne 20:17; Tšenolo 3:2, 12) Bonyane ka makhetlo a mang hape a mahlano, Johanne ka hloko ha a tlalehe phapang feela pakeng tsa Ntate le Konyana empa pakeng tsa Molimo le Konyana, Jesu Kreste. (Tšenolo 1:1; 7:10; 21:22; 22:1-3) Johanne o re o ngotse, e seng ho bontša hore Jesu ke Molimo, kapa hore ke “Molimo Mora,” empa e le hore, “le tle le lumele hobane Jesu ke Kreste, Mora oa Molimo.”—Johanne 20:31.
Lipolelo tsena li bontša kamano eo Johanne a neng a e tseba pakeng tsa Jesu le eo Johanne a re bolellang hore Jesu o ne a ’mitsa “Molimo.” Johanne 1:1, NW, ha e ba ferekanye. Tsela e nepahetseng eo e balehang ka eona ke ena: “Tšimolohong Lentsoe le ne le le teng, ’me Lentsoe le ne le e-na le Molimo, ’me Lentsoe e ne e le molimo.” Mantsoe ana a tšoana le ao u tla a fumana ho Liketso 28:6, moo batho ba Melita ba neng ba nahana hore Pauluse “ke Molimo.”
Joale ho thoe’ng ka polelo ea Thomase ea maketseng ha a bona Jesu ea tsositsoeng: “Morena oa ka le Molimo oa ka!” (Johanne 20:24-29) Thomase o ne a makalitsoe haholo ke ponahalo e totobetseng ea hore Jesu Kreste ka sebele, o ne a tsositsoe le hore ba ne ba talimane le eena. Leha ho le joalo, ha ho letho tlalehong le bontšang hore Thomase o ne a nahana hore Jesu o ne a lekana le Ntate. Johanne, ea tlalehileng mantsoe a Thomase, o qotsitse Jesu a re le batho ba ne ba bitsoa “melimo.” Ka sebele, Morena Jesu Kreste ea tsositsoeng o moholo ho feta motho leha e le ofe. (Johanne 10:34, 35) ’Me hona khaolong eo re balang mantsoe a Thomase, Johanne o tlalehile polelo ea Jesu ea hore Ntate ke Molimo oa Jesu.—Johanne 20:17.
Pauluse o bontšitse hore na Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba utloisisa hantle hakaakang kamano pakeng tsa Jesu le Ntate oa hae oa leholimo ha a ngola hore “ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna . . . ’me re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste.”—1 Ba-Korinthe 8:6.