Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 February maq. 2-7
  • Re ka Thusa Beng ka Rona Bao Eseng Lipaki Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Thusa Beng ka Rona Bao Eseng Lipaki Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BA UTLOELE BOHLOKO ’ME U BA THUSE
  • LEKA HO UTLOISISA BENG KA UENA
  • LULA U E-NA LE MAMELLO LE TŠEPO
  • BA BONTŠE HORE OA BA RATA
  • LULA U E-NA LE TŠEPO EA HORE E TLA BA LIPAKI
  • “Ke Tletse ho Tlisa Sabole, Eseng Khotso”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Tsoela Pele u Ithuta Lithutong Tsa Motheo Tsa Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 February maq. 2-7

LA 6-12 APRIL 2026

PINA EA 82 ‘Leseli la Lona le ke le Khanye’

Re ka Thusa Beng ka Rona Bao Eseng Lipaki Joang?

“A re se keng ra khathala ho etsa lintho tse ntle.”—BAGAL. 6:9.

NTLHA-KHOLO

Kamoo re ka lulang re e-na le kamano e ntle le beng ka rona bao eseng Lipaki kateng le ho ba thusa ho tseba ka Jehova haeba ba batla ho re mamela.

1, 2. E ka ’na eaba ke eng e ileng ea ama kamano ea rona le beng ka rona ha re ne re qala ho ithuta ’nete?

JESU o ile a re ho monna ea neng a batla ho ba molateli oa hae: “E-ea lapeng ho beng ka uena, u ba bolelle lintho tsohle tseo Jehova a u etselitseng tsona.” (Mar. 5:19) Ha Jesu a ne a cho joalo, o ne a bontša hore ke ha tlhaho hore motho a batle ho bolella batho bao a ba ratang litaba tse monate tseo a li utloileng.

2 Na u sa hopola tsela eo u neng u ikutloa ka eona ha u ne u qala ho ithuta Bibele? Mohlomong u ne u thabile hoo u neng u batla ho bolella beng ka uena lintho tseo u ithutileng tsona. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ha baa ka ba thabela hore ebe u ithuta le Lipaki, kapa tsela eo u ileng oa ba bolella ’nete ka eona, e entse hore le se ke la utloana. Haeba ho joalo, u ka etsa’ng hore u lule u utloana le beng ka uena, ntle le hore u tlole melao ea Jehova?

3. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

3 Sehloohong sena, re tl’o bona: (1) Kamoo kutloelo-bohloko e ka re susumetsang kateng hore re tsotelle beng ka rona bao eseng Lipaki le hoja ba sa mamele molaetsa oa rona, (2) kamoo re ka lekang ho utloisisa beng ka rona kateng ha ba bua kapa ba re etsa lintho tse bohloko, (3) kamoo mamello le tšepo ea rona li ka ba thusang hore ba batle ho ithuta ’nete le (4) kamoo re ka ba bontšang kateng hore rea ba rata.

BA UTLOELE BOHLOKO ’ME U BA THUSE

4. Jesu o ile a etsa eng ha batho ba ne ba sa mamele molaetsa oa hae?

4 Jesu ha aa ka a tlohela ho leka ho thusa batho ba neng ba sa batle ho mamela molaetsa oa hae. O ile a ipapisa le motho ea sebetsang tšimong ea morara ea ileng a etsa sohle ho etsa hore sefate sa feie se hole se be se behe. (Luka 13:​6-9) Ha Jesu a ne a etsa papiso eo, ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho tse tharo a leka ho thusa Bajuda-’moho le eena hore ba be le tumelo. Ke hobane’ng ha a ile a tsoele pele ho leka ho ba thusa? O ne a ba utloela bohloko ’me seo se ile sa mo thusa hore a ba mamelle.

5. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a utloela Bajuda-’moho le eena bohloko?

5 Jesu o ile a utloela Bajuda-’moho le eena bohloko hobane baeta-pele ba bolumeli ba ne ba hlolehile ho ba thusa hore ba be le tumelo ea ’nete ho Molimo. O ile a bona hore “ba tšoana le linku tse se nang molisa.” (Mar. 6:34) Nakoana pele a shoa, o ile a llela Jerusalema hobane a tseba hore baahi ba bangata ba eona ba tl’o shoa ka lebaka la ho hloka tumelo. (Luka 19:​41-44) Le rona ha re utloela beng ka rona bohloko, re tla susumelletseha ho ba thusa.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamella beng ka rona bao eseng Lipaki? (Bagalata 6:9)

6 Bala Bagalata 6:9. Le haeba hona joale beng ka rona ha ba batle ho ithuta ka Jehova, re lokela ho ba mamella ’me re se ke ra khathala “ho etsa lintho tse ntle.” Rea tseba hore ho nka nako hore motho a fothole lintho tseo a neng a li lumela le ho ba le tumelo ho Jehova. Na le uena ho na le nako eo u neng ‘u se na tšepo ebile u sa tsebe Molimo’? (Baef. 2:12) Haeba ho joalo, e tlameha ebe ho na le motho ea ileng a u thusa. Na le uena ha u susumelletsehe ho thusa beng ka uena hore ba tsebe Molimo haeba ho khoneha?

LEKA HO UTLOISISA BENG KA UENA

7. E ka ’na eaba ke eng e ileng ea sitisa bara ba bo Jesu hore ba lumele ho eena?

7 E ka ’na eaba bara ba bo Jesu ba ile ba utloa ka mehlolo eo a ileng a e etsa ha a le Galilea. (Luka 4:​14, 22-24) Leha ho le joalo, qalong ha baa ka ba lumela ho eena. (Joh. 7:5) Hobane’ng? Bibele ha e re bolelle. Empa bonyane e bua ka mabaka a mabeli a neng a sitisa Bajuda ba bang hore e be barutuoa ba Jesu. Ba bang ba ne ba tšaba hore ba tla hlorisoa. (Joh. 9:​18-22) Ba bang bona ba ne ba tsebile Jesu ho tloha bonyenyaneng, kahoo ho ne ho le thata hore ba mo nke e le moemeli oa Molimo. (Mar. 6:​1-4) Ho ka etsahala hore bara ba bo Jesu le bona ba ne ba ikutloa ka tsela eo. Na ho ka etsahala hore ebe beng ka rona le bona ba ikutloa ka tsela e tšoanang ka rona?

8. Ke eng e ka etsang hore beng ka rona ba bue kapa ba re etse lintho tse bohloko?

8 Nahana hore na ke hobane’ng ha ba bua kapa ba u etsa lintho tse bohloko. Ho ka etsahala hore ebe bara ba bo Jesu ba ne ba le har’a beng ka eena ba ileng ba re “ha a sa nka hantle.” (Mar. 3:21) E ka ’na eaba ke hobane’ng ha ba ile ba etsa qeto eo? Litemana tse potolohileng taba li bontša hore Jesu o ne a amehile ka mosebetsi oa boboleli hoo a neng a se na le nako ea ho ja. (Mar. 3:20) Na beng ka eena ba ne ba nahana hore o fetelletsa lintho? Ho ka etsahala. Beng ka rona ba ka ’na ba nahana hore re nka bolumeli ba rona ka botebo ho feta tekano. Haeba ba ikutloa ka tsela eo, re lokela ho ba bontša ka liketso le ka lipuo hore re batho ba leka-lekanyang lintho.

9. Ke eng e ka thusang beng ka rona hore ba fetole tsela eo ba ikutloang ka eona ka rona? (1 Petrose 3:​1, 2) (Sheba litšoantšo.)

9 Boitšoaro ba rona bo lokela ho re buella. Mantsoe le liketso tsa rona tse mosa li ka etsa hore beng ka rona ba fetole tsela eo ba ikutloang ka eona ka Lipaki. (Bala 1 Petrose 3:​1, 2.) Monna eo eseng Paki a ka ikutloa a sa tsotelloe kapa a khopehile ha mosali oa hae a ea libokeng kapa tšimong. Kaha mosali ha a batle hore monna oa hae a ikutloe ka tsela eo, a ka ’na a etsa liphetoho kemisong ea hae ea ho etsa lintho tsa moea e le hore a qete nako le eena. Ka mohlala, a ka ea tšimong ha monna oa hae a phathahane kapa a le sieo lapeng. Ha mosali oa Mokreste a etsa lintho ka teka-tekano le ho tenyetseha, a ka thusa monna oa hae hore a fetole tsela eo a nahanang ka eona ka Lipaki.

Litšoantšo: 1. Morali oa bo rona o etsetsa monna oa hae eo eseng Paki kofi le lijo tsa motšehare pele a ea mosebetsing. 2. Hamorao o tšimong le morali oa bo rona e mong ’me o pakela ’mè e mong ka ho mo bontša molaetsa oa Bibele fonong ea hae ba eme monyako.

Liketso le mantsoe a rona a mosa li ka fetola tsela eo molekane eo eseng Paki a ikutloang ka eona ka Lipaki Tsa Jehova (Sheba serapa sa 9)f


10. Re ka etsisa Jesu joang ha batho ba bua lintho tse mpe ka bolumeli ba rona?

10 U se ke oa ikutloa u tlameha ho araba lintho tsohle tse mpe tseo batho ba li buang ka rona. Ha Jesu a ne a qosoa ka bohata ka hore o ja le ho noa haholo, ha aa ka a halefa kapa a batla ho ikemela. Ho e-na le hoo, o ile a tlohela batho hore ba iketsetse qeto ka seo ba se bonang. (Mat. 11:19) Hape o ile a bontša hore o phela bophelo bo itekanetseng le hore o thabile. (Bapisa le Johanne 2:​2, 6-10.) Ka tsela e tšoanang, u se ke oa ikutloa eka u tlameha ho araba lintho tsohle tse mpe tseo batho ba li buang ka rona. Ho e-na le hoo, bontša beng ka uena hore u phela bophelo bo itekanetseng le hore u thabile. Bona ba tla iketsetsa qeto. Ba ka ’na ka hlokomela hore lintho tseo ba li utloileng ka bolumeli ba hao ha se ’nete.

LULA U E-NA LE MAMELLO LE TŠEPO

11. Jesu o ile a tšoara bara babo joang?

11 Litlaleho tsa Likosepele li bontša hore Jesu o ile a lula a mamella bara babo. Ka mohlala, bopaki bo bontša hore le bona ba ne ba le teng Kana ha Jesu a ne a etsa mohlolo oa hae oa pele. (Joh. 2:​11, 12) Leha ho le joalo, ha baa ka ba lumela ho eena. Empa Jesu ha aa ka a khaola maqhama le bona. Bibele e bontša hore hoo e ka bang lilemo tse tharo ka mor’a hore a etse mohlolo oo, o ile a bua le bona ka mosa.—Joh. 7:​5-8.

12. Re ka thusoa ke eng hore re lule re e-na le tšepo ea hore beng ka rona ba tla fetoha?

12 Re ka lula re e-na le tšepo haeba re utloisisa hantle mohau oa Jehova. Ha bolumeli ba bohata bo felisoa, beng ka rona ba ka ’na ba hopola hore re ile ra ba bolella hore sena se tla etsahala.a (Tšen. 17:16) Mohlomong ba tla batla ho sebeletsa Jehova hammoho le rona ka mor’a hore mahlomola a maholo a qale. Le pele nako eo e fihla, re tla etsa sohle ho ba tšehetsa ha ba e-na le mathata. Mohlomong ba tla batla ho ithuta ’nete ea Bibele ha ba bona hore rea ba rata ebile re mosa.

BA BONTŠE HORE OA BA RATA

13. Le hoja re phathahane tšebeletsong ea Jehova, ke eng eo re lokelang ho e ela hloko?

13 Le hoja re phathahane tšebeletsong ea Jehova, ha re batle ho etsa hore beng ka rona ba bone eka ha re na nako ea bona kapa ha re sa ba rata. (Mat. 7:12) Re ka bontša joang hore rea ba tsotella? A re hlahlobeng mehlala e latelang.

14, 15. Ke ka tsela efe e ’ngoe eo re ka bontšang hore re rata beng ka rona bao eseng Lipaki? Fana ka mohlala.

14 Lula u ba hloela ’me u ba bontše hore oa ba rata. Re ka bontša hore re rata beng ka rona ka hore kamehla re ba bolelle hore na re ntse re ea joang. Ka mohlala, re ka ba romella molaetsa le linepe tse seng kae tsa ha re le nakong ea phomolo, ha re nkile leeto kapa ha re e-na le metsoalle ea rona. Ho ka etsahala hore ho ba fa mphonyana e itekanetseng kapa ho ba ngolla lengolo le mosa ho ka ntlafatsa kamano ea lona. Ha re leka ho etsa lintho ka tsela ena, re tla be re bontša hore rea ba rata.

15 Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Anna, ea lulang Armenia. Lelapa labo le qeta nako e ngata hammoho, haholo-holo ka matsatsi a tsoalo le a phomolo. Ha a ne a ithuta ’nete, beng ka eena ba ne ba tšoenyehile ka hore tumelo ea hae e ncha e tl’o ama kamano ea hae le bona. Ba ne ba boetse ba tšoenyehile ka hore qeto eo a e etsang ea ho ba Paki e tl’o ama bokamoso ba hae. Morali oa bo rona Anna o etsa’ng hore ba se ke ba tšoenyeha? O re: “Ha ke etela beng ka ’na, kea ba bolella hore na ho etsahala’ng bophelong ba ka le hore na ke ntse ke phathahane ka eng. Ke boetse ke ba memela moo ke lulang le ho ba tsebisa metsoalle ea ka. Kahoo, boholo ba bona ba tseba metsoalle ea ka e haufi le ’na eo ke phutholohang ha ke e-na le eona.” O boetse o re: “Ba bangata ba bona ba buile kamoo ke thabileng kateng ’me ha ba sa tšoenyehile ka ’na.”

16. Jesu o ile a bontša joang hore o tsotella mor’abo e leng Jakobo? (Sheba naletsana.)

16 Bontša hore oa ba tsotella. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a bontša hore o tsotella mor’abo e leng Jakobo ka hore a hlahe ho eena ka ho toba. (1 Bakor. 15:7) E tlameha ebe Jakobo o ile a thaba haholo ha a bona hore Jesu o ntse a mo rata. Mohlomong Jakobo o ile a kholisa hore Jesu ke Mesia ha a kopana le eena ka nako eo. Ka mor’a moo, e ka ’na eaba Jakobo o ile a leka ho thusa litho tse ling tsa lelapa labo hore li utloisise hore Jesu ke Mesia.b—Lik. 1:14.

17. U ka sebelisa molao-motheo o hlahang ho Baroma 12:15 joang? (Sheba setšoantšo.)

17 Bala Baroma 12:15. Haeba re bontša beng ka rona hore rea ba tsotella, haholo-holo nakong eo ba re hlokang, ebang ke ha ho le monate kapa ho se monate, seo se tla etsa hore ba fetole tsela eo ba ikutloang ka eona ka rona.c Ka mohlala, re ka thaba le bona ha ba e-ba le ngoana ’me ra ba fa mpho e bontšang hore re ba thabetse. Haeba e mong oa lelapa a hlokahalloa ke motho eo a mo ratang, re ka mo tšelisa, ra mo thusa kamoo re ka khonang kateng kapa ra mo romella karete e nang le mantsoe a thobang maikutlo. Hape ha rea lokela ho lebala ho ba founela, ho ba romella molaetsa kapa ho ba etela kamehla, haholo-holo ha ba feta maemong a boima.

Morali oa bo rona ea hlahileng litšoantšong tse fetileng o inka foto le monna oa hae eo eseng Paki le ’mè matsale oa hae ea lutseng holim’a wheelchair.

Haeba u bontša hore u tsotella beng ka uena bao eseng Lipaki nakong eo ba u hlokang haholo, seo se ka etsa hore ba fetole tsela eo ba ikutloang ka eona ka bolumeli ba hao (Sheba serapa sa 17)g


Na u Tla ea Lenyalong Kapa Lefung?

Ho tloaelehile hore linakong tsa manyalo le mafu malapa a kopane. Pele u etsa qeto ea ho ea lenyalong kapa lefung, nahana ka melao-motheo ea Bibele e latelang.

  • Na ketsahalong eo ho tl’o ba le tšebeletso ea bolumeli kapa meetlo e sa thabiseng Jehova? (2 Bakor. 6:​14, 15)

  • Haeba u khetha ho ea, na u tla khona ho hana ho kenella borapeling kapa meetlong e hananang le Bibele? (Liprov. 22:3)

  • Na beng ka uena bao eseng Lipaki baa tseba hore u ke ke oa kenella litabeng tsa meetlo tse hananang le Bibele?

  • Na u tla ea ketsahalong eo haeba e etsetsoa ka har’a mohaho oa bolumeli, hona qeto eo u e etsang e tla ama balumeli-’moho le uena joang? (Bafil. 1:10)

Ho sa tsotellehe hore na u etsa qeto efe, kamehla leka ho hlalosetsa batho bao u ba ratang seo u se lumelang ka tsela e hlakileng le e bohlale. Ka holim’a tsohle, etsa sohle se matleng a hao hore letsoalo la hao ka pel’a Molimo le lule le khutsitse.e

18. Re ka etsisa morutuoa Andrease joang?

18 Ba tsebise balumeli-’moho le uena. Ha morutuoa Andrease a ne a lemoha hore Jesu ke Mesia, o ile a ea ho abuti oa hae Petrose ho ea mo bitsa hore a e’o kopana le Jesu. (Joh. 1:​40-42) Na le rona re ka etsa ntho e tšoanang? Ka mohlala, ka linako tse ling re ka mema beng ka rona libokeng kapa hore ba tl’o ja le metsoalle ea rona. Ha re ba tsebisa balumeli-’moho le rona, ba tla hlokomela hore Lipaki ke batho ba tloaelehileng le ba mosa.

19. Re lokela ho tšoara beng ka rona joang haeba ba sa utloisise ka botlalo lintho tseo re li lumelang? (1 Petrose 3:15)

19 Bala 1 Petrose 3:15. Ho ka etsahala hore beng ka rona ba ke ke ba utloisisa ka botlalo hore na ke hobane’ng ha re hana ho etsa lintho tse itseng, empa ba tla lula ba hopola mosa oa rona le tlhompho. Ba ka boela ba ananela matsapa ao re a etsang e le hore re qete nako le bona ha ho khoneha. Ka mohlala, ke ’nete hore re ke ke ra keteka le bona mekete e hananang le Mangolo empa re ka ba etela, ra ja le bona ra ba ra ba fa limpho ka linako tse ling.

LULA U E-NA LE TŠEPO EA HORE E TLA BA LIPAKI

20. Ke hobane’ng ha mohlala oa Jakobo o re khothatsa?

20 Jakobo o fetiloe ke menyetla e mengata ea ho tsamaea le Jesu ha a ntse a etsa mosebetsi oa boboleli, empa qetellong e ile ea e-ba morutuoa. (Bagal. 1:​18, 19; 2:9) Le hoja e sa ka ea e-ba morutuoa kapele, e tlameha ebe Jakobo o ne a nka lithuto tsa Jesu ka botebo. Ka mohlala, o ile a susumetsoa ke moea o halalelang hore a ngole lengolo le buang ka lithuto tse tšoanang le tsa Thuto ea Thabeng.d

21. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re e-na le tšepo ea hore beng ka rona e tla ba Lipaki?

21 Ho sa tsotellehe boiteko boo re bo etsang, beng ka rona ba ka ’na ba se ke ba batla ho ithuta ’nete kapa ho ba mosa ho rona ha re bontša hore rea ba tsotella. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tela? Hobane ka mehla ha re ba bontša mohau, re tla be re etsisa Molimo oa rona ea mohau Jehova le Mora oa hae Jesu. (Luka 6:​33, 36) Ha nako e ntse e ea, boitšoaro ba rona bo botle bo ka etsa hore ba fetole tsela eo ba ikutloang ka eona ka rona. Hape ba ka hopola lintho tseo re li lumelang tseo re ileng ra ba bolella tsona nakong e fetileng. Haeba re sa tele, re tla thaba ha re bona ba bang ba bona ba nka khato ea ho emela borapeli ba ’nete.

U KA RE’NG?

  • Kutloelo-bohloko e ka re susumelletsa ho thusa beng ka rona bao eseng Lipaki joang?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re e-na le mamello le tšepo ka beng ka rona bao eseng Lipaki?

  • Re ka bontša beng ka rona bao eseng Lipaki joang hore rea ba rata?

PINA EA 60 Ba Tla Phela

a Sheba sehlooho se reng “Re Tseba’ng ka Kahlolo ea Jehova ea Nakong e Tlang?” ho Molula-Qhooa oa May 2024 leq. 11, ser. 11-13.

b Bonyane bara ba bo Jesu ba babeli, e leng Jakobo le Juda, e ile ea e-ba Bakreste ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae.

c Sheba lebokose le reng “Na u Tla ea Lenyalong Kapa Lefung?”

d Bapisa Jakobo 1:2 le Matheu 5:​11, 12; Jakobo 1:19 le Matheu 5:22; Jakobo 1:22; 2:24 le Matheu 7:21; Jakobo 2:13 le Matheu 5:7; 6:​14, 15.

e Bakeng sa ho fumana lintlha tse eketsehileng tsa hore na u ka sebetsana joang le boemo boo, sheba sehlooho sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa May 15, 2002 le November 15, 2007.

f TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Pele morali oa bo rona a ea tšimong, o etsetsa monna oa hae lijo.

g TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Morali oa bo rona ea tšoanang, o ipha nako ea ho etela ’mè matsale oa hae eo eseng Paki.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela