Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 14 February

Ke utloile ka uena ka monyenyetsi, empa joale leihlo la ka lea u bona.—Jobo 42:5.

Ka linako tse ling, re ka ’na ra se ke ra lemoha litsela tseo Molimo a re thusang ka tsona. Hobane’ng? Ha re aparetsoe ke mathata, re ka ’na ra lebala makhetlo a mangata ao Jehova a ’nileng a re thusa ka ’ona. Sena ke sona se ileng sa etsahalla Elia. O ne a le sebete, empa o ile a tšoha ha Mofumahali Jezebele a batla ho mo bolaea. Ka nakoana, o ile a lebala hore Jehova o ’nile a mo thusa. Bibele e re Elia o ne a batla ho shoa. (1 Mar. 19:1-4) O ne a tla thusoa ke mang hore a be sebete? O ne a lokela ho itšetleha ka Jehova. (1 Mar. 19:14-18) Jobo le eena o ile a ameha ka mathata a hae hoo a sa kang a talima lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona. (Jobo 42:3-6) Ka linako tse ling, le rōna ha re tobane le mathata re ka ’na ra thatafalloa ho lemoha litsela tseo Molimo a re thusang ka tsona. Ke’ng e ka re thusang ho lemoha seo Molimo a re etsetsang sona? Re lokela ho thuisa ka seo Bibele e se buang ka mathata ao re tobanang le ’ona. w15 10/15 1:15, 16

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela