Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 6 February

Thato ea hao e ke e etsa- hale lefatšeng.—Mat. 6:10.

Lilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng, thato ea Molimo e ne e etsahala lefatšeng. Ke kahoo Jehova a ileng a re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e “molemo haholo.” (Gen. 1:31) Ka mor’a moo Satane o ile a fetohela Molimo, ’me ho tloha ka nako eo batho ba bangata ha baa ka ba etsa thato ea Molimo. Empa kajeno ho na le batho ba ka bang limilione tse robeli ba sebeletsang Jehova. Ba rapella thato ea Molimo hore e etsahale lefatšeng, ’me ba etsa thato ea Molimo. Ba phela ka tsela e khahlisang Molimo ’me ba pakela ba bang ka cheseho ka ’Muso oa hae. Ho fihlela Jehova a felisitse lira tsohle tsa hae lefatšeng, re tla tsoela pele ho rapella hore thato ea hae e etsahale. Joale lefatše le tla fetoha paradeise, ’me batho ba libilione ba tla tsosoa bafung. (Joh. 5:28, 29) U ka inahanela kamoo re tla thaba kateng ha re amohela baratuoa ba rōna ba tsositsoeng! w15 6/15 4:15, 17

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela