Moqebelo, la 13 May
Haeba setho se seng se utloa bohloko, litho tse ling tsohle li utloa bohloko le sona.—1 Bakor. 12:26.
Ka linako tse ling, ha ho bonolo ho utloisisa mathata ao batho ba bang ba tobanang le ’ona, haholo-holo haeba re e-s’o be boemong ba bona. Ka mohlala, barab’abo rōna ba bangata ba utloisoa bohloko ke ho kula, ho lemala kapa botsofali. Ba bang ba sithabetse maikutlong, ba ngongoreha ka ho fetelletseng kapa ba kile ba hlekefetsoa nakong e fetileng. Ba bang ba hōlisa bana ba se na balekane kapa litho tsa malapa a bona ha li sebeletse Jehova. Motho e mong le e mong o na le mathata, ’me hangata ha a tšoane le a ba bang. Empa re batla ho bontša batho ba bang lerato ’me re ba thuse. Joale re ka etsa see joang? Haeba re mamela ka hloko ’me re leka ho utloisisa kamoo motho a ikutloang kateng, re tla tseba tsela e molemo ea ho mo thusa. Mohlomong re ka mo hopotsa hore na Jehova o ikutloa joang ka bothata ba hae. Kapa ra mo thusa ka litsela tse ling. Ha re etsa sena, re tla be re etsisa Jehova.—Bar. 12:15; 1 Pet. 3:8. w15 5/15 4:6, 7