Mantaha, la 15 May
Le etse hore litsela tsa lōna li be hōle le [mosali oa letekatse], ’me le se ke la atamela monyako oa ntlo ea hae.—Liprov. 5:8.
Lentsoe la Molimo le re lemosa hore re qobe boitšoaro bo bobe. Ho Liproverbia khaolo ea 7, re bala ka pale ea mohlankana ea ileng a tsamaea bosiu a ea haufi le ha mosali e mong oa letekatse. Eaba o kopanela liphate le eena. Hoja o ile a nahana ka liphello tsa seo, a ka be a ile a tsamaella hōle le mosali eo. (Liprov. 7:6-27) Feela joaloka mohlankana eo, re ka ’na ra etsa liqeto tse booatla hobane re sa ka ra nahana ka liphello. Ka mohlala, bosiu mananeo a mang a thelevishene a bontša boitšoaro bo bobe, kahoo ho ka ba kotsi ho ’na re chencha mananeo hore feela re bone se bapalang thelevisheneng. Ho ka boetse ha e-ba kotsi ho bula link ea Inthanete eo re sa tsebeng hore na e re isa hokae, kapa ho kena Liwebsaeteng tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona tse nang le lipapatso le litšoantšo tse litšila. Maemong ana, seo re se shebang se ka etsa hore re be le takatso e fosahetseng ’me sa etsa hore re se mamele Jehova. w15 6/15 3:8, 9