Labohlano, la 19 May
Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng? Jehova o ka lehlakoreng la ka har’a ba nthusang.—Pes. 118:6, 7.
Jehova o bōpile batho ba e-na le takatso ea ho rata ba bang le ea ho ratoa. Empa re ka ’na ra nyahamisoa ke ho kula, mathata a lichelete kapa ke ha re sa fumane batho ba thahasellang tšimong. Haeba re tleloa ke boikutlo ba hore Jehova ha a sa re rata, re lokela ho hopola hore o re nka re le ba bohlokoa le hore o na le rōna ’me o re tšoere ka letsoho le letona ho re thusa. A ke ke a re lebala haeba re tšepahala ho eena. (Esa. 41:13; 49:15) Brigitte, ea ileng a hlokahalloa ke monna ’me a tlameha ho hōlisa bana ba babeli a le mong o re: “Ho boima haholo ho hōlisa bana tsamaisong ena ea Satane, haholo-holo ha u se na molekane. Empa ke kholisehile hore Jehova o oa nthata, kaha o ’nile a ntataisa le maemong a thata, ’me ha ho mohla a kileng a ntlohella hore ke tobane le maemo ao nke keng ka khona ho a jara.”—1 Bakor. 10:13. w15 8/15 1:1-3