Laboraro, la 31 May
Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.—Baheb. 13:1.
Re lokela ho tiisa maqhama a rōna a lerato hona joale, kaha seo se tla re thusa ho mamella liteko leha e le life tseo re ka ’nang ra tobana le tsona nakong e tlang. Hona joale pele matšoenyeho a maholo a qala, re na le menyetla e mengata ea ho bontša hore re rata barab’abo rōna. Balumeli-’moho le rōna ba bang ba angoa ke litšisinyeho tsa lefatše, likhohola, maholiotsoana, litsunami esita le likoluoa tse ling tsa tlhaho. Ba bang bona baa hlorisoa. (Mat. 24:6-9) Ha ba bang bona ba hula ka thata moruong ka lebaka la bobolu bo jeleng setsi. (Tšen. 6:5, 6) Leha ho le joalo, mathata ao barab’abo rōna ba tobanang le ’ona a re fa monyetla oa ho ba bontša hore rea ba rata. Le hoja lefatšeng batho ba se na lerato, re lokela ho tsoela pele ho bontša barab’abo rōna hore rea ba rata.—Mat. 24:12. w16.01 1:8, 9