Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 2 June

Maleme a kang a mollo a . . . lula holim’a e mong le e mong oa bona.—Lik. 2:3.

Ketsahalo eo e ile ea e-ba ea bohlokoa haholo ho barutuoa ba neng ba bokane kamoreng e ka holimo. Kaofela ba ile ba luloa ke ntho e kang lelakabe hloohong. Jehova o ile a etsa hore ba khone ho bua lipuo tse fapaneng. Ba ne ba kholisehile hore ba tlotsitsoe ka moea o halalelang. (Lik. 2:6-12) Sena ha se etsahale ho Bakreste bohle ha ba tlotsoa. Ka mohlala, Bibele ha e re ho ile ha ba le ntho e kang malakabe lihloohong tsa ba likete ba ileng ba tlotsoa Jerusalema hamorao letsatsing leo. Ba ile ba tlotsoa ha ba kolobetsoa. (Lik. 2:38) Empa hase Bakreste bohle bao e bang batlotsuoa ha ba kolobetsoa. Basamaria e ile ea e-ba batlotsuoa nakoana ka mor’a hore ba kolobetsoe. (Lik. 8:14-17) Korneliase le ba lelapa la hae bona ba ile ba tlotsoa pele ba kolobetsoa, e leng ntho e sa tloaelehang.—Lik. 10:44-48. w16.01 3:3, 5

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | April

BEKE EA LA 29 MAY, 2017–4 JUNE, 2017

3 “U Phethe Boitlamo Boo u bo Etsang”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela