Labone, la 16 September
Barnabase a mo phallela.—Lik. 9:27.
Mehleng ea baapostola, monna e mong ea bitsoang Josefa (eo fane ea hae e leng Barnabase) ea neng a fana haholo o ne a ikemiselitse ho sebelisoa ke Jehova. (Lik. 4:36, 37) Ka mor’a hore Saule e be Mokreste, Bakreste ba bang ba ne ba mo tšaba hobane o ne a kile a hlorisa phutheho ea Molimo. Empa Barnabase o ile a thusa Saule. (Lik. 9:21, 26-28) Hamorao, baholo ba Jerusalema ba ile ba bona hore barab’abo bona ba neng ba lula Antioke ea Syria ba hloka ho khothatsoa. Ba ile ba roma mang? Ba ile ba etsa qeto e ntle hobane ba ile ba roma Barnabase. Bibele e re Barnabase o ile “a qala ho ba khothaletsa kaofela hore ba tsoele pele Moreneng ka morero o tsoang pelong.” (Lik. 11:22-24) Ka tsela e tšoanang, le mehleng ena Jehova a ka re thusa hore re khone ho tšelisa bara le barali babo rona. Mohlala, a ka ’na a re sebelisa ho tšelisa batho ba oeleng ka phatla. Kapa a ka ’na a re susumeletsa ho letsetsa kapa ho etela motho ea kulang kapa ho khothatsa motho ea nang le khatello ea maikutlo. Na u tla lumella Jehova a u sebelise joalokaha a ile a sebelisa Barnabase?—1 Bathes. 5:14. w19.10 22 ¶8
La 13-La 19 September
JOSHUA 1-2
Pina ea 97 le Thapelo
Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“U ka Etsa’ng e le Hore u Atlehe?”: (10 mets.)
Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)
Jos 2:4, 5—Ke hobane’ng ha Rahaba a ile a thetsa banna ba morena ba neng ba ntse ba batla lihloela? (w04 12/1 8 ¶6)
’Malong oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova, hona ke lintlha life tse ling tseo u li ratileng kapa tseo u ka li sebelisang tšimong?
’Malo oa Bibele: (4 mets.) Jos 2:1-16 (th khaolo ea 10)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video ea Leeto la ho Boela: (5 mets.) Puisano. Bapala video ea Leeto la ho Boela: Bibele—Jobo 26:7. Emisa video moo e ntseng e khefutsa teng ebe ka mor’a moo u botsa bamameli lipotso tse hlahang videong.
Leeto la ho Boela: (3 mets.) Sebelisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. (th khaolo ea 11)
Leeto la ho Boela: (5 mets.) Sebelisa mohlala oa seo u ka se buang le batho ebe u qalisa thuto ea Bibele ka bukana ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! (th khaolo ea 16)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Lula u Ikoetlisetsa ho Khetholla se Nepahetse le se Fosahetseng”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea “E-ba le Letsoalo le Letle”.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) bhs khao. 15 ¶19-20 le kakaretso e leqhepheng la 162-163
Lintlha Tse Phethelang (3 mets.)
Pina ea 32 le Thapelo