Naletsana
b Lipolelo tse ling ka Mangolong le tsona li ngotsoe ka tsela e tšoanang. Ka mohlala, “Molimo ke leseli” hape “Molimo . . . ke mollo o timetsang.” (1 Johanne 1:5; Baheberu 12:29) Empa lipolelo tsena li lokela ho utloisisoa e le mokhabo-puo, kaha li tšoantša Jehova le lintho tse ka bonoang. Jehova o tšoana le leseli, hobane oa halalela ebile o lokile. Ho eena ha ho “lefifi,” kapa ho se hloeke. Hape a ka tšoantšoa le mollo ha a sebelisa matla a hae a ho timetsa.