Naletsana
b TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o tšoaroa a le ha hae. Mosali oa hae le morali oa hae ba mo shebile ha mapolesa a tsamaea le eena. Ha monna oa hae a ntse a le teronkong, balumeli-’moho le bona ba ba le mosali oa hae le ngoana oa hae borapeling ba lelapa. ’Mè le morali oa hae ba kopa Jehova nako le nako hore a ba fe matla a ho mamella teko ena. Jehova o ba fa khotso le sebete. Ka lebaka leo, tumelo ea bona e ba matla ’me e ba thusa hore ba mamelle ka thabo.