Naletsana
b Banna bao ba Efese ba ne ba kolobelitsoe ka “kolobetso ea Johanne.” (Lik. 19:3) Johanne Mokolobetsi o ile a khothalletsa Bajuda hore ba bakele lintho tseo Molao oa Moshe o neng o re li fosahetse, ’me Johanne o ile a kolobetsa ba ileng ba mamela. (Mar. 1:4, 5) Leha ho le joalo, kolobetso ea Johanne e ile ea khaotsa ho sebetsa ha Molao o felisoa. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Molimo o ile a amohela “kolobetso e [le] ’ngoe” e lebisang polokong.—Baef. 4:5.