Labohlano, la 7 February
Obadia o ne a hlompha Jehova haholo.—1 Mar. 18:3.
Ho hlompha Jehova ho ile ha tsoela Obadia molemo joang? Ho ile ha mo etsa motho ea tšepahalang. Ka lebaka leo, morena o ile a mo khetha hore a hlokomele lelapa la hae. (Bapisa le Nehemia 7:2.) Hape ho hlompha Jehova ho ile ha etsa hore Obadia a be sebete haholo. O ne a hloka sebete seo haholo hobane o phetse nakong eo ho neng ho busa Morena Akabe ea khopo. (1 Mar. 16:30) Hape mosali oa Akabe e leng Jezebele ea neng a rapela Baale, o ne a hloile Jehova haholo hoo a ileng a leka ho felisa borapeli ba ’nete pusong ea maloko a leshome a Iseraele. O ile a ba a bolaea baprofeta ba bangata ba Molimo. (1 Mar. 18:4) Ha Jezebele a qala ho batla baprofeta ba Molimo e le hore a ka ba bolaea, Obadia o ile a pata ba lekholo ‘ka lehaheng ka lihlopha tsa ba 50 ’me a ’na a ba fa bohobe le metsi.’ (1 Mar. 18:13, 14) Ha Jezebele a ne a ka tseba, joang kapa joang o ne a tl’o bolaea Obadia. Ho ka etsahala hore ebe Obadia o ne a tšohile ebile a sa batle ho shoa. Empa Obadia o ne a rata Jehova hammoho le batho ba mo sebeletsang ho feta kamoo a neng a ithata kateng. w23.06 16 ¶9-10
Moqebelo, la 8 February
’Na Jehova ke[a] . . . u tatais[a].—Esa. 48:17.
Jehova o ntse a tataisa bahlanka ba hae le mehleng ena joalokaha a ne a etsa nakong e fetileng. O ba tataisa a sebelisa Lentsoe la hae Bibele le Mora oa hae eo e leng hlooho ea phutheho. Ho na le bopaki ba hore Molimo o ntse a sebelisa batho le mehleng ena. Ka mohlala, nahana ka lintho tse ileng tsa etsahala ka mor’a selemo sa 1870. Mor’abo rona Charles Taze Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hlokomela hore selemo sa 1914 ke sa bohlokoa bakeng sa ’Muso oa Molimo. (Dan. 4:25, 26) Ntho e ileng ea ba thusa hore ba hlokomele taba eo ke lipatlisiso tseo ba ileng ba li etsa ka Bibeleng. Na Jehova o ne a ba tataisa ha ba ne ba etsa lipatlisiso ka Bibeleng? Ho hlakile hore o ne a ba tataisa. Lintho tse ileng tsa etsahala lefatšeng ka 1914 li bontša hore ’Muso oa Molimo o ne o qalile ho busa. Ho ile ha e-ba le Ntoa ea Pele ea Lefatše ’me ka mor’a eona ho ile ha e-ba le mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše le khaello ea lijo. (Luka 21:10, 11) Kannete Jehova o ile a sebelisa banna bana ba Bakreste ho thusa bahlanka ba hae. w24.02 22 ¶11
Sontaha, la 9 February
Mathata a ea lokileng a mangata empa Jehova o mo pholosa ho ’ona kaofela.—Pes. 34:19.
Rea tseba hore Jehova oa re rata le hore o batla re thabele bophelo. (Bar. 8:35-39) Hape re kholisehile hore melao-motheo ea Bibele e lula e re tsoela molemo ha re e sebelisa. (Esa. 48:17, 18) Empa re ka etsa’ng ha re hlaheloa ke mathata ao re sa a lebellang? Ka mohlala, e mong oa lelapa a ka etsa ntho e re utloisang bohloko. Re ka ’na ra kula haholo hoo re sa khoneng ho etsa lintho tseo re batlang ho li etsetsa Jehova. Re ka hlaheloa ke koluoa ea tlhaho. Kapa re ka ’na ra hlorisoa ka lebaka la tumelo ea rona. Ha re hlaheloa ke mathata ana re ka ’na ra ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ke hlaheloa ke ntho e tjee? Na ho na le ntho e phoso eo ke e entseng? Na see se bontša hore Jehova ha a ntlhohonolofatse?’ Na u kile oa ikutloa ka tsela ee? Haeba ho joalo, u se ke oa nyahama. Bahlanka ba Jehova ba bangata le bona ba ile ba ikutloa ka tsela e tšoanang.—Pes. 22:1, 2; Hab. 1:2, 3. w23.04 14 ¶1-2