-
Na Bohle ba Reng ke Bakreste Ehlile ke Bakreste?Molula-Qhooa—2012 | March 1
-
-
Na Bohle ba Reng ke Bakreste Ehlile ke Bakreste?
HO NA le Bakreste ba bakae? Ho ea ka Atlas of Global Christianity, ka 2010 ho ne ho e-na le ba libilione tse 2,3 lefatšeng ka bophara. Empa eona buka eo e re Bakreste bao ba tsoa likerekeng tse fapaneng tse ka holimo ho 41 000—e ’ngoe le e ’ngoe e na le lithuto le melao ea eona ea boitšoaro. Ba bangata ha ba bona malumeli ana a mangata-ngata a ipitsang a Bokreste, ke ntho e utloahalang hore ebe baa ferekana kapa hona ho nyahama. Ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na bohle ba reng ke Bakreste ehlile ke Bakreste?’
A re ke re hlahlobe taba ena ka lehlakoreng le leng. Ka tloaelo motho ea tsamaeang o lokela ho bolela hore na ke moahi oa hokae ha a fihla ho batho ba sebetsang malibohong. O boetse o lokela ho fana ka bopaki ba hore ehlile ke eena motho eo a ipolelang hore ke eena ka hore a hlahise litokomane tsa boitsebiso, mohlomong phasepoto. Ka ho tšoanang, Mokreste oa ’nete ha aa lokela ho ipolela feela hore o lumela ho Kreste. O lokela hore a hlahise bopaki bo bong ba hore ho fela ho le joalo. Ke bopaki bofe boo?
Lentsoe “Mokreste” le ile la qala ho sebelisoa neng-neng ka mor’a selemo sa 44 C.E. Rahistori oa Bibele, e leng Luka, o re: “Ke Antioke moo ka lekhetlo la pele barutuoa ba ileng ba bitsoa Bakreste.” (Liketso 11:26) Hlokomela hore ba neng ba bitsoa Bakreste e ne e le barutuoa ba Kreste. Ke eng e etsang hore motho e be morutuoa oa Jesu Kreste? The New International Dictionary of New Testament Theology, e hlalosa tjena: “Ho ba molateli oa Jesu ho bolela hore [motho] o lokela ho itela ka ho feletseng a sa itšiele letho . . . bophelo ba hae bohle.” Ka hona, Mokreste oa ’nete ke ea latelang lithuto le litaelo tsa Jesu, Mothehi oa Bokreste, a li latela ka ho feletseng a sa itšiele letho.
Na hoa khoneha ho fumana batho ba joalo har’a ba bangata hakaale ba ipolelang hore ke Bakreste mehleng ee? Jesu ka boeena o ile a re balateli ba hae ba ’nete ba tla khetholloa ka eng? Re u khothalletsa hore u hlahlobe hore na Bibele e araba lipotso tsena joang. Lihloohong tse latelang, re tla hlahloba lipolelo tse hlano tsa Jesu tse re thusang ho khetholla balateli ba hae ba ’nete. Re tla hlahloba kamoo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba li latela kateng. Re tla boela re leke ho hlahloba hore na har’a batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste kajeno ke bafe ba latelang mohlala oo.
-
-
“Lula Lentsoeng la Ka”Molula-Qhooa—2012 | March 1
-
-
“Lula Lentsoeng la Ka”
“Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—JOHANNE 8:31, 32.
See se Bolela’ng? “Lentsoe” la Jesu ke lintho tseo a li rutang, tse tsoang ho motho ea phahameng. Jesu o ile a re: “Ntate ea nthomileng o mphile taelo mabapi le seo ke tla se bolela le seo ke tla se bua.” (Johanne 12:49) Ha a ne a rapela Ntate oa hae ea leholimong, e leng Jehova Molimo, Jesu o ile a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” Hangata o ne a qotsa ka Lentsoeng la Molimo ho tšehetsa seo a se rutang. (Johanne 17:17; Matheu 4:4, 7, 10) Ka hona, Bakreste ba ’nete ba ‘lula lentsoeng la hae,’ ho bolelang hore ba nka hore Lentsoe la Molimo, Bibele, ke “’nete” ’me ba theha seo ba se lumelang le tsela eo ba phelang ka eona ho lona.
Kamoo Bakreste ba Pele ba Neng ba Latela Seo: Mokreste ea ngotseng libuka tse ngata ka ho fetisisa tsa Bibele, moapostola Pauluse, o ne a hlompha Lentsoe la Molimo joaloka Jesu. O ile a ngola a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.” (2 Timothea 3:16) Banna ba neng ba khethetsoe ho ruta Bakreste-’moho le bona ba ne ba lokela ho “tšoara ka tieo Lentsoe la Molimo la ’nete le le tšepahalang.” (Tite 1:7, 9, The Amplified Bible) Bakreste ba pele ba ile ba laeloa hore ba hanyetse “filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.”—Bakolose 2:8.
Ke Bo-mang Kajeno ba Latelang Mohlala Oo? Dogmatic Constitution on Divine Revelation ea Vatican, e ileng ea amoheloa ka 1965 ’me ea qotsoa bukeng ea Catechism of the Catholic Church, e re: “Hase ka Mangolong a Halalelang feela moo Kereke [e K’hatholike] e ka fumanang ’nete teng ka lintho tsohle tse senotsoeng. Kahoo, lineano [tsa rōna] tse halalelang hammoho le Mangolo a Halalelang li lokela ho amoheloa le ho tšeptjoa ka tsela e tšoanang.” Sehlooho se seng makasineng ea Maclean se ile sa qotsa moruti oa Toronto, Canada, moo a botsang: “Ke hobane’ng ha re lokela ho tataisoa ke se boletsoeng lilemong tse likete tse peli tse fetileng? Re na le maikutlo a rōna a matle haholo, a ntseng a tsoela pele ho fokolisoa ke hore ebe re a tšehetsa ka Jesu le Mangolo.”
Ha New Catholic Encyclopedia e bua ka Lipaki Tsa Jehova, e re: “Li nka Bibele e le oona feela motheo oa tumelo ea tsona le melao ea tsona ea boitšoaro.” Morao tjena, monna e mong oa Canada o ile a kena Paki ea Jehova hanong ha e ntse e itsebisa. O ile a re: “Kea tseba hore na u mang ka lebaka la letšoao lena la lōna,” a bua joalo a supa Bibele.
-
-
“Hase Karolo ea Lefatše”Molula-Qhooa—2012 | March 1
-
-
“Hase Karolo ea Lefatše”
“Lefatše le ba hloile, hobane hase karolo ea lefatše.”—JOHANNE 17:14.
See se Bolela’ng? Kaha Jesu e ne e se karolo ea lefatše, o ne a sa nke lehlakore likhohlanong tsa sechaba le tsa lipolotiki tsa mehleng eo. O ile a re: “Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 18:36) O ile a boela a khothalletsa balateli ba hae hore ba qobe liketso, lipuo le boitšoaro bo haneloang ka Lentsoeng la Molimo.—Matheu 20:25-27.
Kamoo Bakreste ba Pele ba Neng ba Latela Seo: Ho latela mongoli oa tsa bolumeli, Jonathan Dymond, Bakreste ba pele “ba ne ba hana ho kenella [lintoeng], ho sa tsotellehe hore na phello ea seo e ne e le efe, ebang ba ne ba tla rohakoa, kapa ba kenngoe chankaneng, kapa ba bolaoe.” Ba ile ba khetha hore ba utloe bohloko ho e-na le hore ba nke lehlakore. Boitšoaro ba bona bo ne bo boetse bo ba khetholla. Bakreste ba ile ba bolelloa: “Kahobane ha le tsoele pele ho matha le bona tseleng ena ho ea sekoting sa litšila se tlaase se tšoanang sa ho inehella litakatso tsa nama, baa makala ’me ba tsoela pele ho le nyefola.” (1 Petrose 4:4) Rahistori ea bitsoang Will Durant o ile a ngola hore Bakreste ba ne ba “tšoenya bahetene ba hlanyetsang menyaka ka borapeli ba bona le bohloeki ba bona.”
Ke Bo-mang Kajeno ba Latelang Mohlala Oo? New Catholic Encyclopedia ha e bua ka taba ea Bakreste ea ho se nke lehlakore, e re: “Ho hana tšebeletso ea bosole ka lebaka la bolumeli ho fosahetse.” Sehlooho se seng sa Reformierte Presse, se bolela hore tlaleho e entsoeng ke ba Litokelo Tsa Afrika, e leng mokhatlo oa litokelo tsa botho, e bontša hore tlhaselong ea merabe e neng e le Rwanda ka 1994, likereke tsohle li ile tsa kenya letsoho, “ntle le Lipaki Tsa Jehova feela.”
Ha tichere ea sekolo se phahameng e bua ka Polao e Sehlōhō e entsoeng ke Manazi, e ile ea bua ka pelo e bohloko ea re “ha ho na sehlopha kapa mokhatlo oa baahi ba tloaelehileng o ileng oa bontša hore o khahlanong le mashano a mangata, bokhopo hammoho le liketso tse sehlōhō.” Ka mor’a hore a etele Holocaust Memorial Museum e United States, o ile a re: “Ke se ke e-na le karabo.” O ile a hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li ile tsa lula li tiile ho seo li se lumelang ho sa tsotellehe hore ebe li ne li tšoaroa hampe.
Ho thoe’ng ka boitšoaro ba tsona? Makasine ea U.S. Catholic, e re: “Bacha ba bangata ba Mak’hatholike ba mehleng ena ba hanyetsana le lithuto tsa kereke litabeng tse kang ho lula ’moho ba sa nyalana [le] batho ba kopanelang liphate ba sa nyalana.” Makasine eo e bua ka modiakone oa kereke ea ileng a re: “Ke bona hore ba bangata—ke nahana hore ke ba fetang liphesente tse 50—ba nyalana ba se ba ntse ba lula ’moho.” The New Encyclopædia Britannica e hlokometse hore Lipaki Tsa Jehova “li tšoareletse ka matla melaong ea tsona e phahameng ea boitšoaro.”
-
-
‘E-bang le Lerato Har’a Lōna’Molula-Qhooa—2012 | March 1
-
-
‘E-bang le Lerato Har’a Lōna’
“Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—JOHANNE 13:34, 35.
See se Bolela’ng? Kreste o ile a bolella balateli ba hae hore ba ratane ka tsela eo a ba ratileng ka eona. Jesu o ile a ba rata joang? O ne a rata batho bohle ho sa tsotellehe khethollo ea merabe le ea basali e neng e rena mehleng ea hae. (Johanne 4:7-10) Lerato le ile la susumetsa Jesu hore a tele nako ea hae, matla le boiketlo e le hore a thuse ba bang. (Mareka 6:30-34) Qetellong, Kreste o ile a bontša lerato ka tsela e khōlō ka ho fetisisa. O ile a re: “Ke ’na molisa ea khabane; molisa ea khabane o nehelana ka moea oa hae molemong oa linku.”—Johanne 10:11.
Kamoo Bakreste ba Pele ba Neng ba Latela Seo: Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ne ba bitsana “mor’abo rōna” kapa “morali’abo rōna.” (Filemone 1, 2) Batho ba tsoang lichabeng tsohle ba ne ba amoheloa phuthehong ea Bokreste, hobane ba ne ba lumela hore “ha ho khethollo pakeng tsa Mojuda le Mogerike, kaha ho na le Morena ea tšoanang holim’a bohle.” (Baroma 10:11, 12) Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba Jerusalema ba ile ba “rekisa matlotlo le thepa ea bona ’me ba abela bohle chelete eohle ea tse rekisitsoeng, hantle feela kamoo mang kapa mang a neng a hloka kateng.” Ke hobane’ng ha ba ne ba etsa joalo? E le hore ba sa tsoa kolobetsoa ba tle ba lule Jerusalema ’me ba tsoele pele “ho inehela thutong ea baapostola.” (Liketso 2:41-45) Ke eng e neng e ba susumelletsa hore ba etse joalo? Lilemong tse ka tlaase ho tse 200 ka mor’a hore baapostola ba shoe, Tertullian o ile a qotsa seo ba bang ba neng ba se bua ka Bakreste: “Ba ratana hakaakang . . . ’me ba ikemiselitse le ho shoelana.”
Ke Bo-mang Kajeno ba Latelang Mohlala Oo? Buka ea History of the Decline and Fall of the Roman Empire (1837), e bolela hore ka lilemo tse makholo batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste “ba ile ba bakelana liketso tse ngata tse sehlōhō ho feta tseo ba ileng ba li bakeloa ke batho bao e seng balumeli [Bakreste].” Lipatlisisong tse sa tsoa etsoa United States ho fumanoe hore batho ba bolumeli—haholo-holo ba reng ke Bakreste—le bona ba na le khethollo ea merabe. Hangata batho ba bolumeli bo le bong ba lulang libakeng tse fapaneng ha ba na likamano, ka hona ha balumeli-’moho le bona ba hloka thuso ba sitoa ho ba thusa kapa ha ba ikemisetse ho ba thusa.
Ka 2004, ka mor’a hore maholiotsoana a mane a latellanang a otle motse oa Florida ka likhoeli tse peli, molula-setulo oa Komiti e Sebetsanang le Maemo a Tšohanyetso ea Florida, o ile a hlahloba ho bona hore na liphallelo tsohle li ne li sebelisoa hantle. O ile a re haho sehlopha se neng se etsa lintho ka tsela e hlophisehileng joaloka Lipaki Tsa Jehova, eaba o ithaopela ho fana ka lintho tsohle tseo Lipaki li neng li li hloka. Pejana ho moo, ka 1997, sehlopha sa Lipaki Tsa Jehova se thusang ka liphallelo se ile sa nka leeto le eang Democratic Republic of Congo se tšoere meriana, lijo le liaparo ho ea thusa Bakreste-’moho le bona le batho ba bang ba hlokang thuso. Lipaki tsa Europe li ne li fane ka liphallelo tse ka etsang R7 980 000.
-
-
“Ke ba Tsebisitse Lebitso la Hao”Molula-Qhooa—2012 | March 1
-
-
“Ke ba Tsebisitse Lebitso la Hao”
“Ke senotse lebitso la hao ho batho bao u mphileng bona lefatšeng. . . . Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa.”—JOHANNE 17:6, 26.
See se Bolela’ng? Jesu o ne a tsebahatsa lebitso la Molimo ka hore a le sebelise ha a bolela litaba tse molemo. Hangata ha Jesu a ne a bala Mangolo o ne a bitsa lebitso la Molimo. (Luka 4:16-21) O ile a ruta balateli ba hae hore ha ba rapela ba re: “Ntate, lebitso la hao le ke le halaletsoe.”—Luka 11:2.
Kamoo Bakreste ba Pele ba Neng ba Latela Seo: Moapostola Petrose o ile a bolella banna ba baholo ba Jerusalema hore ho tsoa lichabeng, Molimo o nkile “batho bakeng sa lebitso la hae.” (Liketso 15:14) Baapostola hammoho le batho ba bang ba ne ba ruta hore “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Liketso 2:21; Baroma 10:13) Ba ne ba boetse ba sebelisa lebitso la Molimo ha ba ngola mangolo a bona. The Tosefta, e leng pokello ea melao ea Bajuda e ileng ea phethoa ka bo-300 C.E., ha e bua ka mangolo a Bakreste ao bahanyetsi ba neng ba a chesa, e re: “Libuka tsa Baevangeli le tsa minim [bao ho nahanoang hore ke Bakreste ba Bajuda] ha ba li tšole mollong. Empa li tloheloa hore li chelle hona moo, . . . tsona hammoho le likarolo tse buang ka Lebitso la Molimo tse hlahang ka har’a tsona.”
Ke Bo-mang Kajeno ba Latelang Mohlala Oo? Bibele ea Revised Standard Version, e amohetsoeng ke Lekhotla la Naha la Likereke Tsa Kreste la United States, e re selelekeleng sa eona: “Ho sebelisoa ha lebitso le tobileng la Molimo a le mong feela, joalokaha eka ho na le melimo e meng eo a lokelang ho khetholloa ho eona, ho ile ha khaotsoa tumelong ea Sejuda le pele ho mehla ea Bokreste ebile ha lea lokela ho sebelisoa ka ho feletseng tumelong eohle ea Kereke ea Bokreste.” Ka hona, e kenya “MORENA” moo ho hlahang lebitso la Molimo. Morao tjena, Vatican e ile ea laela babishopo: “Ha ho binoa le ha ho rapeloa, lebitso la Molimo le ngotsoeng ka tetragrammaton [e leng litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo] YHWHa ha lea lokela ho sebelisoa kapa ho bitsoa.”
Ke bo-mang kajeno ba sebelisang lebitso la Molimo le ba le tsebahatsang? Ha Sergey a ntse a le lilemong tsa bocha, sebakeng sa Kyrgyzstan, o ile a shebella filimi e ileng ea bontša hore lebitso la Molimo ke Jehova. Ho ile ha feta lilemo tse ka bang leshome a sa utloe lebitso leo hape. Hamorao ha Sergey a se a lula United States, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa mo etela lapeng eaba li mo bontša lebitso la Molimo ka Bibeleng. Sergey o ile a thabela ho fumana sehlopha se sebelisang lebitso, Jehova. Ho thahasellisang ke hore ha u sheba poleloana “Jehova Molimo” ho Webster’s Third New International Dictionary, e hlalosoa ka hore ke “Molimo ea phahameng ka ho fetisisa eo Lipaki Tsa Jehova li mo amohelang ’me ke eena feela eo li mo rapelang.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Sesotho, ka tloaelo lebitso la Molimo le fetoleloa e le “Jehova.”
-
-
“Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso li Tla Boleloa”Molula-Qhooa—2012 | March 1
-
-
“Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso li Tla Boleloa”
“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—MATHEU 24:14.
See se Bolela’ng? Mongoli oa Kosepele, Luka, o ile a tlaleha hore Jesu o ile “a qala ho tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 8:1) Jesu ka boeena o ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo . . . hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) O ile a roma barutuoa ba hae hore ba il’o bolela litaba tse molemo litoropong le metseng, eaba hamorao oa ba laela: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Liketso 1:8; Luka 10:1.
Kamoo Bakreste ba Pele ba Neng ba Latela Seo: Hang-hang barutuoa ba Jesu ba ile ba etsa seo Jesu a ileng a ba bolella sona. “Letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste.” (Liketso 5:42) Ho bolela ho ne ho sa etsoe ke sehlopha se itseng feela se khethehileng. Rahistori ea bitsoang Neander o ile a fumana hore “Celsus, e leng mongoli oa pele ea neng a le khahlanong le Bakreste, o ne a nyatsa taba ea hore ebe baetsi ba ulu, batei ba lieta, basuhi ba matlalo, le batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola le ba maemong a tlaase ka ho fetisisa, e ne e le bona ba chesehelang ho jala kosepele.” Bukeng ea hae ea The Early Centuries of the Church, Jean Bernardi, o ile a ngola a re: “[Bakreste] ba ne ba lokela ho tsamaea ba buisana le batho bohle hohle moo ba neng ba kopana le bona. Litseleng tse khōlō le metseng e meholo, libakeng tseo batho ba bokanang ho tsona le malapeng a bona. Ebang baa amoheloa kapa ha ba amoheloe. . . . Ho ea lipheletsong tsa lefatše.”
Ke Bo-mang Kajeno ba Latelang Mohlala Oo? Moruti oa Kereke ea Chache, e leng David Watson, o re: “Ho hlōleha ha likereke ho nka mosebetsi oa ho bolela le ho ruta ka ho teba ke le leng la mabaka a etsang hore kajeno batho ba se ke ba thahasella ho sebeletsa Molimo.” Bukeng ea hae ea Why Are the Catholics Leaving?, José Luis Pérez Guadalupe, o ile a ngola ka seo Baevangeli, Masabatha le ba bang ba neng ba se etsa ’me a hlokomela hore “ha ba ee ka ntlo le ntlo.” Ha a ngola ka Lipaki Tsa Jehova, o ile a re: “Li tsamaea ka ntlo le ntlo ka tsela e hlophisehileng.”
Taba e thahasellisang le eo e leng ’nete e hlokometsoeng ke Jonathan Turley, e fumanehang bukeng ea Cato Supreme Court Review, 2001-2002, e re: “Haeba ho buuoa ka Lipaki Tsa Jehova, hang-hang batho ba bangata ba nahana ka baboleli ba re etelang malapeng ba re tšoenya. Ho Lipaki Tsa Jehova, ho tsamaea ka ntlo le ntlo ba sokolla batho hase feela taba ea ho bontša tumelo ea bona empa ke ntho ea bohlokoa tumelong ea bona.”
[Lebokose le leqepheng la 9]
Na U Hlokometse Matšoao?
U nahanne ka Mangolo a tšohliloeng lihloohong tsee, ke bo-mang mehleng ee ba nang le matšoao a hore ke bona Bakreste ba ’nete? Le hoja ho e-na le lihlopha le likereke tse likete tse mashome tse ipolelang hore ke Bakreste, hopola seo Jesu a ileng a se bolella balateli ba hae: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.” (Matheu 7:21) Ho hlokomela ba etsang thato ea Ntate—e leng ba nang le matšoao a hore ke Bakreste ba ’nete—le ho tloaelana le bona ho ka etsa hore u hlohonolofatsoe ka ho sa feleng ’Musong oa Molimo. Re u khothalletsa hore u kōpe Lipaki Tsa Jehova tse u fileng makasine ena hore li u bolelle se eketsehileng ka ’Muso oa Molimo le lintho tse molemo tseo o tla li etsa.—Luka 4:43.
-