-
Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?Molula-Qhooa—2014 | January 1
-
-
Seipati: Ho lokile. “Joale noha e ne e le seli ka ho fetisisa har’a libata tsohle tsa naha tseo Jehova Molimo a li entseng. Kahoo ea qala ho re ho mosali: ‘Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?’ Eaba mosali o re ho noha: ‘Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng. Empa ha e le ho ja litholoana tsa sefate se har’a serapa, Molimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, che, le se ke la li ama e le hore le se ke la shoa.’” Eaba noha e re ho mosali: ‘Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.’”
-
-
Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?Molula-Qhooa—2014 | January 1
-
-
Mampho: U nepile. Joale, ha Satane a bua mantsoe ana a latelang o ile a qosa Molimo ka qoso e tebileng. Hlokomela seo a ileng a se bua: “Ka sebele le ke ke la shoa.” Satane o ne a re Molimo o leshano!
Seipati: Ena taba eona ke qala ho e utloa.
Mampho: Ha Satane a ne a re Molimo o leshano, o ile a phahamisa qoso eo ho neng ho tla hlokahala hore ho fete nako e itseng e le hore e rarolloe. Na ua bona hore ke hobane’ng?
Seipati: Hmm. Ha ke tsebe hantle.
Mampho: E-re ke u hlalosetse taba ena tjena. A re re ke bolela hore ke na le matla ho u feta. U ne u tla mpontša joang hore ke fositse?
Seipati: Mohlomong re ne re tla etsa tlhōlisano.
Mampho: Ho joalo. Mohlomong re ne re tla khetha ntho e itseng e boima e le hore re bone hore na ke mang ea ka khonang ho e phahamisa. Ha e le hantle, ho bonolo ho bona hore na ke mang ea matla ho feta e mong.
Seipati: Kea bona joale.
Mampho: Empa joale u tla re’ng haeba ke re ke tšepahala ho u feta ho e-na le hore ke re ke matla ho u feta? Eo ke taba e fapaneng, na ha ho joalo?
Seipati: E, ho bonahala joalo.
Mampho: Ho feta moo, ho tšepahala ho ke ke ha bontšoa ka ho etsa tlhōlisano joaloka ho ba matla.
Seipati: E, ke ’nete.
Mampho: ’Nete ke hore, tsela feela ea ho rarolla taba eo e ne e tla ba ho lumella hore ho fete nako e lekaneng e le hore batho ba khone ho bona hore na ke mang ea tšepahalang ho feta e mong.
Seipati: Seo sea utloahala.
Mampho: Ke kōpa o shebe hape tlaleho ena ea Genese. Na Satane o ile a re o matla ho feta Molimo?
Seipati: Che.
Mampho: Molimo o ne a tla mo bontša kapele feela hore o fositse. Ho e-na le hoo, Satane o ile a re o tšepahala ho feta Molimo. Ha e le hantle, o ile a re ho Eva, ‘Molimo oa u thetsa, ’na ke u bolella ’nete.’
Seipati: Jo!
Mampho: Kaha Molimo o bohlale o ne a tseba hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho rarolla bothata bona ke hore a lumelle hore ho fete nako. Qetellong ho ne ho tla totobala hore na ke mang ea neng a bua ’nete le hore na ke mang ea neng a bua leshano.
-