-
“Le be Baetsisi ba Molimo” ha le Sebelisa Matla a LōnaAtamela ho Jehova
-
-
10. (a) Molimo o file batsoali bolaoli bofe? (b) Lentsoe “taeo” le bolela’ng, hona e lokela ho fanoa joang? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
10 Batsoali le bona ba na le bolaoli boo ba bo filoeng ke Molimo. Bibele ea eletsa: “Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ka Bibeleng, lentsoe “taeo” le ka bolela “ho hōlisa, ho koetlisa, ho rupela.” Bana ba hloka taeo; e ba ba thabileng le ba atlehileng ha ba fuoa tataiso e hlakileng, ba beheloa meeli le litekanyetso tse tobileng. Bibele e amahanya taeo, kapa thupelo e joalo le lerato. (Liproverbia 13:24) Ka hona, le ka mohla “thupa ea taeo” ha ea lokela ho hlekefetsa—maikutlong kapa ’meleng.a (Liproverbia 22:15; 29:15) Ho fana ka taeo ka tsela e sa tenyetseheng kapa e khahlapetsang e se nang boikutlo ba lerato ke ho sebelisa bolaoli ba botsoali hampe ’me ho ka sithabetsa ngoana moeeng. (Bakolose 3:21) Ka lehlakoreng le leng, ho fana ka taeo e itekanetseng e loketseng ho bontša bana hore batsoali ba bona baa ba rata le hore baa tsotella hore na e tla ba batho ba mofuta ofe.
-
-
“Le be Baetsisi ba Molimo” ha le Sebelisa Matla a LōnaAtamela ho Jehova
-
-
a Mehleng ea Bibele, lentsoe la Seheberu bakeng sa “thupa” le ne le bolela molamu kapa lere, le kang leo molisana a alosang linku ka lona. (Pesaleme ea 23:4) Ka ho tšoanang, “thupa” ea bolaoli ba botsoali e fana ka maikutlo a tataiso e lerato, eseng a kotlo e khahlapetsang kapa e sehlōhō.
-