-
Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa LefeelaMolula-Qhooa—2014 | September 15
-
-
10. (a) Ke litemana life tse ling tsa Bibele tse bontšang hore Jehova o tla felisa lefu le bakiloeng ke Adama? (b) Litemana tsee li senola eng ka Jehova le Mora oa hae?
10 Ka sebele, Jehova o ne a ka pholosa Pauluse. Ha Esaia a qeta ho bua ka “sekoahelo,” o ile a ngola a re: “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.” (Esa. 25:8) Joalokaha ntate a tlosa lintho tse bakelang bana ba hae matšoenyeho ’me a ba hlakola meokho, Jehova o thabela ho felisa lefu le bakiloeng ke Adama! O na le mothusi ntlheng ena. Ho 1 Bakorinthe 15:22 rea bala: “Feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” Ka ho tšoanang, ka mor’a hore Pauluse a botse, a re “Ke mang ea tla mpholosa?” o ile a tsoela pele ka ho re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!” (Bar. 7:25) Ho hlakile hore lerato le ileng la susumelletsa Jehova hore a bōpe batho, ha lea ka la tapa ha Adama le Eva ba mo fetohela. Motho ea ileng a sebetsa le Jehova ho bōpa banyalani ba pele o ile a tsoela pele ho rata bana ba bona ka tsela e khethehileng. (Liprov. 8:30, 31) Empa o ne a tla ba pholosa joang?
-
-
Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa LefeelaMolula-Qhooa—2014 | September 15
-
-
15, 16. (a) Ho tla etsahala’ng ka ‘sera sa ho qetela, e leng lefu,’ hona le tla etsoa lefeela neng? (b) Ho latela 1 Bakorinthe 15:28, Jesu o tla etsa’ng?
15 Qetellong ea lilemo tse sekete tsa puso ea ’Muso, batho ba mamelang ba tla be ba lokolotsoe lireng tsohle tse tlisitsoeng ke ho se mamele ha Adama. Bibele e re: “Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste. Empa e mong le e mong boemong ba hae: Kreste ke litholoana tsa pele, ka mor’a moo bao e leng ba Kreste [babusi-’moho le eena] nakong ea ho ba teng ha hae. Ka mor’a moo, e be bofelo, ha a nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntat’ae, ha a entse puso eohle le bolaoli bohle le matla lefeela. Kaha o tla busa e le morena ho fihlela Molimo a behile lira tsohle tlas’a maoto a hae. E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.” (1 Bakor. 15:22-26) Ka sebele, qetellong lefu leo re le futsitseng ho Adama le tla felisoa. “Sekoahelo” se koahetseng batho bohle se tla be se tlositsoe ka ho sa feleng.—Esa. 25:7, 8.
-